Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/1 maq. 3-5
  • Lelapa—Le Maqakabetsing!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa—Le Maqakabetsing!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Le Sokeloa ke Eng?
  • Ho Ata ha Malapa a Motsoali a le Mong
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
  • Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla?
    Tsoha!—2006
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
  • Tlhalo Moo Bochabela bo Kopanang le Bophirimela
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/1 maq. 3-5

Lelapa—Le Maqakabetsing!

“’ME KA mor’a moo, ba ile ba phela ka thabo ho-ea-ho-ile.” Qetello ea tšōmo ena e sebetsa malapeng a fokolang haholo kajeno. Hangata, tšepiso ea lenyalo ea hore ba nyalanang ba tla ratana ‘thabong le bohlokong hafeela ka bobeli ba ntse ba phela,’ ke polelo ea boikaketsi feela. Monyetla oa ho ba le lelapa le thabileng o bonahala e le ho leka lehlohonolo leo ho nang le likotsi tsa hore le se fumanehe.

Lipakeng tsa 1960 le 1990, tlhalo e eketsehile ka palo e fetang e imenneng habeli linaheng tse ngata tsa Bophirimela tse nang le liindasteri tse tsoetseng pele. Linaheng tse ling e imenne ka makhetlo a mane. Ka mohlala, selemo se seng le se seng ho tiisoa manyalo a ka bang 35 000 Sweden, ’me hoo e ka bang halofo ea ’ona e tla qhalana, e ame bana ba ka holimo ho 45 000. Batho ba phelang ’moho ba sa nyalana ba arohana ka bongata le ho feta, e leng ho amang bana ba eketsehileng ba likete tse mashome. Mokhoa o tšoanang le ona o bonahala linaheng tsohle lefatšeng ka bophara, joalokaha ho ka bonoa lebokoseng le leqepheng la 5.

Ke ’nete hore malapa a arohaneng le manyalo a qhalanang hase lintho tse ncha historing. Molao oa lekholong la bo18 la lilemo B.C.E. oa Hammurabi o ne o akarelletsa melao e neng e lumella tlhalo Babylona. Esita le Molao oa Moshe, o qalileng ho sebetsa lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., o ne o lumella tlhalo Iseraeleng. (Deuteronoma 24:1) Leha ho le joalo, litlamo tsa lelapa ha li e-s’o ka li tetema joaloka lekholong lena la bo20 la lilemo. Lilemo tse fetang leshome tse fetileng, mongoli e mong oa koranta o ile a ngola: “Lilemo tse 50 ho tloha joale, re ka ’na ra se hlole re e-ba le malapa ka tsela e tloaelehileng. Mohlomong a tla be a nketsoe sebaka ke lihlopha tsa mefuta e itseng e sa tšoaneng.” ’Me ho tloha ka nako eo, ho bonahala liketsahalo tse tloaelehileng li netefalitse khopolo eo ea hae. Boemo ba tokisetso ea lelapa bo theohile ka potlako hoo potso ea hore, “Na le tla pholoha?” e bang e loketseng haholoanyane.

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale hore banyalani ba bangata hakaale ba khomarelane le ho boloka lelapa le kopaneng? Lekunutu la ba ’nileng ba khomarelana ka nako e telele ea bophelo ba bona, ba ’nileng ba keteka lilemo tse 25 le tse 50 ba nyalane ke lefe? Ka 1983, ho ile ha tlalehoa hore monna le mosali ba moo pele e neng e le rephabliki ea Soviet Union ea Azerbaijan, ba ile ba keteka selemo sa bona sa bo100 ba nyalane—e mong a le lilemo li 126 ’me e mong a le lilemo li 116 ka ho latellana.

Le Sokeloa ke Eng?

Linaheng tse ngata, mabaka a mang a tlhalo e lumelloang ka molao ke bofebe, bokhopo bo tlatlapang kelello kapa ’mele, ho siea lelapa, bokhoba ba tahi, ho se be le bana, bohlanya, sethepu le ho lemalla lithethefatsi. Leha ho le joalo, lebaka le akaretsang haholoanyane ke la hore maikutlo a motheo ka lenyalo le bophelo bo tloaelehileng ba lelapa a fetohile ka ho feteletseng, haholo-holo lilemong tsena tse mashome tsa morao-rao. Ho hlompha tokisetso ea lenyalo e ’nileng ea nkoa e halalela ho felile. Bahlophisi ba meharo ba ’mino, libaesekopo, lipale tse tsoelang pele tsa TV hammoho le libuka tse atileng ba ’nile ba tlotlisa seo ho thoeng ke tokoloho ea botona le botšehali, boitšoaro bo bobe, boitšoaro bo hlephileng le mokhoa oa bophelo oa boithati. Ba khothalelitse mokhoa oa bophelo o silafalitseng likelello le lipelo tsa bacha le tsa batho ba baholo ka ho tšoanang.

Phuputso ea 1996 e bontšitse hore karolo ea 22 lekholong ea Maamerika e re ka linako tse ling, bofebe bo ka ’na ba e-ba molemo lenyalong. Tokollo e khethehileng ea koranta e ’ngoe ea tse hlaheletseng Sweden, Aftonbladet, e ile ea phehella basali hore ba hlale hobane “ho ne ho ka ba molemo.” Litsebi tse ling tsa kelello le tse ithutetseng bophelo ba motho, tse hasang tsebo ea tsona mecheng ea litaba, li bile tsa nahana hore ho iphetola ha lintho ho “kentse” ka ho motho boikutlo ba hore a batle molekane e mocha ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse seng kae. Ka mantsoe a mang, li fana ka maikutlo a hore bofebe le tlhalo ke lintho tsa tlhaho. Tse ling li bile li pheha khang ea hore ho hlalana ha batsoali ho ka ba molemo ho bana, ho ba lokisetsa hore ba tle ba tsebe ho tobana le tlhalo ea bona ka katleho ka letsatsi le leng!

Bacha ba bangata ha ba sa rata ho phela bophelo bo tloaelehileng ba lelapa bo nang le ntate, ’mè le bana. Ho se ho tloaelehile pono ea hore: “Ke sitoa ho ipona ke se ke lula le molekane a le mong bophelo bohle ba ka.” Mohlankana e mong ea lilemo li 18 oa Denmark o itse: “Lenyalo ke tšōmo feela joaloka Keresemese. Ha kea beha tšepo ea ka ho lona.” Noreen Byrne oa National Women’s Council ea Ireland o boletse: “Maikutlo a atileng ke a hore, le sa itšoenyetsa’ng ka ho phela le [banna] le ho ba hlatsoetsa likausi? Intšeng le bona le ho ipapalla le bona feela . . . Basali ba bangata ba etsa qeto ea hore ha ba hloke banna e le hore ba tsoele pele bophelong.”

Ho Ata ha Malapa a Motsoali a le Mong

Ho pholletsa le Europe, boikutlo bona bo entse hore bo-’mè ba se nang balekane ba eketsehe ka potlako. Ba bang ba batsoali bana ba se nang balekane ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ikutloang hore ho ima ha bona ba sa rera hase phoso. Ba seng bakae ke basali ba batlang ho hōlisa bana ba bona ba le bang. Boholo ke bo-’mè ba lulang le bo-ntate ntle le boikemisetso ba ho nyaloa ke bona. Selemong se fetileng, sekoahelong sa makasine ea Newsweek ho ne ho e-na le sehlooho sa pale mabapi le potso e reng, “Na Lenyalo lea fela?” Se ile sa bontša hore bana ba matšeo ba eketseha ka potlako Europe ’me ho bonahala ho se ea tsotellang. E ka ’na eaba Sweden ke eona e li hulang pele kaha halofo ea bana ba tsoaloang moo ke ba matšeo. Denmark le Norway e batlile e e-ba halofo ea bona, ’me Fora le Engelane, e batlile e e-ba a le mong ho ba bararo.

Lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng, malapa a nang le batsoali ba babeli a fokotsehile ka tsela e tšosang United States. Tlaleho e ’ngoe e re: “Ka 1960, . . . karolo ea 9 lekholong ea bana bohle ba teng e ne e phela malapeng a motsoali a le mong. Ka 1990, palo eo e ne e nyolohetse karolong ea 25 lekholong. Kajeno, karolo ea 27,1 lekholong ea bana bohle ba Amerika e hlahela malapeng a motsoali a le mong, e leng palo e ntseng e eketseha. . . . Ho tloha ka 1970, palo ea malapa a motsoali a le mong e fetile palo e imenneng habeli. Babatlisisi ba bang ba re kajeno lelapa le tloaelehileng le soketsoe hoo e ka ’nang eaba le lintšing tsa ho fela.”

Linaheng tseo ho tsona Kereke ea Roma e K’hatholike e seng e se na matla a makaalo a ho laela boitšoarong, malapa a motsoali a le mong aa eketseha. Malapa a ka tlaase ho halofo ho a teng Italy a na le ’mè, ntate le bana, ’me lelapa le tloaelehileng le nkeloa sebaka ke banyalani ba se nang bana le malapa a motsoali a le mong.

Ha e le hantle, linaheng tse ling tsamaiso ea boiketlo ba sechaba ke eona e khothalletsang batho hore ba se ke ba kena lenyalong. Bo-’mè ba se nang balekane ba fumanang lithuso ’musong ba ke ke ba hlola ba li fumana haeba ba nyaloa. Denmark, bo-’mè ba se nang balekane ba fumana thuso e eketsehileng ea chelete bakeng sa ho hlokomela bana, ’me lichabeng tse ling, bo-’mè ba nang le bana ba sa ntseng ba le banyenyane haholo ba fumana chelete e eketsehileng ’me ba lefelloa rente. Kahoo, ho ameha chelete. Alf B. Svensson o bolela hore Sweden, tlhalo e etsa hore ho sebelisoe chelete ea lekhetho e lipakeng tsa liranta tse limilione tse 1,2 le 1,8, bakeng sa thuso ea chelete, ho koahela litšenyehelo tsa bolulo le thuso ea sechaba.

Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li bonahala li etsa ho fokolang kapa li sa etse letho ho leka ho fetola tloaelo ena e senyang malapeng. Baruti ba bangata ba loantšana le mathata a malapa a bona, kahoo, ba ikutloa ba sa tšoanelehe bakeng sa ho thusa ba bang. Ho bonahala ba bang ba bile ba tšehetsa tlhalo. Aftonbladet ea la 15 April, 1996, e ile ea tlaleha hore moruti Steven Allen oa Bradford, Engelane, o qapile tšebeletso e khethehileng ea tlhalo, eo a bolelang hore e lokela ho etsoa ka molao likerekeng tsohle tsa Brithani. “Ke tšebeletso ea ho tsosolosa motho moeeng e thusang motho hore a tloaelane le se mo hlahetseng. E ba thusa ho hlokomela hore Molimo o ntse a ba rata ’me e ba imolla ho utloeng bohloko.”

Ka hona, tokisetso ea lelapa e lebile hokae? Na ho na le tšepo ea hore e pholohe? Na malapa ka bomong a ka boloka bonngoe ba ’ona ha a ntse a le tlas’a tšokelo e khōlō hakaalo? Ka kōpo hlahloba sehlooho se latelang.

[Chate e leqepheng la 5]

MANYALO A SELEMO LE SELEMO HA A BAPISOA LE TLHALO LINAHENG TSE LING

Naha Selemo Manyalo Tlhalo

Australia 1993 113 255 48 324

Canada 1992 164 573 77 031

Cuba 1992 191 837 63 432

Czech Republic 1993 66 033 30 227

Denmark 1993 31 507 12 991

Estonia 1993 7 745 5 757

Fora 1991 280 175 108 086

Japane 1993 792 658 188 297

Jeremane 1993 442 605 156 425

Maldives 1991 4 065 2 659

Norway 1993 19 464 10 943

Puerto Rico 1992 34 222 14 227

Russian Federation 1993 1 106 723 663 282

Sweden 1993 34 005 21 673

United Kingdom 1992 356 013 174 717

United States 1993 2 334 000 1 187 000

(Based on 1994 Demographic Yearbook, United Nations, New York 1996)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela