Letlotlo le Tsoang Lithotobolong tsa Egepeta
NA U ne u ka lebella ho fumana libuka tsa bohlokoa tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho thotobolong? Sena ke sona se hlileng sa etsahala ka har’a lehlabathe la Egepeta, qetellong ea lekholo le fetileng la lilemo. Se etsahetse joang?
Ho tloha ka 1778 ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, mangolo a mangata a loli a ile a fumanoa ka tšohanyetso Egepeta. Leha ho le joalo, ho ne ho se na phuputso e hlophisitsoeng ho fihlela lilemong tse lekholo tse fetileng. Ka nako eo balemi ba naha eo ba ile ba fumana litokomane tsa boholo-holo ka tatellano e tsitsitseng, ’me Mokhatlo oa Lipatlisiso oa Egepeta o tšehelitsoeng ke Brithani ka chelete o ile oa hlokomela hore ho na le tlhokahalo ea ho romela sehlopha sa bafuputsi pele e e-ba morao haholo. Ba ile ba khetha liithuti tse peli tsa Oxford, Bernard P. Grenfell le Arthur S. Hunt, tse ileng tsa fumana tumello ea ho fuputsa sebakeng se ka boroa ho mapolasi seterekeng sa Faiyūm (se bontšitsoeng ka holimo).
Ho latela Grenfell sebaka se bitsoang Behnesa se ne se bonahala se tšepisa ka baka la lebitso la sona la Segerike sa boholo-holo, Oxyrhynchus. Joaloka setsi sa Bokreste sa Egepeta, Oxyrhynchus e ne e le sebaka sa bohlokoa lekholong la bone le la bohlano la lilemo C.E. Matlo a mangata a boholo-holo a baitlami a ne a le haufi le sebaka seo, ’me lithako tsa toropo ena ea profensi li ne li le ngata. Grenfell o ne a na le tšepo ea hore ba tla fumana likaroloana tsa lingoliloeng tsa Bokreste moo, empa phuputsong e ileng ea etsoa litšeng tsa mabitla le lithakong ha ho letho le ileng la fumanoa. E ne e le lithotobolo tsa toropo feela tse neng li setse, tse ling li ne li le bophahamo ba limithara tse robong. Ho cheka ka morero oa ho fumana loli libakeng tse joalo ho ne ho bonahala eka ke ho amohela hore ba hlōtsoe; leha ho le joalo, babatlisisi ba ile ba etsa qeto ea ho leka.
Ho Sibolla Letlotlo
Ka January 1897 ho ile ha chekoa foro bakeng sa ho etsa liteko, ’me lingoliloeng tsa loli tsa boholo-holo li ile tsa fumanoa ka mor’a lihora feela. Li ne li akarelletsa mangolo, litumellano, le litokomane tsa ’muso. Lehlabathe le ileng la hoholoa ke moea le ne le li koahetse, ’me komello e ne e entse hore li bolokehe ka lilemo tse ka bang 2 000.
Ka mor’a likhoeli tse tharo feela, hoo e ka bang litone tse peli tsa lingoliloeng tsa loli li ile tsa fumanoa Oxyrhynchus. Makese a mashome a mabeli a metso e mehlano a ile a tlatsoa ’me a romeloa Engelane ka sekepe. Ka lilemo tse leshome tse latelang liithuti tsena tse peli tse nang le mamello li ne li khutlela Egepeta mariha a mang le a mang bakeng sa ho eketsa pokello ea tsona.
Ka nako e ’ngoe, ha li ntse li cheka setšeng sa mabitla se Tebtunis, ha ho letho leo li ileng tsa le epolla haese litopo tse omisitsoeng tsa likoena. Mosebetsi ea ferekaneng o ile a pshatla e ’ngoe. O ile a makatsoa ke ho hlokomela hore e ne e phuthetsoe ka lingoliloeng tsa loli. Ba ile ba hlokomela hore likoena tse ling li ne li phuthetsoe ka tsela e tšoanang, ’me tse ling li ne li bile li e-na le meqolo ea loli e topetsoeng ’metsong ea tsona. Ho ile ha fumanoa likaroloana tsa lingoliloeng tsa boholo-holo tsa Segerike, hammoho le melao ea borena le litumellano tse kopaneng le litlaleho tsa libuka tsa khoebo le mangolo a botho.
Litokomane tsee tsohle li ne li na le molemo ofe? Li ile tsa ipaka e le tse thahasellisang haholo, hobane bongata ba tsona li ne li ngotsoe ke batho feela ba tloaelehileng ka Koine, Segerike se neng se tloaelehile ka nako eo. Kaha mantsoe a mangata ao li a sebelisitseng a boetse a hlaha le ka Mangolong a Bibele a Segerike, “Testamente e Ncha,” ka tšohanyetso ho ile ha bonahala hore puo e ka Mangolong e ne e se Segerike se khethehileng sa Bibele, joalokaha liithuti tse ling li ’nile tsa bolela, empa e ne e le puo ea batho feela ba tloaelehileng. Kahoo ka ho bapisa tsela eo mantsoe a sebelisitsoeng ka eona maemong a letsatsi le letsatsi, kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea moelelo oa ’ona e ile ea hlahella Mangolong a Bakreste a Segerike.
Libuka tsa Bibele tse Ngotsoeng ka Letsoho
Mesaletsa ea libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho le eona e ile ea fumanoa, ’me mesaletsa ena, eo hangata e neng e ngoloa ka mokhoa o seng motle haholo o sa khahleheng e bile e ngoloa moqolong oa boleng bo tlaase, e ne e emela Bibele ea batho feela ba tloaelehileng. A re ke re hlahlobeng e meng ea litšibollo tsena.
Hunt o ile a fumana kopi ea khaolo ea pele ea Kosepele ea Mattheu litemana 1 ho ea ho 9, 12, le 14 ho ea ho 20, e ngotsoeng lekholong la boraro la lilemo C.E. ka litlhaku tse hariloeng (tse khōlō). Nomoro ea eona e ne e lokela ho ba P1, e leng karolo ea pele ea lethathamo lena la mangolo a loli a tsoang libakeng tse sa tšoaneng, ao joale a ka lekanang le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse lekholo kapa likarolo tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Bakreste a Segerike. Litemana tse seng kae tseo Hunt a li fumaneng li ne li na le molemo ofe? Mokhoa oo li ngotsoeng ka ’ona o bontša ka ho hlaka hore li ngotsoe lekholong la boraro la lilemo C.E., ’me ha ho hlahlojoa se ngotsoeng ho tsona se bontša hore li lumellana le taba e ngotsoeng ke Westcott le Hort. Hona joale P1 e Setsing sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Univesithi e Philadelphia, Pennsylvania, U.S.A.
Leqephe la loli le tsoang ho codex e ’ngoe, kapa buka, le na le likarolo tsa Johanne khaolo 1 ka letsohong la lona le letšehali ’me ka letsohong le letona le na le likarolo tsa Johanne khaolo 20. Ho tsosolosoa ha likarolo tse lahlehileng ho bontša hore qalong ho ne ho na le maqephe a 25 a Kosepele eohle, ’me ho tloha nakong ea boholo-holo, e tlameha hore ebe maqephe ana a ne a akarelletsa khaolo 21. E ile ea fuoa nomoro P5, ha boleloa hore e ngotsoe lekholong la boraro la lilemo C.E., ’me hona joale e Laebraring ea Brithani e London, Engelane.
Karolo e nang le Ba-Roma 1:1-7 e ngotsoe ka litlhaku tse khōlō, tse seng ntle hakaalo hoo liithuti tse ling li ileng tsa nahana hore mohlomong ke buka eo moshemane oa sekolo a neng a ithutela mongolo ho eona. Joale nomoro ea eona ke P10 ’me ho boleloa hore e ngotsoe ho tloha lekholong la bone la lilemo C.E.
Tšibollo e khōloanyane ke ea karolo ea boraro ea lengolo le eang ho Baheberu. Le ne le kopilelitsoe karolong e ka morao ea moqolo oo karolo ea ’ona e ka pele e nang le lingoliloeng tsa Seroma tsa rahistori oa Moroma Livy. Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le litaba tse fapaneng hakaalo ka pele le ka morao? Matsatsing ao ho hlokeha ha lintho tse ngollang le theko ea tsona ho ile ha etsa hore maqephe a khale a loli a se ke a senngoa. Joale e se e thathamisitsoe e le P13, ho boleloa hore e ngotsoe lekholong la boraro kapa la bone la lilemo C.E.
Leqephe la loli le nang le likarolo tsa Ba-Roma khaolo 8 le 9, le ngotsoeng ka litlhaku tse nyenyane haholo, le ne le tsoa bukeng e bophahamo ba lisentimithara tse 11,5 ’me e le bophara ba lisentimithara tse 5. Joale ho ne ho ka bonahala eka likhatiso tsa Mangolo tse boholo ba pokotho li ne li le teng lekholong la boraro la lilemo C.E. Nomoro ea eona e ile ea ba P27 ’me ka kakaretso e lumellana le Codex Vaticanus.
Likarolo tsa maqephe a mane a tsoang ho codex ea Segerike ea Septuagint li na le likarolo tsa likhaolo tse tšeletseng tsa Genese. Codex ena ke ea bohlokoa hobane e ngotsoe lekholong la bobeli kapa la boraro la lilemo C.E. ’me likhaolo tsena ha li eo ho Codex Vaticanus ’me li na le liphoso ho Codex Sinaiticus. Maqephe ana a ile a fuoa nomoro ea Papyrus 656, ’me a Laebraring ea Bodleian e Oxford, Engelane.
Mesaletsa ena kaofela ha ea fapana haholo le libuka tsa rōna tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tse ntseng li le teng, kahoo e tiisa hore nakong ea pele taba e ngotsoeng ka Bibeleng e ne e sebelisoa ke batho feela ba tloaelehileng libakeng tsa mahaeng tsa Egepeta. E boetse e tiisa tumelo ea rōna tabeng ea ho tšepahala le ho nepahala ha Lentsoe la Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Lingoliloeng tsa loli tse tsoang Faiyūm tse nang le likarolo tsa Johanne, khaolo 1
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
By permission of the British Library
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.