Jerusalema—“Motse oa Morena e Moholo”
“Le se ke la hlapanya . . . ka Jerusalema, hobane ke motse oa Morena e moholo.”—MATHEU 5:34, 35.
1, 2. Ke’ng e ka ’nang ea makatsa ba bang mabapi le Jerusalema?
JERUSALEMA—lebitso la eona feela le tsosa maikutlo a matla ho batho ba malumeli a fapaneng. Ha e le hantle, ha ho le ea mong oa rōna ea ka hlokomolohang motse ona oa khale-khale, kaha hangata ho buuoa ka oona litabeng. Leha ho le joalo, ka masoabi litlaleho tse ngata li senola hore hase kamehla Jerusalema e leng sebaka sa khotso.
2 Sena se ka ’na sa etsa hore babali ba bangata ba Bibele ba makale. Nakong e fetileng, lebitso le khutsufalitsoeng la Jerusalema e ne e le Saleme, e bolelang “khotso.” (Genese 14:18; Pesaleme ea 76:2; Baheberu 7:1, 2) Ka hona, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha linakong tsa morao tjee motse o bitsoang ka lebitso lee o bile le ho hloka khotso hakaale?’
3. Ke hokae moo re ka fumanang boitsebiso bo tšepahalang mabapi le Jerusalema?
3 Ho arabela potso eo, ho hlokahala hore re khutlele morao historing ’me re ithute ka Jerusalema ea mehleng ea boholo-holo. Empa ba bang ba ka ’na ba nahana, ‘Ha re na nako ea ho ithuta histori ea boholo-holo.’ Leha ho le joalo, tsebo e nepahetseng ka histori ea pele ea Jerusalema ke ea bohlokoa ho rōna kaofela. Bibele e bontša lebaka ka mantsoe ana: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa taeo ea rōna, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Tsebo ea Bibele ka Jerusalema e ka re fa matšeliso—e, le tšepo ea khotso, eseng feela motseng oo empa lefatšeng lohle.
Sebaka sa “Terone ea Jehova”
4, 5. Davida o ile a ameha joang ho thuseng Jerusalema hore e phethe karolo e ka sehloohong ho phethahatsoeng ha morero oa Molimo?
4 Lekholong la lilemo la bo11 B.C.E., Jerusalema e ile ea tsebahala lefatšeng e le motse-moholo oa sechaba se sireletsehileng le sa khotso. Jehova Molimo o ne a tlotsitse mohlankana Davida e le morena oa sechaba seo sa boholo-holo—sa Iseraele. Setsi sa puso se le Jerusalema, Davida le litloholo tsa hae tsa borena ba ile ba lula “teroneng ea ’muso oa Jehova,” kapa “teroneng ea Jehova.”—1 Likronike 28:5; 29:23.
5 Monna eo ea tšabang Molimo, Davida—Moiseraele oa leloko la Juda—o ile a hapa Jerusalema ho Bajebuse ba rapelang litšoantšo. Ka nako eo, motse oo o ne o le leralleng feela le bitsoang Sione, empa lebitso leo le ile la bolela ntho e le ’ngoe le Jerusalema. Ka mor’a nako, Davida o ile a re areka ea selekane sa Molimo le Iseraele e tlisoe Jerusalema, moo e ileng ea behoa ka tenteng. Lilemo pele ho moo, Molimo o ne a buile le moprofeta oa hae Moshe a le lerung ka holim’a Areka eo e halalelang. (Exoda 25:1, 21, 22; Levitike 16:2; 1 Likronike 15:1-3) Areka e ne e tšoantšetsa boteng ba Molimo, kaha Jehova e ne e le Morena oa sebele oa Iseraele. Ka hona, ka kutloisiso e habeli, ho ne ho ka boleloa hore Jehova Molimo o ne a busa a le motseng oa Jerusalema.
6. Jehova o ile a etsa tšepiso efe malebana le Davida le Jerusalema?
6 Jehova o ile a tšepisa Davida hore ’muso oa ntlo ea hae ea borena, o neng o emetsoe ke Sione, kapa Jerusalema, o ne o ke ke oa fela. Sena se ne se bolela hore setloholo sa Davida se ne se tla ja lefa tokelo ea ho busa ka ho sa feleng e le Motlotsuoa oa Molimo—Mesia, kapa Kreste.a (Pesaleme ea 132:11-14; Luka 1:31-33) Bibele e boetse e senola hore mojalefa enoa oa ka ho sa feleng oa “terone ea Jehova” o ne a tla busa lichaba tsohle, eseng Jerusalema feela.—Pesaleme ea 2:6-8; Daniele 7:13, 14.
