Ho Khetholla Mofuta o Nepahetseng oa Lenģosa
“Ke ’na . . . ke tiisang lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsang litaba tsa ba romiloeng ke ’na.”—ESAIA 44:24, 26.
1. Jehova o khetholla mofuta o nepahetseng oa manģosa joang, hona o senola a bohata joang?
JEHOVA MOLIMO ke eena e Moholo ea Khethollang manģosa a hae a ’nete. O a khetholla ka ho etsa hore melaetsa eo a e fetisang ka ’ona e phethahale. Jehova e boetse ke eena e Moholo ea Senolang manģosa a bohata. O a senola joang? O nyopisa lipontšo tsa ’ona le boprofeta. Ka tsela ena o bontša hore ke baprofeta ba ipehileng, bao ka sebele melaetsa ea bona e tsoang menahanong ea bona e fosahetseng—e, menahano ea bona ea booatla, ea nama!
2. Ke ho se utloane hofe ho ileng ha hlaha pakeng tsa manģosa mehleng ea Baiseraele?
2 Esaia hammoho le Ezekiele ba ile ba bolela hore ke manģosa a Jehova Molimo. Na e ne e le ’ona? A re boneng. Esaia o ile a profeta a le Jerusalema ho tloha hoo e ka bang ka 778 B.C.E. ho fihlela ka nako e itseng ka mor’a 732 B.C.E. Ezekiele o ile a isoa botlamuoeng Babylona ka 617 B.C.E. O ile a profetela barab’abo ba Bajuda ba neng ba le moo. Baprofeta bao ka bobeli ka sebete ba ile ba phatlalatsa hore Jerusalema e ne e tla timetsoa. Baprofeta ba bang ba ile ba bolela hore Molimo o ne a ke ke a lumella hore sena se etsahale. Ke bo-mang ba ileng ba ipaka e le mofuta o nepahetseng oa manģosa?
Jehova o Pepesa Baprofeta ba Bohata
3, 4. (a) Ke melaetsa efe e ’meli e sa lumellaneng e ileng ea fetisetsoa ho Baiseraele Babylona, ’me Jehova o ile a senola lenģosa la bohata joang? (b) Jehova o ile a re ke eng se neng se tla etsahalla baprofeta ba bohata?
3 Ezekiele, ha a ntse a le Babylona, o ile a tlisetsoa pono ea se neng se etsahala tempeleng ea Jerusalema. Monyakong oa eona o ka bochabela ho ne ho e-na le banna ba 25. Har’a bona ho ne ho e-na le mahosana a mabeli, Jazania le Pelathia. Jehova o ne a ba talima joang? Ezekiele 11:2, 3 ea araba: “Mor’a motho, ke bona banna ba rerang mehopolo e khopo, ba eletsang ka likeletso tse mpe motseng ona, ba reng: Ha ho e-so ho be nako; re ka ’na ra haha matlo.” Manģosa ana a khotso a ikhohomosang a ne a re, ‘Ha ho kotsi e tla hlahela Jerusalema. Haufinyane re tlil’o haha matlo a eketsehileng motseng ona!’ Ka hona Molimo o ile a bolella Ezekiele hore a profete khahlanong le baprofeta bana ba leshano. Temaneng ea 13 khaolong ea 11, Ezekiele o re bolella se ileng sa hlahela e mong oa bona: “Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mor’a Benaia, a shoa.” Mohlomong sena se etsahetse hobane Pelathia e ne e le khosana e hlaheletseng ka ho fetisisa le e nang le tšusumetso e fetisisang ebile e le morapeli oa litšoantšo ea ka sehloohong. Lefu la hae la tšohanyetso le ile la paka hore e ne e le moprofeta oa bohata!
4 Ho ahlola ha Jehova Pelathia ha hoa ka ha thibela baprofeta ba bohata ba bang ho qala mashano ka lebitso la Molimo. Bathetsi bana ba ile ba tsoela pele tseleng ea bona e sa laoloeng ke kahlolo e molemo, ea ho bolela lintho esale pele khahlanong le thato ea Molimo. Ka hona Jehova Molimo o ile a bolella Ezekiele: ‘Ho malimabe baprofeta ba maoatla, ba eang ka kelello tsa bona, ba buang ba sa ka ba bona letho.’ Joaloka Pelathia, ba ne ba tla ‘ba sieo’ ka lebaka la hore ka ho hloka tlhompho, ba bonele Jerusalema “lipono tsa khotso, kanthe ha ho khotso.”—Ezekiele 13:3, 15, 16.
5, 6. Ho sa tsotellehe manģosa ’ohle a bohata, Esaia o ile a fumanoa a se na molato joang joaloka moprofeta oa ’nete?
5 Ha e le Esaia, mantsoe a hae a bomolimo kaofela mabapi le Jerusalema a ile a phethahala. Lehlabuleng la 607 B.C.E., Bababylona ba ile ba timetsa motse ’me ba khutlisetsa masala a Bajuda Babylona e le batlamuoa. (2 Likronike 36:15-21; Ezekiele 22:28; Daniele 9:2) Na litlokotsi tsee li ile tsa thibela baprofeta ba bohata ho hlasela batho ba Molimo ka ho bebera ha lefeela? Che, manģosa ao a bohata a ile a tsoela pele!
6 Ho phaella moo, batlamuoa ba Baiseraele le bona ba ne ba pepesehetse lilaoli, linohe le balepi ba linaleli ba Babylona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a paka bana bohle e le manģosa a bohata, lithoto tse lokelang ho hlōloa, tse profetang se ke keng sa etsahala. Ha nako e ntse e feta o ile a bontša hore Ezekiele e ne e le lenģosa la hae la ’nete, joalokaha Esaia e ne e le lona. Jehova o ile a phethahatsa mantsoe ’ohle ao a neng a a buile ka bona, feela joalokaha a ne a tšepisitse: ‘Ke ’na . . . ke fosisang lipontšo tsa baprofeta ba leshano, ke thotofatsang linohe, [ke etsang hore seo ba bohlale ba se profetang se se ke sa etsahala, NW], ke fetolang bohlale ba bona bohlanya. E sa le ’na ke tiisang lentsoe la mohlanka oa ka, ke etsahatsang litaba tsa ba romiloeng ke ’na.’—Esaia 44:24-26.
Melaetsa e Tšosang Mabapi le Babylona le Jerusalema
7, 8. Esaia o ne a e-na le molaetsa ofe o bululetsoeng bakeng sa Babylona, ’me mantsoe a hae a ne a bolela eng?
7 Juda le Jerusalema li ne li lokela ho timetsoa ka ho feletseng, li hloke baahi ka lilemo tse 70. Leha ho le joalo, Jehova o ile a phatlalatsa ka Esaia le Ezekiele hore motse oo o ne o tla tsosolosoa ’me naha e be le baahi hantle feela ka nako eo a neng a ile a e bolela esale pele! Bona e ne e le boprofeta bo hlollang. Hobane’ng? Hobane Babylona e ne e e-na le botumo ba ho se lokolle batšoaruoa ba eona le ka mohla. (Esaia 14:4, 15-17) Ka hona ke mang ea neng a ka khona ho lokolla batlamuoa baa? Ke mang ea neng a ka hlōla Babylona e matla, ka marako a eona a maholohali le tokisetso ea nōka e e sirelelitseng? Jehova ea Matla ’Ohle o ne a ka ho etsa! ’Me o ile a re o tla ho etsa: ‘Ke ’na . . . ke reng ho boliba [ke hore, metsi a sirelelitseng motse]: psha, ’me ke tla pshesa linōka tsa hao; ke bolelang Cyruse ka ho re: Ke molisa oa ka, o tla etsa se ratoang ke ’na, o tla re ho Jerusalema: U tla tsosoa, le ho tempele: U tla theoa.’—Esaia 44:24, 27, 28.
8 Nahana! Nōka ea Eufrate eo e neng e le mokoallo oo ka sebele o neng o tšosa ho batho, ho Jehova e ne e itšoanela le lerotholi la metsi ka holim’a ntho e chesang haholo. Ka ho panya ha leihlo, mokoallo oo o ne o tla psha! Babylona e ne e tla oa. Le hoja e ne e le lilemo tse ka bang 150 pele Cyruse Mopersia a tsoaloa, Jehova o ile a etsa hore Esaia a bolele esale pele ka ho hapa Babylona ha morena enoa le ho lokolloa ha batlamuoa ba Bajuda ka ho laela hore ba khutle ba tsosolose Jerusalema le tempele ea eona.
9. Ke mang eo Jehova a ileng a mo bitsa moemeli oa hae bakeng sa ho otla Babylona?
9 Re fumana boprofeta bona ho Esaia 45:1-3: ‘Jehova o bolela ho motlotsuoa oa hae, ho Cyruse, eo a mo tšoereng ka letsoho la hae le letona, ho hlōla lichaba pel’a hae, . . . ho bula menyako pel’a hae, hore menyako e se ke ea koaloa, o re: Ke tla u etella pele ho latsa makukuno, ho pshatla menyako ea koporo, le ho roba mekoallo ea tšepe. Ke tla u nea maruo a bolokiloeng nģalong tse ntšo, le tse patiloeng sephiring, u tle u tsebe hobane ke ’na Jehova, . . . ea u bitsitseng ka lebitso la hao.’
10. Cyruse o ile a ‘tlotsoa’ ka tsela efe, hona Jehova o ne a ka bua le eena joang lilemong tse fetang lekholo pele a tsoaloa?
10 Hlokomela hore Jehova o bua le Cyruse joaloka hoja o se a ntse a phela. Sena se lumellana le polelo ea Pauluse ea hore Jehova o ‘bitsa lintho tse sieo joalokaha eka li teng.’ (Baroma 4:17) Hape, Molimo o bitsa Cyruse “motlotsuoa oa hae.” Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Ha e le hantle, ha ho mohla moprista oa Jehova ea phahameng a neng a kile a tšela oli e tlotsang, e halalelang hloohong ea Cyruse. Ke ’nete, empa hona ke ho tlotsoa ha boprofeta. Ho bontša ho behoa boemong bo khethehileng ba boikarabelo. Ka hona Molimo o ne a ka bua ka khetho ea hae e etsoang esale pele ea Cyruse e le ho tlotsoa.—Bapisa le 1 Marena 19:15-17; 2 Marena 8:13.
Molimo o Phethahatsa Mantsoe a Manģosa a Hae
11. Ke hobane’ng ha baahi ba Babylona ba ne ba ikutloa ba sireletsehile?
11 Ha Cyruse a ne a loantša Babylona baahi ba eona ba ne ba ikutloa ba bolokehile ba bile ba sireletsehile haholo. Motse oa bona o ne o pota-potiloe ke foro e tebileng e sephara e entsoeng ke Nōka ea Eufrate. Moo nōka ena e neng e phalla teng har’a motse, ho ne ho e-na le boema-kepe bo kopaneng lebōpong le ka bochabela la nōka ena. Ho bo arola motseng, Nebukadnezare o ile a haha seo a ileng a se bitsa “lebota le leholo, leo ho tšoana le thaba [le neng le ke ke] la sisinngoa . . . Tlhōrō ea lona [o] ile a e phahamisa haholo.”a Lebota lena le ne le e-na le likeiti tse nang le mamati a maholo a koporo. Ho kena ho tsona motho o ne a tlameha ho nyolosa mothipoloha o tlohang lintšing tsa nōka. Ha ho makatse ha batšoaruoa ba Babylona ba ne ba felloa ke tšepo ea hore ba tla ke ba lokolohe!
12, 13. Mantsoe a Jehova ka lenģosa la hae Esaia a ile a phethahala joang ha Babylona e ne e oela ho Cyruse?
12 Empa ho ne ho se joalo ka batlamuoa bao ba Bajuda ba neng ba e-na le tumelo ho Jehova! Ba ne ba e-na le tšepo e khanyang. Ka baprofeta ba hae, Molimo o ne a tšepisitse ho ba lokolla. Molimo o ile a phethahatsa tšepiso ea hae joang? Cyruse o ile a laela mabotho a hae hore a khelose Nōka ea Eufrate sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ’maloa ka leboea ho Babylona. Kahoo, mokhoa o ka sehloohong oa tšireletseho ea motse ona o ile oa fetoha nōka e batlang e omme. Bosiung boo ba bohlokoa, ba tahiloeng ba neng ba le moketeng o lerata Babylona, ka bohlasoa ba ile ba siea mamati a likarolo li peli a shebileng ka nōkeng ea Eufrate a butsoe. Jehova ha aa ka a pshatla mamati ao a koporo likoto ka tsela ea sebele; leha e le hore o ile a roba litšepe tse neng li a koala, empa leano la hae le hlollang la ho a boloka a bulehile a bile a sa sireletsoa le bile le phello e tšoanang. Mabota a Babylona a ne a se na thuso. Ho ne ho sa hlokahale hore mabotho a Cyruse a a hloe hore a kene ka hare. Jehova o ile a etella Cyruse pele ho latsa “makukuno,” e, litšitiso tsohle. Ho ile ha totobala hore Esaia e ne e le lenģosa la ’nete la Molimo.
13 Ha Cyruse a ne a se a hapile motse ka ho feletseng, matlotlo ’ohle a oona, ho akarelletsa le a patiloeng likamoreng tse lefifi, tse poteletseng, a ile a oela matsohong a hae. Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a ile a etsetsa Cyruse see? E le hore a tsebe hore Jehova ‘ea mo bitsitseng ka lebitso la hae,’ ke Molimo oa boprofeta ba ’nete le ’Musi Morena oa bokahohle. O ne a tla tseba hore Molimo o ne a lokiselitse hore a buse e le hore a ka lokolla batho ba Hae, Baiseraele.
14, 15. Re tseba joang hore tlotla e ne e lokela ho lebisoa ho Jehova bakeng sa ho hlōla ha Cyruse Babylona?
14 Mamela mantsoe a Jehova ho Cyruse: “Ka baka la Jakobo, mohlanka oa ka, le la Iseraele, mokhethoa oa ka, ke u bitsitse ka lebitso la hao, ka u khetha, u e-so ho ntsebe. Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong; ha ho Molimo, ha e se ’na; ke u hlomelisitse, leha u no u sa ntsebe; hore batho ba tle ba tsebe, ho tloha bochabela ho isa bophirimela, hoba ha ho Molimo o mong, ha e se ’na; ke ’na Jehova, ha ho e mong. Ke ’na ke bōpang leseli, ke hlahisang lefifi, ke etsang khotso [ke hore, bakeng sa batho ba hae ba leng botlamuoeng], ke hlahisang tšenyo [bakeng sa Babylona]; ke ’na Jehova ea etsang tseo kaofela.”—Esaia 45:4-7.
15 Tlotla e lokela ho lebisoa ho Jehova bakeng sa ho hlōla ha Cyruse Babylona, hobane ke Eena ea ileng a mo matlafatsa hore a etse se Mo thabisang khahlanong le motse oo o khopo le ho lokolla batho ba Hae ba leng botlamuoeng. Ka ho etsa sena, Molimo o ile a ipiletsa ho maholimo a hae hore a tšolle litšusumetso tse lokileng. O ile a ipiletsa ho lefatše la hae hore le ahlame ’me le hlahise liketsahalo tse lokileng le poloko bakeng sa batho ba hae ba leng botlamuoeng. ’Me maholimo le lefatše tsa hae tsa tšoantšetso li ile tsa arabela taelong ena. (Esaia 45:8) Lilemo tse fetang lekholo ka mor’a lefu la hae, ho ile ha totobala hore Esaia e ne e le lenģosa la ’nete la Jehova!
Litaba Tse Molemo Tsa Lenģosa Bakeng sa Sione!
16. Ke litaba life tse molemo tse neng li ka boleloa motseng oa Jerusalema oo e neng e le lesupi ha Babylona e hlōloa?
16 Empa ho na le ho eketsehileng. Esaia 52:7 e bua ka litaba tse molemo bakeng sa Jerusalema: “A matle hakakang lithabeng maoto a ba tlisang litaba tse molemo, ba bolelang khotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Molimo oa hao oa busa!” Inahanele hore ho ne ho thabisa hakaakang ho bona lenģosa le atamela Jerusalema le e-tsoa lithabeng! E tlameha ebe le na le litaba. Litaba life? Litaba tse thabisang bakeng sa Sione. Litaba tsa khotso, e, litaba tsa mohau oa Molimo. Jerusalema le tempele ea eona li lokela ho tsosolosoa! ’Me lenģosa leo le ile la phatlalatsa ka cheseho e fetisisang: “Molimo oa hao oa busa!”
17, 18. Ho hlōla ha Cyruse Babylona ho ile ha ama lebitso la Jehova joang?
17 Ha Jehova a ne a lumella Bababylona ho liha terone ea hae ea tšoantšetso eo marena a lesika la Davida a neng a lula ho eona, ho ne ho ka ’na ha bonahala eka E ne e se e se Morena. Ho e-na le hoo, ho ne ho bonahala eka Merodake, molimo e moholo oa Babylona, e ne e le eena morena. Leha ho le joalo, ha Molimo oa Sione a ne a hlōla Babylona, o ile a bonahatsa bobusi ba hae ba bokahohle—hore ke Morena e moholo ka ho fetisisa. ’Me ho hatisa ’nete ena, Jerusalema, “motse oa Morena e moholo,” e ne e lokela ho tsosolosoa, hammoho le tempele ea eona. (Matheu 5:35) Ha e le lenģosa le neng le tlisitse litaba tse molemo joalo, le hoja maoto a lona a ne a le lerōle, a silafetse a bile a ruruhile, mahlong a barati ba Sione le Molimo oa eona, a ne a bonahala a le matle hakaakang!
18 Ka kutloisiso ea boprofeta, ho oa ha Babylona ho ne ho bolela hore ’muso oa Molimo o hlonngoe le hore mojari oa litaba tse molemo e ne e le ’moleli oa ’nete eo. Ho feta moo, moromuoa enoa oa boholo-holo ea boletsoeng esale pele ka Esaia, o ne a tšoantšetsa lenģosa la litaba tse molemo haholoanyane—tse molemo haholoanyane ka lebaka la se hlollang seo li se fupereng le sehlooho sa tsona sa ’Muso, ka liphello tse molemo ho batho bohle ba tumelo.
19. Ka Ezekiele Jehova o ile a fana ka molaetsa ofe mabapi le naha ea Iseraele?
19 Ezekiele le eena o ile a fuoa boprofeta bo thabisang ba tsosoloso. O ile a profeta: “Morena Jehova o re: . . . Ke tla etsa hore metse e ahuoe, ’me lithako li tsosoe. Ba tla re: Lefatše leno, e neng e le lefeella, le fetohile le ka tšimo ea Edene.”—Ezekiele 36:33, 35.
20. Ka tsela ea boprofeta, Esaia o ile a fa Jerusalema khothatso efe e hlasimollang?
20 Ha ba le botlamuoeng Babylona, batho ba Molimo ba ne ba ile ba llela Sione. (Pesaleme ea 137:1) Hona joale, ba ne ba ka thaba. Esaia o ile a khothatsa: “Lumisang litlatse hammoho le nyakallo, lōna masupi a Jerusalema, hobane Jehova o hauhetse sechaba sa hae, o lopolotse Jerusalema. Jehova o bonahalitse letsoho la hae le halalelang mahlong a lichaba kaofela, ’me lipheletso tsohle tsa lefatše li tla boha poloko ea Molimo oa rōna.”—Esaia 52:9, 10.
21. Mantsoe a Esaia 52:9, 10 a ile a phethahala joang ka mor’a hore Babylona e hlōloe?
21 E, bakhethoa ba Jehova ba ne ba e-na le lebaka le matla la ho thaba. Joale ba ne ba il’o aha hape libakeng tseo e kileng ea e-ba lesupi, ba etse hore li be joaloka tšimo ea Edene. Jehova o ne a “bonahalitse letsoho la hae le halalelang” ho bona. Ka puo ea tšoantšetso o ile a fina lihempe, e le hore a ka sebeletsa ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona eo ba e ratang. Ena e ne e se ketsahalo e sa reng letho, e sa hlokomeleheng historing. Che, batho bohle ba neng ba phela ka nako eo ba ile ba bona ‘letsoho le bonahalitsoeng’ la Molimo le sebelisa matla litabeng tsa batho e le hore le ka tlisa poloko e hlollang ea sechaba. Ba ile ba fuoa bopaki bo sa belaetseng ba hore Esaia le Ezekiele e ne e le manģosa a Jehova a ’nete. Ho ne ho se ea ka belaelang hore Molimo oa Sione e ne e le eena feela Molimo ea phelang le oa ’nete lefatšeng lohle. Ho Esaia 35:2, rea bala: “Batho ba tla bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” Ba ileng ba amohela bopaki bona ba Bomolimo ba Jehova ba ile ba retelehela ho mo rapeleng.
22. (a) Re ka leboha eng kajeno? (b) Ke hobane’ng ha ka ho khetheha re lokela ho leboha hore ebe Jehova o senola manģosa a bohata?
22 Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe Jehova o khetholla manģosa a hae a ’nete! Ka sebele ke eena ‘ea tiisang lentsoe la mohlanka oa hae, ea etsahatsang litaba tsa [manģosa a hae, NW].’ (Esaia 44:26) Boprofeta ba tsosoloso boo a ileng a bo fa Esaia le Ezekiele bo phahamisa lerato la hae le leholo, mosa oa hae o sa tšoanelang le mohau mabapi le bahlanka ba hae. Ka sebele, Jehova o tšoaneloa ke thoriso eohle ea rōna bakeng sa sena! ’Me rōna kajeno re lokela ho leboha ka ho khethehileng hore ebe o senola manģosa a bohata. Sena se etsoa ke hobane ho na le a mangata hona joale lefatšeng. Melaetsa ea ’ona ea boikakaso e hlokomoloha merero eo Jehova a e phatlalalitseng. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho khetholla manģosa ao a bohata.
Na U ka Hlalosa?
◻ Jehova o khetholla manģosa a hae a ’nete joang?
◻ Ka Esaia, ke mang eo Jehova a ileng a mo bitsa moemeli oa hae bakeng sa ho hlōla Babylona?
◻ Boprofeta ba Esaia bo hlalosang tlhōlo ea Babylona bo ile ba phethahala joang?
◻ Ho hlōloa ha Babylona ho bile le phello efe e molemo lebitsong la Jehova?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Monuments and the Old Testament, ea Ira Maurice Price, 1925.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho lichaba tsa mehleng ea Ezekiele ho ne ho bonahala eka Babylona e ke ke ea hlōloa