E-ba le Moea oa Boitelo!
ROLFa e ne e le mohiruoa ea nkoang e le oa bohlokoa. Ha a etsa qeto ea ho fumana mosebetsi oa nakoana e le hore a ka atolosa tsela eo a kopanelang ka eona tšebeletsong ea Bokreste, mohiri oa hae o ile a lumela hang-hang. Ka hona, ka lilemo Rolf o ile a khona ho thabela tšebeletso ea bopula-maliboho. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng, boemo ba mosebetsi bo ile ba fetoha. Rolf o ne a ipakile a tšoaneleha haholo mosebetsing oa hae hoo a ileng a fuoa boemo ba ho ba motsamaisi oa khoebo femeng. Mosebetsi o ne o kopanyelletsa moputso o ipiletsang le litebello tse ntle tsa ho tsoela pele ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, o ne a se a ke ke a hlola a khona ho etsa mosebetsi oa nakoana.
Rolf o ne a e-na le mosali le bana ba babeli bao a neng a lokela ho ba hlokomela, ’me ho fumana chelete e eketsehileng ho ne ho ka thusa haholo. Leha ho le joalo, o ile a hana mosebetsi ’me a etsa kōpo ea o mong, o neng o tla mo lumella ho finyella litlamo tsa hae tsa moea le tsa lichelete. Mohiri oa Rolf o ne a makalitsoe ke qeto ea hae. Ha a hlokomela hore esita le tšepiso ea moputso o phahameng e tla hlōleha, mohiri oa hae o ile a qeta ka hore: “Kea bona hore nke ke ka phehisana le seo u kholisehileng ka sona.”
E, Rolf o ne a kholisehile. Empa o ne a boetse a e-na le tšoaneleho e ’ngoe—moea oa boitelo. Moea o joalo ha oa tloaeleha lefatšeng la rōna la boithati. Empa o ka isa tseleng ea bophelo e molemo le e khotsofatsang. Moea oa boitelo ke eng? O akarelletsa eng? ’Me ke eng seo re tlamehang ho se etsa ho o boloka o le teng?
Tlhokahalo ea Bibele
Ho itela ho bolela ho tela kapa ho nehela ntho e ’ngoe ea bohlokoa. Boitelo e ’nile ea e-ba karolo ea borapeli bo hloekileng ho tloha ha Abele, paki ea pele e tšepahalang, a nehela “matsibolo a mang a mohlape oa hae” e le mahlabelo a eang ho Molimo. (Genese 4:4) Banna ba tumelo, ba kang Noe le Jakobo, ba ile ba latela mohlala o tšoanang. (Genese 8:20; 31:54) Mahlabelo a liphoofolo e ne e boetse e le tšobotsi ea bohlokoa Molaong oa Moshe. (Levitike 1:2-4) Leha ho le joalo, tlas’a Molao, barapeli ba ne ba khothalletsoa ho nehela lintho tsa bona tsa bohlokoa haholo. Ba ne ba sa lumelloe ho nehela phoofolo leha e le efe e nang le sekoli e le sehlabelo. (Levitike 22:19, 20; Deuteronoma 15:21) Ha Baiseraele ba bakoenehi ba tlōla molao ona, Molimo o ile oa ba khalemela, oa re: “Ha le hlahisa phoofolo e hlotsang [e le sehlabelo, le re]: ‘Ha ho na molato.’ Ka kōpo e iseng ho ’musisi oa lōna. Na o tla le thabela, kapa na o tla le amohela ka mohau? . . . Na nka e amohela ka thabo ha le e hlahisa?”—Malakia 1:8, 13, NW.
Molao-motheo oa mahlabelo o ile oa fetisetsoa borapeling ba Bokreste. Leha ho le joalo, kaha Kreste o lefile theko e felletseng ea thekollo, mahlabelo a liphoofolo ha a sa amoheleha ho Molimo. Kahoo, ke eng seo Bakreste ba ka se etsang sehlabelo se amohelehang? Pauluse o ngotse ho Ba-Roma 12:1: “Ka baka leo, banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o behele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso e le tšoanetseng.” Ke phetoho e makatsang hakaakang! Ho e-na le ho etsa sehlabelo ka liphoofolo tse shoeleng, Bakreste ka bobona ba ne ba lokela ho iketsa sehlabelo se phelang—matla a bona, maruo, le tsebo. ’Me joaloka Iseraeleng, Jehova a ke ke a amohela mahlabelo a ‘lihlotsa,’ kapa a sa etsoeng ka pelo eohle. O batla hore barapeli ba hae ba mo fe lintho tsa bona tsa bohlokoa, hore ba mo sebeletse ka lipelo tsa bona tsohle, sephefumolohi, kelello, le matla.—Mareka 12:30.
Ka hona moea oa boitelo o akarelletsa ho hongata haholo ho feta feela ho khomarela kemiso ea liboka le ho chesehela tšebeletso ea Bokreste. O bolela ho ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo ho sa tsotellehe hore na re ka lahleheloa ke eng. O bolela ho itokisetsa ho thulana le mathata le maemo a sa thabiseng. Jesu o itse: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itele a be a jare thupa ea hae ea tlhokofatso ’me a ntatele a sa khaotse.” (Mattheu 16:24, NW) Mokreste ha a etse takatso ea botumo ba botho kapa lipakane tsa lintho tse bonahalang hore e be lintho tsa sehlooho tseo a amehileng ka tsona. Bophelo ba hae bo likoloha ho batleng pele ’Muso oa Molimo le ho loka ha Oona. (Mattheu 6:33) Haeba ho hlokahala, o itokiselitse ho ‘jara thupa ea hae ea tlhokofatso,’ ho hlorisoa, ho hlabisoa lihlong, kapa esita le lefu!
Mahlohonolo a Tlisoang ke Boitelo
Ha motho a tobane le maemo a joalo a qakang, ka tloaelo a ka ipotsa hore na ebe boitelo bo loketse kapa che. Ho ba ratang Jehova Molimo ’me ba lakatsa ho bona lebitso la hae le hlomphuoa, ehlile bo loketse. (Mattheu 22:37) Nahana ka mohlala o phethahetseng o behiloeng ke Jesu Kreste. Pele a e-tla lefatšeng, o ne a thabela boemo bo phahameng leholimong e le sebōpuoa sa moea. Leha ho le joalo, joalokaha a ile a bolella barutuoa ba hae, o ne a batla ho etsa ‘thato ea Molimo o mo romileng, eseng ea hae.’ (Johanne 5:30) Kahoo ka ho rata “o ile a iketsa lefeela ’me a nka sebōpeho sa lekhoba a ba a tšoana le batho. Ho feta moo, eitse ha a iphumana a tšoana le motho, o ile a ikokobetsa ’me a utloa ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.”—Ba-Filippi 2:7, 8, NW.
Boitelo bo joalo ha boa ka ba ipaka e le ba lefeela. Kaha Jesu o ne a ikemiselitse ‘ho tella metsoalle ea hae sephefumolohi sa hae,’ o ne a ka lefa theko ea thekollo, e nolofalletsang batho ba sa phethahalang ho rua bophelo ba ho se shoe leholimong, kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng. (Johanne 3:16; 15:13; 1 Johanne 2:2) Ka ho boloka botšepehi ba hae ka ho phethahetseng, o ile a etsa hore lebitso la Jehova le tlotlisoe haholo. (Liproverbia 27:11) Ha ho makatse ha Jehova a ile a mo hlohonolofatsa ka baka la tsela ea hae ea boitelo! ‘Molimo o mo phahamisitse ka ho fetisa, ’me o mo nehile lebitso le holim’a mabitso ’ohle.’—Ba-Filippi 2:9.
Ho hlakile hore Jesu e ne e le Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. Na Molimo o boetse o putsa ba bang ba itellang oona? E, ’me sena se bontšitsoe ka mehlala e mengata ea mehleng ea boholo-holo hammoho le ea kajeno. Nahana ka tlaleho ea Bibele ea Ruthe oa Moabe. Ho bonahala hore o ile a ithuta ka Jehova ho monna oa hae oa Moiseraele. Ka mor’a hore a shoe, o ne a lokela ho etsa qeto. Na o ne a tla sala naheng eo a tsoaletsoeng ho eona ea bahetene, kapa na o ne a tla ea Naheng e Tšepisitsoeng le matsal’ae ea tsofetseng, Naomi? Ruthe o ile a khetha ho tsamaea le matsal’ae, le hoja ho ne ho bolela ho arohana le batsoali ba hae ’me mohlomong le tebello ea ho se nyaloe hape. Leha ho le joalo, Ruthe o ne a tseba Jehova, ’me takatso ea ho mo rapela har’a batho ba hae ba khethiloeng e ile ea mo susumelletsa ho khomarela Naomi.
Na Ruthe o ile a putsoa bakeng sa boitelo bo joalo? Ka sebele ho joalo! Ha nako e ntse e tsamaea, mong’a tšimo e itseng ea bitsoang Boaze o ile a mo nka hore e be mosali oa hae, ’me Ruthe o ile a tsoala mora ea bitsoang Obede, ho ileng ha mo etsa hore e be nkhono oa Jesu Kreste.—Mattheu 1:5, 16.
Ka ho tšoanang bahlanka ba Molimo ba itelang ba ’nile ba thabela mahlohonolo kajeno. Ka mohlala, ka 1923, William R. Brown, ea tsebahalang e le “Bible” Brown, o ile a siea lehae la habo le West Indies ho etella pele mosebetsi oa boboleli Afrika Bophirimela. O ne a tsamaea le mosali oa hae le morali. Qetellong o ile a fallela Nigeria, moo mosebetsi oa boboleli e neng e le hona o qalang ho beha litholoana. A e-na le Moamerika oa motho e motšo ea bitsoang Vincent Samuels le Paki e ’ngoe ea West Indies e bitsoang Claude Brown, “Bible” Brown o ile a phetha karolo e khōlō tšimolohong ea pele ea mosebetsi Afrika Bophirimela.
Kajeno bahoeletsi ba fetang 187 000, ba sebeletsa Sierra Leone, Liberia, Ghana, le Nigeria, masimo ao “Bible” Brown le metsoalle ea hae ba ileng ba bula-maliboho ho ’ona. Pele ho lefu la hae ka 1967, “Bible” Brown o ile a re: “Ke thabo e kaakang ho bona banna le basali ba ikokobeletsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo!” E, o ile a hlohonolofatsoa ka ho enneng ka lebaka la tsela ea hae ea boitelo.
Litsela tsa ho Itela
Ke litsela life tse ling tseo ka tsona re ka bontšang moea o tšoanang kajeno? E ’ngoe ke ho kopanela ka mehla tšebeletsong ea ntlo le ntlo beke le beke. (Liketso 20:20) Ho etsa joalo ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, haholo-holo ka mor’a beke e khathatsang ea mosebetsi oa boipheliso. Ho ka hloka taeo le kemiso e ntle. Empa thabo ea hona e feta maemo leha e le afe a sa thabiseng. E, u ka ba le tokelo ea ho thusa e mong ho ba “lengolo la Kreste, . . . le ngoliloeng, e seng ka enke, empa e le ka Moea oa Molimo o phelang; ha lea ngoloa matlapeng a lejoe, empa e le matlapeng a nama, a lipelo tsa lōna.”—2 Ba-Korinthe 3:3.
Ka ho ‘lopolla linako’ ka hloko, mohlomong mosebetsing oa boipheliso kapa boithabisong, ba bang ba ile ba eketsa tekanyo eo ba kopanelang ka eona mosebetsing oa boboleli. (Ba-Efese 5:16) Ba bangata ba hlophisa kemiso ea bona e le hore ba ka thabela tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang bonyane hanngoe ka selemo. Ba bang ba khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako kapa ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba ka mehla. Boitelo bo bong boo re ka nahanang ka bona ke ba ho fallela libakeng tse nang le tlhokahalo ea bahoeletsi ba ’Muso ba eketsehileng. Sena se atisa ho akarelletsa liphetoho tse khōlō mokhoeng oa bophelo, ho mamella maemo a sa thabiseng, ho ikamahanya le mekhoa le litloaelo tse ncha. Empa mahlohonolo a tlisoang ke ho kopanela ka ho felletseng ho thuseng ba bang ho rua bophelo a etsa hore boitelo bo joalo e be bo tšoanelehang.
John Cutforth ea tsoaletsoeng Canada o ile a latsoa sena ka boeena. Ka mor’a ho fumana mangolo Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade, o ile a abeloa ho ba moromuoa Australia. Moena Cutforth o sa ntse a hopola: “Seo e ne e le sebaka se hōle hakaakang le hae! Na ke sa tla boela ke khutlele Canada ho bona batsoali ba ka le metsoalle pele ho Harmagedone? Tsela e le ’ngoe feela ea ho tseba sena e ne e le hore ke tsamaee.” Moena Cutforth o ile a tsamaea, ’me ha aa ka a ikoahlaea ka boitelo boo a bo entseng. Lilemong tse latelang, o ile a etella pele mosebetsi oa ho paka Papua New Guinea, moo a sa ntsaneng a sebeletsa ka cheseho, a qetile lilemo tse 50 tšebeletsong ea nako e tletseng. O kile a re: “Ho latela ketello-pele ea Jehova ka mehla, ho amohela kabelo leha e le efe eo a bonang e u tšoanela hore a u nehe eona, ho tlisa nyakallo, thabo, khotsofalo, le metsoalle e mengata haholo.”
Ho hlakile hore maemo a kang a bophelo, a lichelete, le litlamo tsa lelapa a ka lekanyetsa seo u ka se etsang; hase bohle ba ka sebeletsang e le bo-pula-maliboho kapa baromuoa. Leha ho le joalo, ikemisetse ho kopanela ka ho felletseng libokeng le tšebeletsong ea tšimo kamoo u ka khonang ka teng, u se lumelle maemo a fokolang a sa thabiseng, a kang boemo ba leholimo bo seng botle, ho u sitisa. (Ba-Heberu 10:24, 25) U ka ba ua tseba ho tela nako e eketsehileng bakeng sa thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo. Malapa a mang a etsa joalo ka ho lekanyetsa nako e sebelisoang ho shebelletsoe mananeo a TV, mohlomong ka ho ba le bosiu ba “ho se shebelle TV” beke ka ’ngoe kapa ho se be le TV ho hang. Ka ho fumana nako bakeng sa thuto ea botho, “sehlabelo sa poko” seo ka sona u “bolelang lebitso la hae” libokeng le tšebeletsong ea tšimo mohlomong e ka ba boitelo ba boleng bo phahameng haholoanyane.—Ba-Heberu 13:15.
Hopola, hona joale mosebetsi oa boboleli o se o le lekhatheng la ho phethoa. Haufinyane Molimo o tla tlisa kahlolo ea oona holim’a lefatše lena le meharo le le tletseng boithati. (Sofonia 2:3) Ho boloka kamohelo ea Molimo, re ke ke ra ba ba iqenehelang. Re lokela hore re ‘behele ’mele ea rōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.’ (Ba-Roma 12:1) Moea o joalo o tla tlisa thabo e khōlō le khotsofalo. O tla re thusa ho finyella nyakallo e khōloanyane tšebeletsong ea rōna. ’Me o tla etsa hore pelo ea Jehova Molimo e nyakalle!—Liproverbia 27:11.
Kahoo boloka moea oa boitelo! U se ke ua qea-qea ho itella ho thusa ba bang le ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso. Pauluse oa khothatsa: “Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heberu 13:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho fumana nako ea thuto ea botho le tšebeletso ea tšimo ho akarelletsa boitelo, empa hoa putsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
W. R. Brown le John Cutforth ba ile ba hlohonolofatsoa ka ho enneng ka lebaka la tsela ea bona ea boitelo