Na Khotso e ka ba Teng?
“KAMEHLA ho tla ’ne ho be le ntoa kae-kae. Eo ke ’nete e soabisang ka moloko oa batho.” Pono ena e sa faneng ka tšepo, e ile ea hlaha lengolong le tsoang ho ’mali e mong morao tjena makasineng ea Newsweek. Na u lumellana le eona? Na ntoa e ke ke ea qojoa ’me khotso e ke ke ea e-ba teng? Haeba re ahlola ho latela ’nete ea histori, re tla tlameha ho arabela ka e, lipotsong tsena ka bobeli. Ho tloha haesale litlaleho li bolokoa, moloko oa batho o ’nile oa tšoareha lintoeng, ’me likhohlano li ’nile tsa senya le ho feta ha batho ba qapa litsela tse atlehang haholoanyane tsa ho bolaeana.
Lekholo la bo20 la lilemo ha e ea ba mokhelo. Ha e le hantle, le na le bopaki bo e-song ho ka bo e-ba teng ba lintoa tse tšollang mali ka ho fetisisa, empa le boetse le na le bopaki bo bong bo bocha. Lilemong tse 50 tse fetileng, United States e ile ea hlahisa mehla ea nyutlelie ka ho lihela libomo tse peli tsa athomo Japane. Ka lilemo tse 50 ho tloha ka nako eo, lichaba li ’nile tsa bokella qubu e khōlō ea libetsa tsa nyutlelie tse ka ripitlang moloko oa batho ka makhetlo-khetlo. Na boteng ba libetsa tsa nyutlelie bo tla qetella bo thibetse batho ho loana? Linnete lia itlhalosa. Ho tloha ka 1945, limilione tse ngata li ’nile tsa e-shoa lintoeng—le hoja ho fihlela joale ho e-s’o be le libomo tse ling tsa nyutlelie tse liheloang.
Ke hobane’ng ha moloko oa batho o rata ntoa hakaale? Encyclopedia Americana e bolela tse ling tsa litšobotsi tsa batho tseo ho latela histori li ileng tsa lebisa ntoeng. Li kopanyelletsa leeme la bolumeli, khethollo ea morabe, mekhoa e fapaneng ea bophelo, lithuto tsa motheo tse fapaneng tsa lipolotiki (tse kang Bokomonisi le bok’hapitale), bochaba le thuto ea bobusi ba sechaba, maemo a moruo, le kamohelo e tloaelehileng ea matla a sesole. Ha u bala letoto leo, na u bona ho e-na le ntho eo mohlomong e ka fetohang nakong e tlang e haufi? Na lichaba li tla tlohela boikemisetso ba ho sireletsa bobusi ba tsona? Na batho ba tla tlohela khethollo ea morabe? Na ba lumelang hore Bibele ha e hloke tlhaloso ba tla ke ba tlohele ho cheseha ka ho feteletseng? Sena se ke ke sa etsahala.
Kahoo, na ho hang ha ho na tšepo ea hore ka letsatsi le leng lintho li tla ba molemo ’me ho be le khotso e sa feleng? E, tšepo e teng. Ho sa tsotellehe pherekano ea lefatše lena, esita le kajeno khotso e ka fumanoa. Ba limilione ba entse joalo. E-re re ke re u bolelle ka ba ’maloa ba batho bana ’me u bone hore na liphihlelo tsa bona li ka bolela eng ho uena.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Background cover and page 32: Reuters/Bettmann
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Reuters/Bettmann