Pono ea Bibele
Na ho Utloa Bohloko ba ho Shoeloa ho Fosahetse?
“KE LUMELA TŠEPONG EA TSOHO KA TIEO, ’ME KE NE KE NAHANA HORE E KA BA HO FOSAHETSENG HO BONAHATSA HO UTLOA BOHLOKO HA KA KA PEL’A BA BANG LE HORE KE NE NKA BA NEHA LEBAKA LA HO BELAELLA HORE NA KE NA LE TUMELO E JOALO E TIILENG. KE NE KE NAHANA HORE HAEBA KA SEBELE KE NE KE LUMELA TSOHONG KE NE NKE KE KA UTLOA TAHLEHELO KA HO TEBILENG HAKAALO.”—CHARLENE, MOKRESTE EA NANG LE LILEMO TSE FETANG 21 A KOLOBELITSOE.
HA EO u mo ratang a e-shoa, u ka ’na ua ba le maikutlo le boikutlo tseo u neng u sa li lebella—tšabo, khalefo, ho ikutloa molato, le ho tepella maikutlong. Ho Mokreste tšepiso e futhumatsang pelo ea Bibele ea ho tsosetsoa ha bafu bophelong lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo ho ka thusa ho fokotsa bohloko. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15; Tšenolo 21:1-4) Joalokaha mantsoe a Charlene a bontša, ha ea ratoang a e-shoa, Bakreste ba bang ba itjarisa moroalo o sa hlokahaleng—maikutlo a hore ho lla ho fosahetse, le hore ho utloa bohloko ba ho shoeloa ka tsela e itseng ho senola ho haella ha tumelo tšepisong ea Bibele ea tsoho.
Leha ho le joalo, Bibele e re’ng ka ho utloa bohloko ba ho shoeloa? Na ho fosahetse ho siama ha ea ratoang a e-shoa?
Ba Ile ba Utloa Bohloko ba ho Shoeloa
Tumelo ea Abrahama e tsebahala haholo. Ha a lekoa Abrahama “a hlahisa [mor’a hae] Isaaka.” (Ba-Heberu 11:17; Genese 22:9-13) Ka ho hlakileng, ha ho motho ea neng a ile a tsosoa pele ho mehla ea hae, empa Abrahama o ne a e-na le tumelo ea hore haeba ho hlokahala, “Molimo o ka tseba ho tsosa mora oa hae bafung.” (Ba-Heberu 11:19) Hoo e ka bang lilemo tse 12 ka mor’a hore tumelo ea Abrahama e lekoe, mosali oa hae, Sara, o ile a shoa. Monna eo oa tumelo o ile a itšoara joang? Bibele e hlalosa hore o ile a “tla bofifing ba Sara ho mo llela.”a (Genese 23:2) E, monna ea neng a lumela hore Molimo a ka tsosa bafu o ile a bontša ho utloa bohloko ba ho shoeloa phatlalatsa. Ho ntse ho le joalo, Abrahama o ntse a boleloa e le mohlala o hlaheletseng oa tumelo.—Ba-Heberu 11:8-10.
O mong oa mehlala e amang ka ho fetisisa ea ho bontša phatlalatsa ho utloa bohloko ba ho shoeloa ke ea ratoang e bile Jesu Kreste ka boeena. Malebana le lefu la Lasaro, motsoalle oa Jesu ea haufi-ufi, rea bala: “Maria eitse ha a fihla moo Jesu a leng teng, a ’mona, a itihela maotong a hae, a re ho eena: ‘Morena, hoja ua ba mona, khaitseli ea ka e ka be e sa ka ea shoa.’ Jesu ha a ’mona a lla le Bajuda ba mo felehelitseng ba lla, a feheloa le ho khathatseha; ’me a re: ‘Le ’meile kae?’ Ba re ho eena: ‘Morena, tloo, u bone.’ Eaba Jesu o tšolla meokho mahlong a hae.”—Johanne 11:32-35, NW.
Ke ho hlasimollang e le kannete ho hlokomela hore Mora ea phethahetseng oa Molimo o ne a se lihlong ho bontša phatlalatsa ho utloa ha hae bohloko ba ho shoeloa. Lentsoe la puo ea pele le fetoletsoeng e le ho “ho tšolla meokho” (da·kryʹo) le bolela ho “ntša meokho motho a ntse a khutsitse.” Se makatsang ke hore pejana Jesu o ne a se a ile a tsosa batho ba babeli—mora oa mohlolohali oa Naine le morali oa Jairuse—’me ka ho feletseng o ne a ikemiselitse ho tsosa Lasaro. (Luka 7:11-15; 8:41, 42, 49-55; bapisa le Johanne 11:11.) Nakoana pele ho moo o ne a ile a bolella Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” (Johanne 11:25) Leha ho le joalo, pherekano e tebileng joalo e ile ea tšoara Jesu hoo likhapha li ileng tsa tšoloha mahlong a hae.
Ho na le ntho eo e leng ea bohlokoa ka ho tebileng. Jesu ke “setšoantšo sa boleng ba Molimo.” (Baheberu 1:3, BPN) Bonolo ba Jesu le maikutlo a hae a tebileng tahlehelong e tlisoang ke lefu la ea ratoang bo fana ka setšoantšo sa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Li bontša Molimo eo pelo ea hae e utloisoang bohloko ke ho tsieleha le ho utloa bohloko ba ho shoeloa ho bahlanka ba hae.—Bapisa le Pesaleme ea 56:8.
Kahoo, ho hlakile hore hase phoso ho utloa bohloko ba ho shoeloa ha eo u mo ratang a e-shoa. Abrahama o ile a lla ka baka la lefu la Sara. Jesu o ile a bontša ho sareloa phatlalatsa ha Lasaro a e-shoa. Jehova Molimo o utloisisa bohloko ba rōna hobane oa ‘re hlokomela.’—1 Petrose 5:7.
Leha ho le joalo ho thoe’ng ka tšepo ea Bakreste? Na e etsa phapang?
‘Le se ke la Hlomoha Joalokaha ba Bang ba Etsa’
Ha ba bang ka phuthehong ea Bokreste ea Thessalonika ea lekholo la pele la lilemo ba ne ba utloa bohloko ba ho shoeloa ke balumeli-’moho, moapostola Pauluse o ne a batla ho ba tšelisa. O ile a ngola: “Banab’eso, ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joalo ka ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13) E, ba nang le tšepo tšepisong ea Molimo ea ho tsosa bafu ba boemong bo molemo haholo ho feta ba se nang tšepo ea tsoho.b Ke joang ho leng joalo?
a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo bao Pauluse a ileng a ba ngolla ba ne ba e-na le tšepo ea ho tsosetsoa leholimong moo ba neng ba tla sebeletsa e le babusi-’moho le Kreste. (1 Ba-Thessalonika 4:14-17; bapisa le Luka 22:29, 30.) Kahoo Pauluse o ile a ba khothaletsa ho tšelisana ka tšepo ea hore nakong ea boteng ba Kreste ba tšepahalang har’a bona ba ileng ba shoa ba ne ba tla tsosoa ’me ba kopanngoe le Kreste hape le e mong le e mong. Leha ho le joalo, bakeng sa bongata ba ba shoang, Bibele e ba fuparetse tšepo ea ho tsosetsoa paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng.—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4.
Ha ba talimane le lefu, ba se nang tšepo ea tsoho ba lula ba nyahame. Esita leha ba ka bolela hore ba lumela mofuteng o itseng oa bophelo ka ’nģane ho lebitla, ke ba fokolang ba ka fumanang matšeliso a sebele ho sena. Ba bang ba bangata mesarelo ea bona ha e bakoe feela ke ’nete ea hore lefu le ba arohantse le baratuoa ba bona empa ka baka la ’nete ea hore karohano ke e sa feleng. Ka baka la ho hloka kutloisiso e hlakileng ka tsoho, tšepo ea bona e fella lepatong la baratuoa ba bona; ho latela seo ba se lumelang, le ka mohla ba ke ke ba hlola ba ba bona hape.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 15:12-19, 32.
Leha ho le joalo, ho fapane ho Bakreste. Pauluse o hlalositse hore lefu, le tšoana le boroko—eseng feela hobane e le boemo ba ho se ikutloe bo tšoanang le boroko bo tebileng empa hape hobane ho ka etsahala ho tsosoa ho bona ka tsoho ea bafu. (Pesaleme ea 13:3; Moeklesia 9:5, 10) Tšepo eo e theiloeng Bibeleng e etsa phapang.
Ha a shoeloa ke ea ratoang, Mokreste o utloa tahlehelo e matla haholo ka ho tšoanang le ba sa lumelang ha ba lahlehetsoe ke botsoalle, tahlehelo ea sefahleho se tloaetsoeng, le bosieo ba lentsoe le ratoang. Tšepo ea tsoho ha e etse hore lipelo e be tse sa utloeng bohloko. Leha ho le joalo, ea kokobetsa le ho etsa hore ho siama e be ho leka-lekaneng. Che, tšepo eo ha e tlose ho utloa bohloko ba ho shoeloa, empa e etsa hore ho be bobebe haholo ho mamella bohloko.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Mabapi le lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “llela,” Theological Wordbook of the Old Testament e re: “Bohle ba neng ba utloa ka tahlehelo ea mofu ba ne ba e-tla ho arolelana bohloko ba ho shoeloa le litho tsa lelapa. . . . Lillo tsa phohomela kapa seboko se phahameng hangata li ne li tsamaisana le ho siama.” Malebana le lentsoe la Seheberu le bakeng sa “bokolla,” buka eo ea hlalosa: “Le hoja likhapha li amahanngoa le mahlo, ho bokolla ho amahanngoa le lentsoe; batho ba Asia boroa-bophirimela ha ba lle ba khutsitse, empa ba phahamisitse mantsoe. . . . Ho pholletsa le T[estamente] ea K[hale] ho bokolla ke ha tlhaho le ho hlalosa maikutlo a matla ho itlisang ka tlhaho.”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Jean-Baptiste Greuze, detail from Le fils puni, Louvre; © Photo R.M.N.