Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/1 maq. 23-26
  • Bonang Seo Jehova a re Etselitseng Sona!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bonang Seo Jehova a re Etselitseng Sona!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Tokoloho e Khōloanyane Afrika Bophirimela le Bohareng
  • Ho Ngolisoa ka Molao Afrika e ka Boroa
  • Bacha ba Kopanela Mosebetsing oa ho Paka
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/1 maq. 23-26

Bonang Seo Jehova a re Etselitseng Sona!

MONNA e mong o itse: “Re ne re atisa ho rapella ketsahalo e joalo.” E mong o ne a tsoha ka hora ea bonè hoseng ho hong le ho hong a rapela. A rapella eng? O itse: “Ho rapela hore ka letsatsi le leng re ka ba le tokoloho ea ho rapela Jehova phatlalatsa.” Ka January 1992, ha Lipaki tsa Jehova tsa Ethiopia li kopana Addis Ababa bakeng sa Kopano ea tsona ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho,” ho ne ho hlakile hore lithapelo tsena tse bontšang boikokobetso, tse etsoang ka tieo li arabetsoe.

Kopano eo ea Ethiopia e bile pontšo ea kamoo lintho li fetohang ka teng Afrika. Lilemong tsa morao tjena batho ba Jehova ba linaheng tse 13 ba thabetse ho ba le tokoloho eo ba e neiloeng ka molao linaheng tseo ho tsona pele ba neng ba thibetsoe kapa ba sa lumelloa ka molao hore ba ka tsoela pele ka tšebeletso ea bona. Ethiopia, thibelo ea molao e ileng ea nka lilemo tse 34 e ile ea tlosoa ka November 11, 1991, ha bahlanka ba ’muso ba fana ka tumello ’me li boela li ngolisoa ka molao. Hang-hang, Lipaki li ile tsa etsa litokisetso tsa ho tšoara kopano ea machaba. Leha ho le joalo, ho bona letšoele la batho ba 7 573 le bokane Lebaleng la Lipapali la Motse oa Addis Ababa ho ne ho phahametse monahano ka tsela e thabisang ka ho fetisisa ho e mong le e mong. Ba bangata ba neng ba le teng ba ne ba nahana hore baa lora. Ba ne ba bolellana khafetsa: “Moena, bona seo Jehova Molimo oa rōna a re etselitseng sona!”—Bapisa le Pesaleme ea 66:1-5; 126:1.

Ho ba ha bona tlas’a thibelo ka lilemo tse 34 ho ile ha baka mathata a sa lebelloang. Ba bangata ba ne ba sa tloaelana le lipina tsa ’Muso tse monate. Ke joang ba neng ba ka ithuta ho li bina pele ho kopano? Lipina tse 40, ho akarelletsa le tse 17 tse leng lenaneong la kopano, li ile tsa fetoleloa puong ea Seamharike. Eaba ho lokisetsoa sehlopha sa libini ho rekota lipina tsena k’haseteng. Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea motse-moholo e ile ea fumana kopi ea theipi ena, ’me phutheho eohle e ne e nka metsotso e 30 pele le ka mor’a liboka ho ikoetlisetsa ho bina lipina tsena. Phello e bile efe? Lebala la lipapali le ile la hoasa ka ’mino o tlohang botebong ba pelo le o thabisang nakong ea kopano.

Ka baka la litšitiso tse leng karolong e ka bochabela ea naha ena, tsela e eang motse-moholo e tsoang Diredawa le Harar e ne e koetsoe. Mokhoa feela oa ho tsamaea ho tloha sebakeng seo e ne e le ka sefofane. Ka baka la ho se be le chelete ea ho lefella leeto la sefofane, empa ba ikemiselitse ho ba teng kopanong, baena ba robeli ba Harar ba ile ba ea setsing sa sesole ’me ba kōpa ho tsamaea ka sefofane sa sesole. Ba ile ba makala ha kōpo ea bona e amoheloa. Ba ile ba lumelloa ho palama mahala ho ea kopanong!

Ho bona lithapelo tsa bona li arabeloa ho ile ha tlisetsa baena bana ba Ethiopia thabo, bao ka lilemo tse mashome a mararo tse fetileng ba ileng ba mamella mathata le mahloriso ’me ba bile ba bona le metsoalle ea bona e ahloleloa lefu ka baka la tumelo ea bona. Moemeli e mong ea etileng o itse: “Ke ile ka lla ho tloha ha kopano e qala.” E mong a re: “Haeba u ne u na le matla a ho bala lipelo, u ne u ka bona hore na ke thabile hakaakang.” E, Jehova o etselitse Lipaki tsena tse tšepahalang ntho e babatsehang hakaakang!—Pesaleme ea 66:16, 19.

Tokoloho e Khōloanyane Afrika Bophirimela le Bohareng

Benin ke e ’ngoe ea linaha tseo mosebetsi oa batho ba Jehova o ileng oa lumelloa ka molao haufinyane. Lipaki li ikutloa joang ka see? Sebui se seng pokanong ea Bakreste e neng e le sebakeng sena se ile sa hlokomela: “Tokoloho ea borapeli naheng ena ka sebele ke mpho e tsoang ho Jehova.” E, basebeletsi ba Jehova ba leng sebakeng sena ba leboha ka ho teba hore ebe hona joale ba ka thabela tokoloho e se nang lithibelo ea ho kopana ’moho borapeling le ho buisana le baahelani ba bona ka ’Muso oa Jehova—tokoloho eo ba bangata hakaana har’a rōna ba e nkang habobebe.

Ba tla bontša thabo ea bona joang? Sebui seo litaba tsa sona li qotsitsoeng ka holimo se ile sa bontša tsela e ’ngoe ha se re: “Ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho bolela—haholo-holo ho ea ha rōna ka ntlo le ntlo re bolela litaba tse molemo—ho bontša kananelo ea rōna ea tokoloho ena.” Ruri sena se ile sa etsahala Benin. Ho tiisa sena, ak’u shebe lenane la bo-pula-maliboho. Ka January 1990, khoeli eo thibelo ea lilemo tse 14 e neng e tlosoa, bahoeletsi ba 77 ba ne ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ea ka mehla. Lilemo tse peli hamorao lenane lena le ne le imenne ho feta hararo, le nyolohetse ho 244!

Sena ha se bolele hore Lipaki tsa Benin li ne li se mafolo-folo pele thibelo ena e tlosoa. Ha e le hantle, mamello ea tsona e bile le phello e khōlō ho ofisiri e ’ngoe ea sesole e neng e abetsoe ho sebetsa kampong eo li neng li isoa ho eona ha li tšoaroa. Kaha boikemisetso ba tsona ba ho sebeletsa Jehova bo ne bo etsa hore li tšoaroe khafetsa, o ile a iphumana a kopana le tsona ka mehla. Empa sena se ne se mo hopotsa lipuisano tse thabisang tsa Bibele tseo a bileng le tsona le tsona matsatsing a pele ha li ne li lokolohile ka molao.

Qetellong, tumelo ea tsona e matla e ile ea mo tsosetsa boikutlo ba ho lapa moeeng. O ile a etela likereke tse ngata le lihlotšoana tsa bolumeli empa le ka mohla tsa se ke tsa felisa tlala eo. Ke feela ka mor’a hore thibelo e tlosoe ka January 1990 moo a ileng a khona ho buisana le Lipaki ka Bibele a lokolohile le ho fumana karabelo ea tlhoko ea hae ea moea. Hona joale o kolobelitsoe ’me o sebetsa joaloka pula-maliboho. Ka mantsoe a mang, phetoho eo a e entseng e hopotsa baena ba Benin ka se ileng sa etsahala ho Saule oa Tarese: “Ea neng a re hlorisa pele, joale o bolela tumelo.”—Ba-Galata 1:23.

Ka December 1991, Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela, ea Niger, li ne li ngolisitsoe e le mokhatlo o lumelletsoeng ka molao, ’me lithibelo tse neng li entsoe mosebetsing oa tsona li ile tsa tlosoa. Le mona ho bile le karabelo e tlisang thabo. Lekala la Nigeria, le neng le hlokomela Niger, le tlaleha karabelo ena kopanong e ’ngoe: “Ka mor’a puo ea sehlooho ea kopano ea Maradi ka Labohlano, baena ba ile ba tsebisoa hore hona joale re amoheloa ka molao Niger. Ba ne ba thabile haholo ’me ba opa liatla ka metsotso e mengata. Qetellong ea lenaneo, baena ba ile ba bontša boikutlo ba bona, ba kopana ka matsoho ’me ba thabela litaba tseo tse molemo.” Re ka inahanela hore na ho ne ho le joang, ’me re thaba le bona.

Baena moo ba tla sebelisa tokoloho ea bona e ncha joang? Khaitseli e mong oa pula-maliboho oa Niger ha a na pelaelo ea hore na karabelo ea potso ena ke efe. Oa ngola: “Linnete li bontša hore tšimong ea rōna ea Niger, ba tlang ho tsoa ho Babylona e Moholo pele bofelo bo tla ba bangata. Bopaki ba sena ke hore ke ’nile ka khona ho tlaleha maeto a ho boela a tlohang ho 80 ho ea ho a 85 khoeli le khoeli ka ba ka khanna lithuto tsa Bibele tse 13 kapa 14, ho sa baloe hore ke file bahoeletsi ba bang lithuto tsa ka tse ngata.” Khaitseli enoa ea tšepahalang oa phaella: “Ka baka la ho kula, ha ke khone ho etsa tšebeletso ea tšimo e lekanang le eo ke neng nka rata ho e etsa, empa e mong le e mong o etsa seo a khonang ho se etsa.”

Esita le Rwanda Afrika Bohareng, boemo ba Lipaki tsa Jehova bo fetohile haholo. Ka April 1992 ho ile ha fanoa ka tokomane e tsebisang hore qetellong ba ngolisitsoe e le mokhatlo ka molao. Tokomane ena e ile ea amoheloa bekeng ea Sehopotso, ’me bahoeletsi ba 1 526 ba Rwanda ba ne ba thabetse ho bona batho ba 6 228 ba le teng ketsahalong eo. Na baena bana ba ratehang ba tla bontša thabo ea bona le kananelo ka ho eketsa tšebeletso ea bona ea ho bolela litaba tse molemo? Ha ho tika-tiko hore ba tla etsa joalo! Khoeling eona eo ea April, ka karolelano bahoeletsi ba phutheho ba ile ba sebetsa lihora tse 27,7 tšebeletsong ea tšimo le maeto a ho boela a 17, ba khanna lithuto tsa Bibele tse 2,4. ’Me hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea bona e ne e le mofuteng o itseng oa tšebeletso ea nako e tletseng.

Ho Ngolisoa ka Molao Afrika e ka Boroa

Tlaase Afrika e ka boroa, linaha tse peli tse ntle, Mozambique le Angola li fumane tokoloho e ncha. Mozambique e ile ea ngolisoa ka molao ka February 1991. Ha boemo bo ntse bo ntlafala sebakeng seo, Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea romela baromuoa naheng ena eo ntoa ea lehae e neng e e entse lesupi. Baromuoa ba fumana mobu o nonneng. Lingoliloeng tsa Bibele—haholo-holo buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang—e batluoa haholo. Moromuoa e mong o tlaleha hore o ile a tsamaisa libuka tse 50 ka nako e ka tlaase ho lihora tse peli le halofo.

Batho ba thahasellang ba arabela kapele. Moromuoa e mong o ile a etela atereseng e ’ngoe e neng e filoe Mokhatlo, ’me e ne e le ha lesole. Puisano e molemo e ile ea etsoa le monna enoa le beng ka eena ba babeli. Leetong la ho boela, puisano e ’ngoe e molemo e ile ea ntšetsoa pele le monna enoa le ba bang ba bahlano. Eaba ba amohela memo ea ho ba teng puong ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa—tsena tsohle li etsahetse ka mor’a matsatsi a mane.

Angola Lipaki li thabetse tokoloho e ntseng e eketseha e ileng ea fella ka hore mosebetsi oa tsona o ngolisoe ka molao ka April 1992. Ba sebelisa tokoloho ea bona e eketsehileng joang? Ba kopanela tšebeletsong ea tšimo! Ho na le bahoeletsi ba ka bang 17 000 Angola, ’me bahoeletsi bao ba khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang 60 000. Ho na le tebello e thabisang hakaakang ea keketseho ea nako e tlang!

Bacha ba Kopanela Mosebetsing oa ho Paka

Linaheng tsena tseo mosebetsi oa ho bolela o sa tsoa lumelloa ka molao, esita le bacha le batho ba sa kolobetsoang ba bontša kananelo ea bona ka ho ba mafolo-folo tšebeletsong. Riphabliking ea Cape Verde, moo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa ngolisoa ka molao ka November 1990, kopanong e ’ngoe ngoanana ea lilemo li 17 o ile a ema e le hore a ka etsa pontšo ea phatlalatsa ea tumelo. Ka mor’a kolobetso, moeti e mong o ile a bona sehlopha se mo pota-potile. A ea ho eena ho mo babatsa ’me a botsa hore na sehlopha sena ke sa bo-mang. A arabela: “Ke lithuto tsa ka tsa Bibele.” O ne a khanna lithuto tse supileng, ’me li ne li eme moo ho mo babatsa ha a kolobetsoa. O ne a se a ntse a entse kōpo ea ho sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang ’me a lebelletse hore qetellong o tla tšoanelehela ho ba pula-maliboho oa ka mehla.

Ngoanana ea lilemo li leshome oa Angola o ile a botsoa hore na ke mohoeletsi. O ile a araba: “E.” Na o ne a khanna lithuto tsa Bibele? Ngoanana enoa ea lilemo li leshome a araba: “E.” Tse kae? “Tse supileng.”

Bukeng ea Liketso re bala ka taba e bontšang hore ka nako e ’ngoe lekholong la pele la lilemo, ‘liphutheho li ne li lutse ka khotso kahohle Judea, le Galilea, le Samaria; li ne li hahisoa, li tsamaea ka tšabo ea Morena; ’me li ne li anafala ka tšeliso ea moea o halalelang.’ (Liketso 9:31, bapisa NW) Re rapella seo bakeng sa baena ba rōna ba Afrika, ena le eona e tla fetoha nako ea khotso. Re thaba le bona ha ba ntse ba hahuoa ’me re rapela hore e se eka moea oa Jehova o ka ba ho bona ha ba ntse ba sebelisa hamolemo monyetla oa tokoloho ea bona ea ho hasa litaba tse molemo le ho tsoela pele ho ata.

[’Mapa o leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Linaheng Tseo ho Tsona Lipaki tsa Jehova li Ileng tsa Ngolisoa ka Molao Kapa Tseo ho Tsona Lithibelo Tseo li Neng li li Etselitsoe li Ileng tsa Tlosoa

1. The Gambia, December 1989

2. Benin, January 1990

3. Riphabliki ea Cape Verde, November 1990

4. Mozambique, February 1991

5. Ghana, November 1991

6. Ethiopia, November 1991

7. Congo, November 1991

8. Niger, December 1991

9. Togo, December 1991

10. Chad, January 1992

11. Kenya, March 1992

12. Angola, April 1992

13. Rwanda, April 1992

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Benin mohoeletsi oa ’Muso o bolela mantsoe a ho Mattheu 24:14 terompeteng eo a buelang ho eona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Linaheng tse ngata tsa Afrika, Bakreste ba ’nete ba sebelisa tokoloho ea bona e ncha hamolemo

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lipaki tse ncha li tšoantšetsa boinehelo ba tsona ho Jehova ka kolobetso ea metsing

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela