Tokoloho ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
“Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae. Jehova, u nkhalemele.”—JEREMIA 10:23, 24.
1, 2. Batho ba bangata ba talima tokoloho joang, empa ke’ng hape se lokelang ho nahaneloa?
HA HO pelaelo hore u ananela tokoloho ea ’nete. U batla ho ikutloa u lokolohile ho hlalosa maikutlo a hao, ho lokoloha ho etsa qeto ea moo u tla lula teng le hore na u tla lula joang. U batla ho ikhethela mosebetsi oo u batlang ho o etsa, ho ikhethela lijo, ’mino, metsoalle. U na le khetho linthong tse ngata, tse khōlō le tse nyenyane. Ha ho motho ea phetseng hantle kelellong ea batlang ho ba lekhoba la babusi ba bahatelli, a e-na le boikhethelo bo fokolang kapa a se na bona ho hang.
2 Leha ho le joalo, na hape u ke ke ua rata lefatše leo ho lona batho ba bang hammoho le uena le ka ruang molemo tokolohong ea ’nete? Na u ke ke ua rata lefatše leo ho lona tokoloho e ka sireletsoang e le hore bophelo ba motho e mong le e mong bo ka ba le morero o felletseng? Haeba ho ne ho khoneha, na hape u ne u ke ke ua rata lefatše le se nang tšabo, tlōlo ea molao, tlala, tšilafalo, ho kula, le ntoa? Ka sebele tokoloho e joalo e lakatseha haholo.
3. Ke hobane’ng ha re nka tokoloho e le ea bohlokoa?
3 Ke hobane’ng ha rōna batho re e-na le boikutlo bo matla hakaale ka tokoloho? Bibele e re: “Moo Moea oa Morena o leng teng, tokoloho e teng.” (2 Ba-Korinthe 3:17) Kahoo Jehova ke Molimo oa tokoloho. ’Me kaha o re bōpile ka ‘setšoantšo sa hae le ka ho tšoana le eena,’ o re file boikhethelo e le hore re ka ananela tokoloho ’me re rue molemo ho eona.—Genese 1:26.
Tokoloho e Sebelisoa Hampe
4, 5. Tokoloho e ’nile ea sebelisoa hampe joang ho pholletsa le histori?
4 Ho pholletsa le histori batho ba limillione ba ’nile ba etsoa makhoba, ba hlokofatsoa, kapa ba bolaoa hobane batho ba bang ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe. Bibele e bolela hore lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng, “ba-Egepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokhoba; ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima.” (Exoda 1:13, 14) The Encyclopedia Americana e bolela hore lekholong la bone la lilemo B.C.E., lenane la makhoba Athene le metseng e meng e ’meli ea Bagerike le ne le feta lenane la batho bao e neng e se makhoba ka batho ba bane ho a le mong. Mohloli ona o boetse o re: “Roma, qalong lekhoba le ne le se na litokelo. Le ne le ka bolaeloa phoso e nyenyane haholo.” Compton’s Encyclopedia e re: “Roma, ho sebelisa makhoba e ne e le motheo oa naha. . . . Hangata makhoba a ne a sebelisoa a tlanngoe ka liketane masimong. Bosiu a ne a tlangoa hammoho ’me a koalloa ka literonkong tse khōlō, tseo karolo e ’ngoe ea tsona e cheketsoeng ka tlaase.” Kaha ka nako e ’ngoe makhoba a mang a ne a kile a lokoloha, ak’u inahanele ho sulafala ha bophelo boo bo hataketsoeng.
5 Ka makholo a lilemo, Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba kenella khoebong e hatellang ea makhoba. The World Book Encyclopedia e re: “Ho tloha lilemong tsa bo-1500 ho ea lilemong tsa bo-1800, Maeurope a ile a romella makhoba a batho ba batšo a ka bang limillione tse 10 Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše a tloha Afrika.” Lekholong lena la bo20 la lilemo, makhoba a limillione a ile a sebelisoa ho fihlela a e-shoa kapa a bolaoa likampong tsa mahloriso tsa Nazi e le leano la puso. Ba ileng ba bolaoa ba akarelletsa Lipaki tsa Jehova tse ngata tse ileng tsa koalloa teronkong hobane li ne li hana ho tšehetsa puso e sehlōhō ea Bonazi.
Ho ba Botlamuoeng ba Bolumeli ba Bohata
6. Bolumeli ba bohata bo ile ba etsa batho makhoba joang Kanana ea boholo-holo?
6 Ho boetse ho na le botlamuoa bo bong bo tlisoang ke ho khomarela bolumeli ba bohata. Ka mohlala, Kanana ea boholo-holo, bana ba ne ba etsoa mahlabelo a eang ho Moloke. Ho boleloa hore ka har’a setšoantšo se seholo sa molimo ona oa bohata ho ne ho e-na le sebōpi se tukang sa mollo. Bana ba ntseng ba phela ba ne ba akheloa matsohong a otlollotsoeng a setšoantšo sena, ebe ba oela malakabeng a mollo a leng ka tlaase. Esita le Baiseraele ba bang ba ne ba sebelisa borapeli bona ba bohata. Molimo o bolela hore ba ne ba ‘chesetsa Moloke bara ba bona le barali ba bona; e leng seo O sa kang oa ba laela sona, ’me ha hoa ka ha hlaha pelong ea Oona hore ba etse ntho ena e manyala.’ (Jeremia 32:35) Moloke o ile a tlisetsa barapeli ba hae melemo efe? Lichaba tseo tsa Bakanana le borapeli ba Moloke li hokae kajeno? Kaofela ha tsona li nyametse. E ne e le borapeli ba bohata, borapeli bo neng bo sa thehoa linneteng empa bo thehiloe mashanong.—Esaia 60:12.
7. Ke mokhoa ofe o potelletseng oo e neng e le karolo ea bolumeli ba Maaztec?
7 Makholong a fetileng a lilemo Amerika Bohareng, Maaztec a ne a fetohile makhoba a bolumeli ba bohata. Batho ka bomong ba ne ba e-na le melimo, matla a tlhaho a ne a rapeloa joaloka melimo, ketso e ’ngoe le e ’ngoe bophelong ba letsatsi le letsatsi e ne e na le molimo oa eona, limela li ne li e-na le molimo oa tsona, esita le batho ba ipolaeang ba ne ba e-na le molimo! Buka e bitsoang The Ancient Sun Kingdoms of the Americas e re: “’Muso oa Maaztec Mexico o ne o hlophisitsoe ka hohle-hohle hore o tšehetse, ’me ka ho etsa joalo o qekise matla a sa bonahaleng ka lipelo tse ngata kamoo ho ka khonehang tsa batho tseo ba neng ba ka a neha tsona. Mali e ne e le seno sa melimo. Ho ne ho e-ba le lintoa tse nyenyane tse sa feleng e le hore ho ka fumanoa batšoaruoa ba ntoa ba loketseng ba tla etsoa mahlabelo a eang ho melimo.” Ha ho ne ho neheloa tempele e khōlō e ahiloeng joaloka pyramid ka 1486, batšoaruoa ba likete-kete ba ile “ba kolokisoa ba emetse hore ba tl’o thakhalatsoa holim’a lejoe leo ho etsetsoang mahlabelo ho lona. Ba ne ba ntšoa lipelo ebe li kokosetsoa letsatsing hanyenyane” ho qekisa molimo oa letsatsi. The World Book Encyclopedia e re: “Ka linako tse ling barapeli ba ne ba ja litho tsa ’mele oa motho ea bolailoeng.” Leha ho le joalo, mekhoa eo ha ea ka ea sireletsa ’muso oa Maaztec kapa bolumeli ba eona ba bohata.
8. Motho ea neng a ntse a tsamaisa baeti o ile a re’ng ka polao e khōlōhali ho feta e etsahetseng har’a Maaztec?
8 Ka nako e ’ngoe baeti ba ne ba ntse ba lekola ntlo ea pokello ea lintho tsa bohlokoa moo ho neng ho e-na le lebokose le bontšang baprista ba Maaztec ba ntša pelo ea mohlankana e mong. Ha motho ea neng a tsamaisa batho bao a hlalosa ketsahalo eo, ba bang ba leng sehlopheng se ntseng se hahlaula ba ile ba khoboheloa. Eaba motsamaisi oa bona o re: “Kea bona hore le tenoa ke mokhoa oa Maaztec oa ho etsetsa melimo ea bohedene mahlabelo ka bahlankana. Empa, lekholong lena la bo-20 la lilemo, molimo oa ntoa o ’nile oa etsetsoa mahlabelo ka bahlankana ba limillione. Na hoo ho batla ho le molemonyana ho feta hona?” Ke ’nete hore ntoeng baeta-pele ba bolumeli ba lichaba tsohle ba etsa lithapelo tsa tlhōlo ’me ba hlohonolofatsa mabotho ao mohlomong a bolaeang batho ba bolumeli bo le bong le bona ba leng ka lehlakoreng la lira.—1 Johanne 3:10-12; 4:8, 20, 21; 5:3.
9. Ke mokhoa ofe o bolaeang masea a mangata ho feta mokhoa leha e le ofe o mong historing?
9 Ho etsoa ha bahlankana mahlabelo a eang ho Moloke, ho melimo ea Maaztec, kapa a ntoa ho fetoa ke ho bolaoa ha masea a e-s’o ka a tsoaloa ka ho ntšoa ha limpa, a ka bang limillione tse 40 ho ea ho tse 50 ka selemo lefatšeng ka bophara. Lenane la masea a bolailoeng ka ho ntšoa ha limpa lilemong tse tharo feela tse fetileng le leholo ho feta batho ba limillione tse lekholo ba bolailoeng lintoeng tsohle tsa lekholo lena la lilemo. Selemo ka seng, ho bolaoa masea a mangata ka makhetlo a mangata ho feta batho ba ileng ba bolaoa ka lilemo tse 12 tlas’a puso ea Bonazi. Lilemong tse mashome tsa morao tjena, masea a eketsehileng a likete a ’nile a bolaoa ka ho ntšoa ha limpa ho feta batho bohle ba kileng ba etsoa mahlabelo a eang ho Moloke kapa ho melimo ea Maaztec. Empa ba ’maloa (haeba e se ba bangata haholo) ho batho ba ntšang limpa, kapa ba sebetsanang le ho ntšoa ha mpa, ba ipolela hore ke litho tsa bolumeli.
10. Tsela e ’ngoe eo ka eona batho e leng makhoba a bolumeli ba bohata ke efe?
10 Bolumeli ba bohata bo etsa batho makhoba ka litsela tse ling hape. Ka mohlala, batho ba bangata ba lumela hore bafu ba phela sebakeng sa moea. Phello e ’ngoe ea tumelo e joalo ke ho tšaba le ho rapela baholo-holo ba shoeleng bakeng sa ho fumana seo ho thoeng ke melemo e tsoang ho bona. Sena se etsa batho makhoba a bo-ngakana-ntšonyana, mathuela, le baruti ba bitsoang bao ho thoeng ba tl’o thusa ba phelang hore ba qekise bafu. Ka nepo ho ka ’na ha botsoa potso ena, Na ho na le tsela leha e le efe ea ho tsoa bokhobeng bo joalo?—Deuteronoma 18:10-12; Moeklesia 9:5, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Ho pholletsa le histori batho ba bang ba ’nile ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe bakeng sa ho etsa ba bang makhoba