Ho Tla ba le Tsoho ea ba Lokileng
“Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—LIKETSO 24:15.
1. Batho bohle ba talimane le boemo bofe haesale Adama le Eva ba oela sebeng?
“TSOHLE tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:10) Ka mantsoe ana a seng makae, a khethiloeng ka hloko, Morena Salomone ea bohlale o hlalosa boemo boo moloko o mong le o mong oa batho o ’nileng oa talimana le bona haesale batsoali ba rōna ba pele Adama le Eva ba oela sebeng. Qetellong lefu le timelitse e mong le e mong le sa khethe—ea ruileng le ea futsanehileng, morena le motho feela ea tloaelehileng, ea tšepahalang le ea sa tšepahaleng. Ruri, lefu le ‘busitse.’—Ba-Roma 5:17.
2. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ba bang ba tšepahalang ba ile ba nyahama mehleng ee ea qetello?
2 Ho sa tsotellehe tsoelo-pele ea morao-rao saenseng ea bongaka, le kajeno lefu le ntse le busa e le morena. Le hoja sena se sa makatse, e ka ’na eaba ba bang ba ile ba nyahama ha qetellong ba talimana le sera sena se bileng teng ka nako e telele. Hobane’ng? Ha e le hantle, morao koana ka bo-1920, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa bolela molaetsa ona, “Ba limilione ba phelang hona joale ba ke ke ba hlola ba e-shoa.” Baa ba limilione e ka ba bo-mang? “Linku” tseo ho builoeng ka tsona lipolelong tsa Jesu mabapi le linku le lipōli. (Mattheu 25:31-46) Bana ba kang linku ho ile ha profetoa hore ba tla hlaha nakong ea bofelo, ’me ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ha nako e ntse e feta, batho ba Molimo ba ile ba ba le kutloisiso e molemo ea boemo ba “linku” tsena mererong ea Jehova. Ho ile ha hlokomeloa hore bana ba ikokobelitseng ba ne ba lokela ho khetholloa ho “lipōli” tse manganga, ’me ka mor’a ho timetsoa ha lipōli, linku li tla rua karolo ea lefatšeng ea ’Muso eo li e lokiselitsoeng.
Ho Bokelloa ha ba Kang Linku
3. Batho ba Molimo ba ’nile ba lebisa tlhokomelo e khethehileng mosebetsing ofe ho tloha ka 1935?
3 Ho tloha ka 1935, “mohlanka ea khabane” o ’nile a lebisa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea ho fumana ba joalo ba kang linku le ho ba tlisa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. (Mattheu 24:45; Johanne 10:16) Bakreste bana ba ithaopelang ho rutoa ba se ba hlokometse hore hona joale Jesu oa busa ’Musong oa Jehova oa leholimo le hore nako ea ho fela ha tsamaiso ena ea lintho e khopo le ea ho tla ha lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng e atamela ka potlako. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 12:10) Lefatšeng leo le lecha, mantsoe a khothatsang a Esaia a tla phethahala: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae.”—Esaia 25:8.
4. Le hoja linku tse ling ka tieo li ne li tšepa hore li tla bona ha borena ba Jehova bo tlosoa qoso ka Armageddone, ho ile ha etsahala eng ka bongata ba tsona?
4 Kaha bofelo ba lefatše la Satane bo haufi haholo, Bakreste ba kang linku ba ne ba tla thabela ho phela ho fihlela borena ba Jehova bo tlosoa qoso mahlomoleng a maholo a tlelang Babylona e Moholo le lefatše lohle la Satane. (Tšenolo 19:1-3, 19-21) Ho ba bangata ha hoa ba joalo. Ba bangata ba neng ba tšepile hore ba tla ba har’a “ba limilione” ba ke keng ba hlola ba e-shoa ka sebele ba shoele. Ba bang ba ile ba bolaeloa literonkong le likampong tsa mahloriso kapa ba bolaoa ke ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ka lebaka la ’nete. Ba bang ba ile ba shoela likotsing kapa ba bolaoa ke seo ho thoeng ke lisosa tsa tlhaho—bokuli le botsofali. (Pesaleme ea 90:9, 10; Moeklesia 9:11, NW) Ho hlakile hore ba eketsehileng ba tla shoa pele bofelo bo fihla. Ba joalo ba tla bona ho phethahala ha tšepiso ea lefatše le lecha moo ho loka ho tla ikahela teng joang?
Tšepo ea Tsoho
5, 6. Ba nang le tšepo ea lefatšeng ba shoang pele ho Armageddone ba na le bokamoso bofe?
5 Moapostola Pauluse o ile a fana ka karabo ha a ne a bua ka pel’a ’musisi oa Roma Felixe. Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 24:15, ka sebete Pauluse o ile a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” Tšepo ea tsoho e etsa hore re be sebete ha re talimane le mahlomola a mabe haholo. Ka lebaka la tšepo eo, metsoalle ea rōna e ratehang e kulang ’me e hlokomela hore e tla shoa ha e nyahame ka ho tlōlisang. Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng, e-ea tseba hore e tla kotula moputso oa botšepehi. Ka lebaka la tšepo ea tsoho, baena le bo-khaitseli ba rōna ba sebete ba talimaneng le ho bolaoa ke bahlorisi baa tseba hore ha ho kamoo bahlorisi ba bona ba ka atlehang. (Mattheu 10:28) Ha e mong a e-shoa ka phuthehong, re soabela ho lahleheloa ke motho eo. Ka nako e tšoanang, haeba e le e mong oa linku tse ling, re thabela hore ebe molumeli oa habo rōna o ipakile a tšepahala ho fihlela qetellong ’me hona joale o phomotse, a kholisehile ka bokamoso lefatšeng le lecha la Molimo.—1 Ba-Thessalonika 4:13.
6 E, tšepo ea tsoho ke tšobotsi ea bohlokoa ea tumelo ea rōna. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha tumelo ea rōna tsohong e le matla hakaale, hona ke bo-mang ba kopanelang tšepong eo?
7. Tsoho ke’ng, ’me ke mangolo afe a hatisang bonnete ba eona?
7 Lentsoe la Segerike bakeng sa “tsoho” ke a·naʹsta·sis, leo ka bolona le bolelang “ho ema.” Ha e le hantle le bua ka ho tsoha bafung. Ka ho thahasellisang, lentsoe lena “tsoho” ka bolona ha le hlahe ka Mangolong a Seheberu, empa ho buuoa ka tšepo ea tsoho ka ho hlakileng ho ’ona. Ka mohlala, re e bona mantsoeng a builoeng ke Jobo ha a le mahlomoleng a hae: “Jo! hola u ka mpata nģalong ea bafu! . . . ua mpeela letsatsi leo u tla nkhopola ka lona!” (Jobo 14:13) Ka ho tšoanang, ho Hosea 13:14, rea bala: “Na ke tla ba lopolla matleng a nģalo ea bafu, ke ba namolele lefung? Uena lefu, mahloko a hao a kae? Uena nģalo ea bafu, tšenyo ea hao e kae?” Ho 1 Ba-Korinthe 15:55, moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe ana ’me a bontša hore ho hlōla lefu ho profetiloeng ho finyeletsoe ka tsoho. (Ntle ho pelaelo, lengolong leo Pauluse o ne a bua ka tsoho ea leholimo.)
Balumeli ‘Ba Boleloa ba Lokile’
8, 9. (a) Batho ba sa phethahalang ba ka kopanela tsohong ea ba lokileng joang? (b) Motheo oa tšepo ea rōna bophelong bo sa tl’o felisoa ke lefu ke ofe?
8 Polelong ea hae e qotsitsoeng serapeng sa 5, eo a e lebisang ho Felixe, Pauluse o ile a re ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ea ba sa lokang. Ke bo-mang ba lokileng ba tla tsosoa? Ha e le hantle, ha ho motho ea lokileng ka tlhaho. Kaofela ha rōna re baetsalibe ka tlhaho, ’me re etsa libe ho pholletsa le nako ea bophelo ba rōna—e leng se etsang hore re tšoaneloe ke lefu lintlheng tse peli. (Ba-Roma 5:12; 6:23) Leha ho le joalo, ka Bibeleng re fumana polelo “o boleloa a lokile.” (Ba-Roma 3:28, NW) Sena se lebisoa bathong bao, le hoja ba sa phethahala, Jehova a ba tšoaretseng libe.
9 Polelo ena e sebelisoa ka ho totobetseng haholo mabapi le Bakreste ba tlotsitsoeng, ba nang le tšepo ea leholimo. Ho Ba-Roma 5:1 (NW), moapostola Pauluse o re: “Kaha joale re se re boletsoe re lokile ka lebaka la tumelo, ha re thabeleng khotso le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste.” Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba boleloa ba lokile ka lebaka la tumelo. Tumelo ho eng? Joalokaha Pauluse a hlalosa ka ho qaqileng bukeng ea Ba-Roma, ke tumelo ho Jesu Kreste. (Ba-Roma 10:4, 9, 10) Jesu o ile a shoa e le motho ea phethahetseng ’me ka mor’a moo o ile a tsosoa bafung ’me a nyolohela leholimong ho ea fana ka molemo oa bophelo ba hae ba botho molemong oa rōna. (Ba-Heberu 7:26, 27; 9:11, 12) Ha Jehova a amohela sehlabelo seo, Jesu, ha e le hantle, o ile a reka moloko oa batho bokhobeng ba sebe le lefu. Ba bontšang tumelo tokisetsong ena ba fumana molemo o moholo ho eona. (1 Ba-Korinthe 15:45) Motheong oa eona banna le basali ba tšepahalang ba na le tšepo ea ho ja lefa bophelo bo ke keng ba felisoa ke sera se sehlōhō, lefu.—Johanne 3:16.
10, 11. (a) Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba lebeletse tsoho efe? (b) Barapeli ba pele ho Bokreste ba ne ba lebeletse tsoho ea mofuta ofe?
10 Ka thuso ea sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ba tlotsitsoeng ba tšepahalang, ba ileng ba boleloa ba lokile, ba na le tšepo e tiileng ea ho tsosoa e le libōpuoa tsa moea tse sa shoeng, joaloka Jesu. (Tšenolo 2:10) Ho buuoa ka tsoho ea bona ho Tšenolo 20:6, e reng: “Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.” Ena ke tsoho ea leholimo. Leha ho le joalo, hlokomela hore Bibele e e bitsa ‘tsoho ea pele,’ e leng se bolelang hore ho na le ba eketsehileng ba tla tsoha.
11 Ho Ba-Heberu khaolo ea 11, Pauluse o ile a bua ka lethathamo le lelelele la bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste ba neng ba ile ba bontša tumelo e matla ho Jehova Molimo. Bana le bona ba ne ba e-na le tumelo tsohong. Temaneng ea 35 ea khaolo eo, Pauluse o bua ka batho ba ileng ba tsoha ka mohlolo historing ea Iseraele, ha a re: “Basali ba boetse ba neoa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofalitsoe ka sehlōhō, ba hana ho lokolloa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ea bafu.” Lipaki tseo tse tšepahalang tsa boholo-holo li ne li ka lebella tsoho e molemo haholo ho feta tseo ka mohlala Elia le Elisha ba ileng ba nka karolo ho tsona. (1 Marena 17:17-22; 2 Marena 4:32-37; 13:20, 21) Tšepo ea bona e ne e le ho tsohela lefatšeng leo ho lona bahlanka ba Molimo ba ke keng ba hlokofaletsoa tumelo ea bona, lefatše leo ho lona basali ba ke keng ba lahleheloa ke baratuoa ba bona ka lefu. E, ba ne ba lebeletse ho tsoha bafung ba tsohela lefatšeng lona leo le lecha leo re le lebeletseng. (Esaia 65:17-25) Jehova o ne a sa ba senolela se lekanang le seo a re senoletseng sona ka lefatše lena le lecha. Leha ho le joalo, ba ne ba tseba hore le ea tla, ’me ba ne ba batla ho ba ho lona.
Tsoho ea Lefatšeng
12. Na ba tšepahalang ba pele ho Bokreste ba ile ba boleloa ba lokile? Hlalosa.
12 Na re lokela ho nahana ka ho tsoha ha banna le basali baa ba tšepahalang ba pele ho Bokreste lefatšeng leo le lecha e le karolo ea tsoho ea ba lokileng? Ho hlakile hore ho joalo, hobane Bibele e bua ka bona e le ba lokileng. Ka mohlala, morutuoa Jakobo o bua ka monna le mosali ba linakong tsa boholo-holo ba ileng ba boleloa ba lokile. Monna e ne e le Abrahama, moholo-holo oa sechaba sa Baheberu. Ka eena rea bala: “Abrahama o lumetse Molimo, ’me a balloa hona hoba ke ho loka, ’me a neoa lebitso la motsoalle oa Molimo.” Mosali e ne e le Rahaba, eo e neng e se Moiseraele, o ile a bontša tumelo ho Jehova. O ile a “boleloa a lokile” ’me a fetoha karolo ea sechaba sa Baheberu. (Jakobo 2:23-25, NW) Kahoo, banna le basali ba boholo-holo ba ileng ba bontša tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae ’me ba lula ba tšepahala ho isa lefung, Jehova o ile a ba bolela ba lokile motheong oa tumelo ea bona, ’me ntle ho pelaelo ba tla kopanela ‘tsohong ea ba lokileng.’
13, 14. (a) Re tseba joang hore Bakreste ba nang le tšepo ea lefatšeng ba ka boleloa ba lokile? (b) See se bolela’ng bakeng sa bona?
13 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ka bomong ba kang linku kajeno, ba nang le tšepo ea lefatšeng ba inehelang ho Jehova ’me ba shoa ba tšepahala mehleng ena ea bofelo? Na ba tla kopanela tsohong ea ba lokileng? Ho totobetse hore ho joalo. Bongata bo boholo ba ba joalo ba tšepahalang bo ile ba bonoa ponong ke moapostola Johanne. Hlokomela kamoo a ba hlalosang kateng: “Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hooa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšenolo 7:9, 10.
14 Hlokomela hore bana ba ikokobelitseng ba kholisehile ka tieo hore ba tla bolokeha, ’me ba re poloko ena ke ea Jehova le Jesu, eo e leng “Konyana.” Ho feta moo, ba eme ka pel’a Jehova le Konyana, kaofela ba apere liaparo tse tšoeu. Tse tšoeu hobane’ng? Sebōpuoa sa leholimo se bolella Johanne: “Ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšenolo 7:14) Ka Bibeleng, bosoeu ke letšoao la bohloeki, ho loka. (Pesaleme ea 51:7; Daniele 12:10; Tšenolo 19:8) Taba ea hore bongata bo boholo bo bonoa bo apere liaparo tse tšoeu e bolela hore Jehova o ba talima ba lokile. Seo se ka etsahala joang? Hobane, ho joalokaha eka ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele maling a Konyana. Ba bontša tumelo maling a Jesu Kreste a tšolotsoeng ka hona ba boletsoe ba lokile joaloka metsoalle ea Molimo ’me ba lebeletse ho pholoha mahlomola a maholo. Kahoo, Mokreste leha e le ofe ea tšepahalang ea inehetseng eo hona joale e leng karolo ea “bongata bo boholo” ea shoang pele ho mahlomola a maholo a ka kholiseha hore o tla ba le karolo tsohong ea lefatšeng ea ba lokileng.
15. Kaha ba lokileng le ba sa lokang ba tla tsosoa, molemo oa tsoho ea ba lokileng ke ofe?
15 Tsoho eo e hlalosoa ho Tšenolo khaolo ea 20, temana ea 13, ka mantsoe ana: “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae.” Kahoo, Letsatsing la Jehova le leholo la Kahlolo la lilemo tse sekete, bohle ba leng mohopolong oa Molimo ba tla tsosoa—ba lokileng le ba sa lokang. (Liketso 17:31) Leha ho le joalo, boemo bo tla ba molemo hakaakang bakeng sa ba lokileng! Ba se ba ntse ba ile ba phela bophelo ba tumelo. Ba se ba ntse ba e-na le kamano e haufi le Jehova le tšepo ea hore merero ea hae e tla phethahala. Lipaki tse tšepahalang tsa ho tloha Mehleng ea pele ho Bokreste li tla tsoha bafung li laba-labela ho tseba hore na litšepiso tsa Jehova mabapi le Peō li ile tsa phethahala joang. (1 Petrose 1:10-12) Linku tse ling tseo Jehova a li talimang li lokile mehleng ea rōna li tla tsoa mabitleng li laba-labela ho bona lefatše la Paradeise leo li neng li bua ka lona ha li ne li bolela litaba tse molemo tsamaisong ena ea lintho. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!
16. Re ka re’ng ka tsoho ea Letsatsi la Kahlolo ea ba shoang mehleng ea rōna?
16 Letsatsing leo la Kahlolo la lilemo tse sekete, ha e le hantle ba shoeleng ba tšepahala lilemong tsee tse qetellang tsa tsamaiso ea lintho ea Satane ba tla tsosoa neng? Bibele ha e bolele. Leha ho le joalo, na e ne e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho nahana hore ba nkoang ba lokile ba shoang mehleng ea rōna ba tla tsoha pele e le hore ba ka kopanela le bongata bo boholo ba baphonyohi ba Armageddone mosebetsing oa ho amohela meloko ea pejana e tsohang bafung? Ka sebele, ho ka ba joalo!
Tšepo e Tšelisang
17, 18. (a) Tšepo ea tsoho e fana ka matšeliso afe? (b) Re susumelletseha ho bolela eng ka Jehova?
17 Tšepo ea tsoho e fana ka matla le matšeliso ho Bakreste bohle kajeno. Haeba re lula re tšepahala, ha ho ketsahalo e sa lebelloang le sera se ka re amohang moputso oa rōna! Ka mohlala, leqepheng la 177 la 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, ho na le litšoantšo tsa Bakreste ba Ethiopia ba sebete ba ileng ba shoa ho e-na le hore ba sekisetse tumelo ea bona. Polelo e hlalosang setšoantšo seo e baleha tjena: “Lifahleho tseo re lebeletseng ho li bona tsohong.” E tla ba tokelo e kaakang ho tseba bana le ba bang ba se nang palo ba bontšitseng botšepehi bo tšoanang ha ba talimane le lefu!
18 Ho thoe’ng ka baratuoa ba rōna le metsoalle bao ka lebaka la botsofali kapa ho fokola ’meleng ba sa pholoheng mahlomola a maholo? Tumellanong le tšepo ea tsoho, ba na le bokamoso bo babatsehang haeba ba lula ba tšepahala. ’Me haeba le rōna ka sebete re bontša tumelo sehlabelong sa Jesu sa thekollo, re na le bokamoso bo hlollang. Hobane’ng? Hobane, joaloka Pauluse, re na le tšepo ‘tsohong ea ba lokileng le ea ba sa lokang.’ Re leboha Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna bakeng sa tšepo ena. Ka sebele, e re susumeletsa ho pheta mantsoe a mopesaleme a reng: “Le bolele khanya ea [Molimo] har’a lichaba, le mehlolo ea hae har’a mefuta eohle! Hobane Jehova o moholo, o lokeloa ke ho rorisoa ka ho fetisisa.”—Pesaleme ea 96:3, 4.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke mangolo afe a tiisang tšepo ea rōna tsohong ea lefatšeng?
◻ Hona joale Bakreste ba boleloa ba lokile motheong ofe?
◻ Tšepo ea tsoho e etsa hore re be ba sebete le ba ikemiselitseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Joaloka Pauluse, Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le tšepo ea tsoho ea leholimo