Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 7/1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng—ha ba Furalla Bolumeli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng—ha ba Furalla Bolumeli?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona ba Furallang Bolumeli
  • Ho Hlahlobisisa Bolumeli
    Tsoha!—1989
  • Na Bolumeli Leha e le Bofe bo Lokile?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bolumeli—Molemo oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Karolo 24—Hona Joale le ka ho sa Feleng—Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 7/1 leq. 3

Ke Hobane’ng—ha ba Furalla Bolumeli?

BOHARENG ba lekholo la bo19 la lilemo e ne e le seoelo u ka utloang moahi oa Prussia (eo hona joale e leng Jeremane e ka leboea) a re ha a na bolumeli. Ha e le hantle, ho tloha bolumeling bo bong bo boholo ho ea kerekeng e sa amoheloeng ke batho bohle ho ne ho ka etsa hore mapolesa a mo behe leihlo. Mehla e fetohile hakaakang!

Kajeno, Majeremane a mangata ka ho fetisisa a itokolla likerekeng. Ho tlalehoa hore le le leng ho a mane le bolela hore ho hang ha le na bolumeli. Tšekamelo e tšoanang e bonoa Austria le Switzerland. Haeba ho ba setho ho tšoantšoa le mali a phelisang bolumeli, joale, joalokaha mongoli oa Lejeremane Reimer Gronemeyer a hlalosa, “mali a likereke tsa Europe a lutlela lefu.”

Lebaka Leo ka Lona ba Furallang Bolumeli

Ke hobane’ng ha ba bangata ba furalla bolumeli bo hlophisitsoeng? Hangata ke ka lebaka la chelete, haholo-holo linaheng tseo ho tsona litho li tlangoang ho lefa lekhetho la kereke. Ba bangata baa botsa, ‘Ke hobane’ng ha chelete eo ke e sebelelitseng ka thata e lokela ho ea kerekeng?’ Ba bang ba balehisoa ke leruo le leholo la kereke le matla a maholo a eona. Ho ka etsahala hore ebe ba lumellana le Mok’hadinale Joachim Meisner oa Cologne, Jeremane, ea ileng a re e ka ’na eaba leruo la kereke le e susumelelitse ho lebisa tlhokomelo e ngata haholo linthong tse bonahalang le “hore e se ke ea nka tumelo ho Kreste ka botebo bo lekaneng.”

Ba ’maloa ba furalla kereke ea bona hobane ba fumana hore ea tepelletsa, ha e thahasellise, ha e khone ho ba khorisa moeeng. Ba qetoa ke tlala e boletsoeng esale pele ke moprofeta Amose, ‘ea ho se lapele bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa ho lapela mantsoe a Jehova.’ (Amose 8:11) Kaha ha ba fumane tšehetso bolumeling ba bona, baa bo furalla.

Le hoja mathata ao ba thulanang le ’ona e le a sebele, na ho furalla bolumeli kaofela ke karabelo e nepahetseng? Nahana ka motho ea lapileng ea bonang seo ho bonahalang eka ke lofo ea bohobe. Leha ho le joalo, ha a leka ho bo ja, o fumana hore bo entsoe ka mafoforetsane a mapolanka. Na o ne a tla khaotsa ho nahana ka ho ja le ho khora ha hae? Che, o ne a tla batla lijo tsa sebele. Ka ho tšoanang, haeba bolumeli bo itseng bo sa khorise litho tsa bona moeeng, na li lokela ho furalla bolumeli? Kapa li ne li tla ba bohlale haholoanyane ebe li batla tsela ea hore li khore moeeng? Seo ke se entsoeng ke ba bangata, joalokaha sehlooho se latelang se bontša.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela