Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
‘[Jehova] o felisa lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.’—PESALEME EA 46:9.
1. Boprofeteng ba Esaia re fumana tšepiso efe e hlollang ea khotso?
“MOPUTSO oa ho loka e tla ba khotso, tholoana ea ho loka e be phomolo le boiketlo ka ho sa eeng kae. Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.” (Esaia 32:17, 18) Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Ke tšepiso ea khotso ea ’nete e tlisoang ke Molimo.
2, 3. Hlalosa khotso ea ’nete.
2 Leha ho le joalo, khotso ea ’nete ke eng? Na ke feela bosieo ba ntoa? Kapa na ke feela nako eo ka eona lichaba li lokisetsang ntoa e latelang? Na khotso ea ’nete ke toro feela tjee? Tseo ke lipotso tseo re hlokang likarabo tse nepahetseng bakeng sa tsona. Taba ea pele, khotso ea ’nete hase toro ho hang. Khotso eo Molimo a e tšepisitseng e feta hōle ntho leha e le efe eo lefatše lena le ka e nahanang. (Esaia 64:4) Hase khotso ea lilemo tse seng kae kapa mashome a seng makae a lilemo. E tšoarella ka ho sa feleng! Hape hase khotso feela bakeng sa batho ba khethehileng ba seng bakae—e akarelletsa leholimo le lefatše, mangeloi le batho. E atolohela ho batho ba lichaba tsohle, lihlopha tsohle tsa merabe, ba lipuo tsohle le ba mebala eohle. Ha e na meeli, ha e na mekoallo, ha e hlōlehe.—Pesaleme ea 72:7, 8; Esaia 48:18.
3 Khotso ea ’nete e bolela khotso letsatsi le leng le le leng. E bolela ho tsoha hoseng ho hong le ho hong u sa nahane ka ntoa, u sa tšoenyehe ka bokamoso ba hao, bokamoso ba bana ba hao, esita le bokamoso ba litloholo tsa hao. E bolela khotso ea kelello ka ho feletseng. (Bakolose 3:15) E bolela hore ha ho sa tla hlola ho e-ba le tlōlo ea molao, pefo, malapa a arohaneng, batho ba se nang mahae, batho ba lapang kapa ba hoamisoang ke serame le ho nyahama le pherekano. Ho molemo le ho feta, khotso ea Molimo e bolela lefatše le se nang ho kula, bohloko, masoabi kapa lefu. (Tšenolo 21:4) Re na le tšepo e hlollang hakaakang ea ho thabela khotso ea ’nete ka ho sa feleng! Na oo hase mofuta oa khotso le thabo tseo kaofela ha rōna re li labalabelang? Na oo hase mofuta oa khotso oo re lokelang ho o rapella le ho o sebeletsa?
Boiteko ba Moloko oa Batho bo Hlōlehileng
4. Lichaba li entse boiteko bofe mabapi le khotso, hona ka liphello life?
4 Ka makholo a lilemo batho le lichaba ba ’nile ba bua ka khotso, ba ’nile ba phehisana khang ka khotso, ba ’nile ba tekenela lilekane tsa khotso tse makholo-kholo. Phello e bile efe? Ka lilemo tse 80 tse fetileng, ho hang ha ho e-s’o be le motsotso oo ka oona ho kileng ha hlokahala sechaba kapa sehlopha se itseng ntoeng. Ka ho hlakileng, moloko oa batho o phonyohiloe ke khotso. Ka hona potso ke ena, Ke hobane’ng ha boiteko bohle ba motho ba ho theha khotso ea machaba bo hlōlehile, hona ke hobane’ng ha motho a hlōleha ho tlisa khotso ea ’nete e tla tšoarella?
5. Ke hobane’ng ha boiteko ba moloko oa batho ba ho tlisa khotso bo hlōlehile ka ho tsoelang pele?
5 Karabelo e bonolo ke hore moloko oa batho ha oa ka oa retelehela mohloling o nepahetseng bakeng sa khotso ea ’nete. Tlas’a tšusumetso ea Satane Diabolose, batho ba thehile mekhatlo e nyōpisoang ke bofokoli ba bona le bokhopo ba bona—meharo le takatso tsa bona le ho nyoreloa ha bona matla le bophahamo. Ba ile litsing tsa thuto e phahameng ’me ba thehile mekhatlo le lihlopha tse hlophiselitsoeng ho etsa lipatlisiso mafapheng a sa tšoaneng a thuto, tse nahanneng feela ka mekhoa e eketsehileng ea khatello le tšenyo. Batho ba ’nile ba lebisoa mohloling ofe? Ba talimile hokae?
6, 7. (a) Selekane sa Lichaba se ile sa iketsetsa tlaleho efe? (b) Tlaleho ea Machaba a Kopaneng ke efe?
6 Morao koana ka 1919 lichaba li ile tsa beha tšepo ea tsona Selekaneng sa Lichaba hore se thehe khotso e sa feleng. Tšepo eo e ile ea senngoa ke ho hlasela ha Mussolini Ethiopia ka 1935 le ntoa ea lehae ea Spain ho tloha ka 1936. Selekane seo se ile sa khaotsa ho sebetsa ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše ka 1939. Seo ho thoeng ke khotso ha sea ka sa tšoarella le ka lilemo tse 20 feela.
7 Ho thoe’ng ka Machaba a Kopaneng? Na a fane ka tšepo leha e le efe ea sebele ea khotso e tšoarellang lefatšeng ka bophara? Le hanyenyane. Ho tloha tšimolohong ea ’ona ka 1945, ho bile le likhohlano tseo ho tsona ho sebelisoang libetsa le lintoa tse ka holimo ho 150! Ha ho makatse hore ebe Gwynne Dyer, seithuti sa Mocanada sa ntoa le tšimoloho ea eona, o hlalositse Machaba a Kopaneng e le “mokhatlo oa babolai ba liphoofolo tse tsongoang ba sa lumelloang ka molao ba fetohileng balebeli ba tsona, eseng sehlopha sa bahalaleli” le “mokhatlo o se nang matla empa o sa ome mathe.”—Bapisa le Jeremia 6:14; 8:15.
8. Ho sa tsotellehe lipuisano tsa tsona tsa khotso, lichaba li ’nile tsa etsa eng? (Esaia 59:8)
8 Ho sa tsotellehe ho bua ha tsona ka khotso, lichaba li tsoela pele ho qapa le ho etsa libetsa. Linaha tse lefellang liboka tsa khotso hangata ke tsona tse etellang pele ho etsoeng ha libetsa. Phaello e khōlō ea khoebo linaheng tsena e khothalletsa tlhahiso ea libetsa tse bolaeang, ho akarelletsa le liqhomane tsa fatše tsa bodiabolose tse bolaeang kapa tse holofatsang batho ba baholo le bana ba sa loaneng ba 26 000 selemo se seng le se seng. Meharo le bobolu ke ’ona matla a susumetsang. Lichelete tsa tjotjo le tsa qeko ke karolo ea bohlokoa ea khoebo ea libetsa ea machaba. Bo-ralipolotiki ba bang ba ithuisa ka tsela ena.
9, 10. Litsebi tsa lefatše li hlokometse eng mabapi le lintoa le boiteko bo matla ba batho?
9 Ka December 1995, setsebi sa fisiks sa Lepolishe ebile e le mohapi oa Khau ea Khotso ea Nobel, Joseph Rotblat o ile a ipiletsa ho lichaba hore li emise tlhōlisano ea libetsa. O ile a re: “Tsela feela ea ho thibela [tlhōlisano e ncha ea libetsa] ke ho felisa ntoa ka ho feletseng.” Na u nahana hore ho na le monyetla oa hore see se etsahale? Ho tloha ka 1928 ho ea pele, lichaba tse 62 li ile tsa amohela Kellogg-Briand Pact, tsa latola hore ntoa ke tsela ea ho lokisa liphapang. Ntoa ea II ea Lefatše ka ho hlakileng e ile ea bontša hore selekane seo se ne se se na thuso.
10 Ho ke ke ha latoloa hore ntoa e ’nile ea e-ba tšitiso e sa tloheng tseleng ea histori ea moloko oa batho. Joalokaha Gwynne Dyer a ile a ngola, “ntoa ke tšobotsi e ka sehloohong tsoelo-peleng ea batho, ’me e na le histori e lekanang hantle le tsoelo-pele.” E, hoo e ka bang tsoelo-pele e ’ngoe le e ’ngoe le ’muso o mong le o mong li bile le bahale ba tsona ba sesole ba hlomphehang, mabotho a tsona a lulang a ntse a le teng, lintoa tsa tsona tse tummeng, likolo tsa tsona tse phahameng tsa sesole tse nkoang li halalela ka ho fetisisa, le pokello ea tsona ea libetsa. Leha ho le joalo, lekholo la rōna la lilemo le tšoailoe ka ntoa ho feta leha e le lefe le leng, ka tšenyo le ka tahlehelo ea bophelo.
11. Baeta-pele ba lefatše ba hlokomolohile ntlha efe e ka sehloohong ha ba batla khotso?
11 Ho hlakile hore baeta-pele ba lefatše ba hlokomolohile bohlale bo ka sehloohong ba Jeremia 10:23: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” Ntle le hore Molimo a kenelle litabeng, ho ke ke ha e-ba le khotso ea ’nete. Na joale see sohle se bolela hore ntoa e ke ke ea qojoa bathong ba tsoetseng pele? Na se bolela hore khotso—khotso ea ’nete—ke toro e ke keng ea etsahala?
Ho Fihla Sesoseng se ka Sehloohong
12, 13. (a) Bibele e senola eng mabapi le sesosa sa ntoa se ka sehloohong, se sa bonahaleng? (b) Satane o tlositse tlhokomelo ea moloko oa batho tharollong ea sebele ea mathata a lefatše joang?
12 Ho araba lipotso tseo, ho hlokahala hore re utloisise lisosa tsa ntoa. Bibele e bolela ka ho hlaka hore lengeloi la lerabele Satane ke “’molai” oa pele le “ea leshano” le hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (Johanne 8:44; 1 Johanne 5:19) O entse eng ho ntšetsa merero ea hae pele? Ho 2 Bakorinthe 4:3, 4, rea bala: “Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang, bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea khanya ho phunyeletsa.” Satane o etsa sohle seo a ka se khonang ho tlosa tlhokomelo ea moloko oa batho ’Musong oa Molimo e le tharollo mathateng a lefatše. O foufatsa le ho khelosa batho ka litsekisano tse arohanyang tsa lichaba, lipolotiki le bolumeli, e le hore tsena li bonahale e le tsa bohlokoa ho feta puso ea Molimo. Mohlala o mong oa haufinyane tjena ke oa ho phahama ha bochaba lefatšeng ka bophara.
13 Satane Diabolose o hōlisa bochaba le boikutlo ba ho phahamela merabe e meng, tumelo ea hore sechaba se seng, morabe, kapa moloko o mong li phahametse tse ling. Lehloeo le metseng ka metso le ’nileng la hatelloa ka makholo a lilemo lea tsosolosoa ho fehla lintoa le likhohlano tse eketsehileng. Federico Mayor, motsamaisi-kakaretso oa UNESCO, o ile a lemosa ka tšekamelo ena: “Esita le moo ho mamella maikutlo a batho ba bang ho neng ho tloaelehile, ho fetohela ho tšabeng melata ho ntse ho totobala haholoanyane, ’me lipuo tse bontšang leeme kapa khethollo ea morabe tseo ho neng ho bonahala li se li le sieo, li ntse li utloahala khafetsa.” Phello e bile efe? Lipolao tse sehlōhō ho seo e kileng ea e-ba Yugoslavia le tšollo ea mali a meloko e itseng Rwanda ke tse peli tsa liketsahalo tse joalo tse fetohileng litaba tsa lefatše.
14. Tšenolo 6:4 e hlalosa ntoa le liphello tsa eona joang mehleng ea rōna?
14 Bibele e boletse esale pele hore mehleng ea qetello ea tsamaiso ena, pere e ’mala oa mollo, e tšoantšetsang ntoa, e ne e tla khema ho pholletsa le lefatše. Ho Tšenolo 6:4 rea bala: “E ’ngoe ea tsoa, pere e ’mala oa mollo; ’me ea lutseng holim’a eona a nehoa hore a tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana ka mabifi; ’me a fuoa sabole e khōlō.” Ho tloha ka 1914 re ’nile ra bona mokalli enoa oa tšoantšetso ‘a tlosa khotso,’ ’me lichaba li ’nile tsa tsoela pele ho loana le ho futuhelana.
15, 16. (a) Karolo ea bolumeli e ’nile ea e-ba efe lintoeng le lipolaong? (b) Jehova o nka seo malumeli a se entseng joang?
15 Se sa lokelang ho hlokomolohuoa ke karolo ea bolumeli lintoeng le lipolaong tsena. Histori ea moloko oa batho e khenathetseng mali e ka amahanngoa ka tekanyo e khōlō le tšusumetso e khelosang ea bolumeli ba bohata. Moruti oa K’hatholike oa thuto ea bolumeli Hans Küng o ile a ngola: “Ha ho pelaelo hore ka tšusumetso ea bona e mpe le e senyang [bolumeli] bo ’nile ba e-ba le seabo se seholo ’me ho ntse ho le joalo. Ka hona boa ikarabella bakeng sa lintoa tse ngata hakana, likhohlano tse khenathetseng mali, ka sebele ‘lintoa tsa bolumeli’; . . . ’me sena se boetse se akarelletsa lintoa tse peli tsa lefatše.”
16 Jehova Molimo o ikutloa joang ka karolo ea bolumeli ba bohata lipolaong le lintoeng? Qoso ea Molimo bolumeling ba bohata e tlalehiloeng ho Tšenolo 18:5, e re: “Libe tsa hae li khobokellane ho ea fihla holimo leholimong, ’me Molimo o hopotse liketso tsa hae tsa ho hloka toka.” Tšebelisano ea bolumeli ba bohata le babusi ba lipolotiki ba lefatše e feletse ka molato o moholo oa mali, qubu e khōlō ea libe tse bokellaneng, hoo ho ke keng ha etsahala hore Molimo a e hlokomolohe. Haufinyane o tla felisa ka ho feletseng tšitiso ena e emeng tseleng ea khotso ea ’nete.—Tšenolo 18:21.
Tsela e Isang Khotsong
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha ho lumela hore khotso e sa feleng e ka ba teng e se toro feela? (b) Jehova o se a entse eng ho tiisa hore khotso ea ’nete e tla tla?
17 Haeba batho ka mekhatlo e kang Machaba a Kopaneng, ba ke ke ba tlisa khotso ea ’nete le e tšoarellang, khotso ea ’nete e tla tsoa mohloling ofe, hona joang? Na ke toro feela ho lumela hore khotso e sa feleng e ka ba teng? Eseng haeba re retelehela mohloling o nepahetseng oa khotso. ’Me oo ke mang? Pesaleme ea 46:9 e araba ka ho re bolella hore Jehova ‘o felisa lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o roba liqha, o robakanya marumo, o chesa makoloi a ntoa mollong.’ ’Me Jehova o se a qalile tšebetso ea ho felisa lintoa le ho theha khotso ea ’nete. Joang? Ka ho beha Kreste Jesu teroneng ea hae e loketseng ea ’Muso ka 1914 le ka ho buella phutuho e khōlōhali ea thuto ea khotso historing ea moloko oa batho. Mantsoe a boprofeta a Esaia 54:13 aa re kholisa: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke [Jehova, NW]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.”
18 Boprofeta bona bo bontša molao-motheo oa sesosa le phello—ke hore, phello e ’ngoe le e ’ngoe e na le sesosa sa eona. Tabeng ena, thuto ea Jehova—e leng sesosa—e fetola batho ba ratang ntoa hore e be batho ba ratang khotso ba leng khotsong le Molimo. Phello ke phetoho ea pelo e etsang hore batho e be barati ba khotso. Thuto ena e fetolang lipelo tsa batho le likelello le hona joale e atolohela lefatšeng ka bophara ha ba limilione ba latela mohlala oa “Morena oa khotso,” Jesu Kreste.—Esaia 9:6.
19. Jesu o rutile eng ka khotso ea ’nete?
19 Joale Jesu o ile a ruta eng ka khotso ea ’nete? Ha aa ka a bua feela ka khotso pakeng tsa lichaba, empa o ile a bua ka khotso pakeng tsa batho likamanong tsa bona le ka khotso e ka hare e tsoang letsoalong le letle. Ho Johanne 14:27, re bala mantsoe a Jesu ho balateli ba hae: “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka. Ha ke le fe eona ka tsela eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la lumella lipelo tsa lōna hore li khathatsehe leha e le ho li lumella hore li ikhule ke tšabo.” Khotso ea Jesu e ne e fapane joang le ea lefatše?
20. Jesu o tla tlisa khotso ea ’nete ka litsela life?
20 Taba ea pele, khotso ea Jesu e ne e tlamahane haufi-ufi le molaetsa oa hae oa ’Muso. O ne a tseba hore puso e lokileng ea leholimong, e entsoeng ka Jesu le babusi-’moho le eena ba 144 000, e ne e tla felisa ntoa le bahlohlelletsi ba ntoa. (Tšenolo 14:1, 3) O ne a tseba hore e ne e tla tlisa maemo a paradeise a khotso ao a ileng a a tšepisa moetsi oa bobe ea ileng a shoela lehlakoreng la hae. Jesu ha aa ka a mo tšepisa sebaka ’Musong oa leholimo, empa o ile a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:43.
21, 22. (a) Khotso ea ’nete e akarelletsa tšepo efe e khothatsang ka ho babatsehang? (b) Re lokela ho etsa eng ho bona tlhohonolofatso eo?
21 Jesu le eena o ne a tseba hore ’Muso oa hae o ne o tla tlisa matšeliso ho bohle ba siamang ba sebelisang tumelo ho eena. Khotso ea hae e akarelletsa tšepo e khothatsang ka ho babatsehang ea tsoho. Hopola mantsoe a hae a khothatsang a fumanoang ho Johanne 5:28, 29: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba ileng ba etsa lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse nyonyehang ba ee tsohong ea kahlolo.”
22 Na u lebeletse nako eo? Na u lahlehetsoe ke baratuoa ba hao ka lefu? Na u labalabela ho ba bona hape? Joale amohela khotso eo Jesu a fanang ka eona. E-ba le tumelo e kang ea Maretha, khaitseli ea Lazaro, ea ileng a re ho Jesu: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” Empa hlokomela karabo ea Jesu e hlasimollang ho Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela; ’me e mong le e mong ea phelang ’me a sebelisa tumelo ho ’na ho hang ha a na ho shoa le ka mohla. Na u lumela see?”—Johanne 11:24-26.
23. Ke hobane’ng ha tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e hlokahala bakeng sa ho fumana khotso ea ’nete?
23 Le uena u ka lumela tšepisong eo ’me ua fumana molemo ho eona. Joang? Ka ho fumana tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a ileng a hatisa bohlokoa ba tsebo e nepahetseng: ‘Rōna ha rea khaotsa ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea, e le hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore le mo khahlise ka botlalo ha le ntse le tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo le ho hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.’ (Bakolose 1:9, 10) Tsebo ena e nepahetseng e tla u kholisa hore Jehova Molimo ke mohloli oa khotso ea ’nete. E tla boela e u bolelle seo u tlamehang ho se etsa hona joale e le hore u ka ikopanya le mopesaleme ha a re: “Ke sekama ka khotso, ke be ke ithoballe ka khotso, hobane, Jehova, ke uena u ’notši ea nkahisang boiketlong.”—Pesaleme ea 4:8.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha boiteko ba batho ba ho tlisa khotso bo hlōlehile ka ho tsoelang pele?
◻ Sesosa se ka sehloohong sa ntoa ke sefe?
◻ Ke hobane’ng ha khotso e tšoarellang e se toro feela?
◻ Mohloli oa khotso ea ’nete ke mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Khotso ea ’nete hase toro. Ke tšepiso ea Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ho tloha ka 1914 mopalami oa tšoantšetso oa pere e ’mala oa mollo o felisitse khotso lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na bolumeli le Machaba a Kopaneng li ka tlisa khotso?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN photo