Na Hoa Tsotelleha Hore na U Rapela Joang?
TOROPONG e nyenyane ea Afrika letsatsi la motšehare o moholo lea bataola. Phuleng e haufinyane ho utloahala molumo o hlaha oa meropa, ’mino, le mahofi a thabo. Empa ona hase ’moka oa boithabiso. Ke borapeli ba neano ba Afrika. Leha ho le joalo, melumo ena e hlōlisana le oa mantsoe a tlerolang a tsoang kerekeng e haufi e phekolang ka mehlolo. Mono barapeli ba nkehileng maikutlo ba ‘folisa’ ka mehlolo le ho bua lipuo lisele. Ka lehlakoreng le leng la toropo ho na le mofuta o mong hape oa borapeli. Lentsoe le phepa la momosleme ea bitsetsang barapeli ba bang ba Mamosleme thapelong.
E, boinehelo bolumeling ba mefuta e sa tšoaneng bo ka bonoa metseng le litoropong tse ngata tsa Afrika. Ka nako e telele Maafrika a ne a khotsofaletse ho latela lineano tsa bona tsa bolumeli. Empa joale baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tla, ba latetse mabotho a ntoa a lichaba tse fapaneng tsa Europe, ’me ka sehlōhō ba ile ba leka ho “etsa bohle Bakreste”—ho akareletsa le ho ba susumeletsa ho fetola esita le mabitso a bona.
Phello e bile efe? Ho hlaha ha bolumeli bo kopantseng litumelo tsa neano le litloaelo tsa Afrika le litumelo tsa bolumeli tse tsoang linaheng tse ling. Ho fihlela kajeno balumeli ba bangata ba “Bakreste” ba sebelisa litlhare tsa neano le lithatho. Ho ntse ho le joalo, baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba emetse Bokreste ba ’nete hampe, ’me ba siile lefa la ho hlonama. Ka karolo e khōlō, ba ikarabella bakeng sa maikutlo a ho se amohele likhopolo tse ncha mabapi le Bibele a leng teng har’a Maafrika a mang kajeno.
Leha ho le joalo, mefuta e mengata ea “Bokreste” e ntse e sebelisoa libakeng tse ngata. Lilemong tsa morao tjena lihlopha tsa bolumeli tse phekolang ka mehlolo e bile tse atang haholo; likereke tse phekolang ka tumelo li tletse hohle. Mongoli e mong oa likoranta o ile a hlalosa ho ipiletsa ha likereke tsena ka ho hlokomela hore ‘khopolo ea Maafrika ka bolumeli ke hore ka ho khetheha bo fane ka melemo e itseng. Kelellong ea Moafrika, bolumeli bo tlameha hore bo khone ho fana ka khotsofalo e itseng ea lintho tse bonahalang bophelong ba batho. Kahoo, ho Moafrika ea lumelang hore linohe lia hlokahala hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe, mokhoa o sebelisoang ke likereke tsa pholiso ea moea [kapa tse phekolang ka tumelo] o tumellanong le se hlokoang ke tsela ea hae ea bophelo.’ Leha ho le joalo, ka masoabi likereke tse ngata tsa pholiso ea mehlolo ho hlakile hore ka ho khetheha li theiloe e le likhoebo tse etsang chelete.
Kajeno, lihlotšoana tsa bokhelohi tsa bolumeli tse fetang 6 000 li teng Afrika. Mohlomong u nahanne hore malumeli ana ’ohle le lihlotšoana tsa bokhelohi li na le senotlolo sa poloko. Empa potso ea bohlokoa ke hore, Molimo o ikutloa joang?
Na Molimo o Thabisoa ke Bolumeli Leha e le Bofe?
Ka sebele, ’Mōpi oa bokahohle o ne a ke ke a re tlohela ka ntle ho tataiso tabeng ena. (Amose 3:7; Liketso 17:26, 27) ’Me bopaki bo bongata ba hore tataiso ea bomolimo e ka fumanoa ka Bibeleng. Che, Bibele hase buka ea batho ba basoeu joalokaha batho ba bang ba bolela. Ha e le hantle, ha ho motho—e motšo kapa e mosoeu—ea ka lokeloang ke tlotla bakeng sa eona. Timothea oa Bobeli 3:16 e re: ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke Moea oa Molimo.’ Lithuto tsa Bibele tsa ’nete, tse sebetsang, ho ba ha eona ea boholo-holo, ho pholoha ha eona litlhaselo tse mabifi, boprofeta ba eona bo nepahetseng le ho abjoa ha eona hoo ho seng ho lekanang le hona lefatšeng lohle—bona ke bopaki bo hlakileng ba hore e ngotsoe ke Molimo.
Buka eo e re ruta eng? Taba ea pele, e re bolella hore ho na le “Molimo o ’notši oa ’nete.” (Johanne 17:3) Ha ho le joalo, ’nete e ne e ka ba teng malumeling ’ohle joang? Na lihlopha tsa bolumeli ha li loantšane ha ho tluoa tabeng ea ho khetholla Molimo le boleng ba hae? Mongoli oa Bibele Jakobo o ile a bua ka “bolumeli bo hloekileng le ba ’nete.” (Jakobo 1:27, Today’s English Version) Haeba ho na le tlhoko ea ho khetholla bolumeli ba ’nete, ho tlameha hore ebe ho boetse ho na le bolumeli ba bohata kapa bo iqapetsoeng. Sena se ne se tla ba khahlanong le khopolo ea hore bolumeli bohle ke feela litsela tse sa tšoaneng tsa ho atamela Molimo.
Litekanyetso tsa ’Mōpi Bakeng sa Borapeli
Ke tsela efe e loketseng ea ho rapela Molimo? Bibele e re ruta hore borapeli ba ’nete bo metse ka metso tsebong e nepahetseng. Moprofeta e moholo Jesu Kreste o kile a re ho mosali oa Mosamaria: “Lōna, le rapela seo le sa se tsebeng.” (Johanne 4:22) Na mohlomong sena e ka ba ’nete le ka uena? Na u rutiloe hore Molimo ea Matla ’Ohle o na le lebitso la botho, Jehova? (Pesaleme ea 83:18) Na u tseba merero ea hae ka motho le lefatše? (Mattheu 6:9, 10; Ba-Efese 1:9, 10; 3:11) Na bolumeli ba hao bo u fa tšepo ea sebele ka bokamoso bo molemo? ’Me haeba u inka u le Mokreste, na u ka hlalosa litumelo tsa hao ka Mangolo, kapa na e mpa e le lefa la lineano tseo u sa kang ua li hlahloba?
Haeba u fumana hore ha u na tsebo e nepahetseng, u ka e fumana ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele. Jehova Molimo o lebeletse hore barapeli ba hae ba ’nete ba tloaelane le seo Buka eo e Halalelang e se rutang. Ho feta moo, o lebeletse hore ba se sebelise bophelong ba bona. Maikutlo a rōna a tlameha ho ba joaloka a mopesaleme ea ileng a re: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Bolumeli ba hao bo u thusitse ho isa bohōleng bofe hore u tsebe le ho utloisisa Bibele?
Karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete ke tumelo ho Jesu Kreste, eseng feela joaloka moprofeta e moholo empa joaloka Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši. Mangolo a bolela ka ho hlakileng hore Jesu ke “Moemeli e Moholo oa bophelo.” (Liketso 3:15, NW; 4:12) Ba bangata ba bolela hore ba lumela ho Jesu, empa tumelo ea bona ke ea sebele hakae? Tumelo ea sebele ho Kreste e bolela ho utloa lithuto tsa hae. Molimo ka boeena o ile a khothaletsa sena ha a re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang; mo utloeng.” (Mareka 9:7) Ka lebaka leo barapeli ba ’nete ba ikitlaeletsa ho latela mehato ea Jesu haufi-ufi kamoo ho ka khonehang. (1 Petrose 2:21) Tsela e ’ngoe eo ba etsang sena ka eona ke ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa oo a ileng a o qala. (Mattheu 4:17; 10:5-7) Na bolumeli ba hao bo u khothaletsa ho ba le karolo ea botho mosebetsing oo?
Lerato le lona ke tlhoko ea borapeli ba ’nete. Jehova Molimo o hlalosoa e le eena mothofatso oa lerato, ’me Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ba tla khetholloa ka lerato leo ba le bontšanang. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 4:8) Ha re nahana ka limilione tse ngata tsa batho ba bolelang hore ke Bakreste kajeno, na lefatše le ne le sa lokela ho tlala lerato? Leha ho le joalo, bonneteng lefatše la rōna le ipakile ho ba sebaka se hlokang lerato ka ho fetisisa. Lintoa li bolaile batho ba limilione tse ngata lekholong lena la lilemo feela. Tlōlo ea molao le pefo li ntse li ja setsi. Kahoo ipotse, ‘Haeba e mong le e mong e ne e le setho sa bolumeli ba ka, na lefatše e ne e tla ba sebaka se nang le lerato haholoanyane?’
Qetellong, Bibele e bontša hore barapeli ba ’nete ba tlameha ho aroha lefatšeng le sa tsebeng Molimo. Ha Molimo a khetha sechaba sa Iseraele e le se tšepetsoeng ho boloka borapeli bo hloekileng, o ile a hlokomelisa batho ba hae hore ba qobe ho tloaelana haufi-ufi le lichaba tse ba potolohileng tseo boitšoaro ba tsona bo hlephileng. (Deuteronoma 7:1-6) Ho Johanne 17:16, Kreste Jesu ka ho tšoanang o itse ka balateli ba hae: “Hase ba lefatše, joalo ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Barapeli ba ’nete ba Molimo ha ba kopanele lipolotiking, boitšoarong bo bobe, khoebong e meharo, kapa lifilosofing leha e le life tse hlomphollang Molimo. (Johanne 18:36; 1 Johanne 2:15-17) Ba utloa taelo e tlalehiloeng ho Ba-Roma 12:2: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena.” Na ke seo bolumeli ba hao bo u khothaletsang ho se etsa?
Thuso e Teng
E, tsela eo u rapelang ka eona ruri ea tsotelleha ho Molimo. Ho ea ka eena, ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete. (Ba-Efese 4:4-6) Puisano ea rōna e khutšoanyane e amme tse ling tsa lintlha tsa sehlooho tsa thuto ea Bibele. Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho ithuta tse eketsehileng?
Ho sa tsotellehe hore na u hōletse bolumeling bofe, Lipaki tsa Jehova li ka u thusa tabeng ena. Lefatšeng lohle li tsebahala ka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele e matla haholo. Li itlametse ho thusa batho ba merabe eohle le ba limelo tsohle tsa bolumeli ho fumana kutloisiso e tebileng haholoanyane ea Bibele. (Liproverbia 2:1-6) Li hatisa lingoliloeng tsa Bibele tseo litaba tsa tsona li fupulitsoeng hantle.a Ha e le hantle, li tla be li tle le lapeng la hao ka ntle ho tefello bakeng sa ho u ruta Bibele motheong oa botho. Batho ba limilione lefatšeng ka bophara hona joale ba fumana molemo lenaneong la thuto ea Bibele. Ke hobane’ng ha u sa etse joalo? Ka sebele, ke habohlokoa hore u ho etse hobane ho hlile hoa tsotelleha hore na u rapela joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Khatiso e ’ngoe e joalo ke Moloko oa Batho o Batla Molimo, e hatisitsoeng ka 1990 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. Batho ba bangata ba ile ba ananela taba ea eona e ngotsoeng ka bohlale le botsebi e buang ka malumeli a maholo a lefatše.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba emetse Bokreste ba ’nete hampe
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Likereke tse ngata tsa pholiso ea mehlolo ke likhoebo tse etsang chelete
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Tumelo ho Jesu ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lipaki tsa Jehova li thusa ba limilione ho fumana tsebo e nepahetseng ka lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng