Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/15 maq. 21-25
  • Lihleke-hleke tsa Leoatle la Indian li Utloa Litaba tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihleke-hleke tsa Leoatle la Indian li Utloa Litaba tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Sebaka sa Pele Seo re Emisang ho Sona—Rodrigues
  • Seychelles e Hōle
  • Re Khutlela Réunion
  • Mayotte—Sehleke-hleke sa Perfume
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/15 maq. 21-25

Lihleke-hleke tsa Leoatle la Indian li Utloa Litaba tse Molemo

LIHLEKE-HLEKE tsa Rodrigues, Mauritius, Réunion, Seychelles, Mayotte, le Comoros li hlophisitsoe ka sebōpeho sa khoeli e thoasitseng, li batla li tšoana le Madagascar ’me li qhalakane sebakeng se boholo ba li-square k’hilomithara tse limillione li 3,9 se ka bophirimela ho Leoatle la Indian. Le hoja li tletse sebaka se seholo hakaalo, lihleke-hleke tsena ha li kopana li boholo ba li-square k’hilomithara tse 7 300. Li na le baahi ba limillione tse 2,3, ke tse ling tsa lihleke-hleke tse nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng.

Baahi bana ba akarelletsa Lipaki tsa Jehova tse 2 900, tse sebetsang ka boikitlaetso mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ho baahi ba lihleke-hleke tsena. Kaha li sebakeng se thōko le linaha tse ling, Lipaki tsena li ananela ka ho khethehileng liketelo tsa balebeli ba tsamaeang le likopano tsa selemo le selemo tse lokisetsoang ke ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Vacoas, Mauritius. Tsena ke liketsahalo tseo ho tsona ka sebele li ka thabelang moelelo oa mantsoe a Esaia 42:10: “Binelang Jehova sefela se secha, le tumise lithoko tsa hae lipheletsong tsa lefatše, lōna ba tsamaeang holim’a leoatle, le lōna libopuoa tsohle tse ho lona, lōna lihleke-hleke le ba ahileng ho tsona.”

Haufinyane, baemeli ba tsoang ofising ea lekala ba ile ba ea lihleke-hlekeng tsena bakeng sa ho etela liphutheho le ho tšoara letoto la selemo le selemo la likopano tse khethehileng tsa letsatsi le le leng, tse neng li e-na le sehlooho se reng “Halalelang Boitšoarong Bohle ba Lōna,” se thehiloeng ho 1 Petrose 1:15. (NW) E le hore re ka khona ho finyella likarolo tsohle tsa sebaka sena se seholo sa leoatle, re ile ra sebelisa sefofane haholo bakeng sa ho tsamaea—ka linako tse ling ka li-jumbo jet tsa kajeno empa hangata re ne re sebelisa lifofane tse nyenyane. Re ile ra boela ra sebelisa likepe tse khōloanyane le tse nyenyane tse tsamaisoang ke liseile tse khannoang ke moea. Tsamaea le rōna, ’me u bone kamoo lihleke-hleke tse leng likarolong tse hōle tsa Leoatle la Indian li utloang litaba tse molemo ka teng!

Sebaka sa Pele Seo re Emisang ho Sona—Rodrigues

Ka mor’a ho qeta hora le halofo re tsamaea ka sefofane ho tloha Mauritius, re bona mopopotlo oa mahoholi a leoatle. O tšoaea moeli o ka ntle oa letamo le leholo la metsi a arohileng leoatleng a pota-potileng sebaka se senyenyane se Leoatleng la Indian. Sena ke sona sebaka sa pele seo re emisang ho sona, sehleke-hleke sa Rodrigues.

Boema-fofane bona bo hahiloe hloahloeng e entsoeng ke mopopotlo oa mahoholi a leoatle, e bitsoang Point Coraille. Sebakeng sena mopopotlo ona o phahame hoo o ka aroloang ho etsa litene tse ka sebelisoang ho haha mehaho. Bese e nyenyane e re tsamaisa ’mileng o patisaneng o matsoeli-ntsoeke ho tloha boema-fofaneng ho ea toropong e khōlō ea Port Mathurin. Ha re le sebakeng se seng, re khona ho bona mepopotlo ea mahoholi a leoatle e leng hōle, letamo le leputsoa, le sebaka se nang le mafika se pel’a lebōpo ka mose ho sehleke-hleke sena. Kaha nako ea lipula e sa tsoa feta, matsoapo a koahetsoe ke joang bo botenya, bo bonolo le likhomo, linku, le lipōli tse fulang li qalikane.

Re tšoarela kopano ea rōna ea letsatsi le khethehileng Holong ea ’Muso e nyenyane, e hloekileng e bohareng ba Port Mathurin. Mosebetsi o ile oa qaleha ka 1964 mona Rodrigues. Hona joale, ka har’a baahi ba 37 000, ho na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 36. Ho thabisa hakaakang ho bona batho ba 53 ba leng teng le mohlankana ea lilemo li 18 ba kolobetsoa. ’Mè oa hae, le hoja a sa tsebe ho bala kapa ho ngola, o ile a amohela ’nete ka 1969, ’me o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa. Hona joale bana ba hae ba babeli ba inehetse ho Jehova.

Ka mor’a kopano, re qeta beke re etsa mosebetsi oa boboleli sehleke-hlekeng sena. Re bua Secreole sa rōna sa Mauritius, kaha ke eona puo e buuoang le hona mona Rodrigues. Re palama bese ebe re tsamaea ka maoto ho ea fihla tšimong ea rōna—phula e talana e saballetseng ho tloha ’mileng o sebakeng se phahameng ho ea fihla leoatleng. Ke pono e hlollang hakaakang eo re e bonang—letamo le leputsoa bo botala, mopopotlo oa mahoholi a leoatle o mosoeu, le leoatle le leputsoa le tebileng ka mor’a tsona! Ka mor’a ho matlafatsoa ke moea o hloekileng, o sa silafatsoang, re itokiselitse ho tsamaea.

Re tsamaea litseleng tse tšesaane har’a masimo ’me re tšela molatsoana o qhefe-qhefe hore re fihle mahaeng a mangata a manyenyane ka har’a phula. Re amoheloa ka mofuthu lelapeng le leng le le leng ’me re khona ho bua le beng ba matlo ka mahlohonolo a ’Muso a tla ba teng haufinyane. Ka mor’a nako e khutšoanyane re se re le tlaase-tlaase phuleng, ’me e se e le nako ea ho ea hae. Sena se bolela hore re lokela ho hloa meepa e eketsehileng le ho tsamaea nako e eketsehileng, empa moea oa ho amohela baeti ka mofuthu oa sebaka sena oa re thusa—re palamisoa ka morao koloing ea jipi.

Ka mor’a ho intša hoo ho ileng ha etsa hore re sebetse ka thata, re thabela ho khutlela Lehaeng la Bethele le letle la Vacoas. Ho lokiselitsoe likopano tse peli tsa letsatsi le khethehileng Holong ea ’Masepala. Letsatsing la pele, batho ba 760 ba ba teng. Ba tsoa liphuthehong tse tšeletseng har’a tse 12 tsa sehleke-hleke sena. Letsatsing le latelang, re kopanela lenaneo le tšoanang le batho ba 786 ba tsoang liphuthehong tse ling tse tšeletseng. Nakong ea mafelo-beke, batho ba bacha ba bane baa kolobetsoa. Ho na le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 30 le ba ka mehla ba 50 ba kopanelang ho tlisetseng baahi ba sehleke-hleke sena litaba tse molemo.

Seychelles e Hōle

Kapele-pele e se e le nako ea ho tsamaea ka sefofane hape, ho ea ka leboea re tsamaea sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 1 600 holim’a leoatle le bulehileng ho ea sehleke-hlekeng sa mahé se Seychelles se bitsoang Zil Elwannyen Sesel ka Secreole, e bolelang “Lihleke-hleke tse Hōle tsa Seychelle.” Ka baka la bohōle, ofisi ea lekala e ka lokisetsa liketelo tse peli feela ka selemo. Kopano ea letsatsi le khethehileng le kopano ea potoloho li tšoaroa ka matsatsi a mararo a latellanang nakong ea selemo. Kopano ea setereke e tšoaroa hamorao selemong. Joale bohareng ba October, ke rōna bana re tlile sebakeng sena bakeng sa kopano ea setereke, e lateloang ke ketelo ea beke phuthehong eo. Mona hape re ka sebelisa Secreole sa rōna sa Mauritius.

Baena ba tsoang lihleke-hlekeng tse haufinyane tsa Praslin le La Digue ba se ba fihlile. Ho thabisa hakaakang ho ba le batho ba tsoang lichabeng tse 12! Sebaka sa kopano ke Holo ea ’Muso ea sebaka seo, karache e khōlō e entsoeng holo e leng ka mor’a lehae la e mong oa Lipaki. Kaha ke baena ba tšeletseng feela, ho akarelletsa le baeti, ba tšoanelehang bakeng sa ho nka karolo lenaneong, ba bang ba ba le tokelo ea ho nehelana ka lipuo tse ngata matsatsing ana a mane. Bahoeletsi ba 81 ba thabetse ho bona batho ba 216 ba le teng letsatsing la ho qetela la kopano.

Ka mor’a kopano, re palama sekepe se seholoanyane se tsamaisoang ke liseile tse khannoang ke moea ho ea Praslin, e bohōle ba lik’hilomithara tse 36 ka leboea-bochabela ho Mahé. Sekepe sena se bolelele ba limithara tse 18 se entsoe ka mapolanka a sefate sa tacamahac. Sekepe sena se khahlehang se ka nka baeti ba 50 le litone tse ka bang 40 tsa thepa. Ha re tloha boema-kepeng ba Mahé ’me sekepe sa rōna se sheba Praslin e hōle, re ka utloa molumo oa enjine ea disele e thusoa ke liseile tse tšoeu tse ntseng li butsoeloa ke moea li le pakeng tsa lipalo tse peli tsa sekepe.

Lihoreng tse peli le halofo hamorao, re potoloha hloahloa e phahameng e nang le mafika a mangata ho kena metsing a khutsitseng haholoanyane a Kou ea Leoatle e ntle ea St. Anne. Ha re theoha lebōpong le lelelele la leoatle, re bona baena ba rōna ba re emetse. Ho na le bahoeletsi ba 13 sehleke-hlekeng sena se senyenyane, le baeti ba 8 ba tsoang libakeng tse ling. Kahoo re thabile haholo ha re bona holo ena e nyenyane e tletse batho ba 39 puong e khethehileng. Ho na le monyetla o mokaakang oa khōlo!

Ha re ntse re le mona Praslin, re tlameha ho etela Vallée de Mai e ntle. Lena ke lehae la palema e bitsoang Coco-de-mer, e behang litholoana tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng, e le ’ngoe ea tsona e boima ba lik’hilograma tse 20. Moriting o pholileng oa moru, re bona lipalema tsena maemong a fapaneng a khōlo ea tsona. Tlhaloso e ngotsoeng bakeng sa baeti e bontša hore se selelele ka ho fetisisa se ne se le bophahamo ba limithara tse 31 ha se ne se lekanngoa ka 1968. Ho hakanngoa hore tse ling tsa lifate tsena tse telele li na le lilemo tse 800. Ho feta lilemo tse 25 pele sefate se qala ho beha litholoana le tse 7 pele litholoana tsena li butsoa. Ha ho makatse hore ebe bukana ena ea hlokomelisa: “Nka lifoto feela, siea mehlala ea moo u tsamaileng teng feela”!

Ka hora ea bosupa hoseng ha letsatsi le latelang, re palama sekepe se senyenyane ho ea sehleke-hlekeng se senyenyane sa La Digue. Likepe tse nyenyane tse ngata li khobokane lebōpong. Ke oona mocha o kopanyang baahi ba 2 000 le lefatše le ka ntle o ba thusang hore ba tsoele pele ba ntse ba phela. Re kopana le banyalani ba hōlileng ba tsoang Switzerland ba bileng sehleke-hlekeng sena ho tloha ka 1975. Ho e-na le ho palama sekosekara sa “taxi,” re tsamaea ka maoto lebōpong la leoatle le nang le majoe a moralla a mapinki a khahlehang a entsoeng boreleli ke leoatle le pula. Ha re qeta ho ja lijo tsa hoseng sebakeng sena se bulehileng, re feta sebaka se behelletsoeng ka thōko bakeng sa morero o itseng, moo nonyana e ntšo e jang likokoanyana (black flycatcher) e qhotsetsang teng, ho ea mahaeng a batho ba thahasellang. Batho ba leshome le metso e meraro ba bokane ho tla utloa puo e neheloang ka Secreole. Re kopana le banyalani ba neng ba entse litokisetso tsohle bakeng sa ho ngolisa lenyalo la bona ka molao e le hore ba ka tsoela pele moeeng. Ruri, Jehova o tlisa tse lakatsehang tsa lichaba esita le lihleke-hlekeng tsena tse hōle.

Re Khutlela Réunion

Réunion ke sehleke-hleke se tsoetseng pele ka ho fetisisa seo re se etelang leetong lena. Ha re atamela naha ena, re bona ’mila o moholo o ka lumellang likoloi tse ’nè hore li ka tsamaea li bapile, o nang le sephethe-phethe se sengata se tsoang motse-moholo, Saint-Denis. Mehaho e phahameng haholo e tletse sebakeng se pakeng tsa leoatle le thaba. Sehleke-hleke sena ke lehae la batho ba 580 000 ’me se ipakile ho ba tšimo e behang bakeng sa ho paka ka ’Muso. (Mattheu 9:37, 38) Hona joale ho na le bahoeletsi ba chesehang ba litaba tse molemo ba 2 000 liphuthehong tse 21.

Kopano ea letsatsi le khethehileng e tšoareloa lebaleng la lipapali le leholo le koahetsoeng. Re thabela ho bona batho ba 3 332 ba le teng, ’me ho thabisa hakaakang ho ba le ba 67 ba bacha ba itlhahisang bakeng sa ho kolobetsoa! Ka mor’a ho thabela botsoalle le baromuoa sehleke-hlekeng sena, re kena tseleng e eang sebakeng se latelang.

Mayotte—Sehleke-hleke sa Perfume

Ka mor’a leeto la sefofane la lihora tse peli, sefofane sa rōna sa jet se nkang batho ba 40 se qala ho theohela boema-fofaneng ba Pamanzi, sehleke-hlekeng se senyenyane se kopantsoeng le Dzaoudzi, motse-moholo oa Mayotte ke borokho bo bolelele ba lik’hilomithara tse 1,9. Leholimo le leputsoa, maru a masoeu, matsoapo a tletseng limela tse tlokomang le leoatle le tebileng le leputsoa ha li kopana li fana ka setšoantšo sa paradeise ea khotso ea linaha tse chesang haholo. Ha ho makatse hore ebe Mayotte e fuoe lebitso la bosoasoi la sehleke-hleke sa Perfume ka baka la monkho o monate oa sefate sa ilang-ilang. Lero le tsoang ho lithunthung tsa sona le romeloa Fora bakeng sa ho etsa li-perfume tse tummeng lefatšeng.

Sekepe se senyenyane se nka metsotso e 15 ho ea sehleke-hlekeng se seholo. Ka mor’a ho noa lino-mapholi lehaeng la baromuoa, re memeloa thutong ea buka sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 19 ka lehlakoreng le leng la sehleke-hleke sena. Sena se felisa litebello tsa rōna tsa ketelo ea boiketlo! Re hloella ka morao koloing e bulehileng ea jipi ’me re nka leeto le tšosang la ho tsamaea mebileng e patisaneng. Ho bonahala eka ho sala hanyenyane re chaisa batho, likhomo, le likoloi tse ling. Empa mokhanni oa rōna oa Lefora o tseba tsela. Kapele, re fihla Chiconi, moo re kopanang le lelapa leo thuto ea buka e tšoareloang ha lona.

Ntate oa lelapa lena, eo e neng e le Momosleme, o re tsebisa bana ba hae ba robeli. Mora oa hae oa ho fela, ea lilemo li ’nè, o etsa seo hamorao re ileng ra ithuta hore ke tumeliso ea moetlo. O kolohanya matsoho a hae ’me o ema ka pel’a rōna a khakelelitse. Pele re leka ho mo tšoara ka letsoho, hamorao mosali oa ka o leka ho a beha holim’a hlooho ea hae. Moshemane enoa e monyenyane o ema ka mamello ka mahlo a hae a maholo a machitja, ha ho pelaelo hore o makaletse seo re se etsang. Qetellong re etsa se nepahetseng—re beha matsoho a hae holim’a hlooho ea hae. Ha thuto e qala, batho ba 14 ba se ba le teng. Bohareng ba thuto, motho ea thahasellang oa kena ’me o lumelisa bohle ka ho ba tšoara ka matsoho. Ho bonahala hore le sona seo ke o mong oa meetlo ea bona.

Ha re khutla re ntse re tsamaea lefifing, re bona bo-’mankhane ba baholo ba jang litholoana ba ea lifateng bakeng sa lijo tsa bona tsa mantsiboea. Re boetse re utloa monkho oa litholoana tsa sefate sa jackfruit tse oetseng ’mileng ona o matsoeli-ntsoeke tse nang le monkho o bohale, le monkho o monate oa li-mango, li-papaya, le li-guava. Lena ke lehae la li-lemur, liphoofolo tse nyenyane tse kang litšoene tse nang le lifahleho tse kang tsa phokojoe le mehatla e melelele, e harelaneng, eo li ka khonang ho nka lintho ka ho li thatela ka eona. Ha re potoloha tlhōrō ea thaba, re haptjoa ke pono e hlollang. Khoeli e tolokileng e ’mala oa lamunu e sa tsoa hlaha koung ea leoatle, e hlahisa setšoantšo se benyang ka metsing a emeng. Esita le mokhanni oa koloi eo re e palameng o theola lebelo e le hore a ka e boha. Leetong la rōna lohle ho tloha mona, re ntse re e sheba hohle moo koloi e tjekang teng.

Hoseng ha letsatsi le latelang re ea mosebetsing oa boboleli le baromuoa. Re qala ka ho etela mohlankana e mong oa tichere ea buang Sefora hantle. O lula fatše, ’me re lula betheng. Thuto e latelang le eona ke ea mohlankana, ea re memelang hore re lule holim’a materase a hae a aliloeng fatše ka kamoreng ea hae e nyenyane. Ka mor’a nako e khutšoanyane re qala ho tjoloma, ho sa tsotellehe hore na re leka ho iphapanyetsa ho honyela mesifa le mofufutso o lutlang ka mekokotlong ea rōna hakae. Ha ho bonolo ho beha mohopolo thutong e khannoang ka Sefora le ka Semahorian ka nako e le ’ngoe ha sea-le-moea sa kamoreng e haufi le eo se ntse se letsa lipina tsa morao-rao tsa pop.

Thuto ea ho qetela ke ea mohlankana ea tsoang Lihleke-hlekeng tsa Comoros. O ikōpela tšoarelo ka baka la ho se khone ho bua Sefora hantle, o ntša bukana ea hae, ’me o se a itokiselitse ho qala. Ha moromuoa a ntse a ntlhalosetsa ntho e ’ngoe, o mo kena hanong ’me o re o tla bala serapa. O re bolella ka mokhoa o nang le tlhompho hore re khutse. Batho bana kaofela ke Mamosleme, empa ba hlile ba ananela seo ba ithutang sona Bibeleng.

Re makatsoa ke ho bona bahlankana ba bangata hakana ba ithuta, empa e le basali kapa banana ba seng bakae ba ithutang. Re bolelloa hore sena se bakoa ke meetlo ea sechaba le ea malapa. Joalokaha sethepu se amoheleha bolumeling le sechabeng ’me mosali e mong le e mong a lula ha hae, tšusumetso ea ntate ea fokola; ’mè ke eena ea laolang lintho. Re boetse re ithuta hore ho latela moetlo barali ba sala hae le ’mè oa bona ho fihlela ba nyaloa. Ka lehlakoreng le leng, bara ba tloha hae ha ba kena bohlankaneng ’me ba ikahela banga, kapa mokhoro, kapa ba lula le bashemane ba bang ka har’a banga. Tlas’a maemo ana bahlankana ba lokolohile hore ba ka ithuta haeba ba rata, empa ke banana ba seng bakae feela ba nang le bolokolohi bo joalo.

Ka Sontaha ke kopano ea letsatsi le khethehileng. Qalong boemo ba leholimo bo botle, empa motšehare o moholo maru a qala ho teteana, ’me kapele pula e matla ea na. Ha ho motho ea bonahalang a tsotella hoo hakaalo, kaha ho mpa ho etsa hore ho phole. Esita le mona re fumana maruo a mangata a moea ha bahoeletsi ba 36 le bo-pula-maliboho ba thabela ho bona batho ba 83 ba le teng lenaneong le ba bacha ba 3 ba kolobetsoa.

Ho lokolloa ha bukana Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka puo ea bona ke ketsahalo e khōlō. Hase feela hore ke eona feela buka ea Watch Tower e leng teng ka Semahorian empa hape ho tla fihlela joale ke eona feela buka e ngotsoeng ka puo eo. E na le mongolo oa Searabia ka tlas’a taba e ngotsoeng ka Seroma. Batho ba ithuta mongolo oa Searabia sekolong empa ha ba ithute Searabia. Ba khona ho pheta lithapelo tsa Searabia ka hlooho le ho bala Koran ka Searabia; empa ha ba utloisise seo ba se balang. Ha ba ntse ba bala mongolo oa Searabia o ka bukaneng, ba makatsoa ke hore ba khona ho o utloisisa. Ha e le hantle seo ba se balang ke puo ea bona ea Semahorian e ngotsoeng ho latela molumo oa mantsoe a Semahorian ka mongolo oa Searabia. Hoa thabisa ho bona lifahleho tsa bona li ela ha ba utloisisa moelelo oa seo ba se balang.

Ho bonolo ho abela batho libukana. Motseng o mong o leng sebakeng se hōle, monna e mong oa re atamela ha re ntse re pakela mosali e mong. O qala ho buisa moena oa rōna ka matla ka Semahorian. Ho rōna ho bonahala eka o hanyetsa haholo. Monna enoa o tsoela pele ho bua ka nakoana, a ntse a akha matsoho haholo. Hamorao moena o re hlalosetsa hore monna enoa o ne a belaela: “Le ka lebella joang hore re hopole lintho tseo le re bolellang tsona ha le re etela hang ka selemo? Ke joang le ka lebellang seo? Le lokela ho tla hangata le buisane le rōna ka lintho tsena.”

Mantsoe ao a qetellang a hlalosa mehopolo ea rōna. Ruri Jehova o bokella tse lakatsehang tsa lichaba tsohle ka litaba tse molemo tsa ’Muso. Le hoja ba arotsoe ho rōna ke sebaka se seholo sa leoatle, baahi ba lihleke-hleke tsena ba kopanela mohoong o moholo oa thoriso e isoang ho Moetsi oa bona le Ntate oa leholimo, Jehova Molimo.—Haggai 2:7.

[’Mapa o leqepheng la 21]

(For fully formatted text, see publication.)

SEYCHELLES

LEOATLE LA INDIAN

COMOROS

MAYOTTE

MADAGASCAR

MAURITIUS

RÉUNION

RODRIGUES

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Hloahloa e phahameng e nang le mafika a mangata Koung ea Leoatle ea St. Anne, Praslin

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Sekosekara sa “taxi” La Digue, Seychelles

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ho paka ka bukana e ncha ea Semayotte

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela