Lebaka Leo ka Lona Bolumeli ba Lefatše bo Tla Fela
“Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae, le haeba le sa batle ho amohela karolo ea likotlo tsa hae.”—TŠENOLO 18:4.
1. (a) Babylona e Moholo o oele joang? (b) Ketsahalo ee e amme Lipaki tsa Jehova ka tsela efe?
“BABYLONA E MOHOLO o oele!” E, ponong ea Jehova ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o oele. Sena e bile ’nete ho tloha ka 1919, ha masala a barab’abo Kreste a e-tsoa tšusumetsong ea Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e ka sehloohong ea Babylona eo e leng sephiri. Ka lebaka leo, ba ’nile ba lokoloha ho nyatsa bolumeli ba bohata le ho phatlalatsa puso ea Molimo ea ho loka ka ’Muso oa Bomesia. Ho theosa le lekholo lena la lilemo Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang ka ho sa sekisetseng li pepesitse moluba-lube oa Satane oa malumeli ao e leng linqaloka, ao a a laolang ka mano hore a khelose “lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.”—Tšenolo 12:9; 14:8; 18:2.
Babylona e Moholo o Oele Joang?
2. Malumeli a lefatše a boemong bofe hona joale?
2 Leha ho le joalo, e mong a ka ’na a botsa, ‘Le ka bolela joang hore Babylona o oele, ha ho bonahala bolumeli bo atleha linaheng tse ngata hakaale?’ Bok’hatholike le Boislam li bolela hore li na le balumeli ba ka holimo ho limilione tse sekete. Boprostanta bo ntse bo atleha Amerika Leboea le Amerika Boroa, moo likereke tse ncha le matlo a thapelo li hlahang li sa khaotse. Ba limilione tse makholo ba latela lineano tsa Bobuddha le Bohindu. Empa, ke ho isa bohōleng bofe bolumeli boo bohle bo nang le tšusumetso e nepahetseng boitšoarong ba baa ba limilione tse likete? Na bo thibetse Mak’hatholike le Maprostanta ho bolaeana Ireland Leboea? Na bo tlisitse khotso ea ’nete ho Bajuda le Mamosleme Bochabela bo Hare? Na bo lebisitse kutloanong pakeng tsa Mahindu le Mamosleme India? ’Me, haufinyane haholo, na bo thibetse Maorthodox a Serbia, Mak’hatholike a Croatia, le Mamosleme a Bosnia ho phehella “tlhoekiso ea morabe,” ho utsoa, ho beta le ho bolaeana? Hangata bolumeli ke lebitso feela, boikaketsi ba lefeela bo qhalanang tlas’a khatello e fokolang ka ho fetisisa.—Bagalata 5:19-21; bapisa le Jakobo 2:10, 11.
3. Ke hobane’ng ha bolumeli bo le kahlolong ka pel’a Molimo?
3 Ponong ea Molimo, hore ebe matšoele a tšehetsa bolumeli ha ho fetole ’nete e le ’ngoe e ke keng ea qojoa—bolumeli bohle bo kahlolong ka pel’a Molimo. Babylona e Moholo, joalokaha histori ea hae e paka, o lokela ho ahloloa habohloko hobane “libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla holimo leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.” (Tšenolo 18:5) Ka puo ea boprofeta Hosea o ile a ngola: “Ba jala moea, ’me ba tla kotula sefefo.” Malumeli ’ohle a bohata a Satane lefatšeng ka bophara a tla felisoa ka lebaka la ho tsoa Molimo, lerato la hae le Mora oa hae tlaase.—Hosea 8:7; Bagalata 6:7; 1 Johanne 2:22, 23.
U Tlameha ho Khetha
4, 5. (a) Re phela maemong afe kajeno? (b) Re tlameha ho araba lipotso life?
4 Re phela karolong ea ho qetela ea ‘matsatsi a ho qetela,’ ’me joaloka Bakreste ba ’nete re leka ka matla ho pholoha “linako [tsena] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Bakreste ba ’nete ke baahi ba nakoana lefatšeng la Satane, leo ruri le bonahatsang botho ba hae bo senyehileng joaloka ’molai, ea leshano le moetselletsi. (Johanne 8:44; 1 Petrose 2:11, 12; Tšenolo 12:10) Re pota-potiloe ke pefo, thetso, bolotsana, tšenyeho le boitšoaro bo se nang kelello. Melao-motheo e hlokomolohuoe. Ho phelela menyaka le boikhabi ke mantsoe a hlalosang boemo bona ka ho hlaka. ’Me maemong a mangata baruti ba khothaletsa boitšoaro bo hlephileng ka ho hlapolla ho nyatsa ho hlakileng ha Bibele bosodoma, bohlola le bofebe. Kahoo potso ke hore, Na u tšehetsa le ho khothaletsa borapeli ba bohata, kapa na ka mafolo-folo u kopanela borapeling ba ’nete?—Levitike 18:22; 20:13; Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 6:9-11.
5 Hona joale ke nako ea ho hlokola. Ka hona, ho na le mabaka a eketsehileng a ho khetholla borapeli ba ’nete ho ba bohata. Ke’ng hape eo malumeli a Bokreste-’mōtoana a e entseng e etsang hore a be molato hakaale?—Malakia 3:18; Johanne 4:23, 24.
Bolumeli ba Bohata Boa Qosoa
6. Bokreste-’mōtoana bo tsoile ’Muso oa Molimo tlaase joang?
6 Le hoja ba limilione Bokreste-’mōtoaneng kamehla ba etsa Thapelo ea Morena, eo ho eona ba rapellang hore ’Muso oa Molimo o tle, ka mafolo-folo ba tšehelitse mofuta o mong le o mong oa pontšo ea lipolotiki, ba behella puso eo ea Molimo ka thōko. Makholong a lilemo a fetileng “ba boemong bo phahameng” ka Kerekeng e K’hatholike, ba kang Bak’hadinale Richelieu, Mazarin le Wolsey, hape ba ne ba sebetsa e le baeta-pele ba lefatše ba lipolotiki le matona a ’muso.
7. Lipaki tsa Jehova li ile tsa pepesa baruti ba Bokreste-’mōtoana joang ho theosa le lilemo tse 50 tse fetileng?
7 Lilemo tse fetileng tse ka holimo ho tse 50, bukaneng e nang le sehlooho se reng Religion Reaps the Whirlwind, Lipaki tsa Jehova li ile tsa pepesa ho itšunya-tšunya ha Bokreste-’mōtoana lipolotiking.a Se ileng sa buuoa ka nako eo se sebetsa ka matla a tšoanang kajeno: “Phuputso e hlokang boikaketsi ea boitšoaro ba baruti ba lihlopha tsohle tsa bolumeli e tla senola hore baeta-pele ba bolumeli ba ‘Bokreste-’mōtoana’ kaofela ba kopanela ka thahasello e matla lipolotiking tsa ‘lefatše la hona joale le lebe’ ’me ba itšunya-tšunya litabeng tsa lona tsa bolefatše.” Morao koo Lipaki li ile tsa tšoaea Mopapa Pius XII phoso ka matla ka lebaka la lilekane tsa hae le Hitler oa Bonazi (1933) le Mofasista Franco (1941), hammoho le ho fapanyetsana ha mopapa ka baemeli ba linaha le sechaba se hlaselang sa Japane ka March 1942, likhoeli tse seng kae feela ka mor’a tlhaselo e tummeng hampe ea Pearl Harbor. Mopapa o ile a hlōleha ho ela hloko temoso ea Jakobo: “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore botsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.”—Jakobo 4:4.
8. Kereke ea Roma e K’hatholike e kenelletse lipolotiking joang kajeno?
8 Boemo ke bofe kajeno? Bapapa ba ntse ba kenelletse lipolotiking, ka baruti ba bona le ka baemeli ba bona ba batho feela ba kenang kereke. Bapapa ba morao tjena ba bontšitse hore ba amohela Machaba a Kopaneng ka ho fana ka puo nthong ena ea bohata eo batho ba e qapetseng khotso ea lefatše. Tokollo ea morao tjena ea L’Osservatore Romano, eo e leng koranta ea Vatican e lumelletsoeng ka molao, e ile ea phatlalatsa hore baemeli ba bacha ba tsoang linaheng tse supileng, “manģosa Lekhotleng la Mopapa,” ba ile ba fana ka mangolo a ba pakang ho “Ntate ea Halalelang.” Na re ka nahana ka Jesu le Petrose ba amehile liphapanyetsanong tse joalo tsa baemeli ba linaha? Jesu o ile a hana hore Bajuda ba mo etse morena ’me o ile a bolela hore ’Muso oa hae e ne e se oa lefatše lena.—Johanne 6:15; 18:36.
9. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore malumeli a Prostanta ha a molemo ho feta balekane ba ’ona ba K’hatholike?
9 Na baeta-pele ba Maprostanta ba molemo ho feta balekane ba bona ba Mak’hatholike? United States, malumeli a Prostanta a khomarelang mekhoa e tloaetsoeng esita le Bamormone, a ikamahanya le tšekamelo e itseng ea lipolotiki. Mokhatlo oa Bakreste o keneletse ka ho teba lipolotiking tsa United States. Baruti ba bang ba Maprostanta ba ikamahanya ka ho hlakileng le boemo bo fapaneng lipolotiking. Ka linako tse ling hoa lebaleha hore babuelli ba lipolotiki ba United States, ba kang Pat Robertson le Jesse Jackson le bona ke “Bo-reverente,” kapa e ne e le bona joalokaha setho sa Palamente ea Brithani Ian Paisley oa Ireland Leboea e le eena. Ba ka lokafatsa maemo a bona joang le ka mohla?—Liketso 10:34, 35; Bagalata 2:6.
10. Ke polelo efe e hlakileng e ileng ea etsoa ka 1944?
10 Joalokaha Religion Reaps the Whirlwind e ile ea botsa ka 1944, le rōna rea botsa hona joale: “Na mokhatlo o hlophisitsoeng leha e le ofe o etsang lilekane le mebuso ea lefatše ’me ka mafolo-folo o ipetlela tsela ea ho kenella litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lee, o batla menyetla le tšireletso lefatšeng lee . . . e ka ba kereke ea Molimo kapa oa emela Kreste Jesu lefatšeng? . . . Kamoo ho bonahalang kateng, balumeli bohle ba nang le lipakane tse tšoanang le tsa mebuso ea lefatše lena e ke ke ea e-ba baemeli ba ’muso oa Molimo ka Kreste Jesu.”
Moea oa Bolumeli ba Bohata oa Kaine
11. Bolumeli ba bohata bo ile ba latela mohlala oa Kaine joang?
11 Ho pholletsa le histori, bolumeli ba bohata bo bontšitse moea oa Kaine ea ileng a bolaea mor’abo Abele. “Bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba totobala ka ’nete ena: E mong le e mong ea sa tsoeleng pele ka ho loka ha a simolohe ho Molimo, leha e le ea sa rateng mor’abo. Kaha ona ke molaetsa oo le o utloileng ho tloha tšimolohong, hore re lokela ho ba le lerato e mong ho e mong; eseng joaloka Kaine, ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo ka mabifi. ’Me ke ka lebaka la eng a ileng a mo bolaea ka mabifi? Hobane mesebetsi ea hae e ne e le khopo, empa ea mor’abo e ne e lokile.” Ka lebaka la ho se mamelle borapeli ba mor’abo ba Molimo bo hloekileng le bo amohelehang, Kaine o ile a retelehela pefong—e leng bohato ba ho qetela bo nkoang ke ba sitoang ho ikarabella.—1 Johanne 3:10-12.
12. Ho na le bopaki bofe ba hore bolumeli bo kopanela lintoeng le liqhoebeshanong?
12 Na linnete li tšehetsa qoso ee ea bolumeli ba bohata? Bukeng ea Preachers Present Arms, mongoli o itse: “Historing ea tsoelo-pele, . . . kamehla mahlakore a mabeli a ’nile a khema hammoho a etsa selekane. Ke ntoa le bolumeli. ’Me, har’a malumeli ’ohle a maholo a lefatše, . . . ha ho le bo bong bo ’nileng ba inehela [ntoeng] ho feta [Bokreste-’mōtoana].” Lilemong tse ’maloa tse fetileng, koranta ea The Sun ea Vancouver, Canada, e ile ea re: “Ke bofokoli ba hoo e ka bang bolumeli bo bong le bo bong bo hlophisitsoeng hore kereke e latele folakha . . . Ke ntoa efe e kileng ea loanoa eo ho eona ho sa kang ha boleloa hore Molimo o ka lehlakoreng ka leng?” E ka ’na eaba u bone bopaki ba sena kerekeng e itseng sebakeng sa heno. Hangata haholo, lifolakha tsa naha li khabisa aletare. U nahana hore Jesu o ne a tla macha e le moemeli oa folakha efe? Mantsoe a hae a ’nile a pheta-phetoa ho theosa le makholo a lilemo: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena”!—Johanne 18:36.
13. (a) Bolumeli ba bohata bo hlōlehile joang Afrika? (b) Jesu o ile a fana ka letšoao lefe le khethollang Bokreste?
13 Malumeli a Bokreste-’mōtoana ha aa ruta mehlape ea ’ona ’nete e mabapi le lerato la sebele la bara ba motho. Ho e-na le hoo, ho se tšoane ha lichaba, ha merabe le meloko ho lumelloa ho arola litho tsa ’ona. Litlaleho li bontša hore baruti ba K’hatholike le ba Chache ba ile ba phetha karolo e itseng likhaohanong tse ileng tsa fella ka bohato bo neng bo reretsoe ho timetsa morabe o itseng Rwanda. The New York Times e ile ea tlaleha: “Lipolao tse sehlōhō Rwanda li entse hore litho tsa Roma e K’hatholike tse ngata sebakeng seo li ikutloe li tsuoe tlaase ke sehlopha se phahameng se busang sa kereke. Hangata kereke e ne e aroloa ho latela meloko, pakeng tsa Mahutu le Matutsi.” Koranta eona eo e ile ea qotsa mantsoe a moprista oa Maryknoll ha a re: “Kereke e ile ea hlōleha habohloko haholo Rwanda ka 1994. Marwanda a mangata a furalletse kereke ho isa bohōleng bo itseng. Ha e sa le ntho eo motho a ka itšetlehang ka eona.” Sena se fapana hakaakang le mantsoe a Jesu: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:35.
14. Malumeli a maholo ao e seng a Bokreste a na le tlaleho efe ea boitšoaro?
14 Malumeli a mang a maholo a Babylona e Moholo ha aa beha mohlala o molemo. Lipolao tse sehlōhō tsa 1947, ha India e ne e aroloa, li bontša hore malumeli a maholo sebakeng seo ha aa hlahisa moea oa ho mamellana. Pefo e kopanetsoeng e ntseng e tsoela pele India e tiisa hore batho ba bangata ha baa fetoha. Ha ho makatse hore ebe makasine ea India Today e ile ea etsa qeto ena: “Bolumeli e ’nile ea e-ba setširelo seo tlas’a sona ho ’nileng ha hlohlelletsoa pefo e tšabehang ka ho fetisisa. . . . Bo khothalletsa pefo e tšosang ’me ke matla a senyang haholo.”
“Ho Ikhanyetsa ho Totobetseng”
15. Boemo ba bolumeli ke bofe linaheng tsa ka bophirimela?
15 Esita le batlalehi ba litaba tsa lefatše ba hlokometse ho hlōleha ha bolumeli ho kholisa, ho kenya ka botebo litekanyetso tsa ’nete le ho thibela ho kenella ha ho furalla bolumeli. Bukeng ea hae ea Out of Control, eo e neng e le moeletsi litabeng tsa tšireletseho ea sechaba United States Zbigniew Brzezinski o ile a ngola: “Ke ho ikhanyetsa ho totobetseng hore ebe ho hlōla ho hoholo ka ho fetisisa ha tšisinyo ea hore ‘Molimo o shoele’ ha hoa hlaha linaheng tsa puso ea Marx . . . empa ho hlahile lichabeng tsa Bophirimela tsa puso ea sechaba ka sechaba e buellang bolokolohi, tseo mekhoa ea tsona ea bophelo e khothalelitseng ho hloka boitšoaro. Lichabeng tsa Bophirimela, ke ’nete hore bolumeli bo khaolitse ho ba tšusumetso e ka sehloohong sechabeng.” O ile a tsoela pele: “Ho tsamaisa ha bolumeli mekhoa ea bophelo ea Europe ho fokotsehile haholo, ’me kajeno Europe—haholo-holo Amerika—ka ho khetheha ke sechaba seo e seng sa bolumeli.”
16, 17. (a) Jesu o ile a fana ka keletso efe mabapi le baruti ba mehleng ea hae? (b) Jesu o ile a fana ka molao-motheo ofe o motle mabapi le litholoana?
16 Jesu o ile a re’ng ka baruti ba Bajuda ba mehleng ea hae? “Bangoli le Bafarisi ba itulisitse setulong sa Moshe [ho ruta Torah, e leng Molao]. Ka hona lintho tsohle tseo ba le bolellang tsona, le li etse ’me le li boloke, empa le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.” E, boikaketsi ba bolumeli hase ntho e ncha.—Matheu 23:2, 3.
17 Litholoana tsa bolumeli ba bohata lia bo tsoa. Molao oo Jesu a faneng ka oona ke o sebetsang hakaakang: “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle, empa sefate se seng le se seng se bolileng se hlahisa litholoana tse se nang thuso; sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse se nang thuso, leha e le hore sefate se bolileng se ka hlahisa litholoana tse ntle. Sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle sea rengoa ’me se lahleloa mollong. Joale, ka sebele, le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.”—Matheu 7:17-20.
18. Bokreste-’mōtoana bo ka be bo ipolokile bo hloekile joang?
18 Haeba malumeli a Bokreste-’mōtoana a ne a ka ba seli ho sebelisa taeo ea Bokreste ea ho khaola bakeng sa liketso tsohle tse khahlanong le molao tse etsoang ke ba ipolelang hore ke litho tsa bona, ho ne ho tla etsahala’ng? Ho ne ho tla etsahala eng ka batho bohle ba leshano, lihlola, lifebe, basodoma, balotsana, linokoane, barekisi ba lithethefatsi le ba li lemaletseng le litho tsa tlōlo ea molao e hlophisitsoeng ba etsang lintho tsee ba sa bake? Ha ho pelaelo hore litholoana tse bolileng tsa Bokreste-’mōtoana li etsa hore bo tšoaneloe ke timetso ea Molimo feela.—1 Bakorinthe 5:9-13; 2 Johanne 10, 11.
19. Ho lumetsoe lintho life mabapi le boeta-pele ba bolumeli?
19 Lekhotla le akaretsang la Kereke ea Presbitheri United States le ile la lumela: “Re tobane le maqakabetsi a tšabehang ho latela tekanyo ea ’ona le liphello tsa ’ona. . . . Lipakeng tsa karolo ea 10 le ea 23 lekholong ea baruti sechabeng ka kakaretso ba kopanetse boitšoarong bo litšila kapa likamanong tsa botona le botšehali le litho tsa pharishe, le ba sebeletsoang, le basebetsi, jj.” Rakhoebo e mong oa United States o akarelitse taba ena hantle ha a re: “Mekhatlo ea bolumeli e hlōlehile ho fetisetsa litekanyetso tsa eona tsa boitšoaro ho ba bang, ’me maemong a mangata, e fetohile karolo ea bothata.”
20, 21. (a) Jesu le Pauluse ba ile ba nyatsa boikaketsi joang? (b) Ke lipotso life tse lokelang ho arajoa?
20 Ho nyatsa ha Jesu boikaketsi ba bolumeli ho lula e le ’nete kajeno joalokaha ho bile joalo mehleng ea hae: “Lōna baikaketsi, Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna, ha a re, ‘Batho bana ba ntlhompha ka melomo ea bona, empa leha ho le joalo lipelo tsa bona li suthetse hōle le ’na. Ke ha lefeela hore ebe ba ntse ba nthapela, hobane ba ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’” (Matheu 15:7-9) Mantsoe a Pauluse ho Tite le ’ona a hlalosa boemo ba mehla ea rōna ea kajeno: “Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona, hobane ba manyala hape ha ba mamele ’me ha ba amohelehe bakeng sa mosebetsi o molemo oa mofuta leha e le ofe.”—Tite 1:16.
21 Jesu o boletse hore haeba banna ba lifofu ba tataisana, ba oela ka sekoting ka bobeli. (Matheu 15:14) Na u batla ho felisoa le Babylona e Moholo? Kapa u batla ho tsamaea litseleng tse otlolohileng ka mahlo a bulehileng ’me u thabele litlhohonolofatso tsa Jehova? Lipotso tseo hona joale li re tobileng ke tsena: Ke bolumeli bofe, haeba bo teng, bo hlahisang litholoana tsa bomolimo? Re ka khetholla borapeli ba ’nete bo amohelehang ho Molimo joang?—Pesaleme ea 119:105.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ka 1944; hona joale ha e sa hatisoa.
Na Ua Hopola?
◻ Boemo ba Babylona e Moholo ba hona joale ke bofe ka pel’a Molimo?
◻ Bolumeli ba bohata bo qosoa motheong ofe?
◻ Bolumeli ba bohata bo bontšitse moea oa Kaine joang?
◻ Jesu o ile a fana ka molao-motheo ofe bakeng sa ho ahlola bolumeli leha e le bofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho theosa le histori baeta-pele ba bolumeli ba itšunya-tšuntse lipolotiking
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Mok’hadinale Mazarin
Mok’hadinale Richelieu
Mok’hadinale Wolsey
Baruti bana le bona e ne e le baeta-pele ba lipolotiki ba matla
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Cardinal Mazarin and Cardinal Richelieu: From the book Ridpath’s History of the World (Vol. VI and Vol. V respectively). Cardinal Wolsey: From the book The History of Protestantism (Vol. I).