Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/1 maq. 3-4
  • “’Nete Ke’ng?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “’Nete Ke’ng?”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlasela ’Nete
  • Mokhoa oa Bophelo oa Hore ’Nete e Itšetlehile ka Maemo
  • Ponse Pilato e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/1 maq. 3-4

“’Nete Ke’ng?”

BANNA ba babeli ba talimaneng ba ne ba fapane ka ho feletseng. E mong e ne e le ralipolotiki ea sa tšepeng batho ba bang, ea ratang botumo, ea ruileng, ea itokiselitseng ho etsa ntho leha e le efe ho ntšetsa pele mosebetsi oa hae. E mong e ne e le tichere e hanneng borui le botumo ’me e ne e itokiselitse ho etsa bophelo ba eona sehlabelo bakeng sa ho pholosa bophelo ba ba bang. Ho hlakile hore banna bana ba babeli ba ne ba se na pono ea litaba e tšoanang! Tabeng e ’ngoe e itseng, ba ile ba hanana ka ho feletseng—e leng taba ea ’nete.

Banna bana e ne e le Ponse Pilato le Jesu Kreste. Jesu o ne a eme ka pel’a Pilato joaloka motlōli oa molao ea ahlotsoeng. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa hore lebaka la sena—lebaka leo e leng lona la sebele la hore ebe o tlile lefatšeng le ho phetha tšebeletso ea hae—o ne a tletse ntho e le ’ngoe: ’nete. O ile a re: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.”—Johanne 18:37.

Karabo ea Pilato e ile ea e-ba potso e hlokomelehang: “’Nete ke’ng?” (Johanne 18:38) Na o ne a hlile a batla karabo? Ha ho bonahale joalo. Jesu e ne e le motho ea neng a ka araba potso leha e le efe eo a neng a e botsoa ka botšepehi, empa ha aa ka a araba Pilato. ’Me Bibele e bolela hore ka mor’a ho botsa potso ea hae, ntle ho tika-tiko Pilato o ile a tsoa phaposing eo batho ba neng ba le ho eona. Ho ka etsahala hore ebe ’musisi eo oa Moroma o ne a botsitse potso eo ka mokhoa oa ho hloka tšepo ho motho le ho se lumele, joalokaha eka o ne a re, “’Nete? Ke eng hoo? Ha ho ntho e kang eo!”a

Pono ea Pilato e tletseng lipelaelo mabapi le ’nete e tloaelehile kajeno. Ba bangata ba lumela hore ’nete e itšetlehile ka maemo—ka mantsoe a mang, seo e leng ’nete ho motho e mong e ka ’na ea se ke ea e-ba ’nete ho e mong, ho etsang hore ka bobeli ba bona e be ba “nepileng.” Tumelo ena e jele setsi hoo ho bileng ho nang le polelo bakeng sa eona—“pono ea hore ’nete e itšetlehile ka motho ka mong le sehlopha se e lumelang.” Na ke kamoo u talimang taba ea ’nete kateng? Haeba ho joalo, na ho ka etsahala hore ebe u amohetse khopolo ee ntle le hore u e hlahlobe ka ho feletseng? Esita le haeba ha ua e amohela, na ua tseba hore na filosofi ee e ama bophelo ba hao hakae?

Ho Hlasela ’Nete

Ponse Pilato e ne e se motho oa pele oa ho belaella khopolo ea hore ho na le ’nete ka ho feletseng. Bo-rafilosofi ba bang ba Magerike ba boholo-holo ba ile ba ruta lipelaelo tse joalo hoo e neng e batla e le mosebetsi oa bona oa bophelo! Makholo a mahlano a lilemo pele ho Pilato, Parmenides (ea ’nileng a talingoa e le mothehi oa thuto ea filosofi ea Europe ea likhopolo-taba) o ne a lumela hore tsebo ea sebele e ke ke ea fumaneha. Democritus, ea thoholetsoang ka hore ke “e moholo ka ho fetisisa ho bo-rafilosofi ba boholo-holo,” o ile a tiisa: “’Nete e patehile ka ho teba. . . . Ha re tsebe letho ka sebele.” Mohlomong ea hlomphehang ka ho fetisisa har’a bona, Socrates, o ile a bolela hore ntho eo a neng a hlile a e tseba e ne e le hore ha a tsebe letho.

Tlhaselo ena khopolong ea hore ’nete e ka tsejoa e ’nile ea tsoela pele ho fihlela mehleng ea rōna. Ka mohlala, bo-rafilosofi ba bang ba bolela hore kaha tsebo e fihla ho rōna ka litho tsa rōna tsa kutlo, e leng tse ka ’nang tsa thetsoa, ha ho na tsebo eo ho ka tiisoang hore ke ’nete. Rafilosofi oa Mofora ebile e le setsebi sa lipalo René Descartes o ile a etsa qeto ea ho hlahloba lintho tsohle tseo a neng a nahana hore o li tseba ka tieo. O ile a lahla lintho tsohle empa a sala ka ’nete e le ’ngoe eo a nahanang hore e ke ke ea belaelloa ka letho: “Cogito ergo sum,” kapa, “kea nahana, ka hona kea phela.”

Mokhoa oa Bophelo oa Hore ’Nete e Itšetlehile ka Maemo

Taba ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo hase ea bo-rafilosofi feela. E rutoa ke baeta-pele ba bolumeli, e rutoa likolong, ’me e jaloa hohle ke ba phatlalatso ea litaba. Lilemo tse seng kae tse fetileng mobishopo oa Episcopal John S. Spong o ile a re: “Re tlameha . . . ho fetoha monahanong oa hore re na le ’nete le hore ba bang ba tlameha ho ba le pono e tšoanang le ea rōna re ntse re hlokomela hore seo e leng ’nete ka ho feletseng se ka ’nģane ho kutloisiso ea rōna kaofela.” Tumelo ea Spong ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo, joaloka baruti ba bangata ba kajeno, e potlakela ho lahla lithuto tsa boitšoaro tsa Bibele ebe ba emela filosofi ea hore “motho ka mong a iketsetse qeto ea hae.” Ka mohlala, e le ha a leka hore basodoma ba ikutloe ba “phutholohile” haholoanyane Kerekeng ea Episcopal, Spong o ile a ngola buka e bolelang hore moapostola Pauluse e ne e le mosodoma!

Linaheng tse ngata ho bonahala litsamaiso tsa sekolo li hlahisa mokhoa o tšoanang oa ho nahana. Allan Bloom o ile a ngola bukeng ea hae The Closing of the American Mind: “Ho na le ntho e le ’ngoe eo moprofesa a ka kholisehang ka ho feletseng ka eona: hoo e ka bang seithuti se seng le se seng se kenang univesithing sea lumela, kapa se bolela hore sea lumela, hore ’nete e itšetlehile ka maemo.” Bloom o ile a fumana hore ha a ne a phephetsa kholiseho ea liithuti tsa hae tabeng ena, li ne li arabela ka ho makala, “joalokaha eka o ne a belaela hore 2 + 2 = 4.”

Khopolo e tšoanang e ntšetsoa pele ka litsela tse ling tse ngata. Ka mohlala, hangata batlalehi ba TV le ba likoranta ba bonahala ba thahasella haholoanyane ho thabisa bashebelli ho feta ho nehelana ka litaba tsa ’nete. Mananeo a mang a litaba aa fetoloa kapa ho bontšoa filimi ea bohata e le hore e ka bonahala e hapa tlhokomelo haholoanyane. Ebile boithabisong ke moo ho etsoang tlhophiso e matla haholoanyane ea ho hlasela ’nete. Melao-motheo ea bohlokoa le linnete tsa boitšoaro tseo batsoali ba rōna le batsoali ba batsoali ba rōna ba phetseng ka tsona li talingoa e le tse seng li sa sebetse ’me hangata li songoa ka ho toba.

Ka ho hlakileng, ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka hore boholo ba tumelo ena ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo e bontša ho ba le monahano o bulehileng ’me ka hona e na le tšusumetso e ntle mokhatlong oa batho. Leha ho le joalo, na ehlile ho joalo? ’Me ho thoe’ng ka tšusumetso ea eona ho uena? Na u lumela hore ’nete e itšetlehile ka maemo kapa hase ntho e teng? Haeba ho joalo, ho e batla e ka ba tšenyo ea nako. Pono e joalo e tla ama bokamoso ba hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela setsebi sa Bibele R. C. H. Lenski, “mokhoa oa ho bua [oa Pilato] ke oa motho oa lefatše ea se nang thahasello eo ka potso ea hae a fanang ka maikutlo a hore ntho leha e le efe e sebōpehong sa ’nete ea bolumeli ke khopolo e se nang thuso.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela