Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/15 maq. 22-26
  • Ho Paka Fora—Naha e Tletseng Lintho tsa Mefuta-futa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Paka Fora—Naha e Tletseng Lintho tsa Mefuta-futa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • ALSACE
  • BRITTANY
  • LITHABA TSA ALPS
  • KHOHLO EA LOIRE
  • CORSICA
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/15 maq. 22-26

Ho Paka Fora—Naha e Tletseng Lintho tsa Mefuta-futa

FORA ke naha e tletseng lintho tse ngata tsa mefuta-futa. Lithaba tse bohehang, maralla a nyolosang le ho theosa, lilomo tse keketliloeng ke lifefo, mabōpo a leoatle a futhumetseng a nang le lehlabathe, masimo a se nang meeli, lipolasi tse nyenyane tse kampetsoeng ka makhoakhoa, masimo a maholo a morara, makhulo, meru e nang le lifate tse lulang li le tala le tse hlohlorehang makhasi, metsana, metse, litoropo, metse e meholo ea sejoale-joale—Fora e na le tsena tsohle, le tse ling.

Le hoja karolo e khōlō ea libaka tsa mahaeng e ntse e bolokile botle ba eona, boemo ba sechaba sa Mafora bo fetile tlas’a liphetoho tse potlakileng lilemong tsa morao tjena. Khatiso ea 1989 ea Francoscopie e re: “Sechaba sa Mafora ha se fete tlas’a nako ea tlokotsi, empa se feta tlas’a pherekano ea sebele. Tlhophiso ea sechaba, lintho tsa bohlokoa, mekhoa ea bophelo, le boikutlo li feta tlas’a liphetoho tse tebileng ka lebelo.”

Liphetoho tsena tse matla li boetse li amme le tikoloho ea bolumeli. Le hoja Bok’hatholike e ntse e le bolumeli ba batho ba bangata, hona joale bo se bo fetohile neano ho fapana le bolumeli bo nang le tšusumetso ea sebele bophelong ba litho tse ngata tsa bona. Ho iphapanya ha batho ho ntseng ho eketseha mabapi le lintho tsa bohlokoa tsa moea ho emisitse khōlo ea likereke.

Ka tsela e fapaneng haholo le hoo, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Fora o tsoetse pele ka potlako lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ho tloha Alsace ka leboea-bochabela ho ea Brittany e Atlantic, ho tloha lithabeng tse phahameng tse bitsoang Alps ho ea Khohlong ea Loire, esita le sehleke-hlekeng se senyenyane sa Corsica se Mediterranean, Lipaki li tobana le maemo a fapa-fapaneng ’me li kopana le batho ba nang le limelo tse fapaneng. A re ke re nke leeto ka ho sheba litšoantšo ’me re bone hore na ho joang ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso Fora, naha e tletseng lintho tsa mefuta-futa.—Mattheu 24:14.

ALSACE

E le moeling oa Jeremane, Alsace ke profensi e tsebahalang ka masimo a eona a morara le ka metse ea eona e bohehang e tletseng lipalesa. Motse-moholo oa eona, Strasbourg, e bile qhobosheane ea Boprostanta ho tloha nakong ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, ’me ka kakaretso batho ba Alsace ba na le tlhompho e khōlō bakeng sa Bibele. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso karolong ena ho tloha qalong ea lekholo lena la lilemo. Kajeno, mosebetsi o hlonngoe hantle, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo ea mocha e mong ea bitsoang Sylvie, ea ileng a sebelisa monyetla oa ho bolela sekolong.

Ha a ntse a buisana le bana ba bang bao a kenang sekolo le bona, Sylvie o ile a bua ka morero oa bophelo le litebello tsa bokamoso. Moshanyana e mong o ile a ba le thahasello ka ho lekaneng hore a lumelle Sylvie le Paki e ’ngoe ho mo etela lapeng. Sylvie o re: “Le hoja mocha enoa oa Mok’hatholike a ne a sebeletsa aletareng, o ne a e-na le lipotso tse ngata tseo ho seng mohla li kileng tsa arabeloa. Re ile ra sebelisa Bibele ho arabela tse ling tsa tsona, ’me o ile a amohela thuto ea ka mehla ea Bibele.” Mohlankanyana enoa o ile a kolobetsoa selemo hamorao ’me ha a se a tšoaneleha o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho ea ka mehla. Sylvie le eena o nkile tokelo eo ea tšebeletso.

BRITTANY

E hlahelletse hantle ka hare ho Atlantic, Brittany ke profensi ea neano e matla ea K’hatholike. Leha ho le joalo, ka baka la boiteko bo phehellang ba Lipaki, batho ba ntseng ba eketseha ka palo sebakeng sena ba amohela molaetsa oa ’Muso. Mohlala o mong oa se etsahalang karolong ena e ka leboea-bophirima ho Fora ke ona.

Paki ea sebaka sena ea tlaleha: “Banyalani ba bacha ba ile ba fallela kamoreng e ka holim’a kamore ea rōna mohahong o nang le mekato e mengata. Nakoana hamorao, ke ile ka kopana le mosali enoa e mocha methating, a nkile mora oa hae ka matsoho. Ka mor’a ho ithuta hore lebitso la mora oa hae ke Jonathane, ke ile ka ’motsa hore na ebe o tseba tšimoloho ea lebitso leo. O ile a arabela: ‘Ke nahana hore le tsoa ka hare ho Bibele, empa ke sona sohle seo ke se tsebang.’ O ile a mamela tlhaloso eo ke ileng ka fana ka eona, ’me o ile a bolela hore eena le monna oa hae ba thahasella Bibele. Le hoja re ile ra ba le lipuisano tse eketsehileng, ha ho letho le khethehileng le ileng la tsoela pele ka nako eo.

“Nakoana e seng kae ka mor’a moo, banyalani bana ba ile ba nkōpa keletso mathateng a itseng. Ke ile ka arabela ka ho sebelisa Bibele, ’me ba ile ba khahloa haholo ke boitsebiso boo e ileng ea fana ka bona. Ke ile ka boela ka ba mema hore ba ithute Bibele. Letsatsing le hlahlamang mosali o ile a lumela. Libeke tse seng kae hamorao, monna oa hae o ile a kopanela thutong. Hona joale ka bobeli ke Lipaki tse kolobelitsoeng.”

LITHABA TSA ALPS

Lithaba tsa Alps li tumme ka ponahalo ea tsona e bohehang. Batho ba ea moo ho ea boha litlhōrō tse ntle tsa lithaba, ka ho khetheha Mont Blanc, tlhōrō e telele ka ho fetisisa ea thaba Europe e ka Bophirima. Hape hona karolong ena, palo ea bahoeletsi ba ’Muso ba tlotlisang ’Mōpi ea eketseha. Batho ba lilemo tsohle le ba tsoang likarolong tsohle tsa bophelo ba ikopanya le bona, joalokaha tlaleho e latelang e bontša.

Bacha ba bane sebakeng seo ba ne ba na le tlaleho e mpe haholo. Ba ne ba utsoa makoloi le thepa e ’ngoe, ba atisa ho tahoa, ba sebelisa lithethefatsi ba bile ba li rekisa, ’me ba kenelletse bootsoeng le tšebelisanong le meea. Ba ne ba sa sebetse ’me ka linako tsohle ba khathatsana le mapolesa, ’me kaofela ha bona ba ne ba kile ba kena teronkong. Leha ho le joalo, ka bone ba bona ba ne ba ile ba tseba ’nete bonyenyaneng ba bona ka lebaka la hore malapa a bo bona a ne a ’nile a ithuta le Lipaki tsa Jehova nako le nako.

Ka mor’a lilemo tse ’maloa tsa bophelo bo hlaha, e mong oa bacha bao o ile a fetola pelo ea hae ’me a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova. Hona ho ile ha etsa hore le bacha ba bang ba etse joalo. Ka tsatsi le leng mapolesa a ne a ntse a etsa tlhahlobo ea ’ona ea ka mehla, ’me a ile a kōpa e mong oa bacha bao hore a bule mokotla oa hae. A lebelletse ho fumana lithethefatsi kapa thepa e utsoitsoeng, a ile a makala ha a fumana Bibele le libukana tse ling feela. Mocha enoa o ile a sebelisa Bibele ho hlalosa se ileng sa tlisa liphetoho tseo bophelong ba hae. Le leng la mapolesa le ile la fumana ho le thata ho kholoa seo, eaba lea ’motsa: “U bolela hore ha u sa tsuba, ha u sa noa, kapa ha u sa sebelisa lithethefatsi?” Qetellong lepolesa leo le ile la amohela tlhaloso ’me la mo tlohella hore a tsamaee ntle le ho senya nako. Kajeno bahlankanyana bana ba bane ba kolobelitsoe, ’me kaofela ba sebeletsa ka phuthehong e le bahlanka ba sebeletsang, ’me ba bararo ba bona ke bo-pula-maliboho ba ka mehla.

KHOHLO EA LOIRE

Khohlo ea Loire e bitsoa serapa sa Fora. E nka sebaka sa ho tloha Orléans, lik’hilomithara tse 110 ka boroa ho Paris, ho ea molomong oa Nōka ea Loire Lebōpong la Atlantic. Karolo ena e tsebahala ka liqhobosheane tsa eona tse ngata, tseo pele e neng e le mahae le mahae a nakoana a neng a sebelisoa ke litho tsa malapa a borena ha li ile tšolong. Ho na le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova litoropong tsohle tse khōlō sebakeng sena.

Emma e monyenyane, ngoanana ea phuthulohileng le ea tletseng lerato ea lilemo li tšeletseng, ka tsatsi le leng nakong ea khefu sekolong o ile a khutlela ka kamoreng ea hae ea thupelo ho ea lumelisa tichere ea hae. A tšositsoe ke ho bona tichere ea hae e tsuba, o ile a lla ’me a baleha. Tichere e ile ea mo sala morao ’me ea ’motsa hore na o llela’ng, leha ho le joalo, Emma ha aa ka a ’molella letho. Ha tichere e mo phehella, Emma o ile a sisa pelo ’me a re: “Ke hobane ua tsuba. U tla kula ’me u shoe!”

Letsatsing le hlahlamang tichere e ile ea bitsa ’mè oa Emma ho mo phetela kamoo e anngoeng ka teng ke boikutlo ba morali oa hae. Kahoo ’mè oa Emma o ile a hlalosa boemo ba Lipaki mabapi le koae. Joale tichere e ile ea ’molella lekunutu la hore lelapa la eona le ne le se le ile la e kōpa hore e khaotse ho tsuba, empa hoo ha hoa ka ha sebetsa. Leha ho le joalo, khetlong lena, e ne e anngoe haholo ke karabelo ea Emma e se nang boikaketsi hoo e ileng ea khaotsa ho tsuba ka matsatsi a mabeli feela.

CORSICA

Sehleke-hleke se senyenyane sa Corsica, le hoja se bitsoa “sehleke-hleke se senyenyane se nkhang hamonate,” se boetse se tsebahala ka moea o matla oa baahi ba sona, oo hangata o fellang ka lintoa tse bakang tšollo ea mali. Ka lilemo tse ngata Lipaki li ne li nkoa joaloka bolumeli bo “tsoang Kontinenteng.” Leha ho le joalo, matla a ’nete ea Bibele a fetola lipelo tsa ba bangata moo.

Paki e ’ngoe e sa tsoa kolobetsoa e ile ea bolela hore ka lekhetlo le leng ha e khutla phomolong e ile ea fumana hore thepa eohle e neng e ka nkeha e polasing ea eona e utsoitsoe. E ile ea re: “Ka ho tšepa Jehova, ke ile ka khona ho arabela ka tsela e fapaneng le eo ke neng ke tla arabela ka eona nakong e fetileng.” Ha e ntse e bua le baahisani ba eona, e ile ea ba bolella ka tahlehelo ea eona ka mokhoa o bonolo.

“Hamorao, baahisani ba bang ba ile ba ba le mathata. Ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka ho ea ba thusa mathateng a bona. Matsatsi a ’maloa hamorao, ke ile ka fumana molaetsa oa thelefono o tsoang ho e mong oa bona a nkōpa hore ke tle ho eena ka potlako. Ka ho nahana hore o ne a boetse a le bothateng, ke ile ka ea hang-hang. O ile a nkōpa hore ke lule fatše ’me a mpotsa: ‘Na u tseba lebaka leo ke u bitsitseng ka lona? Ke ka taba ea thepa ea hao. Ke ’na ea e utsoitseng. Empa ha ke bona boikutlo ba hao bo mosa le bo nang le botsoalle, ke ile ka ipolella hore, “Nke ke ka etsa seo ho eena!” ’Me ka mor’a hore u re thuse, ke ne ke se ke sitoa ho robala bosiu.’” Ho sebelisa Bokreste ba ’nete ho ile ha hlahisa liphello tse ntle.

Bofelong ba ntoa ea bobeli ea lefatše, ha mosebetsi oa ho paka ka ’Muso o buleha hape Fora, ho ne ho e-na le Lipaki tse 1 700 feela naheng eohle. Mosebetsi oa ho fihla ho baahi bohle ka molaetsa oa ’Muso o ne o bonahala e le o ke keng oa khoneha. Leha ho le joalo, ka lilemo tsena, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae Fora ka thepa e hlokahalang—mehaho ea khatiso, Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, joalo-joalo—le moea oa boithatelo oa ho phethahatsa mosebetsi oo. Kajeno, ka baboleli ba mafolo-folo ba ka holimo ho 117 000, molaetsa oa hore ’Muso oa Jehova ka Kreste ke eona tšepo feela bakeng sa batho o boleloa ho pholletsa le naha ena ea lintho tsa mefuta-futa.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FORA

BRITTANY

KHOHLO EA LOIRE

LITHABA TSA ALPS

ALSACE

LEOATLE LA ATLANTIC

LEOATLE LA MEDITERRANEAN

ENGLISH CHANNEL

CORSICA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela