Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 maq. 14-19
  • Jehova o fa ea Khathetseng Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o fa ea Khathetseng Matla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Thapelo
  • Mofuthu oa Boena
  • Matla a Lentsoe la Molimo
  • Baholo Bao e Leng “Tšireletso ha Moea o Foka”
  • Ho Fumana Matla Hape, U sa Khathale
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • U se ke Ua Tela!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova o fa ea Khathetseng Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Batlang Jehova le Matla a Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 maq. 14-19

Jehova o fa ea Khathetseng Matla

“Ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joalo ka ntsu.”—ESAIA 40:31.

 1, 2. Jehova o fa ba mo tšepang eng, ’me hona joale re tla nahana ka eng?

LINTSU ke tse ling tsa linonyana tse matla ka ho fetisisa maholimong. Li ka lelemela libakeng tse telele li sa phuphusele. Ka mapheo a ka bang le boahlamo ba limithara tse peli, “Morena oa Linonyana,” ntsu-kobokobo, ke “e ’ngoe ea lintsu tse khahlehang ka ho fetisisa lintsung tsohle; ha e phahamela maralla le lithota, [e] fofela holimo ka lihora-hora ka holim’a letsatsa le itseng, ebe e phahama e ntse e pota-pota ho fihlela eka ke lethebanyana le letšo leholimong.”—The Audubon Society Encyclopedia of North American Birds.

2 A nahanne ka matla a ntsu a ho fofa, Esaia o ile a ngola: “[Jehova] o fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng. Ba bacha ba khathala, ba fokola, likoankoetla lia oa. Empa ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha.” (Esaia 40:29-31) Ho tseba hore Jehova o fa ba mo tšepang matla a ho tsoela pele, joalokaha eka o ba fa ho bonahalang eka ke mapheo a sa khathaleng a ntsu e fofelang holimo, ho khothatsa hakaakang! Joale, nahana ka litokisetso tse ling tseo a li entseng ho fa ea khathetseng matla.

Matla a Thapelo

 3, 4. (a) Jesu o ile a phehella barutuoa ba hae hore ba etse eng? (b) Re ka lebella Jehova hore a etse eng ha a araba lithapelo tsa rōna?

3 Jesu o ile a phehella barutuoa ba hae hore “ba rapele ka mehla, ’me ba se ke ba [tela, NW].” (Luka 18:1) Na ho tšollela lipelo tsa rōna ho Jehova ho ka hla ha re thusa ho fumana matla hape le ho qoba ho tela ha ho bonahala eka likhatello tsa bophelo lia re imela? E, empa ho na le lintho tse ling tseo re tlamehang ho li hopola.

4 Re tlameha ho talima lintho ka tsela ea sebele mabapi le seo re lebeletseng hore Jehova a se etse ha a araba lithapelo tsa rōna. Mokreste e mong ea neng a ile a tepella maikutlo haholo hamorao o ile a hlokomela: “Joaloka maloetseng a mang, Jehova ha a etse mehlolo ka nako ena. Empa o re thusa ho sebetsana le hona ka katleho ’me o re folisa ho fihlela moo re ka folang teng tsamaisong ena.” Ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha lithapelo tsa hae li ne li etsa phapang, o ile a eketsa: “Ke ne ke fumana moea o halalelang oa Jehova ka lihora tse 24.” Kahoo, Jehova ha a re sireletse likhatellong tsa bophelo tse ka re tepeletsang maikutlo, empa o “nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” (Luka 11:13; Pesaleme ea 88:1-3) Moea oo o ka etsa hore re thule teko leha e le efe kapa khatello eo re ka ’nang ra talimana le eona. (1 Ba-Korinthe 10:13) Haeba ho hlokahala, o ka re kenya ‘matla a tlōlisang’ a ho mamella ho fihlela ’Muso oa Molimo o tlosa mathata ’ohle a sithabetsang lefatšeng le lecha le haufi haholo.—2 Ba-Korinthe 4:7.

 5. (a) E le hore lithapelo tsa rōna li ka atleha, ho hlokahala lintho life tse peli? (b) Re ka rapela joang haeba re loana le bofokoli ba nama? (c) Lithapelo tsa rōna tse phehellang le tse tobang li tla bontša Jehova eng?

5 Leha ho le joalo, e le hore lithapelo tsa rōna li atlehe, re tlameha ho phehella le ho toba taba. (Ba-Roma 12:12) Ka mohlala, haeba ka linako tse ling u khathala ka lebaka la ho loantša bofokoli bo itseng ba nama, qalong ea letsatsi ka leng, kōpa Jehova ka tieo hore a u thuse ho qoba ho inehela bofokoling boo bo tobileng motšehare. Rapela ka tsela e tšoanang ho pholletsa le letsatsi leo le pele u il’o robala bosiu ka bong. Haeba bo khutla, kōpa Jehova hore a u tšoarele, empa hape bua le eena ka se ileng sa lebisa ho khutleleng ha hao boemong boo le seo u ka se etsang ho qoba maemo ao nakong e tlang. Ho phehella ho joalo le ho toba taba lithapelong ho tla bontša “ea utloang merapelo” hore u na le takatso e tiileng ea ho hlōla ntoa ena.—Pesaleme ea 65:2; Luka 11:5-13.

 6. Ke hobane’ng ha ka nepo re ka lebella hore Jehova a utloe lithapelo tsa rōna esita leha re ka ikutloa re sa tšoanelehe hore re ka rapela?

6 Leha ho le joalo, ka linako tse ling ba khathetseng ba ka ikutloa ba sa tšoanelehe hore ba rapele. Mosali oa Mokreste ea neng a ile a ikutloa ka tsela eo hamorao o ile a hlokomela: “Oo ke monahano o kotsi haholo hobane o bontša hore re nka e le boikarabelo ba rōna ho ikahlola, empa hase ba rōna.” Ruri, “Molimo ke oona o tla ahlola.” (Pesaleme ea 50:6) Bibele e re tiisetsa hore le hoja ‘lipelo tsa rōna li re qosa, Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.’ (1 Johanne 3:20) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore le hoja re ka ikahlola ka hore ha re tšoanelehe hore re ka rapela, Jehova ha a ikutloe ka tsela eo ka rōna! O “tseba tsohle” ka rōna, ho akarelletsa maemo a bophelo ba rōna ao e ka ’nang eaba a entse hore re ikutloe re sa tšoanelehe hakana. (Pesaleme ea 103:10-14) Mohau oa hae le botebo ba kutloisiso ea hae li mo susumetsa hore a utloe lithapelo tse tsoang ‘pelong e robehileng, e hlomohileng.’ (Pesaleme ea 51:17) O ne a ka hana joang ho utloa mehoo ea rōna e kōpang thuso ha eena ka boeena a nyatsa “ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa lillo tsa mosenyehi”?—Liproverbia 21:13.

Mofuthu oa Boena

 7. (a) Jehova o entse tokisetso efe e ’ngoe ho re thusa hore re boele re be matla? (b) Re ka matlafatsoa ke ho tseba eng ka boena ba rōna?

7 Tokisetso e ’ngoe eo Jehova a e entseng ho re thusa hore re boele re fumane matla ke boena ba rōna ba Bokreste. Ho ba karolo ea lelapa la lefatše lohle la baena le bo-khaitseli ke tokelo ea bohlokoa hakaakang! (1 Petrose 2:17, NW) Ha likhatello tsa bophelo li re tepeletsa maikutlo, mofuthu oa boena ba rōna o ka re thusa hore re boele re be matla. Ka tsela efe? Ho tseba hore hase rōna feela ba talimaneng le liphephetso tse sithabetsang ka bohona ho ka re matlafatsa. Har’a baena ba rōna le bo-khaitseli, ha ho pelaelo hore ho na le ba bang ba ’nileng ba talimana le likhatello tse tšoanang kapa liteko ’me ba ’nile ba e-ba le maikutlo a batlang a tšoana le a rōna. (1 Petrose 5:9) Hoa khothatsa ho tseba hore seo re se latsoang se tloaelehile le hore maikutlo a rōna a tloaelehile.

 8. (a) Ke mehlala efe e re bontšang tsela ea ho fumana boholo ba thuso e hlokahalang le khothatso boeneng ba rōna? (b) Uena ka bouena u thusitsoe kapa u khothalitsoe joang ke “motsoalle oa ’nete”?

8 Mofuthung oa boena re ka fumana ‘metsoalle ea ’nete’ eo, ha re tsielehile, e ka re fang thuso e hlokahalang le khothatso. (Liproverbia 17:17, NW) Hangata, sohle se hlokahalang ke lipolelo tse mosa kapa liketso tse bontšang ho nahanela. Mokreste ea ileng a loana le maikutlo a ho se tšoanelehe oa hopola: “Ho ne ho e-na le metsoalle e neng e ee e bue le ’na ka lintho tse molemo tse nkamang ho nthusa ho hlōla menahano e seng molemo eo ke neng ke e-na le eona.” (Liproverbia 15:23) Ka mor’a lefu la morali oa hae e monyenyane, qalong khaitseli e mong o ile a fumana ho le thata ho bina lipina tsa ’Muso libokeng tsa phutheho, haholo-holo lipina tse buang ka tsoho. Oa hopola: “Ka nako e ’ngoe, khaitseli ea neng a lutse mabapa le ’na litulong tse ka lehlakoreng le leng o ile a mpona ke lla. O ile a tla ho ’na, a nkopa ka letsoho, ’me a bina le ’na karolo ea pina e setseng. Ke ile ka ikutloa ke e-na le lerato le lengata bakeng sa baena le bo-khaitseli ke bile ke thabile haholo hore ebe re bile teng libokeng, ka elelloa hore ke moo thuso ea rōna e leng teng, hona moo Holong ea ’Muso.”

 9, 10. (a) Re ka tlatsetsa joang mofuthung oa boena ba rōna? (b) Ke bo-mang ka ho khetheha ba hlokang botsoalle bo molemo? (c) Re ka etsa’ng ho thusa ba hlokang khothatso?

9 Ho hlakile hore e mong le e mong oa rōna o na le boikarabelo ba ho tlatsetsa mofuthung oa boena ba Bokreste. Kahoo lipelo tsa rōna li lokela ho ‘atoloha’ ho kenyelletsa baena le bo-khaitseli ba rōna bohle. (2 Ba-Korinthe 6:13, NW) Ho ne ho tla ba bohloko hakaakang hore ba tepeletseng ba ikutloe hore lerato la boena le tapile bakeng sa bona! Empa, Bakreste ba bang ba tlaleha hore ba ikutloa ba le bolutu ba bile ba hlokomolohiloe. Khaitseli eo monna oa hae a hanyetsang ’nete o ile a ipiletsa: “Ke mang ea sa lakatseng ea bileng a sa hlokeng botsoalle bo hahang, khothatso le bolekane bo lerato? Ka kōpo hopotsang baena le bo-khaitseli ba rōna hore rea ba hloka!” E, ke haholo-holo bao maemo a bona bophelong a ba tepeletsang maikutlo—bao balekane ba bona ba sa lumelang, batsoali ba se nang balekane, ba nang le mathata a ho kula ho sa foleng, ba hōlileng le ba bang—ba hlokang botsoalle bo molemo. Na ho hlokahala hore ba bang ba rōna ba hopotsoe ka seo?

10 Re ka etsa’ng ho thusa? A re atoloheng ha re bontša lerato la rōna. Ha re amohela baeti ka mofuthu, a re se keng ra lebala ba hlokang khothatso. (Luka 14:12-14; Ba-Heberu 13:2) Ho e-na le ho nka hore maemo a bona a ba thibela ho amohela memo, ke hobane’ng ha re sa ba meme feela? Joale re ba tlohelle ba etse qeto. Esita leha ba ke ke ba e amohela, ha ho pelaelo hore ba tla ikutloa ba khothalitsoe ke ho tseba hore ba bang ba nahanne ka bona. E ka ’na eaba ke sona seo ba hlileng ba se hlokang hore ba boele ba fumane matla.

11. Ba tepeletseng maikutlo ba ka ’na ba hloka thuso ka litsela life?

11 Ba tepeletseng maikutlo e ka ’na eaba ba hloka thuso ka litsela tse ling. Ka mohlala, ’mè ea se nang molekane, a ka ’na a hloka moena ea hōlileng tsebong hore a bontše thahasello ho moshanyana oa hae ea se nang ntat’ae. (Jakobo 1:27) Moena kapa khaitseli ea nang le bothata bo tebileng ba ho kula a ka ’na a hloka thuso e itseng tabeng ea ho reka kapa ho etsa mesebetsi ea lelapa. Ea hōlileng a ka ’na a laba-labela botsoalle kapa a hloka thuso e le hore a ka ea tšebeletsong ea tšimo. Ha thuso e joalo e hlokahala ka ho sa khaotseng, ho hlahisa ‘teko ea sebele ea bonnete ba lerato la rōna.’ (2 Ba-Korinthe 8:8, NW) Ho e-na le ho suthela hōle le ba hlokang ka lebaka la nako le boiteko tse amehang, e se eka re ka thulana le teko ea lerato la Bokreste ka katleho ka ho elelloa le ho arabela litlhokong tsa ba bang.

Matla a Lentsoe la Molimo

12. Lentsoe la Molimo le re thusa joang hore re boele re be matla?

12 Motho ea khaotsang ho ja, kapele o tla felloa ke mokoka kapa matla. Ho loketse hore ebe tsela e ’ngoe eo Jehova a re fang matla a ho tsoela pele ka eona ke ho bona hore re feptjoa hantle moeeng. (Esaia 65:13, 14) O fane ka lijo life tsa moea? Ka holimo ho tsohle, o fane ka Lentsoe la hae, Bibele. (Mattheu 4:4; bapisa le Ba-Heberu 4:12.) E ka re thusa joang hore re boele re fumane matla? Ha likhatello le mathata tseo re talimaneng le tsona li qala ho fokotsa matla a rōna, re ka fumana matla ka ho bala ka maikutlo le liteko tsa sebele tseo banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ileng ba loana le tsona. Le hoja e le mehlala e ikhethang ea botšepehi, e ne e le batho ba “ikutloang joalo ka rōna.” (Jakobo 5:17; Liketso 14:15) Ba ile ba talimana le liteko le likhatello tse tšoanang le tsa rōna. Nahana ka mehlala e meng.

13. Ke mehlala efe ea Mangolo e bontšang hore banna le basali ba tšepahalang mehleng ea Bibele ba ne ba e-na le maikutlo le liphihlelo tse batlang li tšoana le tsa rōna?

13 Mopatriareka Abrahama o ile a sareloa ka ho teba ka lebaka la lefu la mosali oa hae le hoja a ne a lumela hore tsoho e tla ba teng. (Genese 23:2; bapisa le Ba-Heberu 11:8-10, 17-19.) Davida ea bakileng o ile a ikutloa hore libe tsa hae li ne li entse hore a se ke a tšoanelehela ho sebeletsa Jehova. (Pesaleme ea 51:11) Moshe o ne a e-na le boikutlo ba ho se tšoanelehe. (Exoda 4:10) Epafrodite o ile a tepella maikutlo ha ho tsebahala hore bokuli bo tebileng bo ile ba lekanyetsa tšebetso ea hae ‘mosebetsing oa Morena.’ (Ba-Filippi 2:25-30, NW) Pauluse o ile a tlameha ho loana le nama ea boetsalibe. (Ba-Roma 7:21-25) Evodia le Syntyke, bo-khaitseli ba babeli ba tlotsitsoeng ka phuthehong ea Filippi, ho bonahala hore ba ne ba e-na le bothata ba ho phela hammoho ka kutloano. (Ba-Filippi 1:1; 4:2, 3) Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore bana ba tšepahalang ba ne ba e-na le maikutlo le liphihlelo tse tšoanang le tsa rōna, empa ha baa ka ba tela! Leha e le hona hore Jehova o ile a ba lahla.

14. (a) Jehova o sebelisitse kofuto efe ho re thusa ho fumana matla Lentsoeng la hae? (b) Ke hobane’ng ha limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li ’nile tsa e-ba le lihlooho tse buang ka maemo a bophelo, lelapa le maikutlo?

14 Ho re thusa ho fumana matla Lentsoeng la hae, Jehova o sebelisa sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale ho re fa “lijo nakong ea teng.” (Mattheu 24:45) Mohlanka ea khabane o ’nile a sebelisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka nako e telele ho sireletsa ’nete ea Bibele le ho bolela ’Muso oa Molimo e le oona feela tšepo ea batho. Haholo-holo lilemong tse seng kae tse mashome tse fetileng, limakasine tsena li ’nile tsa e-ba le lihlooho tsa Mangolo tse nakong tse buang ka liphephetso tse amanang le maemo a bophelo, lelapa le maikutlo tseo esita le batho ba bang ba Molimo ba thulanang le tsona. Boitsebiso bo joalo bo ’nile ba hatisoa ka morero ofe? Ha ho pelaelo hore ke ka morero oa ho thusa ba fetang tlas’a liphephetso tsena hore ba fumane matla le khothatso Lentsoeng la Molimo. Empa lihlooho tse joalo li thusa le rōna kaofela hore re utloisise ka ho hlakileng haholoanyane seo e ka ’nang eaba baena le bo-khaitseli ba rōna ba bang ba feta ho sona. Kahoo re hlomeletsoe hamolemo bakeng sa ho ela hloko mantsoe a Pauluse: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng, le tiise ba fokolang, ’me le be le mamello ho bohle.”—1 Ba-Thessalonika 5:14.

Baholo Bao e Leng “Tšireletso ha Moea o Foka”

15. Esaia o ile a profeta eng ka ba sebeletsang e le baholo, hona sena se beha boikarabelo bofe holim’a bona?

15 Jehova o fane ka ntho e ’ngoe hape ho re thusa ha re tepella—baholo ba phutheho. Moprofeta Esaia o ile a ngola tjena ka bona: “E mong le e mong oa bona o tla ba joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla, joalo ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joalo ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:1, 2) Ka hona, baholo ba na le boikarabelo ba ho finyella seo Jehova a se boletseng esale pele ka bona. E “tla ba” mohloli oa khothatso le khatholoho ho ba bang le ba ikemiselitseng ho ‘tsoela pele ho jarelana meroalo [kapa, “lintho tse tšoenyang”; ka ho toba, “lintho tse boima”].’ (Ba-Galata 6:2, NW; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) Ba ka etsa see joang?

16. Baholo ba ka etsa’ng ho thusa ea ikutloang a sa tšoanelehe hore a ka rapela?

16 Joalokaha ho boletsoe pele, ka linako tse ling motho ea tepeletseng a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka rapela. Baholo ba ka etsa’ng? Ba ka rapela le eena le ho mo rapella. (Jakobo 5:14) Ho kōpa Jehova feela, moo ea tepeletseng a leng teng, hore a mo thuse ho utloisisa hore Jehova le ba bang ba mo rata hakae ka sebele e ne e tla ba ho khothatsang. Ho utloa thapelo e tiileng, e tlohang pelong ea moholo ho ka ’na ha thusa ho matlafatsa kholiseho ea motho ea tsielehileng. A ka ’na a thusoa ho utloisisa hore haeba baholo ba kholisehile hore Jehova o tla araba lithapelo tseo a li etsetsoang, joale le eena a ka ba le kholiseho eo.

17. Ke hobane’ng ha baholo e lokela ho ba bamameli ba ipehang boemong ba motho e mong?

17 Jakobo 1:19 e re: “Motho ka mong a ke a be mafolo-folo ho utloa, a liehe ho bua.” E le hore ba ka thusa ba khathetseng hore ba boele ba be le matla, baholo ba tlameha hore hape e be bamameli ba ipehang boemong ba ba bang. Maemong a mang e ka ’na eaba litho tsa phutheho li loana le mathata a itseng kapa likhatello tse ke keng tsa rarolloa tsamaisong ena ea lintho. Joale, e ka ’na eaba ha ba hloke tharollo e itseng e tla “rarolla” bothata ba bona, empa ba hloka feela ho bua le momameli ea molemo—motho ea sa tl’o ba bolella tsela eo ba lebeletsoeng hore ba ikutloe ka eona empa ea tla mamela a sa ahlole.—Luka 6:37; Ba-Roma 14:13.

18, 19. (a) Ho potlakela ho mamela ho ka thusa moholo joang ho qoba ho etsa hore moroalo oa ea khathetseng o be boima le ho feta? (b) Ha baholo ba ‘hauhela ba bang’ phello e ba efe?

18 Baholo, ho potlakela ho mamela ho ka le thusa ho qoba hore ka ho se hlokomele le etse hore moroalo oa ea tepeletseng o be boima le ho feta. Ka mohlala, haeba moena kapa khaitseli a ile a sitoa ho ba teng libokeng tse itseng kapa a khoehlisitse tšebeletsong ea tšimo, na o hlile o hloka keletso tabeng ea ho etsa se eketsehileng tšebeletsong kapa tabeng ea ho ba teng libokeng kamehla? Mohlomong. Empa na u tseba taba ka ho feletseng? Na ho na le mathata a ho kula a ntseng a eketseha? Na boikarabelo ba lelapa bo sa tsoa fetoha? Na ho na le maemo a mang kapa likhatello tse mo tepeletsang maikutlo? Hopola, e ka ’na eaba motho eo o se a ntse a ikutloa a le molato haholo ka ho se khone ho etsa se eketsehileng.

19 Joale, u ka thusa moena eo kapa khaitseli joang? Pele u etsa liqeto u bile u fana ka keletso, mamela! (Liproverbia 18:13) Ka lipotso tse bonahatsang temoho ‘kha’ maikutlo a pelo ea motho eo. (Liproverbia 20:5) U se ke ua hlokomoloha maikutlo ana—a lemohe. Ea tepeletseng a ka ’na a hloka hore a kholisoe hore Jehova o-oa re tsotella o bile o-oa utloisisa hore ka linako tse ling maemo a rōna a ka ’na a re khina. (1 Petrose 5:7) Ha baholo ba ‘hauhela ba bang’ joalo, ba tepeletseng ba tla ‘fumanela meea ea bona phomolo.’ (1 Petrose 3:8; Mattheu 11:28-30) Ha ba fumana khatholoho e joalo, ho ke ke ha hlokahala hore ba bolelloe hore ba etse se eketsehileng; lipelo tsa bona li tla ba susumelletsa ho etsa sohle seo ka ho utloahalang ba ka se etsang ha ba sebeletsa Jehova.—Bapisa le 2 Ba-Korinthe 8:12; 9:7.

20. Kaha bofelo ba moloko ona bo haufi haholo, re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

20 Ka sebele re phela nakong e thata haholo historing eohle ea motho. Likhatello tsa ho phela lefatšeng la Satane li ntse li eketseha ha re ntse re kenella hare-hare nakong ea bofelo. Hopola, joaloka tau e tsomang, Diabolose o emela hore re tepelle re be re tele e le hore a ka re qhekella hore re hlaselehe habonolo. Re ka leboha hakaakang hore ebe Jehova o fa ea khathetseng matla! E se eka re ka sebelisa hamolemo ka ho feletseng litokisetso tseo a li entseng bakeng sa ho re fa matla a ho tsoela pele, joalokaha eka o re fa mapheo a matla a ntsu e fofelang holimo. Ha bofelo ba moloko ona o khopo bo le haufi hakana, joale hase nako ea ho khaotsa ho matha peisong ea rōna ho mathela moputso—bophelo bo sa feleng.—Ba-Heberu 12:1.

Karabo ea Hao ke Efe?

◻ Re ka lebella hore Jehova a etse eng ha a araba lithapelo tsa rōna?

◻ Re ka fumana matla boeneng ba rōna ba Bokreste ka litsela life?

◻ Lentsoe la Molimo le re thusa joang hore re boele re be matla?

◻ Baholo ba ka etsa’ng ho thusa ba khathetseng hore ba boele ba be matla?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ha re amohela baeti ka mofuthu, a re se keng ra lebala ba hlokang khothatso

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Baholo ba ka kōpa Jehova hore a thuse ba khathetseng ho utloisisa hore na ba ratoa hakae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela