“Ho Ema re Tiile re le Mohlape o le Mong” Chad
Ho tšoana le Bakreste-’moho le tsona ho pota lefatše, Lipaki tsa Jehova tsa Chad li ananela likopano tsa selemo le selemo tse lokiselitsoeng ho li haha moeeng. Ena ke tlaleho ea leeto la ho ea letotong la matsatsi a likopano tse khethehileng tse ileng tsa tšoareloa karolong e ka boroa ea naha ena e teetsoeng hare ke linaha tse ling ka mahlakoreng ’ohle, Afrika e bohareng.
Ka lebaka la bohōle ba sebaka le mathata a ho tsamaea, hangata likopano tsa Chad li tšoaroa ka lihlopha tse nyenyane, nako ea tsona e lekanyetsoa ke boemo ba leholimo. Ho tloha ka June ho ea ho September, nako ea selemo ea lipula e etsa hore ho tsamaea ho be boima ’me libakeng tse ling ho hang ha ho khonehe. Matsatsi a likopano tse khethehileng a tšoaroa ka mor’a hore lipula tse matla li fete. Matsatsi a phomolo a mafelo a selemo a fana ka monyetla o motle bakeng sa kopano ea setereke e kholoanyane. ’Me pele lipula li qala ho na hape ka June, ho tšoaroa likopano tsa potoloho tsa matsatsi a mabeli.
E NE e le motšehare oa mantsiboea o chesang haholo oa Sontaha. Holo ea ’Muso e N’Djamena, motse-moholo oa Chad, e ne e tletse batho ba 184. Ho sa tsotellehe mocheso, ba ne ba mametse ka hloko puo ea sehlooho, “Ho Ema re Moeeng o le Mong.” Hoseng hoo ba ile ba thabela ho bona batho ba bararo ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Lena e ne e le letsatsi la pele la matsatsi a likopano tse khethehileng tse tšeletseng tseo ’na le molebeli oa potoloho oa sebaka sena re bileng le tokelo ea ho li sebeletsa.
Sehlooho sa letoto la likopano, “Ho Ema re Tiile Moeeng o le Mong,” se ile sa ananeloa ka ho khethehileng ke Lipaki tse 267 tsa Chad. Li lula hōle le Bakreste-’moho le tsona ba linaheng tse ling. Empa, ho fumana ha tsona lijo tse tšoanang tsa moea le ho hlokomeloa ka tsela e tšoanang ho li khothaletsa ho tsoela pele ho sebetsa li kopane le baena ba tsona lefatšeng lohle. Keletso e sebetsang ea lenaneo lena e ile ea boela ea li matlafaletsa ho ema li tiile khahlanong le tšusumetso e bolotsana ea lefatše la Satane le litšusumetso tsa tlhoriso kapa khanyetso.
N’Djamena
Phutheho ea pele ea Lipaki tsa Jehova Chad e ile ea theoa N’Djamena ka 1964. Hona joale e na le bahoeletsi ba fetang 90 ba litaba tse molemo tsa ’Muso. E ile ea ba ho thabisang ho talima bamameli le ho bona ba bangata ba ’nileng ba sebeletsa ka botšepehi ho tloha matsatsing a pele a mosebetsi oo Chad. Moena e mong o ne a e-na le basali ba bararo ha a qala ho ithuta ’nete ea Bibele. Ka potlako o ile a bona tlhokahalo ea ho etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le litekanyetso tsa Bibele. O ile a nyala mosali oa hae oa pele ka molao ’me a arohana le basali ba bang, le hoja a ne a ntse a etsa litokisetso tsa ho ba hlokomela. O ile a kolobetsoa ka 1973 ’me o ’nile a ba mafolo-folo mosebetsing haesale ho tloha ka nako eo.
Moholo e mong ea ileng a nka karolo lenaneong lena o ne a ile a feta tlas’a teko e matla ea tumelo. Ka 1975 ’muso o neng o busa nakong eo o ne o qobella batho ho kopanela meetlong e itseng e neng e theiloe borapeling ba bafu; mang le mang ea neng a hlōleha ho phetha se hlokoang ke molao ona o ne a bolaoa. Ha moena eo a ema a tiile ’me a sa sekisetse tumelo ea hae, ba boholong ba ile ba qala ho mo batla. Nakong eo e mahlonoko ke ho fetoha ha ’muso o busang feela ho ileng ha mo sireletsa.
Tseleng e Lebang Pala
Ka mor’a N’Djamena, leeto la ho ea boroa ho ea sebeletsa likopano tse hlano tse setseng le ile la qala. Re ne re ’nile ra tsamaea tseleng ena hangata pele le hoja e ne e le nakong ea komello feela. Nakong ena, bofelong ba September ha nako ea lipula e se e atamela qetellong, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le tala ebile e tlokoma. E ne e le nako e thabisang bakeng sa ho tsamaea. Re ile ra feta masimo a mangata a millet. Nakong ena lihlooho tsa mahlaka a malelele a pel’a tsela li ne li se li butsoitse. Haufinyane li ne li tla kotuloa, li anehoe, ’me li bolokoe ka har’a meliko e motlorutlo e tletse-tletseng naha. Millet ke sejo se ka sehloohong sa baahi ba bangata ba Chad. E tuleloa ka har’a nkho e khōlō e kang morula ka lesokoana leo hangata le fetang motho ea le sebelisang ka bolelele. Joale phofo ena e fahoa metsing a belang e be e etsoa polokoe e tla jelelloa ka moro o entsoeng ka okra kapa makotomane.
Re ile ra bona masimo a eketsehileng a cotton ha re ntse re kenella hare ka boroa. Kaha karolo ena ea naha e bataletse, masimo a nang le lijalo tse thuntseng a ne a bonahala a fihla moo mahlo a ka a fellang teng. Ka potlako malapa ’ohle a ne a e-tsoa ho ea kha cotton ka letsoho masimong. Cotton ke sejalo se tlisang chelete e ngata ka ho fetisisa Chad, joalokaha ho ile ha kotuloa lithane tse 133 000 ka 1988. Mantsiboea, re ile ra feta Letša la Léré. Mona naha e tletse maralla ’me e boheha haholo, haholo-holo nakong ena ea selemo. Ka ho fihla moo ka nako e nepahetseng, re ile ra khona ho reka tlhapi e bitsoang carp e neng e sa tsoa tšoasoa e ileng ea halikeloa hona tseleng moo. E ne e le lijo tseo mang kapa mang ea nang le baeti a neng a tla ba motlotlo ho ba ngoathela tsona.
Ntho e ’ngoe e etsang hore ho tsamaea ho be thata haholoanyane nakong ena ea selemo ke hore haeba pula e na, ho ne ho behoa mekoallo ka tseleng ho thibela sephethe-phethe. Hobane’ng? Ho sireletsa litsela. Kahoo re ile ra nyahama ha ka tšohanyetso re bona leholimo le fetoha ka potlako le e-ba letšo joaloka enke. Ka sebele re ne re sa batle ho emisa puleng ka thōko ho tsela. Empa habohlokoa ka ho fetisisa, re ne re tla siuoa ke nako bakeng sa letsatsi le latelang la kopano e khethehileng. Ka thabo, karolo e matla ka ho fetisisa ea pula ena e nang ka morao ho nako ea lipula ha ea ka ea fihla tseleng. Esita le hoja re ile ra lokela ho ema nakonyana mekoallong e ’maloa, hamorao bosiung bona boo re ile ra fihla re bolokehile re bile re ntse re phela hantle Pala, toropo e nang le batho ba ka bang 32 000. Ke kamohelo e thabisang hakaakang eo re neng re tla e fumana moo! Leholimo le se nang khanya ea khoeli ka mor’a pula le ile la re fa pono e hlollang ea linaleli le ea molala o bitsoang Milky Way, pono e bohehang eo ho seng mohla baahi ba bangata ba motse ba kileng ba e bona. E ile ea re hopotsa lebaka leo re emeng re tiile ka lona—ho hlompha ’Mōpi e Moholo oa bokahohle bo tsotehang.
Liphutheho tse peli tse nyenyane le sehlopha sa bahoeletsi ba ka thōko li ile tsa kopana Pala. Baena ba bacha ba bararo ba ne ba tsamaile lik’hilomithara tse fetang 100 ho tla kopanong ena. Kaha likopano tse ka boroa li nyenyane ’me ho na le baholo ba seng bakae ho tsona, likarolo tsa lenaneo li ile tsa hatisoa theiping kopanong ea N’Djamena ’me tsa bapaloa hape. Sena se tiisa hore lenaneo e ba la boleng bo phahameng esita le ha ho e-na le ba seng bakae ba tlileng kopanong. Re ile ra thabela ho ba le motho a le mong ea kolobetsoang.
Sehlopha se Chesehang sa Kélo
Ka mor’a mona, e ile ea e-ba leeto le lekhutšoanyane ho leba Kélo, moo ba 194 ba ileng ba ba teng bakeng sa lenaneo la Sontaha. Malapa a mangata a nang le bana ba banyenyane a ne a tsamaile lik’hilomithara tse fetang 30 hore a tl’o ba teng. Batho ba babeli ba sa tsoa inehela ba ne ba lokela ho kolobetsoa. Nakong ea komello, hangata kolobetso e ba bothata haeba kopano e sa tšoareloa haufi le nōka; kahoo, batho ba bangata ba ’nile ba tlameha ho kolobeletsoa ka har’a moqomo. Empa ho ba ha rōna moo bofelong ba nako ea lipula ho ile ha nolofatsa lintho. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore re tsamaee lik’hilomithara tse fetang 20 ka koloi ho leba sebakeng se loketseng.
E mong oa ba neng ba il’o kolobetsoa e ne e le moroetsana eo tumelo ea hae e neng e ile ea lekoa ka ho tebileng. Lelapa labo le ne le ile la tšepisa monna ea neng a se na thahasello ea ho ithuta Bibele hore le tla mo fa eena hore a mo nyale. Ho feta moo, monna eo o ne a batla hore ba kopanngoe ka meetlo ea morabe ho fapana le hore ba kopanngoe ka lenyalo le ngolisitsoeng ka molao. Ka lebaka la hore o ne a ikemiselitse ho lefa theko e khōlō ea bohali, lelapa labo moroetsana le ile la mo tlisetsa khatello e khōlō. O ile a ba a tlameha ho fallela sebakeng se seng ka nakoana e le ho qoba kopano eo e seng ea Mangolo eo lelapa labo le neng le e batla. O ile a ema a tiile ho sena sohle ’me a etsa tsoelo-pele e ntle. Haesale ho tloha ha a kolobetsoa, khanyetso ea lelapa e khaolitse. Re leboha Jehova ka hore e be ho na le batho ba tšepahalang joalo ka har’a rōna.
Baena ba mona ba na le mabaka a mang a ho leboha Jehova. Chad e ile ea hlaseloa ke ntoa e mabifi ea lehae ’me, ka 1984, ea hlaseloa ke tlala e khōlō. Moholo oa sebaka sena o hopola hore ka lekhetlo le leng nakong ea tlala, o ile a qamaka ba ka Holong ea ’Muso ’me a ipotsa hore na ho ba teng moo ho na le ea tla be a ntse a phela likhoeling tse seng kae tse tlang. Leha ho le joalo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa fana ka thuso ea lijo, oa kokobetsa boemo ba bona bo bobe. Hona joale kananelo ea bona bakeng sa seo e bontšoa tšebeletsong ea bona e chesehang. Ho na le moea o matla oa bopula-maliboho Kélo. Ka October 1989, ba ka holimo ho karolo ea boraro ea bahoeletsi ba ’Muso ba ile ba hlophisa litaba tsa bona e le hore ba ka kopanela mosebetsing oa ho bolela ka nako e tletseng.
Phihlelo ea bona mabapi le tlala e ba rutile hore le bona ba tlameha ho fana. Selemong se fetileng moholo e mong phuthehong o ile a kula ka tšohanyetso a ba a shoa. O ile a siea lelapa la bana ba robong, oa ho fela a e-na le likhoeli tse seng kae feela. Mosali oa hae o ile a talimana le khatello ea lelapa ea ho kopanela litšebeletsong tsa ho llela bafu tse kopanyelletsang borapeli ba bafu. Baena ba ile ba mo fa tšehetso e hlokahalang, kahoo o ile a khona ho hanela khatello e matla. Joale phutheho e ile ea sebetsa ’moho ho mo hahela ntlo hammoho le bana ba banyenyane, ho phaella ho thuseng ka lintho tse bonahalang ka litsela tse fapaneng. Sena se ile sa fella ka bopaki bo botle haholo toropong ena, sa bontša phello e thabisang ea Bokreste bo bonahalang ka liketso.—Liketso 20:35.
Koumra, Doba, le Bongor
Sebaka se latelang seo re ileng ra emisa ho sona ke Koumra. Litsela tse betliloeng li ile tsa nolofatsa leeto leo la lik’hilomithara tse 300 haholo. Tseleng, re ile ra feta motseng oa Moundou, setsi sa mesebetsi e meholo se nang le batho ba fetang likete tse lekholo. Ba mashome a supileng a motso o mong ba ile ba e-ba teng Koumra. Moena e mong e mocha lilemong, eo ho neng ho se mohla a kileng a fumana thuto ea sekolo o ile a bua sethaleng. O ile a hlalosa kamoo lenaneo la ithute ho bala le ho ngola le rutoang Holong ea ’Muso le ileng la mo thusa le ho mo fa kholiseho e hlokahalang. Hona joale o khannela batho ba bang ba bane lithuto tsa Bibele.
Ka mor’a letsatsi la kopano e khethehileng Koumra, re ile ra khutlela morao N’Djamena, ’me sebaka se latelang seo re neng re tla emisa ho sona e ne e tla ba Doba bakeng sa kopano ea rōna ea bohlano letotong la likopano tsa rōna. Ba bang ba neng ba le teng ba ne ba ile ba khaoletsoa ke pula ea ka morao ho nako ea lipula eaba ba tlameha ho qeta bosiu ka thōko ho tsela. Ho ntse ho le joalo, e mong le e mong o ile a fihla ka nako ha lenaneo le qala Doba. Ba mashome a mahlano a motso o mong ba ne ba le teng, ’me motho a le mong o ile a itlhahisa bakeng sa kolobetso.
Sebaka sa ho qetela seo re ileng ra emisa ho sona e ile ea ba Bongor. Sena ke sebaka sa temo ea reisi, ’me re ile ra hlolloa ke kamoo naha e neng e bataletse ka teng. Lenane la ba bileng teng Bongor le ile la nyollela palo eohle ea ba ileng ba mamela lenaneo Chad ho 630. ’Me ha ho kopanngoa le ba bang ba babeli ba ileng ba qoelisoa, palo eohle ea batho ba ileng ba kolobetsoa e ile ea ba ba robong.
Ho khutlela ha rōna N’Djamena ho ile ha phetha leeto la lik’hilomithara tse ka bang 2 000. E ile ea e-ba ho thabisang ho kopana le bahlanka ba Molimo ba ’nileng ba ema ba tiile ka lilemo tse ngata, hammoho le ho kopana le ba bangata ba bacha ba etsang tsoelo-pele e tsotehang. Cheseho ea bona tšebeletsong e ne e khothatsa ka ho khethehileng. Ka October 1989, ho ile ha ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 267 Chad, keketseho ea 20 lekholong ho feta selemong se ka pele.
Ba Kopane le Hoja ba le Hōle
Ho tsamaea ka hare ho naha ho ile ha etsa hore re khone ho utloisisa hore na ho hasa litaba tse molemo naheng eo ho buuoang lipuo tse fetang 200 ke phephetso e kaakang. Le hoja Sefora le Searabia e le lipuo tsa molao tsa Chad, letsatsing ka leng la matsatsi a likopano tse khethehileng, lenaneo le ile la tlameha ho fetoleloa ho tloha ho Sefora ho ea puong e ’ngoe e fapaneng. Esita ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ileng ba tla sebakeng sa kopano ba ne ba sa bue puo ea sebaka seo, kahoo ho ba thusa ho utloisisa lenaneo e ne e sa ntsane e le bothata.
Libakeng tsohle tseo re ileng ra li etela, baena le bo-khaitseli ba rōna ba ile ba re amohela ka mofuthu. Ka kakaretso lijo e ne e le millet kapa polokoe ea phofo ea reisi le moro o tšetsoeng ka linōko o boletsoeng pelenyana. Ka linako tse ling moroetsana o ne a tlisa lijo ka tray e koahetsoeng ka lesela le nang le mebala e khanyang. O ne a roetse tray eo hloohong ka mokhoa o khahlehang, ’me u ne u tlameha ho tsota ponahalo ea hae e khahlehang.
Boholo ba baahi ba karolo e ka leboea ea Chad ke Mamosleme; boholo ba batho ba ka boroa ke Mak’hatholike, Maprostanta, kapa ba lumelang ho moea o sa shoeng. ’Muso o tšehetsa leano la tokoloho ea bolumeli, ’me re thabela hore e be re khona ho kopana hammoho ka bolokolohi.
Lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng le ile la thusa sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Chad ho utloisisa hore le hoja ka tikoloho li le hōle le baena ba tsona ba likarolong ling tsa lefatše, ka sebele li kopane le bona mohlapeng o le mong. Le ile la etsa hore li khone ho ‘ema li tiile moeeng o le mong’ ho sa tsotellehe likhatello le khanyetso tseo li fetang har’a tsona.—Ba-Filippi 1:27, NW.