Ho Etsa Mosebetsi oa Molimo ka Tsela ea Molimo Nigeria
ENE e le pono e hapang tlhokomelo. Liqubu tse khōlōhali tsa litšepe tse tšehetsang mohaho—tseo boima ba tsona e neng e ka ba lik’hilogramo tse halofo ea millione—li beiloe sebakeng sa ho laolla thepa e nkiloeng ke likepe se Houston, Texas, li ne li tloha ntlheng e ’ngoe ho isa ho e ’ngoe. Motho ea sebetsang boema-kepeng o ne a amohela le ho ngola thepa ena e ngata ka ho fetisisa e romelloang. Ha a ntse a sebetsa, o ile a makatsoa ke ho bona hore kaofela e ngotsoe “Watchtower” (Tora ea ho lebela). Qetellong o ile a atamela ea neng a ikarabella thepeng ena e romelloang ’me a botsa: “Athe tora ena ea ho lebela e bolelele bo bokae?”
Eaba motho ea sebetsang boema-kepeng o lemoha hore tšepe e ne e ke ke ea etsoa tora ea ho lebela ea sebele. Ho e-na le hoo, e ne e tla romelloa Igieduma, Nigeria, moo e neng e tla sebelisoa bakeng sa ho haha mohaho o mocha oa lekala la Mokhatlo oa Watch Tower—motse oa sebele o monyenyane ka hare-hare ho mofero oa Afrika.
Lilemong tse tšeletseng tse fetileng boholo ba setša se Igieduma se ne se na le lihlahla tse teteaneng le lifate tsa rabara. Hona joale se hlokometsoe ’me se setle; ho na le lipalesa, lirapa tsa meroho, esita le serapa se nang le likhama! Leha ho le joalo, mabaleng ho na le sebaka sa khatiso se seholoanyane ho feta setša sohle sa lekala le neng le le Lagos. Ka har’a fektheri, ho na le mechini e meraro ea khatiso e sebetsang, o le mong o na le matla a ho hatisa limakasine tse 17 000 ka hora. Mehaho ea bolulo e ka fana ka bolulo ho batho ba fetang 400. Mohaho oa litšebeletso o na le kamore e khōlō ea ho jela le kichine esita le sebaka sa kokelo le ofisi ea meno. Ho na le phepelo ea metsi le tsamaiso ea likhoere-khoere tse ikemetseng. Ntlo ea motlakase e laoloang ke computer e fehla motlakase. Ho na le Holo ea ’Muso, mohaho oa liofisi le lefapha la mollo. U tla fumana le litsela le mabone a seterateng. Ha ho makatse hore ebe batho ba bitsa mohaho oa Bethele o Igieduma motse. O ile oa hahoa ke baithaopi ba sa pataloeng ho hang ’me o ile oa tšehetsoa ka chelete ea menehelo e sa kōpuoang.
Katoloso e Potlakileng
Le hoja Bethele ena e le eona e khōlō ka ho fetisisa Nigeria, hase ea pele. Ea pele e ile ea theoa ke Moena William R. Brown, eo eena le mosali oa hae le morali ba ileng ba fallela Lagos ka 1930. Likamore tse ngata tse hiriloeng tseo ba neng ba lula ho tsona li ile tsa sebeletsa joaloka ntlo-khōlō ea lekala la Mokhatlo la Afrika-Bophirimela, leo ka nako eo le neng le hlokomela mosebetsi oa ’Muso Nigeria, Ghana, le Sierra Leone. Ka nako eo, ho ne ho e-na le baboleli ba supileng feela ba mafolo-folo ba litaba tse molemo Nigeria.
Bible Brown, joalokaha a ne a tsejoa ke ba bangata, e ne e le ’moleli oa litaba tse molemo ea matla le ea khothetseng. A sa khotsofalle ho lula nako e telele setulong sa ofisi, o ile a nka maeto ka har’a naha ka koloi le terene, a fana ka lipuo tsa phatlalatsa le ho aba lingoliloeng ka bongata bo boholo.
Ha molaetsa o matla oa ’Muso o ntse o mela likelellong le lipelong tse arabelang, batho ba eketsehileng e ile ea e-ba baboleli ba ’Muso ba chesehang. Lilemo tse leshome tse latelang li ile tsa tšoana le lekholong la pele la lilemo Jerusalema ha “lentsoe la Molimo le ne le ntse le hōla, ’me palo ea barutuoa e ntse e tsoela pele ho eketseha . . . haholo.” (Liketso 6:7, NW) Ka 1940 palo ea barorisi ba Jehova ba mafolo-folo Nigeria e ile ea phahama haholo ho tloha ho 7 ho ea ho 1 051!
‘E monyenyane o ne a atile ho isa seketeng,’ empa hona e ne e mpa e le qalo feela. (Esaia 60:22) Ka 1947 Mokhatlo o ile oa romela baromuoa ba bararo ba koetlisitsoeng Gileade Lagos. E mong oa bana, e leng Anthony Attwood, o ntse a le mafolo-folo kabelong ea hae. Ha a hopola Bethele ea nako e fetileng o re: “E ne e le ntlo ea likamore ka pel’a lebenkele la lieta. E ne e na le likamore tsa ho robala tse tharo, kamore ea ho lula kapa ofisi, le ea ho jela. Moena le khaitseli Brown le lelapa la bona ba ne ba sebelisa likamore tse peli tsa ho robala, ha rōna baromuoa ba bararo re ne re petetsane ka kamoreng ea boraro. Sebaka se ne se lekane libethe tse tharo tse nyenyane le otoropo e hahelletsoeng feela.”
Tlhokahalo ea sebaka se eketsehileng ea potlakisa ho fallela ha rōna mohahong oa mekato e meraro ka 1948. Ka nako ena palo ea bahoeletsi ba Nigeria e ne e le 6 825. Lilemo tse robeli hamorao, palo ena e ne e imenne hararo, kahoo Bethele e ile ea falla hape, ea isoa Shomolu, Lagos. Ke moo ka lekhetlo la pele Mokhatlo o ileng oa haha Lehae la oona la Bethele Nigeria, mohaho oa likamore tse robeli tsa ho robala sebakeng se boholo ba 0,6 ea heketere. ’Muso oa sebaka seo o ile oa rea ’mila oo lebitso la Watch Tower Avenue. Ho ile ha mela lifate tse ngata ka serapeng tse akarelletsang lifate tsa coconut le tsa citrus, breadfruit, avocado, le mango. Empa lilemong tse 33 tse latelang, mehaho e ile ea eketsoa le ho atolosoa. Bohareng ba lilemo tsa bo-1970, mehaho e ile ea koahela hoo e ka bang setša sohle. Ho ile ha hlokahala hore ho falloe hape.
Lintho Tse Hopoloang ka Mohaho
Pele, setša se boholo ba liheketere tse 31 se ile sa fumanoa Otta, ka leboea ho Lagos. Empa mathata a ile a ’na a sitisa tsoelo-pele. Qetellong, ho ile ha totobala hore e ne e se thato ea Jehova hore re fallele moo. Hamorao sebaka se ile sa batloa ho phunyelletsa ho ea karolong e ka leboea ea naha, ’me ka 1983 Mokhatlo o ile oa fumana setša se boholo ba liheketere tse 57 Igieduma, Bendel State.
Ka lilemo tse tšeletseng tse latelang, linōha tse kang python le masumu li ile tsa tloha ha baena ba ntse ba kena ka thepa e boima. Phephetso e khōlō mosebetsing ona ke hore ho ne ho le thata, kapa ho ne ho batla ho sa khonehe, ho reka boholo ba lithulosi le lisebelisoa tsa mohaho ka har’a naha. Thuso e tsoang ka ntle e ne e hlokahala. Kahoo sehlopha sa Lipaki tse United States se ile sa kōpuoa ho fumana, ho reka, le ho romela thepa. Mohokahanyi oa tšebetso ena e khōlō Terry Dean, oa re phetela: “Se ileng sa etsa hore morero e be o moholohali e ne e le hore hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tlameha ho amoheloa e tsoa ka ntle ho naha. Baena ba Nigeria ba ile ba re bolella hore lisebelisoa tsa mohaho tseo ba neng ba na le tsona e ne e le lehlabathe, samente le metsi feela!”
Ho ne ho le hotle hore e be lisebelisoa tsa motheo tsona li ne li le teng, hobane ho ile ha sebelisoa litone tse 7 500 tsa samente, tse 55 000 tsa lehlabathe, le tse 35 000 tsa karabole mosebetsing oa ho haha. Lifate le tsona li ne li fumaneha ka bongata. Leha ho le joalo, ka lilemo tse latelang tse hlano, lisebelisoa tse boima ba lik’hilogramo tse limillione li 4,5 li ile tsa romelloa ke ba United States, e le tse ka tlatsang mabokose a 347 a tšelang thepa e romelloang, ao haeba a ne a ka kolokisoa a neng a ka fihla bohōleng ba lik’hilomithara tse 3,5!
Makala a mang le ’ona a ile a fana ka thepa e hlokahalang ka lipelo tse bulehileng. Engelane e ile ea fana ka thepa eohle ea motlakase ho akarelletsa le lijenereithara tse tšeletseng tse khōlō bakeng sa ho o fehla. Sweden e ile ea nehelana ka crane, literekere, mochini o chekang, teraka, lithulosi, thepa ea kichine, le tsamaiso ea mehala ea thelefono. Ha lebenkele la hardware le ne le rekisoa, baena ba Maswedish ba ile ba le reka ’me ba romella sohle se neng se le ka har’a lona Nigeria. Lintho feela tseo ba sa kang ba li romella ho tse neng li le ka lebenkeleng ke likharafu tsa lehloa—tseo ho seng pelaelo hore li ka ba le molemo o moholoanyane Sweden ho feta Afrika!
Lipaki tsa sebaka seo le tsona li ile tsa fana ka menehelo ho latela matla a tsona. Tse ka holimo ho 125 000 li ile tsa bontša tšehetso ea tsona bakeng sa morero ka ho tla setšeng nakong ea kaho. Ba bangata ba ile ba thusa ka lichelete. Monehelo o mong oa lisente tse 50 o ne o tsoa ho moshanyana ea lilemo li supileng. O ile a fumana chelete eo joang? Ntat’ae o ile a mo fa sekotoana sa yam hore a e phehe le ho e ja; ho e-na le hoo moshanyana o ile a e boloka ’me ka nako ea teng a e lema. Hamorao o ile a e kotula le ho e rekisa, ’me a fana ka chelete e le monehelo bakeng sa morero oa Igieduma.
Lipaki tsa Jehova tse ling li ile tsa fana ka tsebo ea tsona, le ho koetlisa ba bang hore ba be le tsebo e felletseng ea ho haha. Ba bangata, ho isa ho ba 500 ka lekhetlo le le leng ba ile ba fana ka matla a bona, ba sebetsa ka thata letsatsing le bataolang le lipuleng tse nang ka matla ho fihlela mosebetsi o phethoa. Nahana, ka mohlala, mosebetsi o amehang kahong ea lerako le potolohang setša feela. Ka likhoeli tse supileng tseo ka tsona ho ileng ha qetoa lerako lena le bolelele ba lik’hilomithara tse tharo, baena ba ile ba etsa le ho lila ka bonngoe litene tsa konkreiti tse ka holimo ho 57 000! Moena e mong o ile a bua a soasoa a re: “Se ileng sa mpoloka ke tsoela pele ke ha ke bona manong a potoloha ka holim’a hloho ea ka a emetse hore ke oele fatše!” Ke ’nete, joaloka likete tsa ba bang ba ileng ba ba le karolo katlehong ea Igieduma, o ne a susumetsoa le ho tšehetsoa ke moea o halalelang oa Jehova.
Ho Eloa Hloko ka Molao
Basebeletsi ba ka sehloohong ba ’muso ba ile ba sebelisana le rōna tabeng ea ho tšehetsa mosebetsi. Ofisi ea Mopresidente e ile ea fana ka tumello ea hore lisebelisoa tsa mohaho tse tsoang ka ntle ho naha li se ke tsa patalloa lekhetho. Basebeletsi ba ka sehloohong ba ’muso sebakeng seo ba ile ba emisa ka nakoana ho batla litefello bakeng sa ntlafatso le ho tekenoa ha lipolane. Ke karolo e nyenyane feela ea tefello ea mohaho e ileng ea hlokahala. Ka nako e ’ngoe, ha ho ne ho na le tsekisano ka setša, Omo N’oba, kapa morena, oa sebaka sohle o ile a kenella ’me a laela: “Mosebetsi ona ha oa lokela ho emisoa hobane ke mosebetsi oa Molimo.”
Hore morero ona o ne o tšehetsoa ke Molimo ho ile ha hlokomeloa ke ba bang bao e neng e se Lipaki tsa Jehova. Ha k’hamphani ea Amerika e ne e romela litšepe tsa ho haha karache, e ile ea romela e mong oa basebetsi ba eona oa Mok’hatholike, ho thusa ho e haha. Nakong ea libeke tse peli tseo a li lutseng Igieduma, kapele o ile a ikutloa a phutholohile, a se a bile a bitsa basebetsi ’moho le eena baena le likhaitseli. Ka mor’a hore a khutlele hae, o ile a ngolla ofisi ea rōna e Nigeria a re: “Ha ke e-so thabele mosebetsi hakana ho tšoana le ha ke ne ke le mono ke etsa mosebetsi oa Molimo ka tsela ea Molimo.”
Letsatsi la Nehelo
Ka la 20 January, 1990, mohaho ona o motle oa Bethele o ile oa neheloa ho Jehova Molimo, eo moea oa hae o neng o ikarabella bakeng sa ho phethoa ha oona. Baeti ba ile ba tla ba tsoa likarolong tsohle tsa Nigeria, le hoja limemo li ile tsa tlameha ho lekanyetsoa feela ho bao bonyane ba seng ba le lilemo li 35 ba kolobelitsoe kapa bao bonyane ba nang le lilemo tse 20 ba le tšebeletsong ea nako e tletseng. Likhaitseli li ne li apere mese e tšolohileng e mebala-bala ba roetse lituku tse tšoanang le eona, ’me bongata ba baena bo ne ho apere liaparo tsa se-Afrika tse ntle ka mokhoa o khethehileng. Bohle ba bileng teng nehelong ba 4 209 ba ne ba tsoa linaheng tse 29. Har’a bona ho ne ho na le baromuoa ba ka bang 80, bongata ba bona ba ne ba tsoa linaheng tse ling tsa Afrika Bophirimela. Lenaneo le ile la akarelletsa litlaleho tse ileng tsa etsoa ke baemeli ba bahlano ba makala ba neng ba etile, ba ileng ba phahamisa bonngoe ba morero le boikutlo bo bontšoang e mong ho e mong bo leng teng ka har’a batho ba Jehova. Ho bile le litumeliso tse ngotsoeng le mehala tse tsoang ho baena linaheng tse 21, li ne li akarelletsa molaetsa o amang pelo o tsoang ho “baena le likhaitseli ba 400 ba Moscow, Soviet Union.”
Litho tse peli tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, le tsona li ne li le teng. Albert Schroeder a bea puo tlas’a sehlooho sena: “Se Lebelletsoeng ke Hore re Fumanoe re Tšepahala,” a hatella tlhokahalo ea botšepehi bo tsoelang pele ba batho ba Molimo. (1 Ba-Korinthe 4:2, NW) Puo ea nehelo e ile ea fanoa ke Lyman Swingle, ea ileng a bua ka kaho ea tempele e khanyang ea nakong ea Salomone. Le hoja tempele e ne e tšehelitsoe le ho amoheloa ke Molimo, Jehova o ile a etsa hore ho hlake hore ha bohlokoa ka ho fetisisa ho feta mohaho e ne e le botšepehi le kutlo tsa batho ba hae ba inehetseng. Ka tsela ena Moena Swingle a bontša hore mohaho o motle oa lekala o Igieduma e ne e se qetello ka booona empa e ne e le mokhoa oa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete.
Letsatsing le latelang, liboka tse khethehileng tse amanang le nehelo li ile tsa tšoareloa metseng e meraro ea Nigeria. Ba ka holimo ho 60 000 ba ile ba ba teng mananeong ana.
Linakong tsa boholo-holo, ha batho ba Nigeria ba buang se-Edo ba ne ba tla ho morena e moholo ho mo hlompha, ba ne ba keteka le ho thaba haholo. Igieduma (eo pele-pele e neng e le ugie dunai) e ne e le lentsoe le ileng la sebelisoa ho hlalosa qetello e atlehileng ea ’mōka o joalo oa thabo. Ho batho ba Jehova ba ileng ba tla letsatsing leo la nehelo ho hlompha Morena oa Bokahohleng, Jehova Molimo, mantsoe a seng makae e ka be e bile a loketseng haholoanyane. Ho bahoeletsi ba ’Muso ba Nigeria ba 139 150, lentsoe “Igieduma” le ba hopotsa ka sebaka seo ho sona ho hlahang tataiso ea puso ea Molimo le keletso, esita le lingoliloeng tse tla ba thusa ho tsoela pele ba etsa mosebetsi oa Molimo ka tsela ea Molimo Nigeria.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
1. Mehaho ea bolulo
2. Holo ea ’Muso
3. Mohaho oa litšebeletso
4. Ofisi
5. Fektheri
6. Karache
7. Ntlo ea jenereithara
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Moena le Khaitseli Brown ka pele ho ofisi ea lekala lilemong tsa bo-1940
Moo ho amoheloang baeti fekthering ea lekala le lecha
Kamore ea Bethele
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Mochini o hatisang ka mebala e ’meli
Ho laeloa lingoliloeng
Holo ea ’Muso
Lefapha la Tšebeletso