Na Bolumeli bo Khotsofatsa Litlhoko tsa Hao?
MOEA, metsi, lijo, bolulo—lefatšeng lohle ho lumeloa hore tsena ke tsona litlhoko tsa batho. Ka ntle ho tsona u tobana le khaello ea litlhoko le lefu. Leha ho le joalo, khale, moeta-pele oa Baiseraele Moshe o ile a lebisa tlhokomelo tlhokong e ’ngoe ea batho, ea bohlokoa le ho feta lijo kapa metsi. Moshe o itse: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.”—Deuteronoma 8:3.
Ka mantsoe ana ao ho leng thata ho a utloisisa, Moshe o ile a bontša bohlokoa ba ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa bolumeli kapa tsa moea. O ile a bontša hore bophelo ba rōna bo itšetlehile ka ho li khotsofatsa! Nakong ea leeto la bona la lilemo tse 40 lefeelleng, Baiseraele ba ne ba hlile ba phela ka “tse tsoang molomong oa Jehova.” Ba ile ba pholoha phihlelo e neng e ka fella ka lefu. Ka taelo ea Molimo, lijo tse bitsoang manna li ile tsa oa ka mohlolo li tsoa leholimong. Metsi a ile a tsoa mafikeng bakeng sa ho felisa lenyora la bona. Empa Molimo o ile a etsa se fetang ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa nama. Moshe o itse: “Jehova, Molimo oa hao, o u laile joalo ka motho ha a laea mora oa hae.”—Deuteronoma 8:4, 5; Exoda 16:31, 32; 17:5, 6.
Baiseraele ha baa ka ba tloheloa hore ba ikhoantlelle tabeng ea ho lekanyetsa se nepahetseng le se fosahetseng, boitšoarong kapa bolumeling. Ba ile ba fumana tataiso e tsoang ho Molimo ka boeena. O ile a ba neha Molao oa Moshe, litekanyetso tsa molao tse tsotehang tse neng li bontšitse lijo tse matlafatsang, litekanyetso tse tobileng mabapi le bohloeki, le melao-motheo e utloahalang ea boitšoaro le ea bolumeli. Ka hona Molimo o ile a ntlafatsa bophelo bo botle le boiketlo ba moea ba Iseraele. Ba ne ba phela ka “tse tsoang molomong oa Jehova.”
Kahoo Iseraele e ne e fapane ho hang le lichaba tse ling. Mehleng ea Moshe Egepeta e ne e busa e le ’muso oa lefatše o ka sehloohong. E ne e le naha e thahasellang bolumeli haholo. World Book Encyclopedia e re: “Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela hore melingoana (melimo le melimotsana) e ne e susumetsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tlhaho le mosebetsi o mong le o mong oa batho. Ka hona, ba ne ba rapela melingoana e mengata. . . . Motseng le toropong e ’ngoe le e ’ngoe ea Egepeta, batho ba ne ba rapela molimo oa bona o khethehileng ho phaella melimong e meholo.”
Na borapeli bona ba melimo e mengata bo ne bo khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa Baegepeta? Che. Egepeta e ile ea fetoha naha e ikakhetseng ka setotsoana tumela-khoeleng le mekhoeng ea boitšoaro bo hlephileng ba likamano tsa botona le botšehali. Ho e-na le ho khothaletsa bophelo bo botle, tsela ea bophelo ea Baegepeta e ne e fella ka “mafu a mabe.” (Deuteronoma 7:15) Kahoo, ha ho makatse hore ebe Bibele e ile ea bua ka melimo ea Egepeta ka tsela e nyelisang, e e bitsa “litšoantšo tse nyonyehang.”—Ezekiele 20:7, 8, NW.
Boemo bo tšoanang bo teng kajeno. Batho ba bangata ba na le bonyane mofuta o itseng oa tumelo ea bolumeli; ke ba seng bakae feela ba ka bolelang hore ha ba na molimo. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bolumeli ka kakaretso bo hlōlehile ho khotsofatsa litlhoko tsa moea tsa moloko oa batho. Na mathata a ntoa, morabe, tlala, le bofutsana bo sa feleng a ne a tla ba teng kajeno haeba batho ba ne ba hlile ba phela “ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova”? Ho hlakile hore a ne a ke ke a e-ba teng! Ho ntse ho le joalo, ke batho ba seng bakae feela ba ka nahanang ho fetola bolumeli ba bona. Hoa makatsa hore ebe ba bang ha ba rate le ho buisana ka bolumeli kapa hona ho lebisa tlhokomelo likhopolong tse ncha tsa bolumeli!
Ka mohlala, monna e mong Ghana, Afrika Bophirimela, o ile a bolella mosebeletsi oa Mokreste: “Ke lumela hore Molimo o itšenotse ho rōna Maafrika ka baprista ba rōna ba matla ba banna le basali, hantle feela joalokaha a ile a itšenola ho Bajode ka baprofeta ba bona. Ho utloisa bohloko hore ebe ba bang ba rōna Maafrika re hlōleha ho hlokomela baprista ba rōna empa ho e-na le hoo re bua ka Jesu, Muhammad, le ba bang.”
Lichabeng tsa Afrika tse khomaretseng lineano, Bokreste bo bonoa e le bolumeli ba batho ba basoeu—tsamaiso e tsoang linaheng tse ling e tlisitseng tšenyo e ngata haholo ho feta melemo. Empa na maikutlo a ho se amohele likhopolo tse ncha a tla thusa kapa a tla sitisa boiteko ba hao ba ho etsa hore litlhoko tsa hao tsa moea li khotsofatsoe? Maele a Seafrika a re: “Ha u kenye matsoho a mabeli ka sekotlolong sa lijo feela hobane u lapile.” Mokhoa o joalo oa ho ja o bontša ho hloka mekhoa ebile o kotsi—haholo-holo ha u sa tsebe hore na sekotlolo seo se tšetse eng! Leha ho le joalo, ba bangata ba khetha bolumeli ba bona, eseng motheong oa ho bo hlahloba ka hloko, empa motheong oa maikutlo kapa neano ea lelapa.
Bolumeli bo khotsofatsang litlhoko tsa hao tsa moea bo lokela hore e be “tšebeletso e halalelang ka matla a hao a ho beha mabaka.” (Ba-Roma 12:1, NW) E tlameha ho ba khetho e entsoeng ka tsebo, e bohlale. Ka lebaka leo, a re ke re hlahlobeng taba ea ho ikhethela ha motho bolumeli ho latela pono ea Maafrika. Leha ho le joalo, se latelang se tla thahasellisa ho babali libakeng tsohle.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Moshe o ile a bontša bohlokoa ba ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Phihlelo ea Afrika le baromuoa ba Bokreste-’mōtoana e entse hore batho ba se ke ba amohela Bibele