Re Ile Ra Fuoa Perela ea Bohlokoahali
JOALOKAHA HO BOLETSE RICHARD GUNTHER
E ne e le September ka 1959. Re ne re le ka sekepeng sa baeti sa Italy se bitsoang Julio Caesar re tšela Leoatleng la Atlantic re tsoa New York re ea Cádiz, Spain. Mokhatlo oa Watch Tower o ne o mphile kabelo ea ho ea naheng eo ea Iberia hammoho le mosali oa ka, Rita, le Paul le Evelyn Hundertmark, e leng banyalani ba bang ba baromuoa. Re ne re tla tobana le liphephetso tse ngata. Empa ho ne ho tlile joang hore re kopanele mosebetsing oa boromuoa?
’NA LE Rita re ile ra kolobetsoa joaloka Lipaki tsa Jehova, New Jersey, U.S.A. ka 1950. Kapele ka mor’a moo, re ile ra etsa qeto eo ka mor’a nako e itseng e neng e tla etsa hore re be le perela ea bohlokoahali. Re ne re le phuthehong e nang le baena le bo-khaitseli ba lekaneng bakeng sa ho sebetsa tšimo. Kahoo re ile ra ikutloa re tlamehile ho ithaopela ho sebeletsa moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane bakeng sa baboleli. Kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova e neng e le New York City lehlabuleng la 1958, re ile ra etsa kōpo bakeng sa tšebeletso ea boromuoa.
Kapele ka mor’a moo, re ile ra memeloa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, ’me nakong e etsang selemo re ne re le tseleng e eang Spain joaloka baromuoa. Ka baka la ho tšoareha haholo litokisetsong tse ngata le ho apareloa ke thabo, ka nako eo ha rea ka ra hlokomela seo re neng re se filoe. Jesu o ile a bua ka perela ea bohlokoahali. (Mattheu 13:45, 46) Le hoja e ne e se eona ntlha ea papiso ea hae, tokelo ea rōna ea ho sebeletsa joaloka baromuoa e ne e tšoana le perela e joalo ho rōna. Ha re hetla morao, hona joale re ananela ka botlalo haholoanyane mpho ena ea bohlokoahali ea tšebeletso mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.
Phihlelo e Hopolehang
Ka nako eo thupelo ea boromuoa ea Gileade e ne e tšoareloa tikolohong e ntle ea mahaeng sebakeng sa Finger Lakes sa New York State. Moo, re ile ra qeta likhoeli tse tšeletseng tse tsotehang re amehile ka botebo thutong ea Bibele le botsoalleng ba Bokreste, re arohile litabeng le likhathatsong tsa lefatše lena. Liithuti-’moho le rōna li ne li e-tsoa likarolong tse ngata tsa lefatše, ho akarelletsa Australia, Bolivia, Brithani, Greece, le New Zealand. Leha ho le joalo, letsatsi la ho fumana mangolo le ile la fihla kapele. Ka August 1959, re ile ra lumelisana ka meokho ha rōna re tloha ka sekepe ho ea likabelong tsa rōna tse fapa-fapaneng. Khoeli hamorao re ile ra re batha! mobung oa Spain.
Mokhoa oa Bophelo o Mocha
Re ile ra theoha boema-kepe bo ka boroa ba Algeciras, haufi le Lefika la Gibraltar le leholohali. Bosiung boo ka bone ba rōna, ’na le Rita, hammoho le ba ha Hundertmark, re ile ra tšoara terene e eang Madrid. Re ile ra ea Hoteleng ea Mercador, e le ho ea leta moo ho fihlela re kopana le litho tsa Mokhatlo tsa ofisi ea lekala e sebetsang ka sekhukhu. Spain e ne e le tlas’a puso ea bohatelli ea Generalissimo Francisco Franco. Sena se ne se bolela hore bolumeli feela bo neng bo lumelletsoe ka molao ka har’a naha e ne e le Kereke ea Roma e K’hatholike. E ne e le tlōlo ea molao ho sebelisa bolumeli leha e le bofe bo bong phatlalatsa, ’me mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe. Haesita le liboka tsa bolumeli li ne li thibetsoe, e le hore Lipaki tsa Jehova, tse neng li ka ba 1 200 liphuthehong tse 30 tsa Spain ka nako eo, li ne li ke ke tsa bokana Liholong tsa ’Muso joaloka linaheng tse ling. Re ne re lokela ho bokana ka sekhukhu malapeng a batho.
Ho Ithuta Sepanishe le ho Qalisa
Phephetso ea rōna ea pele e ne e le ho ithuta puo. Khoeling ea pele re ile ra qeta lihora tse 11 ka letsatsi re ithuta Sepanishe—re ne re qeta lihora tse ’nè hoseng ho hong le ho hong re le tlelaseng, ’me lihora tse supileng re ne re ithuta ka borōna. Khoeling ea bobeli ho ne ho ntse ho le ka tsela eo hoseng, empa linako tsa motšehare oa mantsiboea re ne re li sebelisetsa boboleli ba ntlo le ntlo. Na u ka nahana ka seo? Re ntse re e-s’o tsebe puo ’me re e-na le kenyelletso eo re e tšoereng ka hlooho feela e ngotsoeng kareteng, ’na le Rita re ile ra ea mosebetsing oa ntlo le ntlo re le bang!
Ke hopola ke kokota monyako Vallecas, karolong ea Madrid eo ho eona ho lulang batho ba sebetsang. Ke ne ke tšoere karete ea ka letsohong molemong oa haeba nka lebala seo ke lokelang ho se bua, ke ile ka re ka Sepanishe: “Lumelang. Re etsa mosebetsi oa Bokreste. Bibele e re (ebe re bala temana). Re rata ha u ka fumana bukana ena.” Joale, mosali eo a sheba feela, a nt’o nka bukana. Ha re etsa leeto la ho boela, a re memela ka tlung, ’me ha re ntse re bua a ’na a re sheba feela. Re ile ra qalisa thuto ea Bibele le eena ka Sepanishe sa rōna se fokolang, ’me nakong ea thuto, o ne a mamela le ho sheba feela. Ka mor’a nako o ile a qetella a re boleletse hore leetong la rōna la pele o ne a sa ka a utloisisa seo re neng re ile ra se bua empa o ile a utloa lentsoe Dios (Molimo) le hore sena se ne se mo lekane bakeng sa hore a tsebe hore e ne e le se molemo. Ka mor’a nako, o ile a ba le tsebo e ngata ea Bibele ’me a kolobetsoa, le ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Ho ithuta Sepanishe ho ne ho le thata ka ho fetisisa ho ’na. Ha re ntse re tsamaea ka har’a motse, ke ne ke atisa ho tšoara ka hlooho maetsi a tsoang motsong o le mong. Seo ke neng ke ile ka se tšoara ka hlooho bekeng e ’ngoe ke ne ke se lebala bekeng e latelang! Ho ne ho nyahamisa haholo. Ka makhetlo a ’maloa ke ne ke ee ke tele. Kaha ke ne ke bua Sepanishe sa boleng bo fokolang haholo, baena ba Masepanishe ba ne ba lokela ho ba le mamello e khōlō ha ke ne ke nka ketello-pele har’a bona. Kopanong e ’ngoe ea setereke, moena e mong o ile a mpha tsebiso e ngotsoeng ka letsoho hore ke e bale sethaleng. Kaha ke ne ke e-na le bothata ba ho bala mongolo oa hae, ke ile ka phatlalatsa: “Tlong le li-muleta (liikokotlelo) tsa lōna lebaleng la lipapali hosane.” E ne e lokela ho ba, “Tlong le li-maleta (lithōto) tsa lōna lebaleng la lipapali hosane.” Joalokaha u ka lebella letšoele le ile la tšeha, ’me ka tlhaho ka ikutloa ke soabile.
Liteko Tsa Pele Madrid
Lilemo tse seng kae tsa pele Madrid li ne li le thata haholo maikutlong a ka le a Rita. Re ne re hloloheloa ha habo rōna le metsoalle ea rōna haholo. Nako le nako ha re ne re fumana lengolo le tsoang United States, leqhubu la ho hloloheloa hae le ne le re pupetsa. Linako tseo tsa tlholohelo li ne li le boima, empa li ile tsa feta. Ho feta mona, re ne re ile ra tlohela lehae, lelapa, le metsoalle hore bakeng sa tsona re fumane perela ea bohlokoahali. Ho ne ho hlokahala hore re ikamahanye le maemo.
Ha re qala ho phela Madrid, re ile ra iphumana re lula ntlong e hiriloeng e nyelisehang. Re ne re e-na le kamore ea rōna le ho fumana lijo hararo ka letsatsi. E ne e le kamore e nyenyane e lefifi, ’me materase a ne a entsoe ka joang. Rente ea khoeli e ne e qeta chelete e fokolang eo re neng re e fumana khoeli le khoeli bakeng sa ho koahela litšenyehelo. Hangata re ne re ja lijo tsa motšehare moo, ’me mong’a moo oa mosali o ne a ee a re siele lijo tsa rōna tsa mantsiboea ka ontong e le ho li boloka li futhumetse bakeng sa hore re ka ba le seo re se jang hamorao bosiung boo. Leha ho le joalo, re ne re lapa haholo ha re ntse re tsamaea seterateng motšehare le ka phirimana. Haeba re ne re se na chelete e koahelang litšenyehelo e setseng, re ne re ee re sebelise chelete e fokolang ea botho ho reka lekumane la chokolete e theko e tlaase eo re neng re ka e fumana. Leha ho le joalo, kapele boemo bona bo ile ba fetoha ketelong ea molebeli oa libaka oa Mokhatlo. O ile a bona boemo ba rōna bo sa thabiseng, ’me a re re ka batla folete e nyenyane ho e sebelisetsa ho ba lehae la baromuoa. Ka sebele, sena se ne se tla ba molemo haholo ho feta ho hlapa re ntse re eme ka har’a bate e chitja ka kichineng. Joale re ile ra ba le shaoara, sehatsetsi seo re bolokang lijo ka ho sona, le setofo sa motlakase seo re phehang lijo tsa rōna ka sona. Re ile ra leboha haholo bakeng sa tlhokomelo eo.
Liphihlelo Tse Hlollang Madrid
Ho bolela ka ntlo le ntlo ho ne ho etsoa ka hlokolosi e khōlō. Morusu oa letsatsi le letsatsi Madrid o ne o fana ka monyetla, o ne o re sireletsa hore re se ke ra hlahella haholo. Re ne re leka ho apara le ho itšoara joaloka ba bang e le hore re se bonahale hore re basele. Mokhoa oa rōna oa ho bolela ka ntlo le ntlo e ne e le ho kena mohahong oa bolulo, re kokote monyako, re bue le motho, ebe rea tsoa mohahong oo, le seterateng seo, le sebakeng seo. Hangata ho ne ho ka ’na ha etsahala hore mong’a ntlo a bitse mapolesa, ka hona e ne e se bohlale ho ba tikolohong eo. Ha e le hantle, esita le hoja ba ne ba le hlokolosi ha ba sebelisa mokhoa ona, Paul le Evelyn Hundertmark ba ile ba tšoaroa ’me ba lelekoa naheng eo ka 1960. Ba ile ba ea naheng ea boahisani ea Portugal, ba sebeletsa moo ka lilemo tse ’maloa, Paul a hlokometse ofisi ea lekala e sebetsang ka sekhukhu. Kajeno ke molebeli oa motse San Diego, California.
Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le teka-tekano bakeng sa rōna. Likhoeli tse seng kae feela hamorao, baromuoa ba tšeletseng ba neng ba abetsoe Portugal ba ile ba laeloa ho tsoa naheng eo! Sena se ile sa tlisa ketsahalo e thabisang hobane Eric le Hazel Beveridge, bao le bona ba neng ba le sehlopheng sa rōna sa Gileade, joale ba ile ba laeloa ho tloha Portugal ’me ba tla Spain. Ka hona ka February 1962, re ne re boetse re le Hoteleng ea Mercador—khetlong lena e le ho ea amohela Eric le Hazel ha ba fihla.
Ke nakong ea matsatsi ana a pele Madrid moo ’na le Rita re ileng ra ba le phihlelo ea botho mabapi le boikaketsi ba bolumeli. Re ne re ithuta Bibele le banyalani, Bernardo le Maria, ba ne ba phela mok’huk’hung o entsoeng ka likotoana tsa thepa ea mohaho tseo Bernardo a neng a ka li fumana. Re ne re ithuta le bona bosiu haholo, ’me ka mor’a thuto, ba ne ba ee ba re fe bohobe, veine, le chisi kapa leha e le eng eo ba neng ba e-na le eona. Ke ile ka hlokomela hore chisi eo e ne e tšoana hantle le chisi ea Amerika. Bosiung bo bong ka mor’a thuto ba ile ba tlisa lekotikoti leo chisi e neng e tšetsoe ka har’a lona. Ho ne ho ngotsoe litlhaku tse khōlō ho lona, ka Senyesemane, “E tsoa ho batho ba Amerika ho ea ho batho ba Spain—e se ke ea rekisoa.” Lelapa lena le futsanehileng le ile la fumana chisi joang? ’Muso o ne o sebelisa Kereke e K’hatholike ho e abela mafutsana. Empa moprista o ne a e rekisa!
Tšebeletso e Hlahisang Litholoana Sesoleng
Kapele ho ile ha etsahala ntho e hlollang e ileng ea fetoha tlhohonolofatso e enneng ho rōna le ho ba bang ba bangata. Re ile ra fumana tsebiso e tsoang ofising ea lekala e neng e kōpa hore re etele mohlankana ea bitsoang Walter Kiedaisch, ea neng a lula setsing sa Lebotho la Moeeng la United States, Torrejón, e lik’hilomithara tse seng kae ka ntle ho Madrid. Re ile ra ba etela eena le mosali oa hae, ra qalisa thuto ea Bibele le bona le banyalani ba bang moo Lebothong la Moeeng.
Ka nako eo, ke ne ke khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang hlano basebetsing ba Lebotho la Moeeng la United States, tsohle e le ka Senyesemane, joalokaha u ne u ka lebella. Hamorao ba supileng ho bao, ba ile ba kolobetsoa, ’me ka mor’a ho khutlela United States, ba bane ho banna e ile ea e-ba baholo ba liphutheho.
Ena e ne e le nako eo ka eona ho neng ho e-na le litsela tse fokolang haholo tsa ho fumana libuka, limakasine, le Libibele hore li kene ka har’a naha ka lebaka la thibelo mosebetsing oa rōna. Leha ho le joalo, likhatiso tse ling li ne li tlisoa ke bahahlauli le manģosa a mang a rōna a Maamerika. Lekala le ile la mpha kabelo ea hore ke sebetse setsing sa sekhukhu sa polokelo ea libuka. E ne e le ka kamoreng e ka morao ea polokelo lebenkeleng le rekisang thepa ea ho ngola Vallecas. Mosali oa mong’a lebenkele leo e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mong’a lebenkele o ne a hlompha mosebetsi oa rōna, le hoja e ne e se Paki, o ile a ntumella ho sebelisa sebaka sena se ka morao hore ke hlophe liphutheloana tsa lingoliloeng bakeng sa ho li romela metseng e meng ho pholletsa le naha esita le hoja sena se ne se le kotsi ho eena le khoebong ea hae. Kaha ho ne ho hlokahala hore kamehla kamore ena e shebahale kamoo e neng e loketse—e le lerōle, e hlekemane e tletse mabokose—ke ile ka lokela ho haha tafole ea ho sebeletsa le lishelefo tsa libuka tse neng li ka kopanngoa hore li lokele mosebetsi ka potlako hape ebe li khona ho pateha ka ho panya ha leihlo. Qetellong ea letsatsi, ke ne ke ee ke eme ho fihlela ho se na motho ka lebenkeleng joale ebe ke ntša liphutheloana tsa ka ka potlako.
E ne e le tokelo ea sebele ho kopanela kabong ea boitsebiso ba moea, joaloka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le lingoliloeng tse ling, liphuthehong ho pholletsa le naha. Tseo e ne e le linako tse thabisang.
Rita o ile a thabela ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 16, tseo halofo ea tsona e ileng ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova. Dolores e ne e le mosali e monyenyane ea nyetsoeng ea neng a qeta halofo ea mariha a robetse ka lebaka la lefu la pelo. Selemo o ne a ee a tsohe ’me a be mafolo-folonyana. Tumelo ea Dolores e ne e le matla, kahoo ha ho fihla nako ea kopano ea rōna ea setereke Toulouse, Fora, o ne a laba-labela ho ea haholo. Ngaka e ne e ile ea mo hlokomelisa hore e ke ke ea e-ba bohlale ka lebaka la boemo ba pelo ea hae. A ikaparetse mose oo ho sebetsoang ka oona ka tlung, ’me a roetse lieta tse bobebe a bile a sa nka thōto, o ile a theohela seteisheneng sa terene bakeng sa ho ea lumelisa monna oa hae, ’mè oa hae, le ba bang ha ba tsamaea. Ka meokho mahlong a hae o ne a ke ke a mamella ho ba bona ba mo siea, kahoo a itahlela ka tereneng, ’me a tsamaea ho ea Fora! Rita o ne a sa tsebe hore sena se etsahetse. Empa ha a le kopanong, o ile a makala hakaakang ha a bona Dolores, ka pososelo e khōlō sefahlehong sa hae!
Thuto ea Bibele e sa Tloaelehang
Re ke ke ra qetella tlaleho ena ea kabelo ea rōna Madrid re sa bua ka Don Benigno Franco, “el profesor.” Paki ea sebakeng seo e ile ea nkisa ho monna-moholo ea neng a phela le mosali oa hae mohahong o mong oa bolulo oa boemo bo tlaase haholo. Ke ile ka qalisa thuto ea Bibele le eena. Ka mor’a ho ithuta ka nako e ka etsang selemo le halofo, o ile a kōpa ho kolobetsoa ’me ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Monna-moholo enoa, Don Benigno Franco, e ne e le motsoala oa Francisco Franco, ’musi ea hatellang oa Spain oa nakong eo. Ho bonahala eka kamehla Don Benigno e ne e le motho ea ratang tokoloho. Nakong ea Ntoa ea Lehae ea Spain, o ne a tšehetsa Rephabliki le ho ba khahlanong le motsoal’ae—molaoli oa mabotho ea ileng a hlōla ntoa ’me a theha puso ea Bok’hatholike ea khatello. Haesale ho tloha ka 1939, Don Benigno o ’nile a haneloa ka tokelo ea ho sebetsa, ’me o ne a e-na le se fokolang haholo seo a ka iphelisang ka sona. Ka hona motsoala eo oa Generalissimo Francisco Franco, ’musi oa sesole oa mohatelli oa Spain, e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Memo e Neng e sa Lebelloa
Ka 1965 ofisi ea lekala ea Spain e ile ea re memela ho qalisa mosebetsi oa ho eta potolohong ea Barcelona. Sena se ne se bolela ho siea baena ba lerato bao re neng re se re atamelane haufi haholo le bona Madrid. Joale ho ’na ho ne ho sa tl’o qaleha phihlelo e ncha feela empa hape, le teko. Phihlelo eo e ne e tšosa hobane kamehla ke ne ke ikhalala. Ke tseba hantle hore ke Jehova ea ileng a etsa hore ke khone ho hlahisa litholoana lefapheng lena la tšebeletso.
Ho etela phutheho beke ka ’ngoe ho ne ho bolela ho lula malapeng a baena. Re ne re sa lule sebakeng se le seng, ’me hoo e ka bang libeke tse ling le tse ling tse peli re ne re ea lelapeng le leng. Sena se thata haholo-holo bakeng sa mosali. Empa kapele José le Roser Escudé ba neng ba lula Barcelona, ba ile ba re memela ho lula le bona ka matsatsi a ’maloa a latellanang ka linako tse ling. Ba ne ba bontšitse lerato ka tsela ena, hobane sena se ne se bolela ho ba le sebaka seo re ka behang lintho tsa rōna kamehla le sebaka seo re ka tlang hae ho sona kamehla ka Sontaha mantsiboea.
’Na le Rita re ile ra qeta lilemo tse ’nè tse latelang mosebetsing oa potoloho profinseng ea Catalonia, e itšetlehileng ka Lebōpo la Mediterranean. Liboka tsohle tsa rōna tsa Bibele li ne li tšoaroa ka sekhukhu malapeng a batho, ’me le ho bolela ha rōna ka ntlo le ntlo ho ne ho etsoa ka bohlale e le hore re se tsose libata masene. Ka linako tse ling re ne re ee re bokelle phutheho eohle ka Sontaha bakeng sa “pikiniki” ka morung, haholo-holo ha re tšoere kopano ea potoloho.
Kamehla re tla ’ne re khahloe ke baena ba moea ba bangata ba ileng ba beha mesebetsi le tokoloho ea bona kotsing, ba ikitlaeletsa ho boloka liphutheho li kopane li bile li le mafolo-folo. Ba bangata ba bona ba ile ba nka ketello-pele ho atolosetseng mosebetsi litoropong tse ka ntle ho motse. Sena se ile sa rala motheo bakeng sa keketseho e khōloanyane Spain ka mor’a hore thibelo e tlosoe ’me tokoloho ea bolumeli e fanoe ka 1970.
Ho Tlameha ho Furalla Kabelo ea Rōna Linaheng Lisele
Nakong ea lilemo tse leshome re le Spain, ho thabela ha rōna tlhohonolofatso ena e khethehileng ea ho sebeletsa Jehova ho ile ha thibeloa ke boemo ba batsoali ba rōna. Ka makhetlo a mangata, re ne re ee re batle re tlameha ho tloha kabelong ea rōna le ho ea hae bakeng sa ho hlokomela ’Mè le Ntate. Leha ho le joalo, ka lebaka la baena le bo-khaitseli ba lerato koana liphuthehong tse haufi le batsoali ba ka, re ile ra khona ho tsoela pele Spain. E, tokelo ea ho sebeletsa lilemong tseo mosebetsing oa boromuoa ka lehlakoreng le leng e ne e nolofatsoa ke ba bang ba neng ba kopanela le rōna ho beheng lithahasello tsa ’Muso oa Molimo pele.
Qetellong, ka December 1968, re ile ra leba hae bakeng sa ho ea hlokomela ’Mè. Khoeling eona eo Ntate o ile a hlokahala, ’me ’Mè joale o ne a setse a le mong. Kaha re ne re ntse re batla re lokolohile ho sebeletsa tšebeletsong ea nako e tletseng, re ile ra fumana kabelo ea ho sebeletsa mosebetsing oa potoloho, empa nakong ena United States. Re ile ra sebeletsa lipotolohong tse sebelisang Sepanishe, ka lilemo tse latelang tse 20. Le hoja re ne re ile ra lahleheloa ke perela ea bohlokoahali ea boromuoa, re ne re boetse re filoe e ’ngoe matsohong a rōna.
Ho Bolela Har’a Pefo le Lithethefatsi
Joale re ne re sebetsa hammoho le baena le bo-khaitseli ba neng ba phela likarolong tsa motse tse tletseng tlōlo ea molao. Bekeng ea pele feela re le mosebetsing oa potoloho Brooklyn, New York, mokotlana oa letsoho oa Rita o ile oa hloibiloa ho eena.
Ketsahalong e ’ngoe ’na le Rita le sehlopha re ne re le boboleling ba ntlo le ntlo karolong e ’ngoe ea New York City. Ha re thinya hukung ea seterata, re ile ra hlokomela batho ba bang ba neng ba entse mokoloko ka pel’a lesoba le neng le le leboteng la mohaho o seng o sa sebelisoe. Ha re nka mehato e seng mekae ho nyolosa seterata, re ile ra hlokomela mocha ea neng a eme tselaneng ea maoto a re shebile. Ho ne ho boetse ho e-na le e mong hukung e hōle ea neng a shebile likoloi tsa mapolesa. Re ne re kene khubung ea khoebo ea lithethefatsi tse seng molaong! Molebeli oa pele o ile a ba tsietsing, empa o ile a phutholoha ha a bona makasine oa Molula-Qhooa ’me a lokoloha. Etsoe ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ebe ke moofisiri oa sepolesa! Eaba joale o hoelehetsa ka Sepanishe, “¡Los Atalayas! ¡Los Atalayas!” (Maoashthaoa! Maoashthaoa!) Ba ne ba tseba hore na re bo-mang, ka ho re khetholla ka makasine, ’me ho ne ho se na khathatso. Ha ke feta haufi le eena ke ile ka re, “¿Buenos dias, como está?” (Lumela, u phela joang?) O ile a arabela ka ho kōpa hore ke mo rapelle!
Qeto e Thata
Ka 1990 ho ile ha hlaka hore ke tla lokela ho ba le ’Mè letsatsi le leng le le leng. Re ne re ile ra leka ka thata ho tsoela pele ka mosebetsi oa ho potoloha, empa kahlolo e molemo e ile ea bontša hore ho ne ho ke ke ha khoneha ho phethahatsa boikarabelo boo ka bobeli. Ka sebele re ne re batla ho tiisa hore ’Mè o hlokomelehile ka lerato. Empa hape re ne re lokela ho tela perela ea bohlokoahali, ntho e neng e le ea bohlokoahali ho rōna. Mahakoe ’ohle a bohlokoa lefatšeng le sohle seo a ka se etsetsang motho a fokola haholo ha a bapisoa le mahakoe a bohlokoa a ho sebeletsa joaloka moromuoa kapa molebeli ea tsamaeang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.
Hona joale ’na le Rita re lilemong tse ka holimo ho 60. Re ntse re khotsofetse re bile re thabile ho sebeletsa le phutheho ea sebakeng sena ea ba buang Sepanishe. Ha re hetla morao lilemong tseo re li qetileng tšebeletsong ea Jehova, rea mo leboha ka ho beha tlhokomelong ea rōna tse ling tsa liperela tsa bohlokoahali.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le Rita le Paul le Evelyn Hundertmark (ka ho le letona) kantle ho lebala leo ho loantšetsoang lipoho ho lona Madrid
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho sebeletsa phutheho “pikiniking” ka morung