Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 5/15 maq. 8-9
  • Bibele ea Segothe—Mosebetsi o Phethiloeng ka Bokhabane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea Segothe—Mosebetsi o Phethiloeng ka Bokhabane
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ulfilas—Moromuoa le Mofetoleli oa Bibele
  • Histori ea Pele ea Bibele ea Segothe
  • Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tse Ntseng li le Teng
  • Ho Tsosolosa Taba e Ngotsoeng ea Bibele ea Segothe
  • Vatican Codex—Ke Hobane’ng ha e Nkoa e le Letlotlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Tsebahatsa Lentsoe la Molimo Spain ea Boholo-holo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ke ne ke Batla ho Iponela ka Mahlo
    Tsoha!—1988
  • Letlotlo la Bibele Lea Fumanoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 5/15 maq. 8-9

Bibele ea Segothe—Mosebetsi o Phethiloeng ka Bokhabane

MAGOTHE e ne e le kopano ea merabe ea Jeremane, mohlomong e simolohileng Scandinavia. Qalong ea makholo a lilemo a Mehla e Tloaelehileng ea rōna, a ile a fallela ka boroa tlaase-tlaase Leoatleng le Letšo le nōkeng ea Danube, ho ea fihla meeling ea ’Muso oa Roma.

Buka ea pele e kileng ea ngoloa e ileng ea hlahisoa ka leleme leha e le lefe la Sejeremane e ne e le Bibele ea Segothe. Kajeno phetolelo ena e fumaneha feela ka litsekana. Leha ho le joalo, e sala e ntse e le phetolelo e ikhethang le e nkoang e le ea bohlokoa ea Mangolo a Halalelang. Hobane’ng?

Ulfilas—Moromuoa le Mofetoleli oa Bibele

Mofetoleli oa Bibele ena e ne e le Ulfilas, eo hape a tsejoang ka lebitso la hae la Segothe e le Wulfila. Ho ea ka rahistori Philostorgius, Ulfilas ke setloholo sa batšoaruoa ba ntoa ba ileng ba nkoa tlhaselong ea Magothe ba isoa Cappadocia, eo hona joale e leng karolo ea Turkey bochabela. O hlahile hoo e ka bang ka 311 C.E., o ile a tlotsoa ke Eusebius oa Nicomedia lilemo tse ka bang 30 hamorao ’me a koetlisetsoa ho sebetsa e le moromuoa har’a Magothe.

Rahistori Will Durant o re: “E le ho laea le ho eketsa basokolohi ba hae, ka mamello o ile a fetolela Bibele eohle kantle le Libuka tsa Marena, ho tloha Segerikeng ho ea Segotheng.” (The Age of Faith) Kajeno, kantle ho setsekana sa buka ea Nehemia, libuka tse ling tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segothe tse ntseng li le teng ke likarolo tsa Mangolo a Segerike a Bokreste.

Segothe e ne e se puo e ngoloang. Ka hona Ulfilas o ile a tobana le phephetso ea ho fetolela e neng e hloka bohlale bo ikhethang. Bo-rahistori ba boholo-holo ba bolumeli ba mo tlotla ka ho qapa alfabeta ea Segothe ea litlhaku tse 27, tse theiloeng haholo-holo lialfabeteng tsa Segerike le Selatine. Ho feta moo, The New Encyclopædia Britannica e hlalosa hore “o ile a qapa mantsoe a khethehileng a Bokreste a Sejeremane, ao a mang a ’ona a ntseng a sebelisoa.”

Histori ea Pele ea Bibele ea Segothe

Ulfilas o ile a qeta phetolelo ea hae pele ho 381 C.E. ’me o ile a shoa lilemo tse peli kapa tse tharo hamorao. Ho tsebahala ha mosebetsi oa hae ho pakiloe ke The Encyclopedia Americana, e bolelang hore “phetolelo eo ka kakaretso e ne e sebelisoa ke Magothe a ileng a fallela Spain le Italy.” Ka sebele, ho latela palo ea litsekana tse pholohileng, ho bonahala hore ho ne ho entsoe likopi tse ngata tsa Bibele ena ea Segothe. Ho ka etsahala hore ebe libuka tse ’maloa tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa etsetsoa likamoreng tseo ho kopiletsoang ho tsona tsa Ravenna le Verona, sebakeng seo Magothe a neng a hlomile ’muso oa oona teng. Likamore tsena tseo ho kopiletsoang ho tsona e ne e le likamore tse matlong a baitlami moo libuka tse ngotsoeng ka letsoho li neng li ngolloa le ho kopiletsoa teng.

Magothe a ile a fela e le sechaba hoo e ka bang ka 555 C.E., ka mor’a hore ’musisi oa Byzantium Justinian I a hape Italy. Tönnes Kleberg o re ka mor’a hore ba fele, “puo ea Segothe le lineano tsa Segothe Italy li ile tsa nyamela, li siea methoaela. Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segothe li ne li se li sa thahaselloe ho hang. . . . Karolo e khōlō e ile ea tamolloa le ho hlakoloa e le ho tlosa mongolo. Joale ho ile ha boela ha sebelisoa matlalo ana a theko e boima bakeng sa ho ngola lintho tse ka hare tse ncha.”

Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tse Ntseng li le Teng

Ho tse ling tsa libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho, ho hlakoloa ho ne ho sa etsoa ka mokhoa o phethahetseng, ho siile mongolo ona oa pele o ntse o bonahala hanyenyane. A ’maloa a matlapa ana a sa hlakolisoang, kamoo a bitsoang kateng, a ’nile a fumanoa le ho tsosolosoa. Ka mokhoa o makatsang, Codex Argenteus e tummeng, e nang le Likosepele tse ’ne ka ho latellana ha Mattheu, Johanne, Luka, le Mareka, e ile ea bolokoa e sa senyeha ho hang.

Codex ena e ntle haholo ho nahanoa hore e simolohile kamoreng eo ho kopiletsoang ho eona Ravenna qalong ea lekholo la botšelela la lilemo C.E. E bitsoa Codex Argenteus, e bolelang “Buka ea Silevera,” hobane e ngotsoe ka enke ea silevera. Maqephe a eona a letlalo a tailoe ka bopherese, ho bontšang hore mohlomong e ne e etselitsoe motho oa borena. Litlhaku tsa khauta li khabisitse mela e meraro ea pele ea Kosepele e ’ngoe le e ’ngoe hammoho le likarolo tse qalang tsa likarolo tse sa tšoaneng. Mabitso a bangoli ba Likosepele le ’ona a hlaha a ngotsoe ka khauta holimo ‘likeiting’ tse bapileng tse ’nè tse beiloeng botlaaseng ba karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea mongolo. Tsena li fana ka litšupiso tsa lirapa tse bapileng tsa Likosepele.

Ho Tsosolosa Taba e Ngotsoeng ea Bibele ea Segothe

Ka mor’a ho fela ha sechaba sa Magothe, Codex Argenteus ea bohlokoa e ile ea nyamela. Ha ea ka ea bonoa hape ho fihlela e hlahella bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo ntlong ea baitlami ea Werden, haufi le Cologne, Jeremane.

Ka selemo sa 1569, phetolelo ea Segothe ea Thapelo ea Morena e ile ea phatlalatsoa, e lebisa tlhokomelo Bibeleng eo e nkiloeng ho eona. Lebitso Codex Argenteus le ile la hlaha le hatisitsoe ka lekhetlo la pele ka 1597. Ho tloha Werden buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ile ea ea pokellong ea mesebetsi e entsoeng ka bokhabane ea ’musisi Prague. Leha ho le joalo, qetellong ea Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo ka 1648, Masweden a hlōtseng a ile a e nkella le matlotlo a mang. Ho tloha ka 1669 codex ena esale e lula sebakeng se le seng Laebraring ea Univesithi ea Uppsala, Sweden.

Qalehong Codex Argenteus e ne e entsoe ka maqephe a 336, ao a 187 a ’ona a leng Uppsala. Leqephe le leng—la ho qetela la Kosepele ea Mareka—le ile la fumanoa hape ka 1970 Speyer, Jeremane.

Ho tloha nakong ea ha codex ena e hlaha hape, litsebi li ile tsa qala ho ithuta mongolo ona ho utolla moelelo oa puo ea Segothe e shoeleng. Setsebi sa Lejeremane Wilhelm Streitberg o ile a sebelisa libuka tsohle tse teng tse ngotsoeng ka letsoho le boiteko ba pele ho tsosolosa taba ena e ngotsoeng, a bokella le ho hatisa “Die gotische Bibel” (Bibele ea Segothe) ka 1908, e e-na le taba e ngotsoeng ea Segerike le Segothe maqepheng a shebaneng.

Kajeno, Bibele ena ea Segothe e thahaselloa haholo ke litsebi. Leha ho le joalo, ’nete ea hore e ile ea hlahisoa le ho nkoa e le ea bohlokoa mehleng ea pele ea ho fetolela Bibele, e paka takatso le boikemisetso tsa Ulfilas tsa hore Lentsoe la Molimo le fetoleloe ho seo ka nako eo e neng e le leleme la mehleng eo. Ka nepo o ile a hlokomela hore ke ka mokhoa ona feela batho ba Magothe ba neng ba ka tšepa ho utloisisa ’nete ea Bokreste.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Courtesy of the Uppsala University Library, Sweden

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela