Le Hoja Re Sareloa, Re na le Tšepo
“Banab’eso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joalo ka ba bang ba se nang tšepo.”—1 BA-THESSALONIKA 4:13.
1. Kamehla moloko oa batho o hlaseloa ke’ng?
NA U lahlehetsoe ke moratuoa ka lefu? Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, boholo ba rōna re kile ra soabisoa ke ho lahleheloa ke mong ka rōna kapa motsoalle. Mohlomong e ne e le motsoali oa motsoali oa hao, motsoali, molekane oa lenyalo, kapa ngoana. Botsofali, ho kula, le likotsi, kamehla li baka lefu. Tlōlo ea molao, pefo, le ntoa li eketsa masisa-pelo le ho sareloa. Selemo se seng le se seng ho pota lefatše, ka karolelano ho shoa batho ba ka holimo ho limilione tse 50. Ka 1993 ka karolelano letsatsi le letsatsi ho ne ho shoa batho ba 140 250. Liphello tsa lefu tse bakang mesarelo li ama metsoalle le lelapa, ’me boikutlo ba tahlehelo bo tebile.
2. Ke’ng se bonahalang se sa tloaeleha ka ho shoa ha bana?
2 Na re ke ke ra utloela batsoali ba bang ba California, U.S.A. bohloko, bao ka sehlōhō ba ileng ba lahleheloa ke morali ea immeng kotsing ea koloi ea tšohanyetso? Ketsahalong e le ’ngoe feela ea tšohanyetso, ba ile ba lahleheloa ke morali oa bona ea mong feela le lesea leo e neng e tla ba setloholo sa bona sa pele. Monna oa mosali eo o lahlehetsoe ke mosali le mora kapa morali oa hae oa matsibolo. Ha hoa tloaeleha hore batsoali ba shoelloe ke ngoana, ho sa tsotellehe hore na o sa le monyenyane kapa o moholoanyane. Ho batla ho sa tloaeleha hore bana ba shoe pele ho batsoali ba bona. Kaofela ha rōna re rata bophelo. Ka hona, ruri lefu ke sera.—1 Ba-Korinthe 15:26.
Lefu le Kena Lelapeng la Motho
3. Ho ka etsahala hore ebe lefu la Abele le ile la ama Adama le Eva joang?
3 Sebe le lefu li ’nile tsa rena ka lilemo tse ka bang likete tse tšeletseng tsa histori ea motho, haesale ho tloha borabeleng ba batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. (Ba-Roma 5:14; 6:12, 23) Bibele ha e re bolelle hore na ba ile ba itšoara joang ha mora oa bona Abele a bolaoa ke ngoan’abo Kaine. Ka mabaka a itseng, e tlameha ebe e bile phihlelo e ba sithabetsang. Boemong bona, ka lekhetlo la pele, ba ile ba talimana le lefu, le neng le bonahala sefahlehong sa mora oa bona. Ba ile ba bona litholoana tsa borabele ba bona le tsa ho tsoela pele ba sebelisa bolokolohi ba bona hampe. Ho sa tsotellehe litemoso tsa Molimo, Kaine o ne a ikhethetse hore e be eena motho oa pele ea bolaeang ngoan’abo. Rea tseba hore e tlameha ebe lefu la Abele le ile la ama Eva ka ho teba hobane ha a beleha Setha, o ile a re: “Molimo o mphile ngoana e mong sebakeng sa Abele ea bolailoeng ke Kaine.”—Genese 4:3-8, 25.
4. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe tšōmo ea soule e sa shoeng ha ea ka ea e-ba mohloli oa matšeliso ka mor’a lefu la Abele?
4 Batsoali ba rōna ba pele le bona ba ile ba bona bonnete ba kahlolo ea Molimo ho bona—hore haeba e e-ba marabele ’me ba sa mamele, ka sebele ba ne ba tla “shoa.” Ho sa tsotellehe leshano la Satane, ho bonahala hore tšōmo ea soule e sa shoeng e ne e e-s’o qaptjoe, kahoo ba ne ba ke ke ba fumana matšeliso a bohata leha e le afe tšōmong eo. Molimo o ne a ile a re ho Adama: “U tla . . . [khutlela] mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” Ha aa ka a re letho ka bophelo ba nakong e tlang e le soule e sa shoeng leholimong, liheleng, Lempong, pelekatoring, kapa sebakeng leha e le sefe se seng. (Genese 2:17; 3:4, 5, 19) E le lisoule tse phelang tse entseng sebe, Adama le Eva ba ne ba tla qetella ba shoele ebe ba khaotsa ho phela. Morena Salomone o ile a bululeloa hore a ngole: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, ’me ba ke ke ba hlola ba nka moputso lefatšeng, hobane lebitso la bona le lebetsoe. Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong.”—Moeklesia 9:5, 6.
5. Tšepo ea sebele ke efe bakeng sa bafu?
5 Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Ruri, ke mang ea hopolang baholo-holo ba shoeleng ba neng ba phela lilemong tse makholo a mabeli kapa a mararo tse fetileng? Hangata le mabitla a bona ha a tsejoe kapa ke khale a hlokomolohiloe. Na seo se bolela hore ha ho na tšepo bakeng sa baratuoa ba rōna ba shoeleng? Che, ha ho joalo ho hang. Maretha o ile a re ho Jesu mabapi le khaitseli ea hae e shoeleng, Lazaro: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” (Johanne 11:24) Baheberu ba ne ba lumela hore Molimo o tla tsosa bafu nakong e tlang. Empa, seo ha sea ka sa ba thibela ho sareloa ka lebaka la ho lahleheloa ke moratuoa.—Jobo 14:13.
Ba Tšepahalang ba Ileng ba Sareloa
6, 7. Abrahama le Jakobo ba ile ba itšoara joang mabapi le lefu?
6 Hoo e ka bang lilemo tse likete tse ’nè tse fetileng, ha mosali oa Abrahama, Sara, a e-shoa, “Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.” Mohlanka eo oa Molimo ea tšepahalang o ile a bontša maikutlo a hae a tebileng a bakoang ke ho lahleheloa ke mosali oa hae ea ratoang le ea tšepahalang. Le hoja e ne e le monna ea matla ea sebete, o ne a se lihlong ho bontša ho sareloa ha hae ka ho lla.—Genese 14:11-16; 23:1, 2.
7 Jakobo o bile boemong bo tšoanang. Ha a ne a thetsoa e le hore a ka lumela hore mora oa hae Josefa o bolailoe ke sebatana, o ile a itšoara joang? Ho Genese 37:34, 35 rea bala: “Eaba Jakobo o hahola likobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahoashe, a llela mora oa hae ka litšiu tse ngata. Bara ba hae kaofela, le barali ba hae kaofela, ba tla ho mo tšelisa, empa a hana ho itšelisa, a re: Ke tla theohela nģalong ea bafu ho mora oa ka, ke ntse ke lla. Ntat’ae a mo llela joalo.” E, ho bontša ho sareloa ha moratuoa a e-shoa ke ntho ea botho le ea tlhaho.
8. Baheberu ba ne ba atisa ho bontša ho sareloa ha bona joang?
8 Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho latela litekanyetso tsa kajeno kapa tsa sebaka ka seng, boitšoaro ba Jakobo bo ile ba fetelletsoa le ho etsoa hore bo ame maikutlo ka ho feteletseng. Empa o ile a hōla ka nako e fapaneng a hōlela moo ho nang le litloaelo tse fapaneng. Mokhoa oa hae oa ho bontša ho sareloa—ka ho apara lesela le mahoashe—ke oona oa pele oo Bibele e buang ka oona. Leha ho le joalo, joalokaha ho hlalositsoe Mangolong a Seheberu, ho siama ho ne ho boetse ho bontšoa ka ho bokolla, ho qapa koli-ea-malla, le ka ho lula moloreng. Baheberu ba ne ba sa thibeloa ho bontša mesarelo ea bona ea sebele.a—Ezekiele 27:30-32; Amose 8:10.
Ho Sareloa Mehleng ea Jesu
9, 10. (a) Jesu o ile a itšoara joang mabapi le lefu la Lazaro? (b) Tsela eo Jesu a ileng a itšoara ka eona e re bolella eng ka eena?
9 Re ka re’ng ka barutuoa ba Jesu ba pele? Ka mohlala, ha Lazaro a e-shoa, likhaitseli tsa hae Maretha le Maria li ile tsa siamela lefu la hae ka ho ntša meokho le ka ho bokolla. Motho ea phethahetseng Jesu o ile a itšoara joang ha a fihla habo bona? Tlaleho ea Johanne e re: “Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, ha a ’mona, a itihela maotong a hae, a re ho eena: Morena, hojane ua ba teng, khaitseli ea ka a ka be a sa ka a shoa. Jesu ha a ’mona a lla, le ba-Juda ba mo felehelitseng ba lla, a hlabeha moeeng, a sisimoha, a re: Le ’meile kae? Ba re ho eena: Morena, tloo, u bone. Eaba Jesu oa lla.”—Johanne 11:32-35.
10 “Eaba Jesu oa lla.” Mantsoe ao a seng makae a bolela ho hoholo ka botho ba Jesu, kutloelo-bohloko ea hae le maikutlo a hae. Le hoja a ne a na le tsebo e feletseng ka tšepo ea tsoho, ‘Jesu o ile a lla.’ (Johanne 11:35) Tlaleho ena e tsoela pele ho bolela hore ba shebeletseng ba ile ba re: “A le ke le boneng! o na a rata [Lazaro] hakakang!” Ka sebele, haeba motho ea phethahetseng Jesu o ile a lla ha a lahlehetsoe ke motsoalle, ha ho hlabise lihlong haeba monna kapa mosali a siama a bile a lla kajeno.—Johanne 11:36.
Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bafu?
11. (a) Re ka ithuta eng mehlaleng ea Bibele e amang ho siama? (b) Ke hobane’ng ha re sa sareloe joaloka ba se nang tšepo?
11 Re ka ithuta eng mehlaleng ee ea Bibele? Hore ho sareloa ke ntho ea botho le ea tlhaho ’me ha rea lokela ho hlajoa ke lihlong ho bontša ho sareloa ha rōna. Esita leha le bebofatsoa ke tšepo ena ea tsoho, lefu la moratuoa e sa ntse e le tahlehelo e sithabetsang, e utluoang ka ho teba. Lilemo, mohlomong mashome a lilemo, a botsoalle bo haufi le ho phela hammoho li fela ka tšohanyetso le ka tsela e sehlōhō. Ke ’nete hore ha re siame joaloka ba se nang tšepo kapa joaloka ba nang le tšepo ea bohata. (1 Ba-Thessalonika 4:13) Hape, ha rea khelosoa ke litšōmo leha e le life tsa hore motho o na le soule e sa shoeng kapa e tsoelang pele ho phela ka ho tsoaloa hangata. Rea tseba hore Jehova o tšepisitse “maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (2 Petrose 3:13) Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [rōna]; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
12. Pauluse o ile a bontša tumelo ea hae tsohong joang?
12 Ho na le tšepo efe bakeng sa ba shoeleng?b Mongoli oa Mokreste Pauluse o ile a bululeloa hore a re tšelise le ho re fa tšepo ha a ngola: “Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu.” (1 Ba-Korinthe 15:26) The New English Bible e re: “E le sera sa ho qetela, lefu le lokela ho felisoa ka ho feletseng.” Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka kholiseha hakaalo ka seo? Hobane o ne a sokolotsoe le ho rutoa ke ea ileng a tsosoa bafung, Jesu Kreste. (Liketso 9:3-19) Hape ke ka lebaka leo Pauluse a neng a ka re: “Hobane lefu ha le hlahile ka motho [Adama], tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho [Jesu]. Hobane joalo ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:21, 22.
13. Ba boneng ka mahlo ba ile ba itšoara joang mabapi le tsoho ea Lazaro?
13 Thuto ea Jesu e re tšelisa haholo e bile e re fa tšepo bakeng sa nako e tlang. Ka mohlala, o ile a etsa’ng tabeng ea Lazaro? O ile a ea lebitleng leo setopo sa Lazaro se neng se beiloe ho lona ka matsatsi a mane. O ile a rapela, “eitse hobane a bolele tseo, a hooa ka lentsoe le leholo, a re: Lasaro, tsoa moo! Eaba mofu o tsoa a thatiloe matsoho le maoto ka masela, a khurumelitsoe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.” Na ka mahlo a kelello u ka bona lifahleho tsa Maretha le Maria tse bontšang ho makala ho kopaneng le ho thaba? E tlameha ebe baahisani ba ile ba makala hakaakang ha ba bona mohlolo oo! Ha ho makatse hore ebe bashebelli ba bangata ba ile ba lumela ho Jesu. Leha ho le joalo, lira tsa hae tsa bolumeli, li ile tsa ‘rera hammoho hore li tle li ’molaee.’—Johanne 11:41-53.
14. Tsoho ea Lazaro e bile pontšo ea eng?
14 Jesu o ile a etsa mohlolo ona oa tsoho e ke keng ea lebaloa ka pel’a lipaki tse ngata. E ne e le pontšo ea tsoho ea nako e tlang eo a neng a e boletse esale pele ketsahalong ea pejana, ha a ne a re: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la [Mora oa Molimo]; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:28, 29.
15. Pauluse le Ananiase ba ne ba na le bopaki bofe ba tsoho ea Jesu?
15 Joalokaha ho boletsoe pele, moapostola Pauluse o ne a lumela tsohong. Ka lebaka lefe? E ne e kile ea e-ba Saule ea tummeng hampe, ea hlorisang Bakreste. Lebitso la hae le botumo li ne li jala tšabo har’a balumeli. Ha e le hantle, na hase eena ea neng a ile a lumela hore moshoela-tumelo oa Mokreste Setefane a tlepetsoe ka majoe? (Liketso 8:1; 9:1, 2, 26) Empa, tseleng e eang Damaseka, Kreste ea tsositsoeng o ile a etsa hore Saule a hlaphoheloe kelellong, a mo otla ka bofofu ba nakoana. Saule o ile a utloa lentsoe le re ho eena: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng na? A re: U mang, Morena? Morena a re: Ke ’na Jesu, eo u mo hlorisang.” Kreste eena eo ea tsositsoeng o ile a laela Ananiase, ea lulang Damaseka, hore a ee ntlong eo Saule a neng a rapela a le ho eona a e’o etsa hore a boele a bone. Kahoo, ka phihlelo ea botho, Saule le Ananiase ba ne ba na le mabaka a mangata a ho lumela tsohong.—Liketso 9:4, 5, 10-12.
16, 17. (a) Re tseba joang hore Pauluse o ne a sa lumele khopolong ea Magerike ea ho se shoe ha soule e bōpeletsoeng ho motho? (b) Bibele e fana ka tšepo efe e tiileng? (Ba-Heberu 6:17-20)
16 Hlokomela kamoo Saule, e leng moapostola Pauluse, a ileng a araba kateng ha, joaloka Mokreste ea hlorisoang, a tlisoa ka pel’a ’Musisi Felixe. Ho Liketso 24:15 rea bala: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” Ho hlakile hore Pauluse o ne a sa lumele khopolong ea bohetene ea Magerike ea ho se shoe ha soule e bōpeletsoeng ho motho, eo ho lumeloang hore e fetela bophelong ba tšōmong ba ka mor’a lefu kapa lefatšeng la lisoule tse shoeleng. O ne a lumela tsohong a bile a e ruta. Ho ba bang seo se ne se tla bolela bophelo ba ho se shoe e le libōpuoa tsa moea leholimong le Kreste ’me ho ba bangata seo se ne se tla bolela ho khutlela bophelong lefatšeng le phethahetseng.—Luka 23:43; 1 Ba-Korinthe 15:20-22, 53, 54; Tšenolo 7:4, 9, 17; 14:1, 3.
17 Kahoo Bibele e re fa tšepiso e hlakileng le tšepo e tiileng ea hore ka tsoho, ba bangata ba tla bona baratuoa ba bona hape mona lefatšeng empa e le tlas’a maemo a fapaneng ka ho feletseng.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.
Thuso e Sebetsang Bakeng sa ba Sareloang
18. (a) Ke kofuto efe e molemo e ileng ea lokolloa Likopanong tsa “Tšabo ea Bomolimo”? (Bona lebokose.) (b) Ke lipotso life tse hlokang ho arabjoa hona joale?
18 Joale re na le mehopolo ea rōna le mesarelo ea rōna. Re ka etsa eng ho pholoha nako ena e lekang ea ho shoeloa? Ba bang ba ka etsa’ng ho thusa ba sareloang? Ho feta moo, re ka etsa eng ho thusa ba nang le thahasello ea sebele bao re kopanang le bona tšebeletsong ea rōna ea tšimo ba se nang tšepo leha e le efe ea sebele ba bileng ba sareloang? ’Me re ka fumana matšeliso afe a eketsehileng Bibeleng mabapi le baratuoa ba rōna ba shoeleng? Sehlooho se latelang se tla fana ka litlhahiso tse itseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšepo ea tsoho e fumanoang ka Bibeleng, bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, maqepheng a 783-93.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ho siama mehleng ea Bibele, bona Insight on the Scriptures, Moqolo oa 2, maqepheng a 446-7, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U ka Araba?
◻ Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lefu ke sera?
◻ Bahlanka ba Molimo ba mehleng ea Bibele ba ile ba bontša ho sareloa ha bona joang?
◻ Ho na le tšepo efe bakeng sa baratuoa ba shoeleng?
◻ Pauluse o ne a e-na le lebaka lefe la ho lumela tsohong?
[Lebokose le leqepheng la 8, 9]
Thuso e Sebetsang Bakeng sa ba Sareloang
Likopanong tsa “Tšabo ea Bomolimo” tsa 1994-95, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa etsa tsebiso ea ho lokolloa ha bukana e ncha e lekanang le makasine eo sehlooho sa eona se reng Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. Bukana ena e khothatsang e reretsoe ho tšelisa batho ba lichaba tsohle le lipuo. Joalokaha ho ka etsahala hore ebe u se u hlokometse, e fana ka tlhaloso e bonolo ea Bibele ea lefu le boemo ba bafu. Habohlokoa le ho feta, e totobatsa tšepiso ea Molimo, ka Kreste Jesu, ea ho tsohela bophelong lefatšeng la paradeise le hloekisitsoeng. Ruri e tšelisa ba siameng. Ka hona, e lokela ho ba kofuto e molemo tšebeletsong ea Bokreste ’me e lokela ho tsosa thahasello, e fellang ka lithuto tsa lehae tsa Bibele tse eketsehileng. Lipotso tsa ho ithuta li ngotsoe ka bohlale ka mabokoseng ho ella qetellong ea karolo ka ’ngoe e le hore ho ka etsoa tlhahlobo e bonolo ea lintlha tse tšohliloeng le motho leha e le ofe ea siameng ea nang le thahasello ea sebele.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ha Lazaro a e-shoa, Jesu o ile a lla
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o ile a tsosa Lazaro bafung
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]
First Mourning, by W. Bouguereau, from original glass plate in Photo-Drama of Creation, 1914