Ho Paka Maputo—Motse-moholo o Hlollang oa Mozambique!
Ka 1991, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ngolisoa ka molao Mozambique. Ho tloha ka nako eo boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo bo ’nile ba tsoela pele ka tsela e tsotehang naheng ena e chesang haholo e leng lebopong la leoatle la Afrika le ka boroa-bochabela. Se latelang ke tlaleho ea kamoo Lipaki tsa Jehova li ntšetsang pele mosebetsi oa tsona oa ho ruta Bibele Mozambique, haholo-holo ho pholletsa le Maputo, motse-moholo oa eona.
KAHA boemo ba eona ba leholimo bo laoloa ke Leoatle la Indian le futhumetseng, Mozambique e futhumetse. Libaka tse ntle haholo tseo ho sesetsoang ho tsona leoatleng tse pota-potiloeng ke lifate tsa palema le mepopotlo ea mahoholi a leoatle li ngata pel’a lebopo la leoatle. Kou ea leoatle e khōlō e nang le metsi a sirelelitsoeng e ka boroa ho naha ena—e leng sebaka se loketseng motse-moholo, Maputo.
Leha ho le joalo, botle le khutso tse leng sebakeng sena li ronoa ke pefo e bileng teng historing ea sona. Se ’nile sa ba le mathata tlas’a khatello ea melata ka lilemo tse makholo, pele e bile Maarab ’me ha latela Mapotoketsi. Mapotoketsi a ile a khothalletsoa ke Kereke e K’hatholike hore a nke naha ena ka likhoka molemong oa ho iphumanela matlotlo—masapo a manaka a litlou, khauta, le makhoba. Qetellong, ka mor’a makholo a itseng a lilemo tsa khatello ea bokolone, ho ile ha tsoha ntoa e mabifi ea lehae e ileng ea fella ka boipuso ka 1975. Ka bomalimabe, phetoho ena ha ea ka ea etsa hore bophelo ebe bo sireletsehileng haholoanyane, kaha naha ena e ile ea ferekanngoa ke ntoa ea lehae, e ileng ea bakela batho mahlomola, haholo-holo batho ba mahaeng ba se nang molato.
Maputo, Motse-moholo
Lilemong tse leshome tse fetileng, batho ba Mozambique ba likete ba ile ba balehela litoropong le metseng e meholo moo ho batlang ho sireletsehile. Sena se bonahala haholo-holo Maputo, moo ho nang le motsoako oa mehaho ea Mapotoketsi le ea Maafrika e mebala-bala e entseng hore tikoloho ea motse ona e be e hlasimollang. Kajeno ha u tsamaea ka morero oa ho ikhatholla ho pholletsa le litsela tsa Maputo tse batsi, tse nang le lifate ka thōko, ntho ea pele eo u tla e hlokomela ke matšoele a batho ba potlaketseng mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. Empa ho na le phapang. Rodrigo, eo e leng moromuoa Maputo oa hlokomela: “Ho sa tsotellehe ho subuhlellana ha bona le mathata a bophelo ba letsatsi le letsatsi, batho bana ba ikemiselitse ho ba le botsoalle. Ke ka seoelo u fumanang batho ba nang le mekhoa e mebe!” E, batho ba Mozambique ba tumme ka ho ba le lerato le botsoalle.
Ho hlakile hore joaloka libakeng tse ngata tsa Afrika, sebaka seo ka tloaelo u ka kopanang le batho ho sona ke ’marakeng oa sebaka sena. Ho ea moo u ka palama Chapa 100, lebitso leo literaka tse sebelisoang bakeng sa mokhoa oa sechaba oa ho tsamaea li bitsoang ka lona sebakeng sena. Ka tloaelo ho bonahala batho ba bangata ba palama maphakong a teraka ho feta ba leng ka hare. Mohlomong ho molemo haholoanyane ho tsamaea ka maoto.
Batho ba Mozambique ke bahoebi ba leqophe. Ha ho pelaelo hore moeti ea etelang Maputo o tla hlokomela batho ba bangata ba itšebetsang ka ho hloma maphephe ka thōko ho ’mila le likoung tsa literata. Na u ka thabela ho reka litholoana, meroho, meriana ea litlama, kapa linōko tse ncha? Ho na le tse lekaneng bakeng sa e mong le e mong. Ho thoe’ng ka khoho e phelang, li-cashew nut, kapa mahlaka ao u ka hahang ntlo ea hao ka ’ona? Ha ho ntho e tšoenyang hakaalo, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoa ka moea oa botsoalle. Litšebeletso tse kang ho hlakoloa ha lieta kapa ho hlatsuoa ha koloi ea hao le tsona lia fumaneha. Moshemane e monyenyane a ka ba a phuthela lintho tsa hao tsa bohlokoa ka ho sebelisa tšepe e chesang le polasetiki.
