Ho Alima Bakreste-’moho Chelete
PEDRO le Carlos e ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo.a E ne e le Bakreste-’moho, ’me hangata malapa a bona a ne a thabela botsoalle bo mofuthu hammoho. Kahoo ha Carlos a ne a hloka chelete e itseng bakeng sa khoebo ea hae, Pedro ha aa ka a qea-qea ho ithaopela ho mo alima eona. Pedro oa hlalosa: “Kaha re ne re le metsoalle ea hlooho ea khomo, ha kea ka ka tsotella.”
Leha ho le joalo, likhoeli tse peli feela hamorao, khoebo ea Carlos e ile ea oa ’me litefello tsa ho khutlisa chelete li ile tsa khaotsa. Pedro o ile a makala ha a hlokomela hore Carlos o sebelisitse boholo ba chelete eo a mo alimileng eona ho lefa likoloto tseo e neng e se tsa khoebo le ho lefella tsela eo a neng a phela ka eona e senyang chelete. Taba ena ha ea ka ea rarolloa ho isa bohōleng boo Pedro a neng a khotsofetse esita le ka mor’a hore a qete selemo a ntse a etela Carlos le ho mo ngolla. Ka baka la ho tsieleha, Pedro o ile a ea ho ba boholong ’me a etsa hore Carlos—motsoalle oa hae le moena oa hae oa Mokreste—a koalloe teronkong.b Na ena e ne e le tsela e loketseng? Re tla bona.
Ho se lumellane le ho se utloane litabeng tsa kalimo ea chelete ke sesosa se seholo se atisang ho senya setsoalle har’a batho lefatšeng ka bophara. Ka linako tse ling e ka ba sesosa sa ho se utloane esita le har’a Bakreste-’moho. Linaheng tse ngata ho thata ho fumana kalimo ea chelete libankeng, kahoo ho tloaelehile hore batho ba batlang ho alima chelete ba ee ho metsoalle kapa beng ka bona. Leha ho le joalo, phihlelo e bohloko ea Pedro le Carlos e bontša hore ntle le haeba ea alimang chelete kapa ea e alingoang a sa latele melao-motheo ea Bibele ka hloko, ho ka ’na ha hlaha mathata a tebileng. Joale, tsela e loketseng ea ho sebetsana le kōpo ea kalimo ea chelete e etsoang ke Mokreste-’moho ke efe?
Ho Bala Litšenyehelo tsa ho Alima
Bibele ha e khothalletse ho alima ho sa hlokahaleng. Moapostola Pauluse oa phehella: “Le se ke la ba le molato oa letho ho motho, haese oa ho ratana.” (Ba-Roma 13:8, BPN) Kahoo pele u etsa sekoloto, bala litšenyehelo tsa ho se etsa. (Bapisa le Luka 14:28.) Na ka sebele ho alima chelete ho hlile hoa hlokahala? Na u e batla ka morero oa ho reka lintho tse hlokahalang bakeng sa ho hlokomela lelapa la hao? (1 Timothea 5:8) Kapa e mpa e le feela taba ea meharo—mohlomong takatso ea ho phela bophelo bo mabotho-botho haholoanyane?—1 Timothea 6:9, 10.
Ntlha e ’ngoe ea bohlokoa ke hore na ho ikenya sekolotong ho tla u qobella hore u sebetse lihora tse eketsehileng ’me mohlomong o hlokomolohe liboka le tšebeletso ea tšimo. Hape, na ka sebele u ka khona ho ipeha kotsing ea ho nka chelete ea motho e mong? Ho thoe’ng haeba khoebo e hlōleha? Hopola, “e mobe oa alima, ’me ha a buse.”—Pesaleme ea 37:21.
‘Ho Bua ’Nete’ ho ba Alimanang ka Chelete
Ka mor’a ho seka-seka lintlha tse joalo, mohlomong u ka ’na ua ikutloa hore ho alima chelete bakeng sa khoebo ho sa ntse ho hlokahala. Haeba kalimo e joalo e ke ke ea fumaneha mekhatlong ea lefatše, ha e le hantle hase phoso ho ea ho Mokreste-’moho hobane ke tloaelo ho ea ho metsoalle ha ho na le seo re se hlokang joalokaha Jesu a boletse ho Luka 11:5. Leha ho le joalo, motho o lokela ho ikemisetsa hore a “bue ’nete.” (Ba-Efese 4:25, BPN) Ka botšepehi hlalosa lintlha tsohle tse amehang—ho akarelletsa le likotsi tse ka ’nang tsa bonahala e le tse nyenyane. ’Me u se ke ua utloa bohloko ha eo u alimang chelete ho eena a u botsa lipotso tse ngata tse tobileng hore a kholisehe hore o utloisisa boemo ba hao hantle.c
Na e ka ba ho bua ’nete ho alima chelete bakeng sa morero o itseng ebe joale u e sebelisetsa morero o mong o fapaneng? Le hanyenyane. Motsamaisi e mong oa banka oa Latin Amerika oa hlalosa: “Banka e tla hlakola kalimo ea chelete eo e neng e u file eona, ’me haeba u sa lefe sekoloto sa hao hang-hang, e tla batla taelo ea lekhotla hore e nke thepa ea hao.” Haeba chelete e ile ea alingoa ka morero oa ho eketsa phaello ea khoebo, ho e sebelisetsa morero o mong ha e le hantle ke ho amoha motho ea u alimang tiisetso ea hore u tla lefa chelete eo ea kalimo. Ke ’nete, mohlomong u ke ke ua tšaba ho nkeloa thepa ka molao ha u alima chelete ho Mokreste-’moho. Leha ho le joalo, “ea alimang ke mofo oa eo a alimileng ho eena,” ’me o tlameha ho tšepahala ho eena.—Liproverbia 22:7.
Ho Sebelisa Molao oa Gauda Khoebong
Jesu o itse: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ke habohlokoa hakaakang hore molao ona o sebetse litšebelisanong tsa rōna tsa khoebo le molumeli-’moho! Ka mohlala, u ne u ka ikutloa joang ha moena a hana kōpo ea hao ea kalimo ea chelete? Na u ne u tla ikutloa hore o sentse setsoalle sa lōna? Kapa na u ne u tla hlompha tokelo ea hae ea ho hana kōpo ea hao, ua elelloa hore mohlomong le eena o ntse a hloka chelete ea hae kapa a ka ’na a lekanyetsa likotsi tsa ho alimana ka eona e le tse tebileng ho feta kamoo uena u lekanyang ka teng? Mohlomong ka botšepehi a ka belaella matla a hao a ho tšoara chelete hantle. Boemong bo joalo, ho hana ha hae e ka ’na eaba ke ho loketseng le ho lerato.—Liproverbia 27:6.
Haeba motsoalle a lumela ho u alima chelete e itseng, boitsebiso bona kaofela bo lokela ho ngoloa fatše, ho akarelletsa le hore na ke chelete e kae e alimiloeng, e tla sebelisetsoa morero ofe le hore na ke thepa efe e ka rekisoang e be eona tiiso ea hore chelete e alimiloeng e tla khutlisoa le hore na e tla lefuoa joang hona neng. Maemong a mang tsela e bohlale ke ea ho etsa litumellano tse ngotsoeng kapa tse hlahlobiloeng ke ’muelli oa molao ebe li bolokoa ho ba boholong. Leha ho le joalo, hang ha litumellano li tekennoe, “etsa hore E, ea hao e be E, le Che ea hao, e be Che.” (Mattheu 5:37, NW) U se ke ua nka habobebe boikemisetso ba motsoalle oa hao ba ho u thusa ka ho hlōleha ho nka seo u itlammeng ka sona ka ho teba joalokaha u ne u ka etsa ka banka.
Baalimani ba Hlokolosi
Ho thoe’ng haeba e mong a tla ho uena bakeng sa kalimo ea chelete? Ho hongata ho tla itšetleha ka maemo a amehang. Ka mohlala, moena oa Mokreste a ka ’na a oela bothateng bo tebileng ba lichelete ka baka la phoso eo e seng ea hae. Haeba ho le matleng a hao ho etsa joalo, lerato la Bokreste le tla u susumetsa hore u ‘mo fe se hlokoang ke ’mele oa hae.’—Jakobo 2:15, 16.
E ne e tla ba ho hloka lerato hakaakang haeba u ne u ka sebelisa bomalimabe bo hlahetseng moena ho batla phaello boemong bo joalo! Jesu o ile a re phehella: “Le ’ne le rate lira tsa lōna ’me le etse se molemo le ho alimana le sa batle phaello, le sa tšepe ho boelloa ke letho.”—Luka 6:35, NW; bapisa le Levitike 25:35-38.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u kōptjoa ho alimana ka chelete bakeng sa ho qalisa khoebo kapa ho etsa hore phahlo ea hao e ka rekisoang e be eona tiiso ea hore chelete e alimiloeng e tla khutlisoa? Ka kakaretso, litaba tse joalo ho molemo hore li sebetsoe joaloka matsete. Ka ho hlakileng Bibele e re khothalletsa hore re be hlokolosi, ea phehella: “U se ke ua ea le ba phathatsanang ka matsoho, ba itlamang ka melato ea ba bang.”—Liproverbia 22:26.
Haeba ho le joalo, u lokela hore u lekanyetse pele haeba u hlile u tla khona letsete le joalo. Na le tla u liha licheleteng haeba khoebo eo e sa atlehe kapa ha motho ea alimmeng chelete a hlōleha ho u lefa ka nako? Haeba u ka khona ho lefa chelete eo ea kalimo ’me eba o fumana phaello, le uena u na le tokelo ea ho fumana karolo ea phaello eo ka ho batla phaello e loketseng bakeng sa kalimo ea hao ea chelete. (Bapisa le Luka 19:22, 23.) Liproverbia 14:15 ea hlokomelisa: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Bo-rakhoebo ba bang bao ka tloaelo ba leng seli ba ile ba haelloa ke temoho litšebelisanong tsa khoebo le Bakreste-’moho le bona. Takatso ea phaello e phahameng e entse hore ba bang ba etse matsete a senyang chelete ao ho ’ona ba ileng ba lahleheloa ke chelete le botsoalle le Bakreste-’moho.
Ke ho thahasellisang hore hangata bo-ralibanka ba hlahloba lintlha tsena tse tharo ha ba lekanyetsa hore na ho alima motho ea itseng chelete ho kotsi hakae: (1) sebōpeho sa motho ea alimang chelete, (2) matla ao a nang le ’ona bakeng sa ho e lefa le (3) maemo a leng teng khoebong ea hae. Na ho ne ho ke ke ha bontša “bohlale bo sebetsang” ho lekanyetsa maemo ka tsela e tšoanang ha u nahana ho alima motho e mong chelete ea hao eo u e sebelelitseng ka thata?—Liproverbia 3:21, NW.
Ka mohlala, moena ea alimang chelete o na le botumo bofe? Na o tsebahala ka hore oa tšepahala kapa ke ea bohlasoa kapa ke motho ea hlokang botsitso? (Bapisa le 1 Timothea 3:7.) Haeba a batla ho atolosa khoebo ea hae, na ho fihlela nakong eo o atlehile ho e tsamaisa ka bohlale? (Luka 16:10) Haeba ha ho joalo, ho mo thusa ho hlokomela chelete ka tsela e sebetsang ho ka mo thusa haholoanyane ho feta ho mo alima chelete eo a ka ’nang a e sebelisa hampe.
Ntlha e ’ngoe ke hore na moena o tla khona ho lefa. O amohela bokae? O na le likoloto life? Ho molemo hore a o bolelle ’nete. Leha ho le joalo, lerato la Bokreste le lokela hore le ’ne le be teng. Ka mohlala, u ka ’na ua rata ho etsa hore phahlo ea moena e ka rekisoang e be eona tiiso ea hore chelete eo u mo alimmeng eona e tla khutlisoa. Molao oa Moshe o ile oa nyatsa ho nka seo motho a iphelisang ka sona kapa thepa ea motho ea motheo bakeng sa ho khutlisa chelete eo a neng a alimane ka eona. (Deuteronoma 24:6, 10-12) Kahoo, moena e mong oa Amerika Boroa eo e leng rakhoebo o bolela hore o tla alima moena chelete e lekanang le halofo ea theko ea thepa ea hae e ka rekisoang. Oa hlalosa: “Ha ke nahane ka lintho tsa khoebo ea hae kapa ntlo e le lintho tse ka rekisoang. Bonneteng nke ke ka rata ho qobella ngoanes’o hore a tsoe ka tlung ea hae e le hore ke nke ntlo ea hae hore ke fumane chelete ea ka.”
Hape ka botšepehi u lokela ho nahana ka maemo a akaretsang a khoebo sebakeng sa heno. Re phela “mehleng ea qetello,” moo batho e leng “ba ratang chelete, . . . baeki.” (2 Timothea 3:1-4, NW) Le hoja motsoalle oa hao le moena a ka ’na a tšepahala, balekane ba hae khoebong, basebeletsi, le baeletsi ba hae ba ka ’na ba se ke ba tšepahala. Joaloka Mokreste, a ke ke a ntša tjotjo kapa hona ho bua leshano—e leng maqiti ao bao a hlōlisang le bona khoebong ba ka ’nang ba a sebelisa molemong oa bona. Hape se lokelang ho nahaneloa ke tšenyo e ka bang teng ka baka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11, NW) Theko ea thepa e rekisoang e ka theoha ka tšohanyetso. Ho phahama le ho theoha ha theko ea lintho ho tsoileng taolong ho ka liha khoebo kapa ha theola matla a chelete eo u alimaneng ka eona. Bosholu, likotsi, tšenyo ea thepa le likoluoa ke linnete tse sa thabiseng khoebong. U lokela ho nahana ka lintlha tsena kaofela ha u etsa qeto.
Ho Hlōleha
Ka linako tse ling, ho sa tsotellehe mehato eo Mokreste a e nkileng ho qoba mathata, o hlōleha ho lefa kalimo ea chelete. Molao oa Gauda o lokela ho mo susumetsa hore a buisane le eo a alimileng chelete ho eena khafetsa. Mohlomong a ka khona ho mo lefa chelete e nyenyane ka nako e itseng. Leha ho le joalo, Mokreste ha aa lokela ho ba le boikutlo ba hore litefo tsena tse nyenyane li mo lokolla ho ikitlaetsa ka matla bakeng sa ho phethahatsa litlamo tsa hae. (Pesaleme ea 15:4) Mokreste eo ho alimiloeng chelete ho eena le eena o lokela ho bontša lerato. Haeba o na le boikutlo ba hore o entsoe hampe, a ka ’na a sebelisa keletso e ho Mattheu 18:15-17.
Ho kenya batho ba lefatše ba boholong joalokaha Pedro a ile a etsa tabeng e boletsoeng qalong ea sehlooho sena ha ho khothalletsoe. Moapostola Pauluse o re: “Motho ho lōna, ha a e-na le taba ea tseko le e mong, ha a tšabe ke’ng ho ea ahloleloa ke bakhopo, e seng ke bahalaleli? . . . Na ke ho re, ha ho na ea bohlale har’a lōna, leha a le mong, ea ka tsebang ho ahlolela motho le ngoan’abo na? Empa ngoan’abo motho o ea tsekong le ngoan’abo, le hona e le pel’a ba sa lumelang! Athe e se e le molato ruri ho lōna, ha le e-na le litseko. Na ha le ikhethele ke’ng ho etsoa hampe? Na ha le ikhethele ke’ng ho senyeheloa?”—1 Ba-Korinthe 6:1-7.
Ho ka ’na ha ba le maemo a mang—joaloka a amang balekane ba khoebo bao e seng balumeli, batho ba lefatše bao thepa e rekoang ho bona kapa litaba tsa insurance—a hlokang hore a lokisoe lekhotleng la lefatše kapa a lokisoe ke lekala la ’muso. Empa maemong a mangata, Mokreste a ka mpa a lahleheloa ke chelete ho e-na le ho hlabisa phutheho lihlong tseo ho ahloloa ha moena lekhotleng la molao ho ka li tlisang ka baka la ho hlōleha ho lefa chelete eo a e alimmeng.
Maemong a mangata liphello tse bohloko joalo li ka qojoa. Joang? Pele u alima moena chelete kapa u alima chelete ea hae, hlokomela mathata a ka ’nang a hlaha. Sebelisa temoho le bohlale. Ka holim’a tsohle, “etsa hore litaba tsa hao tsohle,” ho akarelletsa le tsa khoebo, “li etsoe ka lerato.”—1 Ba-Korinthe 16:14, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe.
b Linaheng tse ling ho oa ha khoebo le ho hlōleha ho lefa chelete ea kalimo ho sa ntse ho fella ka ho koalloa teronkong.
c Ba bang ba ile ba alima chelete e nyenyane ho batho ba bangata. E mong le e mong oa bona ka baka la ho se fumane boitsebiso bo felletseng ka boemo bona kaofela a ka ’na a nahana hore motho ea alimang chelete ho eena o tla e lefa habonolo.