Tšepo ea Bophelo Bohle ba ka—Ko se Shoe le ka Mohla
JOALOKAHA HO BOLETSE HECTOR R. PRIEST
Ngaka e ile ea re: “Kankere ha e phekolehe. Ha ho letho le leng leo re ka u etsetsang lona.” Lefu leo le ile la fumaneha lilemong tse leshome tse fetileng. Leha ho le joalo ke ntse ke e-na le tšepo ea Bibele ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ho se mohla ke tla shoa.—Johanne 11:26.
BATSOALI ba ka e ne e le Mamethodiste a tšepahalang, a neng a e-ea kerekeng kamehla, motsaneng o ka thōko, haufi le polasi ea lapeng. Ke hlahetse phuleng e ntle ea mapolasi, seterekeng sa Wairarapa, lik’hilomithara tse ka bang 130 ka leboea-bochabela ho Wellington, New Zealand. Moo re ne re thabela ho boha litlhōrō tsa lithaba tse koahetsoeng ke lehloa, linōka tse metsi a hloekileng tse phallang lithabeng, maralla a makheka-kheka, le naha e nonneng.
Kerekeng ea Methodiste, re ne re rutoa hore batho bohle ba molemo ba ea leholimong empa ba babe ba ea liheleng, sebakeng se nang le mollo sa tlhokofatso. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa ka a beha batho leholimong ho tloha qalong, haeba a ne a batla hore ba phele teng. Ho tloha khale e sale ke tšaba lefu ’me khafetsa-khafetsa ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho shoa. Ka 1927, ha ke ne ke le lilemo li 16, lelapa leso le ile la hlaheloa ke tlokotsi. Ke eona e ileng ea etsa hore ke batle likarabo lipotsong tsa ka.
Ke Hobane’ng ha Reg a Ile a Shoa?
Ha moen’a ka Reg a le lilemo li 11, o ile a kula haholo. Lingaka li ile tsa hlōleha ho fumana bothata ba hae kahoo tsa sitoa ho mo thusa. ’Mè o ile a bitsa moruti oa Methodiste. O ile a rapella Reg, empa a hlōleha ho tšelisa ’Mè. Ha e le hantle, o ile a bolella moruti hore lithapelo tsa hae ha li sebetse.
Ka mor’a lefu la Reg, ’Mè o ne a buisana le motho e mong le e mong ho leka ho khotsofatsa lenyora la hae la ho fumana likarabo tse nang le ’nete mabapi le hore na ke hobane’ng ha mor’a hae e monyenyane a ile a shoa. Ha a ntse a buisana le rakhoebo e mong toropong, o ile a mo botsa hore na ho na le hoo a ho tsebang mabapi le boemo ba bafu. O ne a sa tsebe letho, empa a re: “Motho e mong o siile buka mona eo u ka e nkang.”
’Mè o ile a ea le buka eo lapeng ’me a fihla a e bala. O ne a sitoa ho khaotsa ho e bala. Hanyane ka hanyane boikutlo ba hae ka kakaretso bo ile ba fetoha. O ile a bolella lelapa, “Ena ke eona ’nete; ke eona.” Buka eo e ne e le The Divine Plan of the Ages, moqolo oa pele oa Studies in the Scriptures. Qalong ke ne ke tletse lipelaelo ’me ke leka ho hanyetsa litlhaloso tsa buka eo mabapi le morero oa ’Mōpi. Qetellong likhang tsa ka li ile tsa fela.
Ho Amohela ’Nete ea Bibele
Ke ile ka nahana, ‘Nahana feela u se u phela ka ho sa feleng, ho se mohla u tlamehang ho shoa!’ Tšepo e joalo ke eo motho a ka e lebellang ho Molimo ea lerato. Lefatše la paradeise! E, le ne le etselitsoe ’na.
Ka mor’a ho ithuta linnete tsena tse babatsehang, ’Mè le bo-khaitseli ba bang ba bararo ba Bakreste ba tsoang Wellington—Bo-khaitseli Thompson, Barton le Jones—ba ne ba e-ba sieo matsatsinyana ka linako tse ling, ho ea jala peō ea ’Muso libakeng tse thōko tsa naha. Le hoja Ntate a ne a se na moea oa boromuoa joaloka ’Mè, o ile a mo tšehetsa mosebetsing oa hae.
Ke ne ke kholisehile hore ke ’nete, empa ka nakoana ka se ke ka nka khato ea letho ka seo ke se lumelang. Ka 1935, ke ile ka nyalana le Rowena Corlett, ’me ka mor’a nakoana re ile ra hlohonolofatsoa ka morali, Enid, le mora, Barry. Ke ne ke sebetsana le ho reka mehlape ea liphoofolo, ke e reka ka likete-kete ho lihoai tse haufinyane. Ha lihoai tsena li ne li bua ka litaba tsa lipolotiki, ke ne ke thabela ho ba bolella ho re: “Ha ho na boiteko le bo bong ba batho bo tla atleha. ’Muso oa Molimo ke eona puso feela e tla sebetsa.”
Ka masoabi, ke ile ka lemalla koae; cigar e ne e sa tsoe molomong oa ka. Ka mor’a nakoana bophelo ba ka bo ile ba fokola, ’me ka kena sepetlele ka lebaka la bothata ba mahlaba ka mpeng. Ke ile ka bolelloa hore ke na le khathatso e tebileng ea lera la mpa le la mala, e bakoang ke ho tsuba. Le hoja ke ile ka khaotsa temallo ea ho tsuba, ke ne ke ntse ke tloaetse ho lora ke tsuba cigar e sa feleng kapa sakerete. Temallo ea koae e ka ba e kotsi hakaakang!
Ka mor’a ho khaotsa ho tsuba, ke ile ka etsa liphetoho tse ling tsa bohlokoa. Ka 1939, ha ke ne ke le lilemo li 28, ke ile ka kolobetsoa Nōkeng ea Mangatai, sebakeng se ka thōko haufi le haeso. Robert Lazenby, eo hamorao a ileng a hlokomela mosebetsi oa boboleli New Zealand, o ile a nka leeto le lelelele ho tloha Wellington ho tla fana ka puo hae le ho nkolobetsa. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ke ile ka ba Paki e sebete ea Jehova.
Ho Hlophisa Mosebetsi oa Boboleli
Hoba ke kolobetsoe ke ile ka khethoa ho ba molebeli Phuthehong ea Eketahuna. Mosali oa ka, Rowena, o ne a e-s’o amohele ’nete ea Bibele. Leha ho le joalo, ke ile ka mo tsebisa hore ke tlil’o mema Alf Bryant ho tsoa Pahiatua ho tla mpontša mokhoa o nepahetseng oa ho paka ka ntlo le ntlo. Ke ne ke batla ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ho koahela tšimo ea rōna ka mokhoa o hlophisehileng.
Rowena o ile a re: “Hector, haeba ua tsamaea u il’o paka ka ntlo le ntlo, u tla fumana ’na ke le sieo mona ha u khutla. Kea u siea ’na. U na le boikarabelo ka mona—ka tlung le ho ba le lelapa la hao.”
Ke ne ke sa tsebe seo ke lokelang ho se etsa. Ka lesisitheho, ke ile ka apara. Ka lula ke ntse ke nahana, ‘Ke tlameha ho ho etsa. Bophelo ba ka bo itšetlehile ka hona, ’me le bona ba lelapa la ka bo itšetlehile ka hona.’ Kahoo ke ile ka tiisetsa Rowena hore ha ke batle ho mo utloisa bohloko leha e le ka tsela efe. Ke ile ka ’molella hore ke mo rata haholo, empa ke tlameha ho bolela ka tsela ena, ka lebaka la ho ameha ha lebitso la Jehova le bobusi ba hae, le ka lebaka la ho ameha ha bophelo ba rōna.
Ke ile ka tsamaea le Alf ho ea ntlong ea pele, ’me a etella pele puisanong. Empa joale ka iphumana ke se ke ntse ke ntšetsa moqoqo pele, ke bolella mong’a ntlo hore se ileng sa etsahala mehleng ea Noe se tšoana le se etsahalang mehleng ea rōna ’me re tlameha ho etsa ho hong ho tiisa hore re tla bolokeha. (Mattheu 24:37-39) Ke ile ka siea libukana tse ling moo.
Hoba re tsoe, Alf a re: “Tsebo ee kaofela u e fumane hokae? Ha u ntlhoke. Tsamaea u le mong, re tle re koahele tšimo e menang ena habeli.” Ke seo re ileng ra se etsa.
Ha re khutlela hae, ke ne ke sa tsebe seo re tla se fumana. Ho makaleng ha ka le thabong ea ka, Rowena o ne a re lokiselitse tee. Libeke tse peli hamorao mosali oa ka a kopanela le ’na tšebeletsong ea phatlalatsa ’me a fetoha mohlala o motle oa cheseho ea Bokreste.
Har’a ba pele ba ileng ba fetoha Lipaki tsa Jehova phuleng ea rōna ea mapolasi e bile Maud Manser, mor’a hae William, le morali oa hae Ruby. Monna oa Maud e ne e le motho ea likhathatso ea bonahalang a le mabifi. Ka letsatsi le leng ’na le Rowena re ile ra fihla polasing ea bona re il’o lata Maud ho ea le eena tšebeletsong. William e monyenyane, o ne a lokiselitse hore re sebelise koloi ea hae, empa ntate oa hae o ne a e-na le merero e meng ka eona.
Boemo e ne e le bo tsitsipanyang. Ke ile ka kōpa Rowena ho tšoara moralinyana oa rōna oa lesea, Enid. Ke ile ka hloella koloing ea William ’me ka e lumisa ka e ntša ka karacheng, ha ka nako eo Mong. Manser a ne a leka ho potlakela ho koala lemati la karache kapele pele re e-tsoa. Empa o ile a hlōleha. Ka mor’a ho nyolosa tselaneng e tsoang lapeng, re ile ra emisa, ’me ra theoha koloi ho ea kopana le Mong. Manser ea halefileng haholo. Ke ile ka mo bolella hore: “Re ea tšebeletsong ea tšimo, le hore Mof. Manser o tsamaea le rōna.” Ke ile ka ikokobetsa, ’me hanyane ka hanyane bohale ba hae ba kokobela. Ha ke hetla morao, kea hlokomela hore ke ne ke lokela hore ebe ke sebetsane le boemo boo ka tsela e fapaneng, ’me le hoja ho se mohla e kileng ea e-ba Paki, feela hamorao o ile a fetoha ea molemo ho Lipaki tsa Jehova.
Batho ba Jehova ba ne ba fokola ka palo lilemong tseo, ’me ka sebele re ne re thabela ’me re rua molemo liketelong tsa basebeletsi ba nako e tletseng ba neng ba fihlela polasing ea rōna. Baeti bana ba ne ba akarelletsa Adrian Thompson le khaitseli ea hae Molly, bobeli ba bona ba ile ba ba lihlopheng tse qalang tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa baromuoa le ho sebeletsa likabelong tse kantle Japane le Pakistan.
Liphihlelo Nakong ea Ntoa
Ka September 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhōma, ’me ka October 1940, ’muso oa New Zealand o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Baena ba rōna ba bangata ba Bakreste ba ile ba isoa ka pel’a makhotla a naha. Ba bang ba ile ba isoa likampong tsa mahloriso ’me ba arohanngoa le basali le bana ba bona. Nakong ea ntoa ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla bitsetsoa ho kenela tšebeletso ea sesole, le hoja re ne re e-na le polasi ea lebese. Ka mor’a moo ho ile ha etsoa phatlalatso e reng ha ho lihoai tse tla tlohelisoa bohoai ho nkeloa tšebeletsong ea sesole.
’Na le Rowena re ile ra itsoella pele ka tšebeletso ea rōna ea Bokreste, e mong le e mong ho rōna a nehelana ka lihora tse fetang 60 ka khoeli mosebetsing oa boboleli. Nakong ena, ke bile le tokelo ea ho thusa bacha ba Lipaki ba neng ba bolokile ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste. Ke ile ka hlahella ka pel’a makhotla a Wellington, Palmerston Leboea, Pahiatua le Masterton lebitsong la bona. Hangata ho ne ho e-ba teng setho sa boruti lekhotleng la tsamaiso ea sesole, ’me ke ne ke thabela ho pepesa tšehetso ea bona eo e seng ea Bokreste lintoeng.—1 Johanne 3:10-12.
Ka bosiu bo bong ha ’na le Rowena re ntse re ithuta Molula-Qhooa, re ile ra hlaseloa ke mafokisi. Phuputso ea bona e ile ea utulla lingoliloeng tsa Bibele tse ka tlung ea rōna. Ba ile ba re tsebisa: “Le ka ea teronkong ka lebaka la tsona.” Nakong eo mafokisi a kenang koloing ea ’ona ho tsamaea, a ile a hlokomela hore mariki a koloi a fasitse ’me koloi e ke ke ea tsamaea. William Manser o ile a a thusa ho lokisa koloi, ’me ha aa ka a hlola a khutla hape.
Nakong ea thibelo, re ne re pata lingoliloeng tsa Bibele mohahong o karolong e hōle ea polasi ea rōna. Ka khitla, ke ne ke etela ofising ea lekala New Zealand ebe ke laela lingoliloeng koloing ea ka. Joale ke ne ke e-tla le tsona ’me ke li pata sebakeng se thōko ho tse ling. Ka bosiu bo bong eitse ha ke fihla lekaleng ho ea lata thepa ea lekunutu, sebaka sohle se ile sa tlala khanya ka tšohanyetso! Lepolesa la hooa ka lentsoe le hlabang: “Re u tšoere!” Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore a ile a ntlohela hore ke tsamaee ntle ho khathatso.
Ka 1949, ’na le Rowena re ile ra rekisa polasi ea rōna ’me ra etsa qeto ea ho bula-maliboho ho fihlela re felloa ke chelete. Re ile ra fallela ntlong e ’ngoe Masterton ’me ra bula-maliboho le Phutheho ea Masterton. Ka lilemo tse peli Phutheho ea Featherston e ile ea thehoa e e-na le bahoeletsi ba 24 ba mafolo-folo, ’me ke ile ka sebeletsa ho eona ke le molebeli ea okamelang. Joale ka 1953, ke ile ka thabela tokelo ea ho etela United States ho ea ba teng kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova ea matsatsi a robeli, Yankee Stadium, New York City. Rowena o ile a hlōleha ho tsamaea le ’na ka lebaka la hobane a ne a tlameha ho hlokomela morali oa rōna, Enid, ea bileng le khathatso ea boko ho tloha boseeng.
Hoba ke khutlele New Zealand, ke ile ka tlameha ho etsa mosebetsi oa boipheliso. Re ile ra khutlela Phuthehong ea Masterton, moo ke ileng ka khetheloa ho ba molebeli ea okamelang. Nakong eo William Manser o ile a reka Little Theater, Masterton, ’me ea fetoha Holo ea ’Muso ea pele, Wairarapa. Ka bo-1950, phutheho ea rōna e ile ea thabela khōlo e ntle moeeng le keketseho. Ka hona, ha molebeli oa potoloho a ne a re etetse, o ne a atisa ho khothaletsa ba hōlileng tsebong ho fallela libakeng tse ling tse ka thōko e le hore ba thuse ka mosebetsi oa boboleli ho tsona, ’me ba bangata ba ile ba etsa joalo.
Lelapa la rōna le ile la lula Masterton, ’me ka lilemo tse mashome-shome tse ileng tsa latela, ke ile ka thabela litokelo tse ngata ka phuthehong esita le ho ba le likabelo likopanong tsa setereke le tsa machaba. Rowena o ne a kopanela ka cheseho tšebeletsong ea tšimo, ’me ka mehla a thusa ba bang ho etsa se tšoanang.
Ho Mamella Liteko Tsa Tumelo
Joalokaha ho bontšitsoe sethathong, ka 1985, ho ile ha fumaneha hore ke na le kankere e sa phekoleheng. ’Na le mosali oa ka ea tšepahalang, Rowena, hammoho le bana ba rōna, re ne re laba-labela hakaakang ho ba har’a ba limilione ba phelang hona joale ba ke keng ba e-shoa le ka mohla! Empa lingaka li ile tsa nkhutlisetsa hae ho ea shoela teng. Leha ho le joalo qalong, li ile tsa mpotsa hore na ke ikutloa joang ka seo li se fumaneng.
Ke ile ka araba ka ho re: “Ke tla lula ka pelo e khutsitseng ’me ke e-na le tšepo.” Ka sebele, maele a Bibele a ile a mpha botsitso: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.”—Liproverbia 14:30.
Litsebi tsa kankere li ile tsa thoholetsa keletso eo ea Bibele. Li ile tsa re: “Boikutlo boo ba kelello ke karolo ea 90 lekholong ea phekolo ea bakuli ba kankere.” Li ile tsa boela tsa buella phekolo ea ho sebelisoa ha mahlaseli a bolaeang kankere. Ka thabo, ke ile ka atleha ho loantša boemo boo ba kankere.
Nakong ena e thata haholo, ke ile ka thulana le boemo bo sithabetsang ka ho feletseng. Mosali oa ka e motle, ea tšepahalang o ile a ba le bothata ba ho rothela mali bokong ’me a hlokahala. Ke ile ka tšelisoa ke mehlala ea batho ba tšepahalang e tlalehiloeng ka Mangolong le kamoo Jehova a ileng a ba sebeletsa lintho kateng ha ba ntse ba tsoela pele ho boloka botšepehi ba bona. Kahoo, tšepo ea ka lefatšeng le lecha e lutse e ntse e khanya.—Ba-Roma 15:4.
Leha ho le joalo, ke ne ke ikutloa ke nyahame ’me ke batla ho khaotsa ho sebeletsa ke le moholo. Baena ba sebaka seo ba ile ba nkhothatsa ho fihlela ke boetse ke e-na le matla a ho tsoela pele. Ka lebaka leo, ke ile ka khona ho sebeletsa ke le moholo le molebeli oa Mokreste ke sa khaotse lilemong tse 57 tse fetileng.
Ho Talimana le Bokamoso ka Tšepo
Ho sebeletsa Jehova lilemo tsena tsohle e bile tokelo e ke keng ea lekanngoa. Ke bile le litlhohonolofatso tse ngata hakaakang! Ha ho bonahale eka ke nako e telele haholo, ha ke ne ke le lilemo li 16, ke utloa ’Mè a hooa: “Ena ke eona ’nete; ke eona!” ’Mè o ile a lula e le Paki e tšepahalang, a cheseha ho fihlela lefung la hae ka 1979, ha a ne a le lilemo tse ka holimo ho 100. Morali le bara ba hae ha tšeletseng le bona e bile Lipaki tse tšepahalang.
Ke na le takatso e tukang ea ho phela ho fihlela ke bone ha thohako eohle e tlosoa lebitsong la Jehova. Na ke tla bona ho phethahala ha tšepo ea ka ea ho phela bophelo bohle ba ka ho se mohla ke tla shoa? Ka sebele, ke letetse ho se bona seo. Leha ho le joalo, ke na le tšepo e tiileng ea hore ba bangata, e, ba limilione ba tla qeteletse ba bone tlhohonolofatso eo. Tšepo ea ho ba har’a ba ke keng ba e-shoa le ka mohla, ke tla tsoela pele ho e baballa joaloka letlotlo, hafeela ke ntse ke phela.—Johanne 11:26.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
’Mè oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
’Na le mosali oa ka le bana