Hlompha Mora, Moemeli ea ka Sehloohong oa Jehova
“Ea sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng.”—JOHANNE 5:23
1. Thuto ea Bokreste-’mōtoana ea Boraro-bo-bong e hlompholla Jesu joang?
KAJENO ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba ipolela hore ba hlompha Jesu Kreste, empa ba etsa ho fapaneng le hoo. Joang? Ba bangata ba bolela hore Jesu ke Molimo o Matla ’Ohle, le hore Molimo, ’Mōpi oa lintho tsohle, o ile oa tla lefatšeng ’me oa phela oa ba oa shoa joaloka motho. Tlhaloso ena e bonahatsoa thutong ea Boraro-bo-bong, eo e leng thuto ea motheo ea Bokreste-’mōtoana. Empa haeba thuto ea Boraro-bo-bong ke ea bohata, ha e le hantle, haeba Jesu o ka tlaasana ebile o monyenyane ho Molimo, na ho sothoa hoo ha kamano ea hae le Molimo ho ne ho ke ke ha etsa hore Jesu a se thabe? Ka sebele, o ne a tla nka ho sothoa ho joalo e le ho mo hlompholla le ho hlompholla sohle seo a neng a se ruta.
2. Mangolo a bontša ka ho hlakileng joang hore Jesu ke ea ka tlaasana ho Molimo ebile o monyenyane ho oona?
2 ’Nete ke hore ha ho mohla Jesu a kileng a ipolela hore ke Molimo, empa khafetsa o ’nile a ipolela e le “Mora oa Molimo.” Esita le lira tsa hae li ne li lumela sena. (Johanne 10:36; 19:7) Ka mehla Jesu o ne a ela hloko hore a phahamise Ntat’ae ’me a ikokobetsa ka tlas’a Hae, joalokaha a ile a bolela: “Mora o sitoa ho etsa letho a ’notši, ha a sa ka a le bona le etsoa ke Ntat’ae; hobane tsohle tse etsoang ke Ntate, Mora o li etsa joalo le eena. Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši . . . kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” Hape, o ile a re: “Ke lenģosa le tsoang ho eena, ’me Eo o nthomile.” Hape o ile a re: “Ke tlile ke e-tsoa ho Molimo.” (Johanne 5:19, 30; 7:28, 29, NW; 8:42, BPN) Ha ho mohla Jesu a kileng a fana ka maikutlo a hore ke Molimo kapa hore o lekana le oona. Kahoo ho ruta ntho e joalo ho hlompholla Jesu.
Litsela tse Ling Tseo ba Bang ba Hlomphollang Jesu ka Tsona
3. (a) Ba bang Bokreste-’mōtoaneng ba hlompholla Jesu ka ho latola eng mabapi le eena? (b) Jesu o ile a fana ka bopaki bofe mabapi le ho ba teng ha hae pele e e-ba motho?
3 Ka ho makatsang, kajeno ho boetse ho na le ba bang Bokreste-’mōtoaneng ba hlomphollang Jesu ka ho latola hore o kile a ba teng pele e e-ba motho. Leha ho le joalo, ke feela ha re ananela hore Jesu ka sebele o theohile leholimong a tla lefatšeng ka nepo re ka qalang ho mo hlompha. Khafetsa Jesu o ile a bolela hore o kile a ba teng pele e e-ba motho. O itse: “Ha ho ea kileng a nyolohela leholimong, ha e se ea theohileng leholimong, e leng Mor’a motho.” Hamorao o ile a bolela tjena: “Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong . . . Ho tla ba joang, ha le bona Mor’a motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?” O ile a ba a re: “Lōna, le ba tlase, ’na, ke oa holimo; . . . Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng.” (Johanne 3:13; 6:51, 62; 8:23, 58) Jesu o ile a boela a bua ka ho ba teng ha hae pele e e-ba motho thapelong ea hae e neng e ea ho Ntat’ae oa leholimo bosiung ba ho ekoa ha hae.—Johanne 17:5.
4. (a) Ba bangata ba hlompholla Jesu ka tsela efe e eketsehileng? (b) Ke bopaki bofe boo e lokelang hore ebe bo lekane ho tiisa hore ka sebele Jesu o kile a phela, hona hobane’ng?
4 Ba bang Bokreste-’mōtoaneng ba bile ba ea bohōleng ba ho latola hore Jesu ke motho ea kileng a ba teng historing, hore o kile a phela e le motho. Haeba ka sebele ho se mohla a kileng a ba teng, ho ne ho ke ke ha ba le morero oa hore na ke hobane’ng ha re lokela ho mo hlompha le hore na re lokela ho mo hlompha joang. Empa bopaki bo bongata ba ba boneng ka mahlo bo bolokiloeng ka Mangolong e lokela hore ebe ke bopaki bo lekaneng ba ho tiisa ntle ho pelaelo hore ka sebele Jesu o kile a phela lefatšeng. (Johanne 21:25) Haholo-holo sena e bile ’nete kaha hangata Bakreste ba pele ba ne ba ruta ka Jesu ’me ba beha bophelo ba bona le tokoloho ea bona kotsing. (Liketso 12:1-4; Tšenolo 1:9) Leha ho le joalo, ka ntle ho seo balateli ba Jesu ba se ngotseng ka eena, na ho ka pakoa hore o ile a ba teng?
5, 6. Ka ntle ho Mangolo, bopaki ba histori bo bontša eng mabapi le boteng ba sebele ba Jesu Kreste?
5 The New Encyclopædia Britannica (1987) ea bolela: “Litlaleho tse sa itšetlehang ka tse ling li paka hore mehleng ea boholo-holo esita le bahanyetsi ba Bokreste ha ho mohla ba kileng ba belaella hore Jesu ke motho ea kileng a ba teng historing.” Tse ling tsa litlaleho tsee tse sa itšetlehang ka tse ling ke life? Ho latela setsebi sa Mojode Joseph Klausner, ho na le bopaki ba mangolo a pele a Talmud. (Jesus of Nazareth, leqephe 20) Hape ho na le bopaki ba rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo Josephus. Ka mohlala, o hlalosa ho tlepetsoa ha Jakobo ka majoe, o mo khetholla e le “ngoan’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste.”—Jewish Antiquities, XX, [ix, 1].
6 Ho phaella moo, ho na le bopaki ba bo-rahistori ba pele ba Maroma, haholo-holo ba Tacitus ea hlomphuoang haholo. Mathoasong a lekholo la bobeli la lilemo o ile a ngola ka “sehlopha se neng se hloiloe ka baka la lintho tseo se neng se li nyonya, seo baahi ba neng ba se bitsa Bakreste. Christus [Kreste], eo lebitso [Mokreste] le simolohileng ho eena, o ile a fuoa kotlo e fetelletseng ke e mong oa baemeli ba rōna nakong ea puso ea Tiberiuse.” (The Annals, XV, XLIV) Se talima bopaki ba hore Jesu ke motho ea kileng a ba teng historing e le bo bongata, setsebi sa filosofi ea boitšoaro bo botle sa Lefora sa lekholong la bo18 la lilemo, Jean-Jacques Rousseau, se ile sa paka: “Histori ea Socrates, eo ho seng lea mong ea e belaellang, ha e pakoe ka botlalo joaloka ea Jesu Kreste.”
Mabaka a ho Hlompha Mora
7. (a) Bopaki ba Mangolo bo re tlamang ho hlompha Jesu Kreste ke bofe? (b) Jehova o tsoetse pele ho hlompha Mor’a hae joang?
7 Joale re tla tabeng ea ho hlompha Jesu Kreste. Hore balateli ba hae ba tlamehile ho mo hlompha ho ka bonoa mantsoeng a hae ho Johanne 5:22, 23: “Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle, hore bohle ba hlonephe Mora, joale ka ha ba hlonepha Ntate. Ea sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng.” Ho tloha ha Kreste a tsoha, Jehova o hlomphile Mor’a hae ka tekanyo e khōloanyane le ho feta, ‘a mo roesa moqhaka oa khanya le oa tlhompho ka baka la lefu leo a le utloileng.’ (Ba-Heberu 2:9; 1 Petrose 3:22) Ha e le hantle, re na le mabaka a ho hlompha Jesu ka baka la seo a leng sona le ka baka la seo a se entseng.
8. Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho ka baka la linnete life tse ikhethileng?
8 Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho hobane, joaloka Logos, kapa Lentsoe, ke mokena-lipakeng ea phahameng ea behiloeng ke Molimo. Ka Mangolong ho hlakile hore lebitso “Lentsoe” le sebetsa ho Jesu pele a tla lefatšeng hammoho le ka mor’a hore a nyolohele leholimong. (Johanne 1:1; Tšenolo 19:13) Ho Tšenolo 3:14, (NW) o ipolela e le “qaleho ea pōpo ea Molimo.” Hase feela hore ke “letsibolo la tsohle tse hloliloeng” empa joaloka ‘Mora ea tsoetsoeng a ’notši’ ke eena feela ea ileng a bōptjoa ke Jehova Molimo ka ho toba. (Ba-Kolosse 1:15; Johanne 3:16) Ho phaella moo ‘lintho tsohle li entsoe ke eena, ’me har’a lintho tse leng teng, ha ho letho le entsoeng ka ntle ho eena.’ (Johanne 1:3) Ka hona, ha re bala ho Genese 1:26 hore Molimo o ile oa re, “A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna,” “re” eo e akarelletsa le Logos, kapa Lentsoe. Ruri, ’nete ea hore Jesu o ne a e-na le tokelo e babatsehang ea ho kopanela le Jehova Molimo pōpong ho beng teng ha hae pele e e-ba motho e mo etsa hore a tšoaneloe ke tlhompho e khōlō.
9. Ke hobane’ng ha re fihlela qeto ea hore Jesu ke arekangeloi Mikaele, hona Mikaele o ile a hlompha Jehova joang mabapi le setopo sa Moshe?
9 Ho phaella moo Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho hobane ke lengeloi le ka sehloohong la Jehova, kapa arekangeloi. Re fihlela qeto eo motheong ofe? Hlooho ea lentsoe, “areka,” e bolelang “ntho e ka sehloohong” kapa “ntho e khōlō,” e fana ka maikutlo a hore ho na le arekangeloi e le ’ngoe feela. Lentsoe la Molimo le bua ka eona le tobisitse ho Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng. Rea bala: “Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” (1 Ba-Thessalonika 4:16) Arekangeloi ena e na le lebitso, joalokaha re bala ho Juda 9: “Ha e le arekangeloi Mikaele, ha a na a tseka setopo sa Moshe le Diabolose, o tšabile ho mo ahlola ka nyefolo, a mpa a re: Morena a u khalemele!” Ka hore Jesu a se ke a raka Jehova ka ho leka ho ahlola Diabolose, ka tsela e joalo Jesu o ile a hlompha Ntat’ae oa leholimo.
10. (a) Mikaele o etella pele joang ho loaneleng ’Muso oa Molimo? (b) Mikaele o ile a phetha karolo efe mabapi le sechaba sa Iseraele?
10 Arekangeloi Mikaele o loanela ’Muso oa Molimo, o etella pele ho hloekiseng maholimo ka ho tlosa Satane le makhotla a hae a bademona. (Tšenolo 12:7-10) ’Me moprofeta Daniele o bolela hore ‘o emela batho ba Molimo.’ (Daniele 12:1) Ka hona ho bonahala eka Mikaele ke “lengeloi la Molimo le eteletseng makhotla a Iseraele pele” le hore ke eena eo Molimo o ileng oa mo sebelisa hore a tlise batho ba oona Naheng e Tšepisitsoeng. Molimo o ile oa laela: ‘U ke u itise ka baka la hae, u mamele lentsoe la hae. U se ke ua ikhantšetsa eena, . . . etsoe lebitso la ka le le ho eena.’ (Exoda 14:19; 23:20, 21) Ha ho na pelaelo hore arekangeloi ea Jehova e tlameha e be e ne e thahasella haholo batho ba emelang lebitso la Molimo. Ka ho loketseng haholo e ile ea thusa lengeloi le leng le neng le rometsoe ho tšelisa moprofeta Daniele, leo hape le neng le lalletsoe ke modemona ea matla. (Daniele 10:13) Ka hona mohlomong e ka ba ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore lengeloi le ileng la timetsa bahlabani ba Sankeribe ba 185 000 e ne e le arekangeloi Mikaele.—Esaia 37:36.
11. Jesu o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna hobane a ile a hahamalla tsela efe ea bophelo lefatšeng?
11 Hase feela hore Jesu Kreste o tšoaneloa ke ho hlomphuoa ka baka la seo a leng sona empa o boetse o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna ka baka la seo a se entseng. Ka mohlala, ke eena feela motho ea kileng a phela bophelo bo phethahetseng. Adama le Eva ba ne ba bōpiloe ba phethahetse, empa phetheho ea bona e ne e le ea nakoana. Leha ho le joalo, Jesu Kreste o ile a lula a ‘tšepahala, a se na molato, a arohile ho baetsalibe’ ho sa tsotellehe sohle seo Diabolose a neng a ka mo tlisetsa sona e le liteko kapa mahloriso. Ho sena sohle ‘ha a ka a etsa sebe, ’me thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.’ Ka nepo o ne a ka phephetsa bahanyetsi ba hae ba bolumeli tjena: “Ke mang ho lōna ea tla nkholisa hore ke na le sebe?” Ho ne ho se lea mong ho bona! (Ba-Heberu 7:26, NW; 1 Petrose 2:22; Johanne 8:46) ’Me ka baka la ho boloka ha hae botšepehi bo se nang sebe, Jesu o ile a tlotlisa Ntat’ae oa leholimo e le ’Musi ea loketseng oa bokahohle ’me a paka Diabolose e le raleshano ea khopo le ea tala.—Liproverbia 27:11.
12. (a) Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe, hona o ile a etsa eng a ba a utloa bohloko joang molemong oa ba bang? (b) Ke hobane’ng ha u ne u ka bolela hore Jesu o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna ka baka la seo a se entseng le ka baka la seo a fetileng ho sona?
12 Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna, eseng feela hobane o ile a phela bophelo bo phethahetseng le bo se nang sebe empa hobane hape e ne e le motho ea molemo, motho ea se nang boithati le ea itetseng. (Bapisa le Ba-Roma 5:7.) O ile a sebeletsa litlhoko tsa batho tsa moea le tsa lintho tse bonahalang. O ile a bonahatsa cheseho e khōlō hakaakang bakeng sa ntlo ea Ntat’ae, hona o ile a bonahatsa mamello e kaakang ha a sebelisana le barutuoa ba hae! O ne a ikemiselitse ho utloa bohloko bo boholo hakaakang ka ho etsa thato ea Ntat’ae! Bibele e re ka kahlolo ea hae tšimong ea Gethsemane: “Eitse ha a le matsoalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; ’me likhororo tsa hae tsa e-ba joale ka marotholi a mali a rothelang fatše.” E, o ile “a hlahisa lithapelo le likōpo ka mehoo le ka meokho.” (Luka 22:44; Ba-Heberu 5:7, BPN) Moprofeta Esaia o ile a bolela kahlolo ea hae esale pele ka nepo hakaakang ho Esaia 53:3-7!
13. Jesu o ile a re behela mohlala ofe o motle ka ho hlompha Ntat’ae oa leholimo?
13 Hape Jesu o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna ka baka la mohlala o motle oo a re behetseng oona ka ho hlompha Ntat’ae oa leholimo. Ka nepo o ne a ka re: “Ke hlonepha Ntate.” (Johanne 8:49) Ka linako tsohle o ne a tlisetsa Jehova Molimo tlhompho ka mantsoe a hae le ka liketso. Ka hona, ha a ne a phekola monna e mong, tlaleho ea Bibele e re batho ha baa ka ba tlotlisa Jesu empa ba ile “ba tlotlisa Molimo.” (Mareka 2:12, BPN) Ka hona, qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, ka nepo Jesu o ne a ka bolela sena thapelong e neng e ea ho Ntat’ae oa leholimo: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.”—Johanne 17:4.
Seo a re Etselitseng Sona
14. Lefu la Jesu le ile la finyella eng molemong oa rōna se mo etsang hore a tšoaneloe ke tlhompho?
14 Hape Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna haholo hakaakang ka baka la sohle seo a se finyelletseng molemong oa rōna! O ile a shoela libe tsa rōna e le hore re ka boelanngoa le Jehova Molimo. Jesu o ile a ipolela tjena: ‘Mor’a motho, ha a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho nehela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.’ (Mattheu 20:28) Ka hona, lefu la hae le entse hore sohle seo ’Muso o tla se finyella molemong oa rōna se fumanehe: bophelo ba ho se shoe maholimong ho ba 144 000 ba etsang monyaluoa oa hae le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise ho ba bang ba limillione ba pakang tumelo ea bona le kutlo tlas’a teko.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 14:1-3; 21:3, 4.
15. Mohlala o mong ke ofe oa ho re senolela ha Jesu botho ba Ntat’ae?
15 Hape Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna hobane, joaloka Mosuoe e Moholo, o re senoletse thato ea Ntat’ae le botho ba hae ka ho phethahetseng. Ka mohlala, Thutong ea hae ea Thabeng, o ile a bontša ho ba le seatla se bulehileng ha Ntat’ae ka ho chabisetsa ba lokileng le ba babe letsatsi le ho ba nesetsa pula ka ho tšoanang a ba a hlokomelisa: “Phethehang, joale ka ha Ntat’a lōna ea maholimong a phethehile.”—Mattheu 5:44-48.
16. Moapostola Pauluse o ile a akaretsa tsela ea Jesu e tšoaneloang ke tlhompho joang?
16 Ka nepo moapostola Pauluse o ile a akaretsa tsela ea Jesu e tšoaneloang ke tlhompho ha a ne a ngola sena: “Le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, [ha a ka] a nahana ho iphamolela, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a iketsa lefeela ’me a nka sebōpeho sa lekhoba a ba a tšoana le batho. Ho feta moo, eitse ha a iphumana a tšoana le motho, o ile a ikokobetsa ’me a utloa ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.”—Ba-Filippi 2:5-8, NW.
Kamoo re ka Hlomphang Mora
17, 18. Re ka tlisetsa Jesu Kreste tlhompho ka litsela life tse sa tšoaneng?
17 Kaha ntle ho pelaelo Jesu Kreste o tšoaneloa ke tlhompho ea rōna, re fihla potsong ena: Re ka hlompha Mora joang? Re mo hlompha ka ho bontša tumelo sehlabelong sa hae sa topollo, ’me re paka tumelo eo ka ho nka mehato e hlokahalang ea pako, tšokoloho, boinehelo, le kolobetso. Re hlompha Jesu ka hore re tle ho Jehova ka thapelo re sebelisa lebitso la Jesu. Ho phaella moo re mo hlompha ha re ela hloko mantsoe ana a hae: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itele a be a jare thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele a sa khaotse.” (Mattheu 16:24, NW) Re tla be re hlompha Jesu Kreste ha re ela hloko litaelo tsa hae tsa hore re ’ne re batle ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona pele, ’me re tla be re mo hlompha ha re ela hloko taelo ea hae ea hore re kopanele mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Hape, re tla be re hlompha Jesu ha re bonahatsa lerato la boena leo a itseng le ne le tla khetholla balateli ba hae bohle ba ’nete.—Mattheu 6:33; 28:19, 20; Johanne 13:34, 35.
18 Ho phaella moo, re tlisetsa Mora tlhompho ka ho jara lebitso la hae, ka ho ipitsa Bakreste, le ho phelela lebitso leo ka boitšoaro ba rōna bo botle. (Liketso 11:26, NW; 1 Petrose 2:11, 12) Moapostola Petrose o itse re lokela ho latela mehlala ea Jesu haufi-ufi. (1 Petrose 2:21, NW) Re boetse re mo hlompha ka ho mo etsisa joalo boitšoarong bohle ba rōna. Ka sebele, ha re keteka Sehopotso sa lefu la Kreste selemo le selemo, re mo fa tlhompho e khethehileng.—1 Ba-Korinthe 11:23-26.
19, 20. (a) Jesu o tšepisa balateli ba hae mahlohonolo afe ka ho mo hlompha, hona joale le nakong e tlang? (b) Re ka ba le kholiseho efe ka Mora?
19 Jesu o tšepisa barutuoa ba hae meputso efe ha ba latela tsela e mo hlomphang? O itse: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, kapa ntat’ae, leha e le ’m’ae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, matlo, le banab’abo, le likhaitseli, le bo-’m’ae, le bana, le masimo, hammoho le lihloriso; ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.
20 Hoa utloahala hore haeba re itela molemong oa Jesu, o tla kholiseha hore rea putsoa. Jesu oa re tiisetsa: “E mong le e mong ea tla mpolela pel’a batho, le ’na ke tla ’molela pel’a Ntate ea maholimong.” (Mattheu 10:32) Kahoo feela joalokaha Ntate oa leholimo a hlompha ba mo hlomphang, re ka kholiseha hore Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova o tla etsisa Ntat’ae ntlheng ena, feela joalokaha Mora a etsa joalo litabeng tse ling.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba hlompholla Mora joang?
◻ Jesu o ile a fana ka bopaki bofe mabapi le ho ba teng ha hae pele e e-ba motho?
◻ Mabaka a mang ao re nang le ’ona a ho hlompha Jesu ke afe?
◻ Litsela tse ling tseo re ka hlomphang Jesu ka tsona ke life?
◻ Ho hlompha Jesu Kreste ho tlisa melemo efe?