Ha e le hantle, hase likhoebo tsohle tsa seterateng tse lumelletsoeng ka molao. Leha ho le joalo li ntse li etsuoa. Bahoebi ba tsamaeang ba sa lumelloang ka molao ba bitsoa dumba nenge, e bolelang “tšepa maoto a hao.” Sena ke ’nete hobane ha balaoli ba tlil’o hlahloba, ho hlokahala hore ba khone ho matha ka potlako e le hore ba ka pholosa khoebo ea bona e sa tsitsang.
Ka baka la monko oo re o utloang, re hlokomela hore re tlameha ebe re atamela haufi le ’maraka oa litlhapi! Letsatsi ka leng mantsiboea a maholo, pel’a libaka tseo ho sesetsoang ho tsona leoatleng tsa Costa do Sol, batho ba phethesela ka thōko ho likepe tsa ho tšoasa litlhapi ha li ntse li tlisa litlhapi tse tšoasitsoeng letsatsing leo. Ho ekelletsa ho litlhapi tsa libōpeho tsohle le boholo, ho na le makhala, li-lobster, ’me ho hlakile hore le li-prawn tse tummeng tsa Mozambique. Leha ho le joalo, u ka thahasella mofuta o mong oa ho tšoasa o tsoelang pele Maputo le ka thōko ho eona.
“Batšoasi ba Batho”
Haesale li ngolisoa ka molao Mozambique, Lipaki tsa Jehova li fumane karabelo e ntle e tsoang ho sechaba. Monna e mong o ile a bontša kananelo ea hae ha a re: “London ke ile ka bona ba bangata ba lōna literateng. Ha e le hantle, kae le kae moo ke bileng teng, ke ’nile ka bona Lipaki tsa Jehova. Hona joale ke ikutloa hamolemo ha ke le bona mona hape.”
Haeba ho amoheloa ha Libibele le lingoliloeng tsa Bibele ka Sepotoketsi le Setsonga, e leng lipuo tsa sebaka seo, ke pontšo leha e le efe, joale ka sebele batho bana ba sekametse bolumeling. Paula, moromuoa e mong, o tlaleha hore ka karolelano ho ka etsahala hore mohoeletsi a le mong a tsamaise limakasine tse ka holimo ho 50 hoseng ha Moqebelo mabenkeleng, kapa ’marakeng o bohareng. Buka Lipotso Bacha baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e ipaka e le e ratoang haholo. Bacha ba bangata ba lahlehile ka baka la ntoa kapa ke likhutsana, ’me ba bonahala ba ananela metheo le tataiso tseo buka ena e fanang ka tsona.
Ka mokhoa oa sebele oa Seafrika o lokolohileng, lihlopha tse khōlō tsa batho ba thahasellang li bokana haufi le baromuoa ho utloa seo ba se buang. Lipōkano tse joalo tse bang teng ka thōko ho ’mila hangata li fetoha lipuisano tse matla tsa Mangolo. Khaitseli e mong o hopola phihlelo e thabisang.
“Ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke paka seterateng, ke ile ka tšoha ha koloi ea masole e ema pel’a ka e entse lerata le leholo. Lesole le leng la mocha le ile la hoeletsa batho ba bang ba neng ba shebelletse: ‘Hei, uena, bolella mosali eo hore a tle mona.’ Ha ke ea ho lona, lesole lena le ile la bososela hamonate la re: ‘Le batho ba molemo. Re thabela ho le bona mona. Ke lumela hore u na le buka e buang ka bacha. Nka rata ho e fumana le ’na.’ Ke ile ka le bolella hore ha ke na eona, empa ka le tiisetsa hore hang ha e fihlile ke tla e isa habo lona.”
Ho Fepela Ntlo ea Polokelo ka Lingoliloeng
Ho khahlametsa tlhoko e ntseng e hōla ea lingoliloeng, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea Afrika Boroa e isa lingoliloeng ntlong ea polokelo ea libuka e Maputo ka libeke tse ling le tse ling tse peli. Manuel, eo e leng moromuoa, o hlokomela polokelo ena ea libuka ’me o ikarabella bakeng sa ho hlophisa kabo ea lingoliloeng.
Hoseng ho hong monna ea lilemo li bohareng o ile a kena a tsamaea a iketlile ’me a botsa hore na sebaka sena se sebelisetsoa morero ofe. Manuel o ile a ’molella hore ke sebaka sa polokelo ea lingoliloeng tsa Bibele. Monna enoa o ile a tsoa, empa a khutla ka mor’a nako e khutšoanyane.
O ile a botsa: “U itse tsena ke libuka tsa Bibele, ha ho joalo?”
Manuel o ile a arabela: “E, ho joalo.”
Monna enoa o ile a botsa: “Ke tsa mokhatlo ofe?”
Manuel o ile a arabela: “Lipaki tsa Jehova,” a phaella: “Re fepela liphutheho tsa rōna tse leng sebakeng sena ka lingoliloeng tsena.”
Sefahleho sa monna enoa se ile sa ela: “Ah, Lipaki tsa Jehova! Ho na le lintho tse ngata tseo ke li ratang ka lōna. Empa ka nako e tšoanang, ho na le seo ke sa se rateng ka lōna.”
Manuel o ile a botsa ka bohlale: “Ke’ng seo u se ratang ka rōna?”
Monna enoa o ile a hlalosa: “Ke rata libuka tse thahasellisang le tse rutang tseo le li hatisang. Seo ke sa se rateng ke hore le ka mohla nke ke ka khona ho fumana tse lekaneng. Ha u tsebe hore re na le takatso e matla hakae ea ho fumana lingoliloeng tse kang tsena tsa lōna mona Maputo.” Eaba o ntša lethathamo le ngotsoeng la libuka tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower, ho akarelletsa le litokollo tse ngata tsa nako e fetileng tseo a sa kang a li fumana tsa makasine oa Molula-Qhooa le Tsoha!
O ile a re ho Manuel: “Ke tšoara lethathamo lena hohle moo ke eang teng. Neng le neng ha ke kopana le Lipaki tsa Jehova, ke leka ho fumana litokollo leha e le life tseo ba nang le tsona. Haeba u ka nthusa hore ke fumane tse ngotsoeng lethathamong lena la ka, ke ikemiselitse ho lefa theko e phahameng.”
Ho ile ha latela puisano. Manuel o ile a ithuta hore monna enoa o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ka lekhetlo la pele lilemong tsa bo-1950 ha a ne a bala buka Creation. Empa kaha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe tlas’a puso ea Mapotoketsi o ile a etsa tsoelo-pele e nyenyane.
Ha a etela monna enoa ofising ea hae ka lekhetlo le latelang, Manuel o ile a hlokomela hore libuka tsohle tsa Watch Tower tseo a neng a na le tsona li ne li phuthetsoe ka polasetiki li bile li hlophisitsoe ka makhethe. Manuel o ile a khona ho fana ka libuka tseo monna enoa a neng a li hloka bakeng sa ho tlatselletsa pokello ea hae a ba a etsa tokisetso ea ho khannela monna enoa le lelapa la hae thuto ea Bibele.
Ho hloma hona ha moea le ho nosetsa ho qala ho beha litholoana tse ngata ha Molimo o ntse o li ‘melisa.’ Ho na le lipontšo tse matla tsa hore kotulo ea batho ba pelo li lokileng e tla beha litholoana tse ngata haholo Mozambique!—1 Ba-Korinthe 3:6; Johanne 4:36.
Tsoelo-pele ea Mosebetsi oa Puso ea Molimo Ho sa Tsotellehe Litšitiso
Kajeno, ho na le liphutheho tse ka holimo ho 50 motseng oa Maputo le libakeng tse ka thōko ho oona. Leha ho le joalo, ha ho na Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova le e ’ngoe teng. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ka baka la boemo bo bobe ba moruo, liphutheho ha li khone ho haha le hoja tse ling li bile le litša ka lilemo tse ’maloa.a
Leha ho le joalo, litšitiso tse joalo ha li thibele tsoelo-pele. Hona joale karolong e ka boroa ea Mozambique ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho 5 000. Ka baka la palo e khōlō ea batho ba batlang ho khanneloa lithuto tsa Bibele ho hlokahala hore ba beheloe litekanyetso tse itseng tseo ba lokelang ho li finyella. Haeba motho a batla thuto, hangata ho lebelletsoe hore a kopanele libokeng tsohle tsa phutheho.
Haufinyane phutheho e ’ngoe e leng sebakeng sa mek’huk’hu e bile le batho ba 189 ba tlileng libokeng tsa Sontaha le hoja e na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 71 feela. Sehlopha sena se seholo se kopanela lebaleng la ntlo le bulehileng. Sebaka sena se sirelelitsoe ka lekhoakhoa la makapa le lehlaka. Pele seboka se seng le se seng se kena, lebala lena lea fieloa, ’me karolo e khōlō ea bamameli, ho akarelletsa le batho ba baholo ba bangata, ba lula holim’a meseme e aliloeng fatše. Ba mamela lenaneo ka hloko! Kaha batho ba bangata ba bacha ha ba na likopi tsa Molula-Qhooa e le hore ba ka latela thuto ena, ba ithuta ho mamela ka hloko ha ho baloa lirapa, ’me matsoho a mangata aa phahama bakeng sa ho fana ka karabelo potsong eo mokhanni oa thuto a e botsang.
Phutheho e ’ngoe ea bahoeletsi ba 59 e na le batho ba 140 ba bang teng libokeng ka mehla. Ba atisa ho kopanela sebakeng se bulehileng. Empa ha pula e na, phutheho e ipeteletsa ka liphaposing tse peli tsa ntlo e nyenyane e hiriloeng. Bamameli ba tlala hoo ba tlalang lipasecheng, ka kichineng, le foranteng. Hape, motho a ka hlokomela kananelo le ho mamela ka hloko ha e mong le e mong, ho akarelletsa le bacha ba mametseng ka thahasello.
Monyetla oa khōlo e tla ba teng Mozambique o bonahala haholo likopanong ho feta sebakeng leha e le sefe. Haufinyane kopano ea potoloho e ile ea tšoareloa lebaleng la khale leo lipoho li loanelang ho lona bohareng ba motse. Na u ka nahana hore bahoeletsi ba 3 000 ba ile ba makala hakaakang ha batho ba 10 000 ba e-ba teng lenaneong?
“Kotulo e Kholo”
Liphihlelo tse kang tsena li bontša ka ho hlaka hore ho sa ntse ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa Mozambique. Liphutheho tse ling li sa tsoa ba le ketelo ea tsona ea pele ea molebeli ea tsamaeang ea rometsoeng ke ofisi ea lekala. Li fumana thuso eo li e hlokang ka matla bakeng sa ho li thusa hore li sebelise mekhoa e loketseng ea tlhophiso ka liphuthehong.
Liphutheho li boetse li ananela haholo ho fihla ha baromuoa ba Gilead. Francisco, eo e leng moholo Maputo, oa hlokomela: “Ona ke mohato o moholo o tsoelang pele bakeng sa rōna. Re ne re na le cheseho. Re ne re na le lerato. Ho ntse ho le joalo, re ne re se na boitsebiso ba morao-rao mabapi le litaba tse ngata tsa tlhophiso. Seo re hlileng re se hlokang ke motho ea nang le phihlelo, ea ka re rutang kamoo lintho li lokelang ho etsoa ka teng. Hona joale, re thabile haholo hore ebe re na le baromuoa.”
Baromuoa bana ba thabetse ho sebeletsa baena ba bona. Hans, eo haufinyane a ileng a fuoa kabelo Mozambique ka mor’a ho sebeletsa Brazil ka lilemo tse 20, o akaretsa taba ena ka tsela ena: “Ho sebetsa tšimong ea Mozambique ke tokelo e khōlō! Re hlokomela hore re lintšing tsa keketseho e khōlō mona. Ho na le mosebetsi o mongata haholo o lokelang ho etsoa. Re ka sebelisa baromuoa ba bang ba 10 kapa ba 20 Maputo feela.”
Keketseho ea mosebetsi oa puso ea Molimo e tsoelang pele hona joale Mozambique e re hopotsa mantsoe a Jesu a bontšang ho potlaka: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae. Rapelang ke hona Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mattheu 9:37, 38) Ho na le mabaka a matla a ho lumela hore Jehova o tla arabela kōpo eo e potlakileng molemong oa bahlanka ba hae ba Mozambique.
Lipaki tsa Jehova tse likete li qetile lilemo tse 12 kapa ho feta li le litlamong ka leboea-bophirimela ho Mozambique. Ha ba khutlela Maputo haufinyane, ba bang ba bona ba ne ba na le sekoto sa lesela seo ba tlamang matheka a bona ka sona feela linthong tse bonahalang. Ntho eo ba neng ba na le eona ka bongata ke tumelo! Menehelo ea boithatelo ea lijo le liaparo e tsoang ho Lipaki tse ling tsa libaka tse haufi e ile ea ba thusa hore ba qalise bophelo bocha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba monna a le lehlohonolo la ho fumana mosebetsi mona, ka karolelano motho a le mong o amohela ho tloha ho liranta tse 55 ho isa ho tse 85 ka khoeli.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Liphutheho li thabela ho ba le batho ba bangata ba kopanelang mosebetsing oa Bokreste oa ho paka ka Moqebelo hoseng
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Bona Jaimito ea lilemo li 5. O hlahetse kampong ea litlamo. Kajeno, batsoali ba Jaimito ba thabetse ho khutlela Maputo. Beke ka ’ngoe Francisco, ntate oa Jaimito, o bokella lelapa hammoho bakeng sa thuto ea Bibele. Batsoali bana ka bobeli ba sebelisa nako e ngata bakeng sa ho koetlisa bana ba bona hore e be matichere a atlehang tšebeletsong ea tšimo. Jaimito o thabela ho aba lingoliloeng ’marakeng o bohareng
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Taba ea hore ebe liphutheho ha li na Liholo tsa ’Muso ha e thibele tsoelo-pele ea tsona. Maemong a mangata, batho ba ka holimo ho palo e imenneng habeli ea bahoeletsi ba ba teng libokeng