Bophelo bo Enneng, bo Putsang Tšebeletsong ea Jehova
JOALOKAHA HO BOLETSE LEO KALLIO
E ne e le selemong sa 1914, ’me letsatsi le letle la lehlabula le ne le likela motseng oa rōna oa Turku, motse o moholo oa Finland. Ka tšohanyetso, khutso e ile ea senngoa ke litaba tsa hore ho qhomme ntoa e khōlō. Ka nako le motsotso literata li ile tsa tlala batho ba neng ba batla ho tseba se boleloang ke liketsahalo tsena. Lifahleho tse sosobantsoeng tsa batho ba baholo li ile tsa etsa hore rōna bana re ipotse hore na ho tla etsahala eng. Ke ne ke le lilemo li robong, ’me ke hopola hore papali e tletseng khotso ea bana e ile ea fetoha lipapali tsa ntoa.
LE HOJA Finland e sa ka ea kopanela Ntoeng ea I ea Lefatše (1914-18), naha ena e ile ea ripitloa ke ntoa ea lehae ka 1918. Batho ba amanang le bao pele e neng e le metsoalle ba ile ba loantšana ka lebaka la lipono tse sa tšoaneng tsa lipolotiki. Lelapa leso la batho ba supileng le ile la latsoa lehloeo lena. Ntate, ea neng a toba taba ha a bolela maikutlo a hae, o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse supileng teronkong. Hamorao o ile a lokolloa, empa ka nako eo bophelo ba hae bo ne bo senyehile.
Lelapa leso le ile la utloisoa bohloko ke tlala le boloetse nakong ena ea tšabo e khōlō. Likhaitseli tsa ka tse nyenyane tse tharo li ile tsa shoa. Moholoane oa ntate, ea neng a lula motseng o moholo oa Tampere, o ile a utloa ka tsieleho ea rōna eaba o mema ntate le ’mè le rōna bana ba babeli ba setseng hore re lule le eena.
Lilemo hamorao, ha re ntse re lula Tampere, ke ile ka kopana le ngoanana e motle ea bitsoang Sylvi. O ne a e-na le semelo se tšoanang le sa ka. Ntate oa hae o ile a bolaoa ntoeng ea lehae, ’me hamorao motsoalle ea haufi oa lelapa labo, Kaarlo (Kalle) Vesanto oa toropong ea Pori, o ile a lula le eena, morali’abo e moholo, le ’mè oa hae. O ile a etsa litokisetso tsa hore ’mè oa Sylvi a fumane mosebetsi le hore banana ba kene sekolo. Hamorao Sylvi o ile a fallela Tampere ho ea batla mosebetsi, e leng hona moo re kopaneng teng.
Phirimana e Ileng ea Fetola Bophelo ba Ka
Ka 1928, ke ile ka lebeletsa Sylvi, ’me ka letsatsi le leng re ile ra ea Pori ho ea etela Kalle Vesanto le lelapa la hae. Ha ho ketsahalo e ’ngoe e ileng ea ama bophelo ba ka joaloka eo. Kalle o ne a kile a ba le lipere tsa reisisi ’me a bile a beisa ka tsona empa o ile a tlohela khoebo ena. Eena le mosali oa hae ba ne ba fetohile bahoeletsi ba chesehang ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho 1990 Yearbook of Jehovah’s Witnesses ho hlalosoa kamoo a ileng a hira banna hore ba pente mantsoe “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa” leboteng le ka ntle ho ntlo ea hae ea mekato e ’meli. Taba ena e ngotsoeng e ne e ngotsoe ka mongolo o moholo hoo e neng e ka baloa habobebe ke ba leng litereneng tse fetang ka potlako.
Bosiung boo ’na le Kalle re ile ra qoqa ho fihlela lihoreng tsa hoseng. “Hobane’ng? Hobane’ng? Hobane’ng?” ke ile ka botsa, ’me Kalle o ile a hlalosa. Ka kutloisiso ea sebele ke ile ka ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele ka bosiu bo le bong. Ke ile ka ngola mangolo a neng a hlalosa lithuto tse fapaneng. Hamorao, ha ke khutlela hae, ke ile ka nka buka ea ho ngola lintlha ’me ka ngola mangolo ao ’ohle lentsoe ka lentsoe. Kaha ka nako eo ke ne ke sa tloaelana le Bibele, ke ile ka sebelisa buka ena ho pakela ba leng setšeng sa kaho seo ke neng ke sebetsa ho sona. Ha ke pepesa lithuto tsa bolumeli ba bohata, hangata ke ne ke iphumana ke pheta mantsoe a Kalle: “Ka sebele le thetsitsoe banna ba heso!”
Kalle o ile a mpha aterese ea ntlo e nyenyane Tampere moo Liithuti tsa Bibele tse ka bang 30 li neng li tšoara liboka tsa tsona. Moo ke ne ke iphutha-phutha hukung pel’a lemati haufi le Moena Andersson, e leng mong’a ntlo. Ke ne ke sa be teng ka mehla libokeng, empa thapelo e ile ea nthusa haholo. Ka lekhetlo le leng ha ke ne ke e-na le mathata a tebileng mosebetsing, ke ile ka rapela: “Molimo, ke kōpa hore ha u ka nthusa hore ke hlōle mathata ana, ke tšepisa hore ke tla ba teng sebokeng se seng le se seng.” Empa lintho li ile tsa mpa tsa mpefala. Joale ke ile ka hlokomela hore ke ne ke beha maemo ao ke tla sebeletsa Jehova ho ’ona, kahoo ke ile ka fetola thapelo ea ka hore e re: “Leha ho ka etsahala eng kapa eng, ke tšepisa hore ke tla ba teng libokeng tsohle.” Ka mor’a moo mathata a ka a ile a bōba, ’me ka ba teng ka mehla libokeng.—1 Johanne 5:14.
Tšebeletso ea Rōna Lilemong tse Qalang
Ka 1929, ’na le Sylvi re ile ra nyalana, ’me ka 1934 ka bobeli re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Matsatsing ao tšebeletso ea rōna e ne e kopanyeletsa ho tsamaea ka kramafono le lirekoto malapeng a batho le hore ka mosa re botse haeba ho ka khoneha hore ba mamele puo ea Bibele ntle ho tefiso. Hangata batho ba ne ba re amohela ba sa qea-qee, ’me ka mor’a ho mamela puo e rekotiloeng, ba ne ba kopanela moqoqong ’me ba amohela tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna.
Ka tumello ea ba boholong, re ile ra letsa lipuo tse tšoanang tsa Bibele ka libuela-hōle libakeng tsa boikhathollo. Metseng e ka thōko ho litoropo re ne re hokella sebuela-hōle ka holim’a ntlo kapa ka holim’a chomela. Ka linako tse ling re ne re li letsa pel’a letša moo batho ba motse ba neng ba bokana ka bongata bo boholo. Ka ho bonolo feela re ne re kena sekepeng re nkile libuela-hōle ebe re se tsamaisa butle pel’a lebōpo. Ka Lisontaha re ne re palama bese ho ea paka mahaeng, re nkile libuela-hōle tsa rōna tsa bohlokoa le lingoliloeng tse ngata.
Phetoho e Ileng ea Leka Tumelo ea Rōna
Ka 1938, ke ile ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng ke le pula-maliboho, empa hape ke ntse ke sebetsa joaloka sehahi. Nakong ea selemo e latelang ke ile ka amohela memo e tsoang ofising ea lekala ea Mokhatlo hore ke be mosebeletsi ea tsamaeang, eo hona joale a bitsoang molebeli oa potoloho. Qeto ea ho amohela memo ena e ne e se bonolo hobane ke ne ke thabela ho sebetsa le phutheho ea rōna ea Tampere. Ntle ho moo, re ne re e-na le lehae la rōna; re ne re e-na le mora ea lilemo li tšeletseng, Arto, eo ka mor’a nako e khutšoaane a neng a tla qala sekolo; ’me Sylvi o ne a thabela mosebetsi oa hae oa ho sebetsa e le mothusi lebenkeleng. Leha ho le joalo, ka mor’a ho buisana, ke ile ka amohela tokelo ena e eketsehileng ea tšebeletso ea ’Muso.—Mattheu 6:33.
Joale ho ile ha qaleha nako e ’ngoe e thata. Ntoa e ile ea qhoma ka November 30, 1939, ha mabotho a Soviet a kena Finland. Ntoa, e neng e bitsoa Ntoa ea Mariha, e ile ea kupa ho fihlela ka March 1940, ha Finland e tlameha ho lumela ho etsa selekane sa khotso. Ho ile ha bonahala eka esita le tlhaho e ile ea ea ntoeng, kaha ao e bile mariha a batang ho feta mariha ao ke ntseng ke a hopola. Ke ne ke tsamaea ka baesekele ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ha thermometer e bontša hore ke likhato tse 30 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo!
Ka 1940 mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Finland. Ka mor’a moo Lipaki tse ngata tse nyenyane tsa Finland li ile tsa koalloa teronkong ’me tsa qobelloa ho lula teng tlas’a maemo a mabe. Ke leboha hore ebe ke ile ka khona ho sebeletsa liphutheho ho pholletsa le ntoa ea bobeli ea lefatše, ho tloha ka 1939 ho ea ho 1945. Sena hangata se ne se hloka hore ke be hōle le Sylvi le Arto ka likhoeli tse ’maloa ka lekhetlo le le leng. Ho feta moo, ho ne ho lula ho e-na le tšokelo ea hore ke tla tšoaroa ka lebaka la ho kopanela mosebetsing oo eseng oa molao.
E tlameha ebe ke ne ke bonahala ke makatsa, ke palame baesekele e laetseng sutuk’heise, mokotla oa lingoliloeng, le kramafono le lirekoto. Lebaka le leng leo ke neng ke nka lirekoto tsa kramafono ka lona ke hore ke tle ke pake, haeba nka tšoaroa, hore ha ke mopalami oa pharachuti oa sehloela sa Marussia. Taba ke hore, ke ne ke tla beha mabaka a hore haeba ke ne ke le mopalami oa pharachuti, lirekoto li ne li tla robeha nakong ea ha ke theohela fatše.
Ho sa tsotelehe seo, ka lekhetlo le leng ha ke etetse motseng o haufi o neng o lemositsoe ka sehloela, lelapa la Lipaki le ile la nahana hore ke sona. Ke ile ka kokota monyakong oa bona bosiung bo lefifi ba mariha, ’me ba ne ba tšohile haholo hore ba ka bula. Kahoo ke ile ka qeta bosiu boo bohle ka molikong, ke kene ka har’a furu ke leka hore ke futhumale. Hoseng ho latelang lipelaelo mabapi le hore na ke mang li ile tsa fela, ’me ruri, ketelong eohle ea ka ka mor’a moo, litho tsa lelapa lena li ile tsa mpontša kamohelo e khethehileng!
Nakong ea lilemo tsa ntoa, ke ’na le Moena Johannes Koskinen feela ba neng ba sebeletsa liphutheho bohareng le ka leboea ho Finland. Ka mong ho rōna o ne a e-na le libaka tse khōlō tseo a tlamehang ho li hlokomela, tseo tekanyo ea tsona e ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 600. Re ne re tlameha ho etela liphutheho tse ngata hoo re neng re khona ho ba phuthehong ka ’ngoe matsatsi a mabeli kapa a mararo. Literene li ne li e-ba nakong seoelo, ’me libese li ne li fokola ’me li tlala hoo e neng e e-ba ho makatsang hore ebe re fihla moo re eang.
Ho Phonyoha ka Lesoba la Nale
Ka lekhetlo le leng, qalong ea Ntoa ea Mariha, ke ile ka ea ofising ea lekala e Helsinki ’me ka nka mabokose a boima a mane a lingoliloeng tse thibetsoeng ka a kenya tereneng eo ke neng ke tsamaea ka eona ho a abela liphutheho. Ha ke le seteisheneng sa terene sa Riihimäki, ho ile ha utloahala mohoo o lemosang ka tlhaselo ea moeeng. Masole a leng ka tereneng a ile a apara liaparo tsa ’ona tse tšoeu tsa serame, ’me baeti ba ile ba bolelloa hore ba tlohe tereneng ka potlako ’me ba ee lebaleng le se nang letho le shebaneng le seteishene.
Ke ile ka kōpa hore masole a nkukise mabokose a ka, ke a bolella bohlokoa ba ’ona. Lesole ka leng ho masole a mane le ile la nka lebokose, ’me re ile ra matha limithara tse ka bang 200 lebaleng le koahetsoeng ke lehloa. Re ile ra itahlela fatše, ’me motho e mong o ile a nkhoeletsa: “Uena u seng lesole, u se ke ua ba ua sisinyeha! Haeba ba leng lifofaneng tsena tsa libomo ba re bona, ba tla lihela libomo holim’a rōna.” Ke ne ke le bohele-hele hoo ke ileng ka sheba marung ka hloko, moo ke ileng ka bala lifofane tse 28!
Hang-hang lefatše le ile la sisinyeha ke libomo tse qhomang. Le hoja ho se bomo e ileng ea liheloa seteisheneng, terene eo re fihlileng ka eona e ile ea otloa ke bomo. Pono ea terene e loanhlaneng le seporo se sothahaneng e ile ea e-ba e sa tloaelehang hakaakang! Hoseng ho latelang ke ile ka khona ho tsoela pele ka leeto la ka ke nkile mabokose, ’me masole a ile a tsamaea ka terene e ’ngoe. Le leng la ’ona le ile la fetoha Paki ka mor’a ntoa, ’me le ile la mpolella hore hamorao masole a ile a bua ka motho ea sa tloaelehang eo e seng lesole le mabokose a hae.
Nako e itseng hamorao Moena Koskinen, ea neng a tsamaea ho ea sebeletsa phutheho e nyenyane Rovaniemi ka leboea Finland, o ile a tšoaroa pele a theoha tereneng. O ile a kenngoa teronkong, moo a ileng a tšoaroa hampe haholo. Ha ho fihla nako ea hore ke sebeletse phutheho eona eo, ke ile ka etsa litokisetso tsa hore ke theohe terene seteisheneng se senyenyane sa Koivu. Mona Khaitseli Helmi Pallari o ile a lokisetsa hore ke phethe leeto la ka ke sebelisa kariki e nkang lebese. Ketelo ea ka Phuthehong ea Rovaniemi e ile ea atleha. Leha ho le joalo, ha ke tloha ke ile ka kena khathatsong.
Ha re ea seteisheneng, ’na le motho eo ke tsamaeang le eena re ile ra kopana le masole a mabeli a neng a hlahloba litokomane tsa batho bohle ba fetang ka tsela. Ke ile ka re: “U se ke ua a sheba. Tsepamisa mahlo a hao pele feela.” Re ile ra tsamaea pakeng tsa ’ona joalokaha eka ha a eo. Joale a ile a qala ho re lelekisa. Qetellong, ha re le seteisheneng, ke ile ka khona ho a qoba har’a letšoele ’me ka qhomela ka har’a terene e ntseng e tsamaea. Mosebetsi oa ho tsamaea o ne o sa tšoarise bolutu matsatsing ao!
Ka lekhetlo le leng ke ile ka tšoaroa ’me ka isoa moo ho khethoang batho ba qobelloang ho kenela tšebeletso ea sesole. Morero e ne e le ho nthomela ntoeng. Empa thelefono e ile ea lla, ’me ofisiri ea sesole e neng e le makhatheng a ho ntlhoma lipotso e ile ea e nka. Ke ne ke khona ho utloa lentsoe la ea buang le eona le hoeletsa: “Ke hobane’ng ha u ntse u romela banna baa ba likulane, ba se nang thuso? Sohle seo re ka se etsang ke ho ba khutlisetsa morao. Re batla banna ba loketseng mosebetsi!” Ka lehlohonolo, ke ne ke nkile lengolo la bopaki ba ngaka le bolelang bothata ba bophelo boo ke neng ke e-na le bona. Ha ke le hlahisa, ke ile ka lumelloa hore ke tsamaee ’me ke ile ka tsoela pele ka mosebetsi oa ka ntle ho tšitiso liphuthehong!
Ho Thusa Nyeoeng
Bohlanya ba ntoa bo ne bo tsoela pele ho tōta, ’me motsoalle oa ka Ahti Laeste o ile a tšoaroa. Mosali oa hae o ile a mpitsa. Ha ke fihla ha bona, har’a litokomane tsa hae ke ile ka fumana tokomane e tsoang ho mapolesa a sebaka seo e nehang Ahti tumello ea ho fana ka lipuo tse rekotiloeng libakeng tsa sechaba tsa boikhathollo motseng. Re ile ra fihla lekhotleng re nkile tokomane eo. Ka mor’a hore ba qete ho bala qoso, ke ile ka neha Moena Laeste tokomane. Moahloli o ile a laela hore lesole le tlise kramafono le linehelano tse ’maloa tsa Bibele tse rekotiloeng bakeng sa hore lekhotla le li mamele. Ka mor’a ho mamela nehelano ka ’ngoe, moahloli o ile a bolela hore ha a bone ho e-na le ntho e sa lokelang ho se builoeng.
Eaba Ahti, mosali oa hae, le ’na re romeloa ka ntle phasejeng hore re emele qeto ea lekhotla. Re ile ra leta re sa tsebe se tla etsahala. Qetellong re ile ra utloa lentsoe le reng: “Baqosuoa, ka kōpo kenang ka khotla.” Moena Laeste o ile a fumanoa a se molato! Ka sebele lipelo tsa rōna li ne li tletse teboho ho Jehova ha re tsoela pele ka mosebetsi oa rōna, Moena le Khaitseli Laeste ba tsoela pele ka oa bona phuthehong ea sebakeng seo, ’me ’na ka tsoela pele ka mosebetsi oa ka oa ho tsamaea.
Ntoa ea Fela—Tšebeletso ea Rōna e Tsoela Pele
Thibelo mosebetsing oa rōna oa boboleli e ile ea tlosoa ha ntoa e fela, ’me baena ba lokolloa teronkong. Nakong ea lilemo tsa ka tse ngata tsa tšebeletso, ke ’nile ka khahloa ka ho teba ke karolo eo bo-khaitseli ba Bakreste ba bileng le eona mosebetsing oa ’Muso ha ba tšehetsa banna ba bona. Haholo-holo ke leboha boitelo le tšehetso ea Sylvi. Ka lebaka la sena sohle, ke ile ka khona ho tsoela pele mosebetsing oa ho tsamaea ka lilemo tse 33 ntle ho tšitiso ’me hamorao ke ile ka sebeletsa ke le pula-maliboho e khethehileng.
Ka bobeli ’na le Sylvi re ile ra khothaletsa Arto hore a qale ho bula maliboho ha a qeta sekolong, hore a ithute Senyesemane, le hore a ee Sekolong sa Watchtower sa Bibele sa Gileade se United States. O ile a abeloa lengolo Gileade ka 1953. Ka mor’a moo o ile a nyala Eeva, ’me hammoho ba ile ba kopanela litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng, ho kopanyeletsa mosebetsi oa potoloho, tšebeletso ea Bethele, le bopula-maliboho bo khethehileng. Ka 1988 ba ile ba fallela Tampere, motseng o moholo oo re neng re lula ho oona, e le ho thusa ho hlokomela ’na le Sylvi ha ba tsoela pele ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng.
’Na le Sylvi re thabetse bophelo bo enneng le bo hlohonolofetseng bo nang le mehopolo e mengata e re khothatsang, le hoja hona joale matla a rōna a se a fokotsehile haholo. Ho putsa haholo ho nahana ka khōlo eo re e boneng. Ha ke qala ho etela liphutheho ka 1939, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 865 Finland, empa hona joale ba feta 18 000!
Ha kea ka ka hlokomela ha ke qala tšebeletso ea nako e tletseng morao koana ka 1938 hore lilemo tse 55 hamorao ke ne ke tla be ke ntse ke kopanela ho eona. Ho sa tsotellehe ho hōla, re tsoela pele ka matla a Jehova, re lebeletse moputso oa rōna o tšepisitsoeng. Re na le tšepo mantsoeng a mopesaleme: “Hobane Jehova o molemo, mohau oa hae o hlola ka ho sa eeng kae, le botšepehi ba hae melokong le melokong.”—Pesaleme ea 100:5.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Leo le Sylvi Kallio ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka 1934
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Foto ea morao-rao ea Leo le Sylvi ha ba atamela lilemo tse 60 tsa tšebeletso ea boinehelo