Na ho Hlolloa Bokamoso ho Lokela ho Laola Bophelo ba Hao?
LETHATHAMONG, motho a le mong feela ea neng a sa lumele thuto ea ho hlolloa bokamoso e ne e le Jesu Kreste. Pono ea hae e ne e le efe?
Litlaleho tsa lekholong la pele la lilemo tsa bophelo ba Jesu (libuka tsa Bibele tsa Mattheu, Mareka, Luka, le Johanne) li bontša ka ho hlaka tumelo ea hae ea hore batho ba ka fetola bokamoso ba bona, e leng ho bolelang feela se ba etsahallang.
Ka mohlala, Jesu o ile a re Molimo o tla “nea ba kōpang ho eena tse molemo” le hore motho ea “tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” Ka ho tšoanang, ha baahi ba Jerusalema ba hlokomoloha litemoso tse ka beng li pholositse bophelo ba bona, Jesu ha aa ka a beha matla a hlolang bokamoso molato bakeng sa karabelo ea bona. Ho fapana le hoo, o itse: “Lōna batho le ne le sa ho batle.”—Mattheu 7:7-11; 23:37, 38, NW; 24:13.
Re ka boela ra lemoha pono ea Jesu ka seo a ileng a se bolela mabapi le kotsi e bolaeang e ileng ea etsahala Jerusalema, ha a re: “Bano ba leshome le metso e robileng meno e le ’meli, bao tora e ba oetseng holimo Siloe, ea ba bolaea, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na? Che, kea le bolella.” (Luka 13:4, 5) Hlokomela hore Jesu ha aa ka a beha matla a hlolang bokamoso molato bakeng sa lefu la banna bao ba 18, leha e le hona ho bolela hore ba bolailoe ka baka la hore ba ne ba le khopo ho feta ba bang. Ho e-na le hoo, ho fapana le Bafarisi ba mehleng ea hae ba ileng ba leka ho nyalanya thuto ea ho hlolloa bokamoso le tumelo ea hore motho o na le boikhethelo, Jesu o ile a ruta hore motho ka boeena a ka fetola bokamoso ba hae.
Ka mokhoa o tšoanang baapostola ba Jesu ba ile ba ruta hore poloko ke khetho e ka fumanoang ke bohle. Moapostola Pauluse o ngotse: “U hlile [ua] tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha.” ’Me moapostola Petrose o itse: “’Me le lapele haholo, joale ka bana ba tsoang ho tsoaloa, lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le hōlele poloko ke lona.” (2 Timothea 3:15; 1 Petrose 2:2; bona le Liketso 10:34, 35; 17:26, 27.) Encyclopœdia of Religion and Ethics ea Hastings e bontša hore bangoli ba lekholong la bobeli le la boraro la lilemo, ba kang Justin, Origen le Irenaeus ‘ba ne ba sa tsebe letho ka se reriloeng esale pele se ke keng sa fetoloa ke maemo; ba ne ba ruta hore motho o na le boikhethelo.’
Empa haeba batho ba bangata hakana, ho kopanyelletsa le Bajode ba bangata ba ba potolohileng, ba ne ba lumela mekhoa e fapaneng ea thuto ea ho hlolloa bokamoso, ke hobane’ng ha Jesu le Bakreste ba pele ba ne ba sa lumele hore bokamoso ba motho bo reriloe esale pele? Lebaka le leng ke hore khopolo ena e na le mathata a mangata. Ho bolela a mabeli feela: Ho hlolloa bokamoso ho khahlanong le litšoaneleho tsa Jehova Molimo; ho hanyetsoa ke linnete tse tiisitsoeng. Ho feta moo, ho ka beha bophelo ba hao ba hona joale le ba nako e tlang kotsing. Ho ho talimela haufi ho tla u bontša kamoo sena se leng joalo ka teng.
Se Rutoang ke ho Hlolloa Bokamoso le Litšoaneleho Tsa Molimo
Morao koana lekholong la boraro la lilemo B.C.E., rafilosofi Zeno oa Citium o ile a ruta liithuti tsa hae Athene ho “amohela molao oa Ho Hlolloa Bokamoso e le o molemohali ka tsela e ’ngoe e siretseng.” Leha ho le joalo, ka tsatsi le leng ka mor’a hore Zeno a tsebe hore lekhoba la hae le ne le le molato oa ho utsoa, Zeno o ile a talimana ka ho toba le se rutoang ke filosofi ea hae. Joang? Ha a otla lesholu, lekhoba le ile la ipelaetsa: “Empa ho ne ho reriloe esale pele hore ke lokela ho utsoa.”
Lekhoba la Zeno le ne le e-na le lebaka le utloahalang. Haeba u lumela hore mokhoa oa motho ka mong oa bophelo o reroa esale pele, joale ho beha motho molato ka ho fetoha lesholu ho tšoana le ho beha tholoana ea lamunu molato ka ho fetoha sefate sa lamunu. Etsoe monna eo le tholoana eo ba ikholela feela ho ea ka lenaneo leo ba le lokiselitsoeng esale pele. Leha ho le joalo, khopolo ea ho qetela e rutoang ke monahano o joalo ke eng?
Haeba linokoane li mpa li latela bokamoso boo li bo hlolletsoeng, joale ea rerileng mokhoa oa tsona oa bophelo ke eena ea ikarabellang bakeng sa liketso tsa tsona. Eo e ne e tla ba mang? Ho ea ka ba lumelang thuto ea ho hlolloa bokamoso, e ne e tla ba Molimo ka booona. Ha re nkela monahano ona bohatong bo boholoanyane, e tlameha e be Molimo ke Sesosa sa ho Qala sa bokhopo bohle, pefo, le khatello tse ’nileng tsa etsoa ke motho. Na u amohela seo?
Sehlooho se ho Nederlands Theologisch Tijdschrift (Koranta ea Thuto ea Bolumeli ea Sedache) se bolela hore pono e joalo ea ho hlolloa bokamoso “e fana ka khopolo ea setšoantšo sa Molimo oo, bonyane ho Bakreste, e leng o ke keng oa buelloa.” Hobane’ng? Hobane e hanana le setšoantšo sa Molimo se hlahisitsoeng ke bangoli ba bululetsoeng ba Bibele. Ka mohlala, ela hloko litemana tsena tse qotsitsoeng bukeng e bululetsoeng ea Lipesaleme: “Hobane ha u Molimo o ratang bobe.” “Moea oa hae o hloile ea khopo le ea ratang sehlōhō.” O [Morena oa Bomessia ea khethiloeng ke Molimo] tla ba loela bohorosong le botubong.” (Pesaleme ea 5:4; 11:5; 72:14) Ka ho hlakileng, se rutoang ke ho hlolloa bokamoso se thulana le litšoaneleho tsa Molimo.
Thuto ea ho Hlolloa Bokamoso le Linnete Tse Qaqileng
Empa ho thoe’ng ka likoluoa tsa tlhaho? Na ha lia reroa esale pele hore li tla hlaha ’me ka baka leo li ke ke tsa qojoa?
Ke eng seo linnete li se tiisang? Hlokomela se fihletsoeng ke tlhahlobo ea sesosa sa likoluoa tsa tlhaho, joalokaha se tlalehiloe ke koranta ea Sedache NRC Handelsblad: “Ho fihlela joale, litšisinyeho tsa lefatše, meroallo, ho theteha ha mafika, le lifefo . . . ka mehla li ne li nkoa e le liketsahalo tse sa tloaelehang tsa tlhaho. Leha ho le joalo, tlhahlobo e tebileng e bontša hore ho kena-kenana ha batho ka matla le tlhaho ho amme ka ho tebileng matla a tikoloho a ho itšireletsa likoluoeng. Ka baka leo, likoluoa tsa tlhaho li bolaea batho ba bangata ho feta leha e le neng pele.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Meroallo ea Bangladesh e boletsoeng sehloohong se ka pele ke mohlala oo ho buuoang ka oona. Hona joale bo-ramahlale ba bolela hore “ho felisoa ha libaka tse khōlō tsa meru tsa Nepal, India Leboea, le Bangladesh e ’nile ea e-ba sesosa se seholo sa meroallo e ’nileng ea hlasela Bangladesh lilemong tsa moraonyana tjena.” (Makasine oa Voice) Tlaleho e ’ngoe e bolela hore ho tlosoa ha meru ho ekelitse meroallo Bangladesh ho tloha ho moroallo o le mong ka lilemo tse ling le tse ling tse 50 ho ea ho moroallo o le mong ka lilemo tse ling le tse ling tse 4. Liketso tse tšoanang tsa ho kena-kenana ha batho le tlhaho likarolong tse ling tsa lefatše ho lebisitse liphellong tse kotsi ka ho tšoanang—likomello, ho cha ha meru, le ho theteha ha mafika. E, liketso tsa batho—eseng matla a mohlolo a hlolang bokamoso—hangata li baka kapa li eketsa likoluoa tsa tlhaho.
Ka baka leo, liketso tsa batho li boetse li lokela ho etsa se fapaneng: ho fokotsa likoluoa. Na ho joalo? E, ka sebele. Nahana ka linnete tsena: UNICEF (United Nations Children’s Fund [Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Letlōle la Bana]) e tlaleha hore ka lilemo-lemo bana ba makholo ka har’a Bangladesh ba ’nile ba foufala. Na sena se ile sa bakoa ke ho hlolloa bokamoso ho ke keng ha fetoloa? Le hanyenyane. Ka mor’a hore basebetsi ba UNICEF ba kholise bo-’mè hore ba se fepe malapa a bona reise feela empa hape le litholoana le meroho, lefu la mahlo le ile la fokotseha. Hona joale, phetoho ena ea lijo e sirelelitse bana ba makholo ba Bangladesh lefung la bofofu.
Ka ho tšoanang, batho ba sa tsubeng, ka karolelano ba phela lilemo tse tharo ho ea ho tse ’nè ho feta ba tsubang. Bapalami ba likoloi ba itlamang ka mabanta a tšireletso ba tsoa likotsi tse fokolang ho feta ba sa itlameng ka ’ona. Ka ho totobetseng, ke liketso tsa hao—eseng ho hlolloa bokamoso—tse fetolang bophelo ba hao.
Liphello Tse Kotsi Tsa Thuto ea ho Hlolloa Bokamoso
Joalokaha ho se ho boletsoe, thuto ea ho hlolloa bokamoso e ka boela ea khutsufatsa bophelo ba hao. Joang? Ha e bua ka “mehlala ea ho hlolloa bokamoso e tšosang haholoanyane,” The Encyclopedia of Religion ea bolela: “Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše re tseba ka litlhaselo tsa liqhomane tse kotsi tsa likepe tsa Majapane le ho ipolaea ha batho litsing tsa SS (Schutzstaffel) nakong ea puso ea Hitler ka lebaka la khopolo ea ho hlolloa bokamoso (Schicksal) eo ho neng ho nahanoa hore e feta molemo oa bophelo ba batho ka bomong hōle.” ’Me mohloli o tšoanang o bolela hore haufinyane tjena, “litlhaselo tse kotsi tse susumelitsoeng ke bolumeli ho batho ba hlaseloang ba talingoang e le tšokelo ho Islame . . . li ile tsa fetoha hoo e ka bang karolo e hlahang ka mehla litlalehong tsa likoranta Bochabela bo Haufi.” Litlaleho tse joalo li bolela hore likete tsa masole a macha li ile tsa kena ntoeng li kholisehile hore “haeba ho sa ngoloa fatše hore motho o tla shoa, a ke ke a tsoa kotsi ho hang.”
Empa, esita le baruti ba hlomphehang ba Mamosleme ba hana boitšoaro bo joalo ba ho se tsotelle. Ka mohlala, moeta-pele e mong oa Mamosleme o itse: “Ea keneng mollong o lokela ho inehela thatong ea Molimo; empa ha ho hlokahale hore ea e-song ho kene mollong a ikakhele ho ’ona.” Ka masoabi, masole a mangata haholo ha aa ka a etsa se lumellanang le keletso ea moeta-pele enoa oa Mamosleme. Lilemong tse ka bang robeli tsa ntoa, Iran ho ile ha shoa batho bao ho hakanngoang hore ba ka ba 400 000—batho ba shoeleng ntoeng ba bangata ho feta ba ileng ba shoa United States nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše! Ka ho hlakileng, thuto ea ho hlolloa bokamoso e ka khutsufatsa bophelo ba hao. E ka ba ea beha bophelo ba hao ba nako e tlang kotsing. Joang?
Kaha motho ea lumelang thuto ea ho hlolloa bokamoso o lumela hore nako e tlang e ke ke ea qojoa ’me e reriloe ka tsela e tiileng joaloka nako e fetileng, a ka ’na a hlahisa tšobotsi e kotsi. Tšobotsi efe? Encyclopedia of Theology ea arabela: “Motho . . . o ikutloa a se na thuso, e leng ntlha e se nang thuso, e ka sebelisoang menahanong e amanang le tulisano e bonahalang e le e ke keng ea qojoa. Sena se susumelletsa boikutlo ba ho amohela sohle se hlahang boo ka thabo bo itšoarelletsang ka matla tlhalosong ea tumela-khoela ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itšetlehile ka matla a hlolang bokamoso a phahameng ao e leng sephiri.”
Ke’ng ho etsang hore ho amohela sohle se hlahang ho be kotsi hakana? Hangata ho lebisa boikutlong bo tšereanyang ba ho hlōleha. Sena se ka ’na sa sitisa motho ea lumelang thuto ea ho hlolloa bokamoso ho nka khato leha e le efe kapa esita le ho arabela memong e hlollang ea Molimo: “Helang! lōna kaofela ba nyoriloeng, tlong metsing . . . Sekehang litsebe, le tle ho ’na! Mamelang, meea ea lōna e tle e phele!” (Esaia 55:1-3) Haeba ho lumela thuto ea ho hlolloa bokamoso e le oona motheo oa ho hlōleha ho ‘tla’ le ho ‘mamela,’ hoo ho tla fella ka ho lahleheloa ke monyetla oa ho ‘phela’ ka ho sa feleng Paradeiseng e tlang e tsosolositsoeng lefatšeng. Ke theko e khōlō hakaakang e ka lefshoang!
Kahoo u eme kae? Haeba u hōletse sebakeng seo likhopolo tsa ho hlolloa bokamoso e leng motheo oa monahano oa batho, e ka ’na eaba u ile ua amohela tumelo ena ka ntle ho pelaelo ea letho. Empa, mabaka a e hanyetsang ao ho builoeng ka ’ona sehloohong sena e ka ’na eaba a u thusitse ho bona hore boholo ba bophelo ba hao ba hona joale le ba nakong e tlang bo reroa ke liketso tsa hao.
Joalokaha u se u bone, monahano o hlaphohileng, linnete, ’me ka holim’a tsohle, Mangolo a Halalelang a bontša hore u tlameha hore u se inehele boikutlong ba ho hlōloa bo tlisoang ke thuto ea ho hlolloa bokamoso. Ho fapana le hoo, joalokaha Jesu a ile a phehella: “Loanela . . . ho kena ka monyako o patisaneng.” (Luka 13:24, The Emphatic Diaglott, mongolong o pakeng tsa mela) O ne a bolela eng? E mong oa bahlalosi ba Bibele oa hlalosa: “Lentsoe [loanela] le nkiloe lipapaling tsa Bagerike. Lipeisong tsa bona . . . ba ne ba tsekella, kapa ba loanela, kapa ba sebelisa matla ’ohle a bona ho hlōla.” Ho e-na le ho inehela ho hlōleheng bophelong, Jesu o ile a phehella hore u loanele hore joang kapa joang u hlōle!
Kahoo, lahla boikutlo leha e le bofe ba ho amohela sohle se hlahang bo susumetsoang ke thuto ea ho hlolloa bokamoso. Kena peisong ea bophelo joalokaha Lentsoe la Molimo le phehella, ’me u se lumelle hore thuto ea ho hlolloa bokamoso e etse hore u khoehlise. (Bona 1 Ba-Korinthe 9:24-27.) Hatela pele ka lebelo le eketsehileng ka ho arabela ka potlako memong e bululetsoeng: “Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao.” U ka etsa khetho eo joang? ‘Ka ho rata Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele.’ Ho etsa joalo ho tla lebisa tlhōlong, hobane Jehova o tla ipaka ho ba “bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao.”—Deuteronoma 30:19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Moshe ha aa ka a ruta ka ho hlolloa bokamoso empa o ile a phehella: “Ikhethele bophelo, u tle u phele.”