Ho Nyarela ka Litabeng
Basodoma—Na ba Lekana le Batho Bohle Mahlong a Molimo?
Seterekeng sa Queensland, Australia, liketso tsa bosodoma—esita leha li etsoa sephiring ke metsoalle e lumellaneng—ke tlōlo ea molao. Haufinyane tjena, sehlopha sa litho tsa likereke tse khōlō seterekeng seo se ile sa hanyetsa ka matla melao e joalo; se ne se batla hore ho felisoe molao o reng bosodoma ke tlōlo ea molao.
Ho latela koranta ea The Courier-Mail, sehlopha sena se bitsoang Joint Church Social Justice Group se entsoe ka litho tsa likereke tsa Chache, Roma e K’hatholike, Lutere, Baptist, likereke tse Kopanyang le ma-Quaker (Mokhatlo oa Metsoalle). Ha se bolela hore melao e khahlanong le basodoma e theiloe holim’a ho hloka tsebo le leeme, sehlopha sena se ile sa re: “Ho tšehetsa ha rōna boemo bona ho theiloe tumelong ea hore batho bohle baa lekana mahlong a Molimo ’me ba lokela ho lekana molaong. Re lumela hore mosodoma e ntse e le motho feela joaloka monna ea kopanelang liphate le mosali.”
Le hoja e le ’nete hore batho bohle ba tsoetsoe ba lekana, pono ea Molimo ke efe ka bosodoma? Bibele e nyatsa liketso tsohle tsa bosodoma joaloka tseo e seng tsa tlhaho le tse sa amoheloeng ke Molimo tse isang lefung. Sena e ne e se ’nete Iseraeleng ea boholo-holo feela empa le mehleng ea Bokreste. (Levitike 18:22; Ba-Roma 1:26, 27) Nyatso ena e hlakile ’me ha ho hlokahale hore e hlalosoe ka tsela e ’ngoe: “Ha ho lihlola, . . . leha e le banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, leha e le banna ba robalang le banna ba bang . . . ba tla rua ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9, 10, NW.
Ho e-na le ho buella hore ho felisoe molao o reng bosodoma ke tlōlo ea molao, Bakreste ba ’nete ba phehella batho ba leng bokhobeng ba tloaelo ena e hlomphollang Molimo hore ba itokolle ho eona ka ho retelehela Lentsoeng la Molimo la ’nete.
Likotsi tsa Mali li Tsoela Pele
Patlisiso e sa tsoa etsoa e ile ea senola hore Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Amerika o ’nile oa etsa liphoso tse makholo-kholo tabeng ea tšoaro ea mali a silafetseng. Hoo e batlang e le halofo ea litekanyo tse ka bang limillione li 12 ho isa ho tse 15 tsa mali a sebelisoang United States selemo le selemo a fanoa ke Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu. FDA (Food and Drug Administration [Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi]), e leng lekala la ’muso oa linaha tse kopaneng, e lokela ho tsebisoa ha ho fumanoa litekanyo leha e le life tsa mali a silafetseng. Leha ho le joalo, The New York Times e bolela hore mohlahlobi ea emetseng linaha tse kopaneng o tiisa hore hangata Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o ’nile oa hlōleha ho etsa sena. O bolela hore phuputso e ileng ea etsoa litlalehong tsa oona e ile ea senola liketsahalo tse 380 tseo ho tsona mali a silafetseng a ’nileng a tšoaroa hampe tseo ’muso o sa kang oa li tlaleheloa. Ho phaella moo, ho batho ba 228 ba hlasetsoeng ke AIDS bao e ka ’nang eaba sesosa e bile litšelo tsa mali, mohlahlobi o ile a fumana hore Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu o ile oa tlalehela FDA ka ba 4 feela.
Le hoja ba bangata ba ntse ba a talima e le a pholosang bophelo, mali a tšeloang methapong ea motho a baka ho shoa ha ba likete-kete selemo le selemo. Leha ho le joalo, barapeli ba ’nete ba Molimo, ha ba utloa molao oa oona mabapi le mali, ka nako e tšoanang ba sireletsoa likotsing tsa tšelo ea mali. Molimo o ile oa laela: “U se ke ua ja mali; u a tšollele fatše joaloka metsi . . . hore uena le bana ba hao ba tlang ka mor’a hao le tle le atlehe, hobane le tla be le etsa se nepahetseng.”—Deuteronoma 12:23-25, New International Version.
Mopapa Tšebeletsong ea Sesole
Selemong se fetileng mopapa o ile a kopana le bahlankana ba koetlisetsoang tšebeletso ea sesole ba fetang 7 000 mohahong oa masole a Roma o Cecchignola. Ka nako eo bahlankana ba bane ba balaoli ba emelang lebotho ba ile ba botsa mopapa hore na tšebeletso ea sesole e lumellana le letsoalo la Mokreste. Ho latela koranta ea Motse oa Vatican L’Osservatore Romano, ka ho toba ba ile ba botsa: “Na motho e ka ba Mokreste ea tšepahalang ’me, ka nako e tšoanang, ea ba lesole le tšepahalang?” Ha a arabela mopapa o ile a re: “Ho kopanngoa ha mosebetsi oa Bokreste le tšebeletso ea sesole ha ho thata kapa hase ho ke keng ha etsahala. Haeba re talima tšebeletso ea sesole ka maikutlo a nepahetseng, ho ka bonoa hore ke ntho e ntle, ea bohlokoa e bileng e leng molemo.”
Leha ho le joalo, na pono e joalo e lumellana le ho se nke lehlakore hoo Bakreste ba pele-pele ba neng ba ho boloka? Bukeng ea hae An Historian’s Approach to Religion, Arnold Toynbee o qotsa phihlelo ea Maximilianus, moshoela-tumelo oa lekholong la boraro la lilemo, eo eitseng ha lekhotla la Roma le mo tšosa ka lefu ka lebaka la ho hana ho kenngoa sesoleng, a ileng a re: “Nke ke ka sebeletsa. Le ka ’na la nkhaola hlooho, empa nke ke ka sebeletsa mabotho a ntoa a Lefatše Lena; Ke tla sebeletsa Molimo oa ka.” Ke hobane’ng ha a ile a hana ho kopanela tšebeletsong ea sesole esita leha a talimane le lefu? Hobane o ne a talima balateli ba ’nete ba Jesu e se “karolo ea lefatše” feela joalokaha Jesu e ne e se karolo ea lefatše. Ho feta moo, o ile a hlokomela hore ntoa ea Mokreste ke ea moea, tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse: “Ha re loane ka nama; hobane libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama.”—Johanne 17:16, NW; 2 Ba-Korinthe 10:3, 4.