Boithabiso—Thabela Melemo ea Bona, Qoba Maraba a Bona
“Ha ho letho le molemo leo motho a ka le etsang, haese hore a je, a noe, a ithabise ka tseo a li sebelitseng.”—MOEKLESIA 2:24.
1. Tataiso ea Molimo e thusa batho ba oona ka litsela life mabapi le boithabiso?
TATAISO ea Jehova e tlisetsa bahlanka ba hae melemo e mengata. Re ka bona sena tabeng ea boithabiso. Tataiso ea hae e thusa Bakreste hore ba qobe ho fetelletsa lintho ka pono eo ba nang le eona. Batho ba bang ba bolumeli, ba hatellang mokhoa o thata-thata oa moaparo le boitšoaro, ba nka monyaka leha e le ofe e le sebe. Ka lehlakoreng le leng, batho ba phehella menyaka esita le haeba menyaka e joalo e le khahlanong le melao le melao-motheo ea Jehova.—Ba-Roma 1:24-27; 13:13, 14; Ba-Efese 4:17-19.
2. Ke eng se ileng sa bontša esale pele hore na pono ea Molimo ke efe ka boithabiso?
2 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba Molimo? Batho ba bangata ha ba qala ho ithuta Bibele ba makatsoa ke ho ithuta hore ka sebele Molimo o bōpile batho ba e-na le matla a ho thabela bophelo. O ile oa fa batsoali ba rōna ba pele mosebetsi oo ba tšoanetseng ho o etsa—empa e seng mosebetsi o tepelletsang maikutlo o ammeng bophelo ba batho ba bangata hakana kajeno. (Genese 1:28-30) Nahana ka litsela tse ngata-ngata tse hahang tseo bohle ba phelang paradeiseng ea lefatše ba tla li thabela. Iketsetse setšoantšo sa thabo eo ba tla ba le eona ha ba shebelletse liphoofolo tse hlaha tse ke keng tsa ba tšosa le liphoofolo tsa hae tsa mefuta-futa tseo e ka bang karolo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng! ’Me ba tla fumana lijo tse ngata hakaakang ho “lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa”!—Genese 2:9; Moeklesia 2:24.
3-5. (a) Boithabiso bo lokela ho phetha morero ofe? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo ha oa ka oa hanela Baiseraele hore ba thabe?
3 Ha e le hantle, mesebetsi ena, e ka nkoa e le boithabiso, boo morero oa bona Paradeiseng o tla ’ne o tšoane le oa kajeno: ho khatholla le ho nchafatsa matla a motho bakeng sa mesebetsi e eketsehileng e behang. Ha boithabiso bo finyella sena, bo molemo. Na see se bolela hore barapeli ba ’nete ba ka fana ka nako bophelong ba bona bakeng sa boikhathollo esita le haeba ba e-s’o lule Paradeiseng? E. Insight on the Scriptures e bolela tjena ka boithabiso har’a sechaba sa Jehova sa boholo-holo:
4 “Boithabiso le boikhathollo ba Baiseraele ha lia totobatsoa tlalehong ea Bibele. Leha ho le joalo, e bontša hore li ne li loketse li bile li rateha ha li le tumellanong le melao-motheo ea bolumeli ea sechaba. Mekhoa ea sehlooho ea boithabiso e ne e le ho letsa liletsa tsa ’mino, ho bina, motjeko, moqoqo, haesita le lipapali tse ling. Ho rarolla lilotho le lipotso tse thata ho ne ho nkeloa holimo.—Baahl. 14:12.”—Moqolo 1, leqephe 102.
5 Ha Davida a khutla a hlōtse, basali ba Baheberu ba ile ba sebelisa meropa le liphala ha ba etsa mokete (Seheberu, sa·chaqʹ). (1 Samuele 18:6, 7) Ha e le hantle lentsoe la Seheberu le bolela “tšeha,” ’me liphetolelo tse ling li bua ka “basali ba thabileng.” (Byington, Rotherham, The New English Bible) Nakong ea ha Areka e isoa sebakeng se seng, “Davida le ntlo eohle ea Iseraele ba ne ba keteka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle.” Mikale, mosali oa Davida, o ne a e-na le pono e sa leka-lekanang, hobane o ile a nyatsa hore ebe Davida o ile a nka karolo mesebetsing ea boithabiso. (2 Samuele 6:5, 14-20, NW) Molimo o ile oa bolela esale pele hore batho ba khutlang kholehong Babylona ba ne ba tla kopanela mesebetsing e joalo e thabisang.—Jeremia 30:18, 19; 31:4; bapisa le Pesaleme ea 126:2.
6. Mangolo a Bakreste a Segerike a re thusa joang ponong ea rōna ka boithabiso?
6 Le rōna re lokela ho ba le pono e leka-lekaneng ka boithabiso. Ka mohlala, na rea hlokomela hore Jesu e ne e se motho ea itšoereng ka thata-thata? O ile a ipha nako ea ho ba teng lijong tse khathollang, joaloka “mokete o moholo” oo Levi a ileng a mo etsetsa ’ona. ’Me ha batho ba inkang ba lokile ba mo nyatsa ka baka la ho ja le ho noa, Jesu o ile a hanyetsa pono ea bona le litsela tsa bona. (Luka 5:29-31; 7:33-36) Hopola hape hore, o ile a ea moketeng oa lenyalo a ba a kenya letsoho ho etsa liphehiso. (Johanne 2:1-10) Juda, ngoan’abo Jesu ka ’ma-bona, o bolela hore Bakreste ba ne ba na le ‘mekete ea lerato,’ eo mohlomong e neng e le lijo tseo ho tsona mafutsana a neng a ka thabela lijo le botsoalle bo botle, bo khathollang.—Juda 12.
Boithabiso Nakong le Sebakeng sa Bona se Loketseng
7. Lentsoe la Molimo le khothalletsa ho leka-lekana joang tabeng ea boithabiso?
7 Moeklesia 10:19, (BPN) e bua hantle ka ‘mokete o etsetsoang boithabiso le veine e natefisang bophelo.’ Sena ha se bolele hore boithabiso joang kapa joang bo ne bo fosahetse kapa bo le bobe, na ha ho joalo? Leha ho le joalo, buka eona eo e re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, . . . nako e teng ea ho lla, e teng nako le ea ho tšeha; nako e teng ea ho bokolla, e teng nako le ea ho hobela.” (Moeklesia 3:1, 4) E, le hoja Bibele e sa nyatse boithabiso bo loketseng, e re fa likeletso. Tsena li kopanyelletsa ho boloka boithabiso bo le sebakeng sa bona tabeng ea nako le boholo ba bona. E boetse e re lemosa ka likotsi tse etsahalang hangata ’mokeng e meholo ea boithabiso.—2 Timothea 3:4.
8, 9. Ke hobane’ng ha nako eo re phelang ho eona le kabelo eo re e fuoeng ke Molimo li lokela ho ama boithabiso?
8 Re ile ra hlokomela hore Bajode ba neng ba khutla Babylona—ba neng ba na le mosebetsi o mongata oo ba neng ba tlameha ho o etsa—ba ne ba kopanela boikhathollong bo thabisang. Leha ho le joalo, pejana Jeremia o ile a bolela hore a ke ke a ‘lula mokhatlong oa basomi ho ea ithabela teng.’ (Jeremia 15:17) Molimo o ile oa mo fa kabelo ea hore a fane ka molaetsa o lemosang ka kahlolo e tlang, kahoo e ne e se nako e khethiloeng ea hore a ithabise.
9 Kajeno Bakreste ba abetsoe hore ba phatlalatse molaetsa oa Molimo oa tšepo haesita le ho bolela likahlolo tsa oona khahlanong le tsamaiso e khopo ea Satane. (Esaia 61:1-3; Liketso 17:30, 31) Ka hona, ho lokela ho hlaka hore ha rea tlameha ho lumella boithabiso hore e be ntho e khōlō haholo bophelong ba rōna. Re ka etsetsa taba ena papiso ka bohashana ba letsoai kapa senoko se seng se khethehileng se natefisang tatso ea lijo. Na u ne u tla tšela senoko seo ka bongata hoo ho neng ho tla utloahala sona feela e seng lijo? Ka sebele u ne u ke ke ua etsa joalo. Tumellanong le mantsoe a Jesu ho Johanne 4:34 le Mattheu 6:33, taba eo re amehileng ka eona haholo-holo—eo e leng sejo sa rōna—e tlameha e be ho etsa thato ea Molimo. Kahoo boithabiso bo tšoana le senoko. Bo tlameha ho re khatholla le ho re neha matla, e seng ho re khathatsa kapa ho re tepelletsa.
10. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re tlameha ho hlahloba hore na re qeta nako e kae boithabisong?
10 Leha ho le joalo, ema ’me u nahane: Na batho ba bangata ba ke ke ba bolela hore ba sebelisa nako le tlhokomelo e itekanetseng bakeng sa boithabiso? Haeba ba ne ba ikutloa ka tsela e ’ngoe, ba ka be ba entse phetoho. Na see ha se bolele hore e mong le e mong oa rōna o lokela ho ema hanyenyane ’me a itlhahlobe ka tsela e tiileng, le ea sebele, ho hlokomela hore na boithabiso ha e le hantle bo nka sebaka sefe bophelong ba rōna? Na butle-butle bo ntse bo fetoha karolo e khōlō bophelong ba rōna? Ka mohlala, na re ee re iphumane re bulela thelevishene neng le neng ha re fihla lapeng? Na re na le mokhoa oa ho sebelisa karolo e khōlō ea nako ea rōna bakeng sa boithabiso beke e ’ngoe le e ’ngoe, joaloka bosiu bo bong le bo bong ba Labohlano kapa ba Moqebelo? Na re ka ikutloa re soabile haeba nako eo e fihla empa re le hae re sa lokisetsa boithabiso? Lipotso tse ling tse eketsehileng: Letsatsing la ka morao ho ’moka, na re ee re fumane hore re ile ra robala bosiu haholo kapa ra tsamaea sebaka se selelele haholo hoo re khathetseng, mohlomong re felletsoe ke matla hoo re ke keng ra kopanela tšebeletsong ea Bokreste kapa re ke keng ra sebetsa ka tsela e lebelletsoeng mosebetsing oa boipheliso? Haeba ka makhetlo a itseng, kapa hangata boithabiso ba rōna bo na le liphello tse joalo, na ka sebele ke ho thaba ho loketseng le ho leka-lekaneng?—Bapisa le Liproverbia 26:17-19.
11. Ke hobane’ng ha ho hlahloba mofuta oa boithabiso ba rōna ho loketse?
11 Hape ho ka boetse ha ba molemo ho rōna hore re hlahlobe boleng ba boithabiso ba rōna. Ho ba ha rōna bahlanka ba Molimo ha se tiiso ea hore boithabiso ba rōna bo loketse. Nahana ka se ileng sa ngoloa ke moapostola Petrose ho Bakreste ba tlotsitsoeng: “Hobane li lekane linako tse fetileng tseo re li phetseng re ntse re etsa ho ratoang ke bahedene, ha re ne re itsamaela ka bootsoa, le ka litakatso, le ka botahoa, le ka meharo ea lijo le ea lino, le ka tšebeletso e manyala ea melimo ea bohata.” (1 Petrose 4:3) O ne a sa ba supe ka monoana, a nģosa baena ba hae hore ba etsisa lintho tseo ba bang ba lefatšeng ba li etsang. Leha ho le joalo, ho falimeha ke habohlokoa bakeng sa Bakreste (nakong eo le hona joale) hobane habonolo feela motho a ka fetoha phofu ea boithabiso bo kotsi.—1 Petrose 1:2; 2:1; 4:7; 2 Petrose 2:13.
Falimehela Maraba
12. Petrose oa pele 4:3 e totobatsa mofuta ofe oa leraba?
12 Re lokela ho falimehela leraba la mofuta ofe? Petrose o buile ka “botahoa, le ka meharo ea lijo le ea lino.” Monna e mong oa Lejeremane o ile a hlalosa hore mantsoe a Segerike a sebelisitsoeng “haholo-holo a sebetsa ha ho nooa boithabisong moketeng.” Moprofesa oa Switzerland o ile a ngola hore litloaelo tsena li ne li atile morao koo: “Tlhaloso ena e tlameha e bolela ’moka e hlophisitsoeng kapa esita le lihlopha tsa batho moo mesebetsi ena e hlabisang lihlong e boletsoeng e neng e etsetsoa teng.”
13. Ke joang ho sebelisoa ha joala ’mokeng e bileng leraba? (Esaia 5:11, 12)
13 Ho ba le lino tse tahang ’mokeng e meholo ea boithabiso ho tšoasitse ba bangata. Hase hore Bibele e hanela tšebeliso e itekanetseng ea lino tse joalo, hobane ha e li hanele. E le bopaki ba sena, Jesu o ile a etsa veine moketeng oa lenyalo Kana. E tlameha ebe ho ne ho sa nooe ho tlōlisa, hobane Jesu o ne a tla emela keletso ea Molimo ea ho qoba ho ba har’a batho ba noang haholo. (Liproverbia 23:20, 21) Empa nahana ka tlhaloso ena: Motsamaisi oa mokete o ile a bolela hore meketeng e meng ho fanoa ka veine e monate pele ‘’me ha batho ba tahiloe, ba fuoe veine ea boleng bo fokolang.’ (Johanne 2:10, NW) Kahoo e ne e le ho tloaelehileng hore Bajode ba tahoe meketeng ea lenyalo moo veine e ngata e neng e fumaneha ho batho bohle.
14. Bakreste bao e leng beng ba mokete ba ka sebetsana le leraba le tlisoang ke lino tse tahang joang?
14 Ka baka lena, Bakreste ba bang ba entse qeto ea ho fana ka veine, biri, le lino tse ling tse tahang hafeela ka bobona ba tla hlokomela hore na baeti ba bona ba fuoa eng kapa ba noa eng. Haeba sehlopha se le seholo ho feta kamoo mong’a mokete a ka se hlokomelang ka ho toba, joaloka mokete oa Bajode o boletsoeng, joala bo bongata e ka ba leraba le kotsi. Ho ka ’na ha ba teng motho ea loanneng ka nako e telele ’me a hlōla bothata ba ho noa. U tla utloisisa hore joala bo bongata bo inkeloang feela bo ka mo leka hore a noe ho tlōlisa ’me a senyetse ba bang mokete. Molebeli eo hape e leng ntate Jeremane o ile a bolela hore lelapa la hae le rua molemo botsoalleng bo thabisang bo bang teng ’mokeng ea boithabiso le balumeli-’moho. Leha ho le joalo, o ile a eketsa hore o lebelletse mathata a eketsehileng hore a be teng haeba biri e fumaneha habonolo.
15. Tataiso e loketseng ’mokeng oa boithabiso e ka finyelloa joang?
15 Lenyalo la Kana le ne le e-na le “motsamaisi oa mokete.” (Johanne 2:8, BPN) Sena ha se bolele hore ha lelapa le etetsoe ke sehlopha se itseng bakeng sa lijo kapa nako ea botsoalle ho tla hlokahala hore le khethe motsamaisi. Monna o tla ikarabella ka ho hlokomela ketsahalo eo. Empa hore na sehlopha seo se entsoe ka malapa a mabeli feela kapa se seholoanyane, ho lokela ho hlaka hore ho tlameha ho be le motho ea tla ikarabella ka se etsahalang. Batsoali ba bangata ba hlokomela sena haeba mora kapa morali oa bona a memeloa ’mokeng oa boithabiso. Ba buisana le mong’a mokete ho botsa hore na ke mang ea tla hlokomela ketsahalo eo eohle, ho kopanyelletsa le hore motho ea hlokomelang ketsahalo eo a be teng ho fihlela e fela. Batsoali ba Bakreste ba bile ba fetotse kemiso ea bona hore ba be teng e le hore batho ba baholo le bacha kaofela ba ka thabela botsoalle.
16. Ke ho nahanela hofe ho loketseng tabeng ea boholo ba ’moka?
16 Lekala la Mokhatlo oa Watch Tower le Canada lea ngola: “Keletso e tšoanang le ea ho lekanyetsa boholo ba ’moka ea boithabiso e utloisisoa ke baholo ba ’maloa e le e bolelang hore ho ba le ’moka e meholo meketeng ea lenyalo ke ho tlōla keletso eo. Ba entse qeto ea hore haeba re eletsoa hore re boloke ’moka ea rōna ea boithabiso e le menyenyane, e laoleha, e tla ba phoso ho mema batho ba 200 kapa ba 300 moketeng oa lenyalo.”a Ho e-na le ho buella palo e thehiloeng maikutlong a botho, tlhokomelo e khōlō e tlameha ho lebisoa tabeng ea bolebeli bo loketseng, ho sa tsotellehe hore na ho tla batho ba bakae. Bongata ba veine eo Jesu a ileng a fana ka eona bo bontša hore ho ne ho menngoe batho ba bangata moketeng oa lenyalo Kana, empa ho hlakile hore o ne o hlokometsoe hantle. Mekete e meng morao koo e ne e sa hlokomeloa; mohlomong boholo ba eona ke bona bo neng bo etsa hore e se hlokomeloe hantle. Ha ’moka o le moholo, phephetso e ba khōloanyane, hobane ho bonolo hore ba fokolang, ba sekametseng ho fetelletsa lintho, ba bonahatse seo ba leng sona. Ha ba le ’mokeng e sa beoang leihlo ba ka ’na ba khothalletsa hore ho etsoe lintho tse belaetsang.—1 Ba-Korinthe 10:6-8.
17. Ho leka-lekana ha Bokreste ho ka bontšoa joang ha ho lokisetsoa ’moka?
17 Bolebeli bo botle ’mokeng oa boithabiso bo akarelletsa ho o rera le ho o lokiselletsa. Sena ha se hloke hore ho etsoe sehlooho se ipiletsang hore e be ’moka o ikhethang kapa o tla hopoloa empa e le o tla tšoana le meketjana ea lefatše, joaloka tantši eo ho eona batho ba apereng liaparo tse tšoanang kapa meketjana eo ho eona batho ba aparang liaparo tsa ho ikhakanya. Na u ka iketsetsa setšoantšo sa Baiseraele ba tšepahalang ha ba le Naheng e Tšepisitsoeng ba rera ho etsa moketjana oo ho ’ona bohle ba neng ba tla apara joaloka bahetene ba Egepeta kapa ba naha e ’ngoe? Na ba ka rera ho etsa tantši e tsosang takatso kapa ’mino o lerata oo e ka ’nang eaba o ratoa ke bahetene? Morao Thabeng ea Sinai, ba ile ba tšoasoa ke ’mino le tantši tseo e ka ’nang eaba li ne li atile ’me li ratoa Egepeta. Re tseba kamoo Molimo le mohlanka oa hae ea hōlileng moeeng Moshe ba ileng ba talima boithabiso boo. (Exoda 32:5, 6, 17-19) Ka hona, mong’a mokete kapa molebeli oa mokete o lokela ho nahanela hore na ’mino kapa tantši li tla ba teng; ’me haeba li tla ba teng, o lokela ho tiisa hore li lumellana le melao-motheo ea Bokreste.—2 Ba-Korinthe 6:3.
18, 19. Ke temohisiso efe eo re e fumanang tabeng ea hore Jesu o ile a mengoa moketeng oa lenyalo, ’me re ka e sebelisa joang?
18 Qetellong, rea hopola hore ‘Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba menngoe moketeng oa lenyalo.’ (Johanne 2:2) Rea lumela hore, Mokreste ea itseng kapa lelapa le ka ’na la etela ba bang feela bakeng sa ho ba le nako e thabisang, e hahang. Empa ha e le tabeng ea boithabiso bo reriloeng hantle, phihlelo e bontša hore ho etsa qeto esale pele hore na ke bo-mang ba tla ba teng ho felisa mathata a mangata. Bohlokoa ba sena bo ile ba totobatsoa ke moholo ea Tennessee, U.S.A., ea hōlisitseng bara le barali ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng. Pele eena kapa mosali oa hae ba ka amohela memo, kapa ba lumella bana ba bona hore ba ee moo ba menngoeng, o ne a buisana le mong’a mokete ho tiisa hore batho ba tla ba teng ba reriloe esale pele. Lelapa la hae le ile la sireletsoa marabeng a oetseng ba bang ’mokeng o neng o bulehetse mang le mang hore a tle ho ’ona, ebang ke lijong, pikiniking, kapa boikoetlisong bo kang ho bapala bolo.
19 Jesu ha aa ka a khothalletsa hore ’mokeng ho mengoe feela beng ka motho, metsoalle ea khale, lithaka tsa hae kapa motho ea nang le boemo ba moruo bo tšoanang le ba hao. (Luka 14:12-14; bapisa le Jobo 31:16-19; Liketso 20:7-9.) Haeba u khetha ka hloko batho bao u ba memang, ho bonolo hore u kopanyelletse Bakreste ba lilemo le maemo a sa tšoaneng. (Ba-Roma 12:13; Ba-Heberu 13:2) Mohlomong ba ’maloa ba bona baa fokola moeeng kapa ho na le ba bacha ba ka ruang molemo oa botsoalle le Bakreste ba hōlileng moeeng.—Liproverbia 27:17.
Boithabiso Sebakeng sa Bona
20, 21. Ke hobane’ng ha ka ho loketseng boithabiso bo ka ba le sebaka bophelong ba rōna?
20 Ho loketse ho rōna joaloka batho ba tšabang Molimo hore re thahaselle boithabiso ba rōna ’me re amehe ka hore bo loketse le hore re leka-lekane tabeng ea nako eo re e sebelisang bakeng sa bona. (Ba-Efese 2:1-4; 5:15-20) Mongoli ea bululetsoeng oa Moeklesia o ile a ikutloa ka tsela eo: “Ka ba ka rorisa thabo, ka ho re, ha ho se ka bang molemo ho motho tlas’a letsatsi, ha e se ho ja le ho noa le ho itumela; ke seo a se sietsoeng bakeng sa mokhathala oa hae oa matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, ao Molimo o mo neileng ’ona tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 8:15) Menyaka e joalo e leka-lekaneng e ka khatholla ’mele ’me ea thusa ho tlosa mathata le matšoenyeho a atileng tsamaisong ea joale.
21 Ka mohlala, khaitseli oa pula-maliboho oa Austria o ile a ngolla motsoalle oa hae oa khale: “Re ile ra intša hamonate ka tsatsi le leng. Re ne re ka ba 50 ’me re ile ra ea letšeng le lenyenyane le haufi le Ferlach. Moena B—— o ile a re etella pele ka vene ea hae, a nkile lipitsa tse tharo, litulo tse menoang, litafole esita le tafole ea table-tennis. Re ile ra thaba haholo. Khaitseli e mong o ne a nkile korostina, e leng hore ho ile ha binoa lipina tse ngata tsa ’Muso. Baena ba bacha le ba baholo, ba ile ba thabela botsoalle.” Khaitseli enoa o ne a hopola boithabiso bo hlokometsoeng hantle bo neng bo lokolohile marabeng a kang ho noa ho tlōlisa kapa boitšoaro bo hlephileng.—Jakobo 3:17, 18.
22. Ha re ntse re thabela boithabiso, ke temoso efe eo e mong le e mong oa rōna a lokelang ho nahana ka eona?
22 Pauluse o ile a re khothalletsa hore re se ke ra inehela litakatsong tsa nama e sa phethahalang, esita le hore re se ke ra etsa litokisetso tse tla re pepesetsa liteko. (Ba-Roma 13:11-14) Tsena li akaretsa litokisetso tsa boithabiso. Ha re sebelisa keletso ea hae litokisetsong tse joalo, re tla khona ho qoba maemo a entseng hore ba bang ba shoe moeeng. (Luka 21:34-36; 1 Timothea 1:19) Ho e-na le hoo, ka bohlale re tla khetha boithabiso bo hahang bo tla re thusa ho boloka kamano ea rōna le Molimo. Ka hona re tla rua molemo boithabisong bo ka nkoang e le e ’ngoe ea limpho tse ntle tsa Molimo.—Moeklesia 5:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa oa April 15, 1984, o na le keletso e leka-lekaneng mabapi le manyalo le mekete ea manyalo. Ba rerileng ho nyalana, hammoho le ba bang ba tla ba thusa, ba ka rua molemo ka ho hlahloba boitsebiso bona pele ba etsa litokisetso tsa lenyalo.
Re Ithutile Eng?
◻ Ke pono efe e leka-lekaneng eo re e fumanang ka Bibeleng mabapi le ho thabela boithabiso?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela taba ea nako le boleng ba boithabiso?
◻ Mong’a mokete eo e leng Mokreste a ka etsa lintho life ho itebela khahlanong le maraba?
◻ Haeba bo loketse ’me bo bontša ho leka-lekana, boithabiso bo ka finyella eng bakeng sa Bakreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mong’a mokete kapa motsamaisi oa ’moka oa ikarabella bakeng sa ho bona hore baeti ha ba tšoasoe ke leraba