‘Leqephe le le Leng le ka ’Na la Phunya Lefifi Joaloka Naleli’
KAJENO, liphetolelo tsa Mangolo a Halalelang li batla li fumaneha hohle. Leha ho le joalo, hangata ho loanela Bibele e ’nile ea e-ba taba ea bophelo le lefu.
Bukeng Fifteenth Century Bibles, Wendell Prime o ile a ngola: “Lilemo tse mashome a mararo ka mor’a hore ho qaptjoe khatiso, Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la atleha ka ho feletseng tšebetsong ea lona Spain. Ho batho ba 342 000 ba ileng ba ahloloa ke lona naheng eo ba 32 000 ba ile ba chesoa ba ntse ba phela. E ne e le Bibele e ileng ea ba tlisa malakabeng a ho shoela tumelo. Ho tšabehang ka mokhoa o tšoanang e ne e le kofuto ena ea thipitlo Italy, ka leboea le ka boroa. Babishopo ba ka sehloohong, ba thusoa ke Lekhotla lena le Otlang Bakhelohi, e ne e le mello e timetsang Libibele le babali ba tsona. Nero o ile a etsa hore Bakreste ba bang ba khanye joaloka maseli lefatšeng lena ka ho ba chesa mollong, ba rokeletsoe ka mekotleng, ba tlotsitsoe hohle ka boka bo botšo, a ba sebelisa e le likerese ho khantša pono ea mekete ea hae ea botahoa le bohlola. Empa literata tsa metse ea Europe li ne li khanya litetema tsa mollo oa Bibele. Libibele li ne li sa tšoane le babali ba neng ba ka fumanehisoa, ba hlobolisoa, ba hlokofatsoa, ba pongoa litho le ho lahloa. Esita le leqephe le neng le ka pholoha le ne le ka phunya botšo ba lefifi lena joaloka naleli.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)
Seo mongoli Prime a se hlalosang ha e le hantle se etsahetse tabeng ea leqephe la Bibele le bontšitsoeng mona. Ke leqephe la sephetho, ke hore, leqephe le qetellang la buka le nang le mongolo o khethollang mofetoleli. Likarolo tse peli tse tšoanang tse ka holimo ke litemana tse qetellang tsa Apocalypse, kapa buka ea Tšenolo.
Mabapi le buka ena, The Cambridge History of the Bible e re: “Phetolelo ea Catalonia ea Bibele ea Bonifacio Ferrer e ile ea hatisoa Valencia, 1478; likopi tsohle tse neng li le teng li ile tsa felisoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi pele ho 1500, empa leqephe le le leng le ntse le le teng laebraring ea Hispanic Society of America.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)
Wendell Prime o boetse a hlokomela: “Ho baruti ba neng ba tšohile tsela feela e neng e amoheleha e ne e le ho chesa Libibele. Ho ka be ho bile le mello e eketsehileng hoja ho ile ha e-ba le libeso tse eketsehileng. Libakeng tse ngata ho ne ho se ho se na litetema tsa mello tsa Bibele feela hobane ba boholong ba bile hloahloa ho fumana Libibele tsohle hoo ho neng ho se ho se Libibele tse chesoang.” Ho sa tsotellehe boiteko bo joalo bo matla ba ho felisa Libibele tse neng li reretsoe batho ba tloaelehileng, likopi tse ngata li ile tsa pholoha ho felisoa. Prime o ile a phaella: “Libibele li ile tsa bolokoa ka ho nkuoa ke batlamuoa, kapa ka ho patoa joaloka majoe a bohlokoa le tšepe ea bohlokoa linakong tsa tsieleho le kotsi.”
Moprofeta oa Molimo Esaia o ile a ngola: “Nama eohle ke joang . . . Joang boa omella, palesa ea foforeha, empa lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.” (Esaia 40:6, 8) Ka makholo a lilemo, matšoele a barati ba Bibele le bafetoleli ba bangata ba sebete ba ile ba ipeha kotsing ’me ba utloa bohloko haholo ka baka la Lentsoe la Molimo. Empa, boiteko ba batho e le bona feela bo ne bo ke ke ba tiisa ho bolokeha ha eona. Bakeng sa ho bolokeha hona, re leboha Mongoli oa Bibele, Jehova.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
Courtesy of The Hispanic Society of America, New York