7. Morena Davida o ile a hōlisa borapeli bo hloekileng joang?
7 Boiteko ba ho tlosa motlotsuoa oa Molimo, Morena Davida, boreneng e ile ea e-ba lefeela. Ho e-na le hoo, lichaba tsa lira li ile tsa hlōloa, ’me meeli ea Naha e Tšepisitsoeng ea atolosoa ho isa lipheletsong tse khethiloeng ke Molimo. Davida o ile a sebelisa boemo bona hore a hōlise borapeli bo hloekileng. ’Me lipesaleme tse ngata tsa Davida li rorisa Jehova e le Morena oa sebele oa Sione.—2 Samuele 8:1-15; Pesaleme ea 9:1, 11; 24:1, 3, 7-10; 65:1, 2; 68:1, 24, 29; 110:1, 2; 122:1-4.
8, 9. Borapeli ba ’nete bo ile ba eketseha joang Jerusalema tlas’a puso ea Morena Solomone?
8 Nakong ea puso ea mora oa Davida, Solomone, borapeli ba Jehova bo ile ba fihla sehlohlolong. Solomone o ile a atolosetsa Jerusalema ka leboea hore e kopanyelletse leralla la Moria (e leng sebaka sa Dome of the Rock ea mehleng ena). Tlhōrōng ena e phahameng, o ile a fuoa tokelo ea ho haha tempele e khanyang thorisong ea Jehova. Areka ea selekane e ile ea behoa ka Sehalalelisisong sa tempele eo.—1 Marena 6:1-38.
9 Sechaba sa Iseraele se ile sa e-ba le khotso ha se ntse se tšehetsa ka pelo eohle borapeli ba Jehova, boo setsi sa bona se neng se le Jerusalema. Ha Mangolo a hlalosa boemo bona ka bokhabane, a re: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla. . . . E ne e le khotso ka ’nģa tsohle [ho Solomone]. Ba-Juda le ba-Iseraele, . . . ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feie ea hae.”—1 Marena 4:20, 24, 25.
10, 11. Boepolli ba lintho tsa khale bo tiisa seo Bibele e se bolelang ka Jerusalema ha Solomone a busa joang?
10 Lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li tšehetsa tlaleho ena ea puso e atlehileng ea Solomone. Bukeng ea hae ea The Archaeology of the Land of Israel, Moprofesa Yohanan Aharoni o re: “Leruo le ileng la kena lekhotleng la borena le tsoa likhutlong tsohle, le khoebo e atlehileng . . . li ile tsa hlahisa phetoho e potlakileng le e tsotehang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea tsoelo-pele le katleho linthong tse bonahalang. . . . Phetoho ea tsoelo-pele le katleho linthong tse bonahalang . . . ha e hlokomeloe feela linthong tse mabothobotho empa haholo-holo le linthong tse entsoeng ka letsopa. . . . Boleng ba mesebetsi ea letsopa le ho chesoa ha eona li ile tsa ntlafala haholo.”
11 Ka ho tšoanang, Jerry M. Landay o ile a ngola: “Tlas’a Solomone, tsoelo-pele le katleho ea Iseraele linthong tse bonahalang e ile ea hatela pele haholo ka lilemo tse mashome a mararo ho feta lilemong tse makholo a mabeli tse ka pele. Moo re epolotseng lintho tsa mehleng ea Solomone re fumana mesaletsa ea mehaho e meholohali, metse e meholo e nang le marako a maholohali, libaka tsa bolulo tse eketsehang ka potlako tse nang le lihlopha tse hahiloeng hantle tsa matlo a batho ba hafang ka nkatana, ntlafatso e khōlō tsebong ea sebōpi sa letsopa le mesebetsing ea sona ea ho bōpa. Hape, re fumana mesaletsa ea mesebetsi ea matsoho e bontšang thepa e entsoeng libakeng tse hōle, e leng lipontšo tsa khoebo e matla ea machaba.”—The House of David.
Ho Tloha Khotsong ho ea Lesuping
12, 13. Ho tlile joang hore borapeli ba ’nete bo se ke ba tsoela pele ho hōlisoa Jerusalema?
12 E ne e le taba e lokelang ho rapelloa hore Jerusalema, motse oo sehalalelo sa Jehova se neng se le ho oona, o be le khotso le katleho. Davida o ile a ngola: “Rapellang khotso ea Jerusalema! Ho atlehe ba u ratang! Khotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena. Bakeng sa banab’eso le sa metsoalle ea ka, ke tla re: Khotso e be ho uena!” (Pesaleme ea 122:6-8) Le hoja Solomone a ile a fuoa tokelo ea ho haha tempele e khanyang motseng oo oa khotso, qetellong o ile a nyala basali ba bangata ba bahetene. Botsofaling ba hae, ba ile ba mo khelosa hore a hōlise borapeli ba melimo ea bohata ea mehleng eo. Bokoenehi bona bo ile ba fella ka ho silafatsa sechaba kaofela, ’me ba amoha sona le baahi ba sona khotso ea ’nete.—1 Marena 11:1-8; 14:21-24.
13 Mathoasong a puso ea Rehoboame, mor’a Solomone, meloko e leshome e ile ea etsa bofetoheli ’me ea bōpa ’muso o ka leboea oa Iseraele. Ka lebaka la borapeli ba bona ba litšoantšo, Molimo o ile a lumella hore ’muso oo o lihuoe ke Assyria. (1 Marena 12:16-30) Setsi sa ’muso oa Juda o ka boroa oa meloko e ’meli se ile sa tsoela pele se le Jerusalema. Empa ka mor’a nako le bona ba ile ba furalla borapeli bo hloekileng, kahoo Molimo a lumella hore motse oo o khelohileng o timetsoe ke Bababylona ka 607 B.C.E. Ka lilemo tse 70, batlamuoa ba Bajuda ba ile ba hoehla Babylona e le batšoaruoa. Joale, ka mohau oa Molimo, ba ile ba lumelloa ho khutlela Jerusalema le ho tsosolosa borapeli ba ’nete.—2 Likronike 36:15-21.
14, 15. Jerusalema e ile ea boela ea fumana mosebetsi oa bohlokoa joang ka mor’a botlamuoa ba Babylona, empa phetoho e bile efe?
14 Ka mor’a lilemo tse 70 tsa ho ba lesupi, e tlameha ebe lithako tseo li ne li tletse mofero. Lerako la Jerusalema le ne le helehile, ho e-na le likheo tse khōlō moo ho neng ho kile ha e-ba le liheke le litora tse tšehelitseng. Leha ho le joalo, Bajuda ba khutlileng ba ile ba khothala. Ba ile ba haha aletare sebakeng seo tempele ea pele e neng e le ho sona ’me ba qala ho etsetsa Jehova mahlabelo a letsatsi le letsatsi.
15 Ena e ne e le qalo e khothatsang, empa Jerusalema eo e tsosolositsoeng e ne e ke ke ea hlola e e-ba motse-moholo oa ’muso oo ho oona setloholo sa Morena Davida se leng teroneng. Ho e-na le hoo, Bajuda ba ile ba busoa ke ’musisi ea behiloeng ke bahlōli ba Babylona ’me ba ile ba lokela ho lefa makhetho ho beng ba bona ba Persia. (Nehemia 9:34-37) Le hoja Jerusalema e ne e le boemong ba ho “hatakeloa,” e ne e ntse e le oona feela motse oo ka ho khetheha o amoheloang ke Jehova Molimo lefatšeng lohle. (Luka 21:24) E le setsi sa borapeli bo hloekileng, e ne e boetse e emela tokelo ea Molimo ea ho sebelisa bobusi ba hae holim’a lefatše ka setloholo sa Morena Davida.
E Hanyetsoa ke Baahisani ba Sebelisang Bolumeli ba Bohata
16. Ke hobane’ng ha Bajuda ba khutlileng Babylona ba ile ba khaotsa ho tsosolosa Jerusalema?
16 Kapele, Bajuda ba neng ba khutletse Jerusalema ho tsoa kholehong, ba ile ba rala motheo oa tempele e ncha. Empa barapeli ba ahisaneng le bona ba sebelisang bolumeli ba bohata ba ile ba romela lengolo la ketselletso ho Morena Artaxerxese oa Persia, le neng le bolela hore Bajuda ba tla etsa bofetoheli. Eaba Artaxerxese o thibela kaho e tsoelang pele ea Jerusalema. U ka nahana hore ha u ne u phela motseng oo morao koo, u ne u tla ipotsa hore na bokamoso ba oona e ne e tla ba bofe. Kamoo ho bileng kateng, Bajuda ba ile ba khaotsa ho haha tempele ’me ba tšoareha ho phehelleng lintho tse bonahalang.—Esdrase 4:11-24; Haggai 1:2-6.
17, 18. Jehova o ile a sebelisa mokhoa ofe ho tiisa hore Jerusalema e hahuoa hape?
17 Lilemo tse ka bang 17 ka mor’a hore ba khutle, Molimo o ile a hlahisa baprofeta Haggai le Zakaria hore ba lokise monahano oa sechaba sa hae. Ba susumelelitsoe hore ba bake, Bajuda ba ile ba qala ho haha tempele hape. Ho sa le joalo, Dariuse e ne e se e le morena oa Persia. O ile a tiisa taelo ea Morena Cyruse ea hore tempele ea Jerusalema e hahuoe hape. Dariuse o ile a romela lengolo ho baahisani ba Bajuda, a ba lemosa hore ba ‘itulele hōle le Jerusalema’ le hore ba fane ka tšehetso ea lichelete ho tsoa lekhethong la morena e le hore mosebetsi oa ho haha o ka phethoa.—Esdrase 6:1-13.
18 Bajuda ba ile ba phetha tempele ka selemo sa bo22 sa ho khutla ha bona. U ka utloisisa hore ketsahalo ena ea bohlokoa e ne e tla ba ntho e ketekoang ka thabo e khōlō. Leha ho le joalo, ho isa tekanyong e khōlō, Jerusalema le marako a eona e ne e ntse e le lesupi. Motse oo o ile oa fumana tlhokomelo e hlokahalang “mehleng ea Nehemia, ’musisi, le ea Esdrase, moprista le mongoli.” (Nehemia 12:26, 27) Ka ho hlakileng, bofelong ba lekholo la bohlano la lilemo B.C.E., Jerusalema e ne e se e hahuoe hape ka ho feletseng e le motse o moholo oa lefatšeng la boholo-holo.
Mesia oa Hlaha!
19. Mesia o ile a amohela boemo bo khethehileng ba Jerusalema joang?
19 Leha ho le joalo, ha re ke re feteleng pele lilemong tse makholo ketsahalong ea bohlokoa bokahohleng, e leng tsoalo ea Jesu Kreste. Lengeloi la Jehova Molimo le ne le boleletse ’mè oa Jesu oa moroetsana: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea Davida ntate oa hae, . . . ’me ’muso oa hae ha o na ho ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Lilemo hamorao, Jesu o ile a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tummeng. Ho eona, o ile a fana ka khothatso le keletso litabeng tse ngata. Ka mohlala, o ile a phehella bamameli ba hae hore ba phethahatse boitlamo ba bona ho Molimo empa ba hlokomele hore ba se ke ba kopanela ho hlapanyeng ha lefeela. Jesu o ile a re: “Le utloile hore ho ile ha thoe ho ba linakong tsa boholo-holo, ‘U se ke ua hlapanya u sa etse, empa u phethe boitlamo ba hao ho Jehova.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Ho hang le se ke la hlapanya, leha e le ka leholimo, hobane ke terone ea Molimo; leha e le ka lefatše, hobane ke setuloana sa maoto a hae; leha e le ka Jerusalema, hobane ke motse oa Morena e moholo.” (Matheu 5:33-35) Ke ho tsotehang hore ebe Jesu o ile a amohela boemo bo khethehileng ba Jerusalema—boo e neng e bile le bona ka lilemo tse makholo. E, e ne e le “motse oa Morena e moholo,” Jehova Molimo.
20, 21. Ke phetoho efe e matla e ileng ea e-ba teng boikutlong ba batho ba bangata ba phelang Jerusalema?
20 Ho ella bofelong ba bophelo ba hae ba lefatšeng, Jesu o ile a itlhahisa ho baahi ba Jerusalema e le Morena oa bona ea tlotsitsoeng ka tšoanelo. Ha ba arabela ketsahalong eo e hlollang, ba bangata ba ile ba hooa ka nyakallo: “Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova! Ho hlohonolofetse ’muso o tlang oa ntate oa rōna Davida!”—Mareka 11:1-10; Johanne 12:12-15.
21 Leha ho le joalo, nakong e ka tlaase ho beke, matšoele a ile a lumella baeta-pele ba bolumeli ba Jerusalema ho a etsa hore a fetohele Jesu. O ile a lemosa hore motse oa Jerusalema le sechaba kaofela o ne o tla lahleheloa ke boemo ba oona bo amohelehang ka pel’a Molimo. (Matheu 21:23, 33-45; 22:1-7) Ka mohlala, Jesu o ile a phatlalatsa: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao hammoho, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona hammoho tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 23:37, 38) Nakong ea Paseka ka 33 C.E., ka ho hloka toka, bahanyetsi ba Jesu ba ile ba mo bolaela ka ntle ho Jerusalema. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tsosa Motlotsuoa oa hae ’me a mo tlotlisa ka bophelo ba moea ba ho se shoe Sione ea leholimo, e leng ketsahalo eo kaofela ha rōna re ka ruang molemo ho eona.—Liketso 2:32-36.
22. Ka mor’a lefu la Jesu, litšupiso tse ngata ka Jerusalema li sebelitse joang?
22 Ho tloha nakong eo ho ea pele, boholo ba boprofeta bo sa phethahalang mabapi le Sione, kapa Jerusalema, bo ka utloisisoa e le bo sebetsang litokisetsong tsa leholimo kapa ho balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng. (Pesaleme ea 2:6-8; 110:1-4; Esaia 2:2-4; 65:17, 18; Zakaria 12:3; 14:12, 16, 17) Ka ho hlakileng, litšupiso tse ngata tse buang ka “Jerusalema” kapa “Sione” tse ngotsoeng ka mor’a lefu la Jesu ke tsa tšoantšetso ’me ha li sebetse motseng kapa sebakeng sa sebele. (Bagalata 4:26; Baheberu 12:22; 1 Petrose 2:6; Tšenolo 3:12; 14:1; 21:2, 10) Bopaki ba ho qetela ba hore Jerusalema e ne e se e se “motse oa Morena e moholo” bo ile ba hlaha ka 70 C.E. ha mabotho a Roma a e timetsa, joalokaha Daniele le Jesu Kreste ba ne ba profetile. (Daniele 9:26; Luka 19:41-44) Ha ho le ea mong oa bangoli ba Bibele kapa Jesu ka boeena ea ileng a bolela esale pele hore hamorao Jerusalema ea lefatšeng e ne e tla khutlisetsoa mohaung o khethehileng oa Jehova Molimo oo e neng e kile ea e-ba le oona.—Bagalata 4:25; Baheberu 13:14.
Mohlala oa Khotso e Tšoarellang
23. Ke hobane’ng ha re ntse re lokela ho thahasella Jerusalema?
23 Ha motho a se a hlahlobile histori ea pele ea Jerusalema ea lefatšeng, a ke ke a latola hore motse oo o ile oa phelela se boleloang ke lebitso la oona—“Letlotlo [kapa Motheo] oa Khotso e Habeli”—nakong ea puso ea khotso ea Morena Solomone. Leha ho le joalo, seo e ne le mohlala feela oa khotso le nala tseo haufinyane li tla thabeloa ke batho ba ratang Molimo ba tla phela lefatšeng le fetotsoeng paradeise.—Luka 23:43.
24. Re ka ithuta eng maemong a neng a rena ha Solomone a busa?
24 Pesaleme ea 72 e bontša maemo a neng a rena nakong ea puso ea Morena Solomone. Empa pina eo e monate e profeta ka litlhohonolofatso tsa moloko oa batho tlas’a puso ea leholimo ea Mesia, Jesu Kreste. Mopesaleme o ile a bina ka eena: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. . . . O tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae. Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:7, 8, 12-14, 16.
25. Ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho ithuta ho eketsehileng ka Jerusalema?
25 Mantsoe ao a fana ka matšeliso le tšepo tse kaakang ho batho ba ratang Molimo ba Jerusalema kapa sebakeng leha e le sefe lefatšeng! U ka ba har’a ba tla thabela khotso lefatšeng ka bophara tlas’a ’Muso oa Molimo oa Bomesia. Ho tseba ka liketsahalo tsa nako e fetileng tsa Jerusalema ho ka re thusa ho utloisisa morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho. Lihlooho tse latelang li tla lebisa tlhokomelo liketsahalong tse etsahetseng lilemong tse mashome a supileng le a robeli ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng ba Babylona. Sena se fana ka matšeliso ho bohle ba lakatsang ho nehelana ka borapeli bo amohelehang ho Jehova Molimo, Morena e Moholo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litlotla tsena “Mesia” (e nkiloeng lentsoeng la Seheberu) le “Kreste” (e tsoang Segerikeng) ka bobeli li bolela “Motlotsuoa.”
Na U sa Hopola?
◻ Ho ile ha tla joang hore Jerusalema e be sebaka sa “terone ea Jehova”?
◻ Solomone o ile a phetha karolo efe ea bohlokoa ho ntšetseng pele borapeli ba ’nete?
◻ Re tseba joang hore Jerusalema e ile ea khaotsa ho ba setsi sa borapeli ba Jehova?
◻ Ke hobane’ng ha re thahasella ho ithuta ho eketsehileng ka Jerusalema?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Motse oa Davida o ne o le letsoapong le ka boroa, empa Solomone o ile a atolosetsa motse oo ho ella ka leboea ’me a haha tempele