Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 2/15 maq. 29-30
  • Tšimoloho le Timetso ea Satane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšimoloho le Timetso ea Satane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Ho Akheloa Sekoting ha Hae le Timetso ea ho Qetela
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 2/15 maq. 29-30

Tšimoloho le Timetso ea Satane

MANGOLO a bontša hore sebōpuoa se tsebjoang e le Satane hase ka mehla se ’nileng sa ba le lebitso leo. Ho e-na le hoo, se ile sa fuoa lebitso lena le hlalosang ka baka la ho nka tsela e khahlanong le Molimo le e o hanyetsang. Ha hoa fanoa ka lebitso leo se neng se e-na le lona pele. Molimo ke eena feela ’Mōpi, ’me “mosebetsi oa hae o phethehile,” ha o na ho hloka toka kapa bokhopo. (Deuteronoma 32:4) Ka baka leo, eo e bileng Satane, e ne e le sebōpuoa se phethahetseng, se lokileng sa Molimo ha a ne a bōptjoa. Ke motho oa moea, hobane o ile a itlhahisa leholimong ka pel’a Molimo. (Jobo likhao. 1, 2; Tšenolo 12:9) Jesu Kreste o itse ka eena: “Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena.” (Johanne 8:44; 1 Johanne 3:8) Mona Jesu o bontša hore Satane o kile a ba ’neteng, empa o ile a e furalla. Ho tloha ketsong ea hae ea pele e pepenene ea ho etsa hore Adama le Eva ba furalle Molimo, e ile ea ba ’molai, hobane ka ho etsa joalo o ile a tlisetsa Adama le Eva lefu, ’me bona ba ile ba tlisa sebe le lefu ho bana ba bona. (Ba-Roma 5:12) Ho pholletsa le Mangolo litšobotsi le liketso tse amahanngoang le eena li ne li ka amahanngoa feela le motho, eseng bobe boo e seng motho oa sebele. Ho hlakile hore Bajode, le Jesu le barutuoa ba hae, ba ne ba tseba hore Satane o teng e le motho.

Kahoo, ho tloha qalehong e lokileng, e phethahetseng, motho enoa oa moea o ile a khelohela sebeng le boemong bo nyelisehang. Tsela eo sena se tlileng ka eona e ile ea hlalosoa ke Jakobo ha a ne a ngola: “Motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” (Jakobo 1:14, 15) Tseleng eo Satane a ileng a e nka, ho bonahala ho e-na le lintlha tse ling tse tšoanang le tsa morena oa Tyre joalokaha li hlalositsoe ho Ezekiele 28:11-19. Boikhohomoso ba “morena oa Tyre,” ho iketsa ha hae ‘molimo,’ ho bitsoa ha hae “kerubime,” le ho boleloa ha ‘Edene, tšimo ea Molimo,’ ka sebele li lumellana le boitsebiso ba Bibele bo mabapi le Satane Diabolose, ea ileng a ikhohomosa, ea amahanngoang le noha ea Edene, ea bileng a bitsoang “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.”—1 Timothea 3:6; Genese 3:1-5, 14, 15; Tšenolo 12:9; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW.

Ho Akheloa Sekoting ha Hae le Timetso ea ho Qetela

Nakong ea ketso ea Satane ea ho etsa hore Eva esita le Adama hamorao ba fetohele Molimo, Molimo o ile oa re ho noha (ha e le hantle o bua le Satane, kaha phoofolo feela e ne e ke ke ea utloisisa litseko tse amehang): “U tla ja lerōle ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hao. Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peō ea hao le peō ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:14, 15) Mona Molimo o ile oa tsebahatsa hore Satane, a lahletsoe ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng o halalelang oa Molimo, o ne a ke ke a ba le tšepo e matlafatsang bophelo empa o ne a tla “ja lerōle,” ho fihlela a e-shoa. Qetellong “peō” e ne e tla mo khoba hlooho, e leng se neng se tla tšoantšetsa leqeba le bolaeang. Ha Kreste a ne a le lefatšeng, bademona ba ile ba mo tsebahatsa e le Ea neng a tla ba akhela “sekoting,” seo ka ho hlakileng e leng boemo ba ho se sebetse boo tlalehong e tšoanang ho buuoang ka bona e le ‘tlhokofatso.’—Mattheu 8:29; Luka 8:30, 31.

Khaolo ea 20 ea Tšenolo e hlalosa ha Satane a tlangoa le ho akheloa sekoting ka lilemo tse sekete ke lengeloi le leholo—leo ntle le pelaelo e leng Jesu Kreste, ea nang le senotlolo sa sekoti le eo e leng “peō” e tla khoba hlooho ea Satane.—Bapisa le Tšenolo 1:18.

Boiteko ba ho qetela ba Satane bo fihla sehlohlolong ka ho hlōloa ha hae ha ka ho sa feleng. Boprofeta bo bolela hore o lokela ho lokolloa ka “motsotso o se mokae” hang ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e fela le hore o tla etella pele batho ba bafetoheli tlhaselong e ’ngoe ea bobusi ba Molimo; empa o akheloa (hammoho le bademona ba hae) letšeng la mollo le sebabole, timetsong ea ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:1-3, 7-10; bapisa le Mattheu 25:41.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Satane o ile a sebelisa noha ho thetsa Eva

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela