Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 9/1 maq. 16-21
  • Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jerusalema oa Boholo-holo
  • Jerusalema oa Morena Davida le Salomone
  • Tšenyo le Tsosoloso
  • Ntlo ea Jerusalema e Etsoa Lesupi
  • Bokoenehi bo Boletsoe e sa le Pele
  • Ho Tsosolosa ’Muso
  • Jerusalema—“Motse oa Morena e Moholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘Nyakallang ka ho sa Feleng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “Iseraele oa Molimo” le ho Fela ha Mehla ea Balichaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Iseraele le “Mehla ea Balichaba”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 9/1 maq. 16-21

Jerusalema—‘Lebaka la Thabo’

“Hobane bonang, ke ea bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke ea se bōpa, hobane bonang, ke ea bōpa Jerusalema e be motse oa thabo, le sechaba sa oona e be sechaba se khotšeng thabo. Ke tla etsa Jerusalema thabo ea ka, sechaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentsoe la lillo ha le sa tla hlola le utloahala teng, leha e le lentsoe la pokollo.”—Esaia 65:17-19.

1. (a) Hobane’ng batho ba Molimo ba lokela ho thabisoa ke mantsoe a Esaia 65:17-19? (b) Leha ho le joalo ho hlaha lipotso life ka Jerusalema?

MANTSOE ana a boletsoeng ke Morena oa Bokahohleng Jehova joaloka ha a boletsoe ka moprofeta oa hae a thabisa hakaakang! A bua ka thabo e khapatsehang. Na ha u rate ho kopanela thabong eo? Ka sebele u rata ho kopanela ho eona! Empa u ka ’na ua botsa, ke Jerusalema efe eo ho boleloang ka eona mona? Na ho na le moo e amanang teng le motse oa kajeno—oo e leng setsi sa khohlano e mpe ea bolumeli le lipolotiki? Na “Jerusalema” e tla ke e phethe se boleloang ke lebitso la eona—“Ho ruuoa [kapa, Motheo] ha Khotso e Imenneng Habeli”? Maholimo a macha le lefatše le lecha” a amana ka tsela efe le boprofeta ba Jerusalema ena? Re tla bona.

Jerusalema oa Boholo-holo

2. Pale ea pele ea sebaka seo Jerusalema e neng e le ho sona ke efe?

2 Jerusalema e ’nile ea ba sebaka se ratoang ke Jehova ka nako e telele paleng. Ha ho pelaelo hore ke hona sebakeng sena, lilemong tse fetileng tse 3 900 moo moprista e moholo Melkisedeke a ileng a hlohonolofatsa Abrahama. Ho feta moo, a hlohonolofatsa Jehova e le “Molimo o holimo-limo, mong a maholimo le lefatše.” (Genese 14:18, 19) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ja babeli motse oo oa lithaba, Saleme, oa fetoha qhobosheane ea ba-Jebuse ba rapelang bademona.

3. Ho boleloa eng ka Jerusalema mehleng ea Joshua le ka mor’a hae?

3 Ha feta lilemo tse 400, ’me ho Joshua khaolo 10 re fumana ho boleloa ka “Jerusalema” ka lekhetlo la pele ka Bibeleng. Mona re ithuta hore Morena Adoni-Tsedeke oa Jerusalema o ile a bitsa marena a mang a mane a ahisaneng le eena ho ea le eena ho loantša Iseraele. Empa Jehova a loanela Iseraele. Esita le letsatsi le khoeli li ile tsa ema, hore Bakanana ba timetsoe ka ho feletseng. Ho ile ha bolaoa marena a mahlano. Leha ho le joalo, ha ho boleloe hore Joshua o ile a hapa Jerusalema. Ha e le hantle tlaleho e re: “Ha e le ba-Jebuse ba neng ba ahile Jerusalema, bana ba Juda [ba neng ba ruile naha eo] ba sitoa ho ba leleka.”—Joshua 10:1-27; 15:63; Baahloli 1:21.

Jerusalema oa Morena Davida le Salomone

4. Jerusalema e ile ea hlohonolofatsoa joang mehleng ea Davida le Salomone?

4 Lilemo tse 400 hamorao, Davida ea ba morena oa Iseraele eohle. Ka selemo sa 1070 B.C.E. “Davida a kena Qhobosheaneng ea Sione; ke oona motse oa Davida,” Jerusalema. Thabeng eo ea Sione a busa e le morena ea tlotsitsoeng oa Jehova. Mor’a hae Salomone le eena “a lula teroneng ea Jehova.” Nakong ea puso ea hae e lokileng, Salomone a haha tempele e khanyang Thabeng ea Moria Jerusalema. Tempele ena ea fetoha sebaka sa borapeli ba Jehova le sebaka seo ho fumanoang melao le Lentsoe la Hae ho sona.—1 Likronike 11:5; 29:23; 2 Likronike 7:12-16.

5. Buka ea Lipesaleme e hlalosa Jerusalema le “Morena e Moholo” oa eona joang?

5 Lipesaleme tse ngata li roka botle ba Sione le ba Jerusalema. Bara ba Kora ba ile ba bina ka oona e le “motse oa Molimo oa rona, Thabeng ea hae e halalelang.” E, “Thaba ea Sione e phahame ka botle, ke thabo ea lefatše lohle; moo e hlanamelang Leboea ke motse oa Morena e moholo [Jehova Molimo].” Davida ka boeena o e hlalositse ka mantsoe ana: “Maoto a rona a eme likhorong tsa hao, Jerusalema. Jerusalema, u hahiloe joale ka motse oo matlo a oona a patahaneng hammoho. Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ea Jehova, ka taelo e neiloeng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.” ‘Morena enoa e moholo ho thoe o “ahile Jerusalema” ’me ke Mosireletsi ea lerato oa batho ba hae. “Lithaba li teela Jerusalema hare; Jehova o teela sechaba sa hae hare joalo, joale le ka ho sa eeng kae.”—Lipesaleme 48:1, 2; 122:2-4; 135:21; 125:1, 2.

Tšenyo le Tsosoloso

6. (a) Jerusalema e ile ea tšoantšetsa eng? (b) Jerusalema e ile ea ahloloa joang, ’me ka baka la’ng?

6 Ka ho loketseng, Jerusalema le Thaba ea Sione tsa tšoantšetsa sechaba sa Iseraele le batho ba sona. Empa ka nako e ka tlase ho lilemo tse 500 sechaba seo sa koeneha, ’me marena a mabe a “tšolla mali a se nang molato.” (2 Marena 24:4) Ba hana ho mamela litemoso tsa baprofeta ba Molimo, hoo qetellong Morena Jehova a ileng a bolela kahlolo holim’a Tsedekia, morena oa ho qetela ea busitseng Jerusalema, a re: “Rola moqhaka, . . . Ke tla mo heletsa, ke mo heletse; ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ea hae, eo ke mo neileng eona.” (Ezekiele 21:26, 27) Nebukadnezare oa Babylona a felisa Jerusalema le Tempele ea eona ka 607 B.C.E. ’me a isa baphonyohi botlamuoeng Babylona.

7. (a) Ke tsosoloso efe e ileng ea etsahala, ’me ke ka baka la eng ha e ne e makatsa? (b) Ke phapang efe e ileng ea ba teng Jerusalema, empa tsosoloso e ile ea etsa hore ho khonehe eng?

7 Leha ho le joalo, baprofeta ba Jehova ba boletse e sa le pele ka ho tsosolosoa ho khanyang hape ha Jerusalema, ’me Jeremia o boletse hore hoo ho tla etsahala bofelong ba lilemo tse 70. (Esaia 44:24–45:7; Jeremia 25:11, 12; 29:10) Ka ho makatsang, ha boprofeta ba Jehova bo phethahala ka Esaia, Babylona e ile ea heletsoa, ’me Morena ea hlōlang Cyruse oa Persia a ntša taelo e ileng ea thusa ba-Jode ba tšabang Molimo ho khutla le ho tsosolosa borapeli ba Jehova Jerusalema ka nako e loketseng—ka 537 B.C.E. Joalokaha Esaia a boletse e sa le pele, “khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rona” ea bonahala hape Juda le Jerusalema. Nakong ena ho ne ho se Morena ea busang Jerusalema. Empa Jehova a hauhela hape motse oo hobane lebitso la hae le ne le le motseng oo le ka baka la botšepehi ba masala a mang a sechaba sa hae. Ho feta moo, sena se ne se tšoantšetsa lintho tse kholo tse tlang. Motse o ile oa tsosolosoa, hore Messia ea profetiloeng a hlahe.—Esaia 35:2; 62:1-7.

Ntlo ea Jerusalema e Etsoa Lesupi

8. (a) Ke ka baka la eng Jerusalema e ile ea hloleha ho amohela Messia? (b) Ke boprofeta bofe ba Jesu bo ileng ba phethahala ho Jerusalema, ’me joang?

8 Kamor’a lilemo tse 500 tsa tsosoloso eo, Messia a hla a iponahatsa ho ba-Jode Jerusalema. Sena se etsahetse hape ka nako ea Jehova e beiloeng, ka 33 C.E., ho phethahatsa boprofeta ba Daniele khaolo 9 litemana 24-27. Empa na Jerusalema e ile ea amohela Messia? Che, hobane litebello tsa eona e ne e le tsa bopolotiki. Jerusalema e ile ea koenehela lithuto tsa Lentsoe la Jehova, ’me baetapele ba ba-Jode ba ne ba entse sebe se ke keng sa tšoareloa sa ho bolaea Mora oa Molimo ka sebele! Matsatsi a mararo pele a khokhotheloa ka sehlōhō thupeng ea hlokofatso, Messia, Jesu, a re ho batho bao: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lona e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 23:37, 38) Jerusalema oa lefatšeng o ile a ahloloa ’me a lahloa ke Jehova ka 33 C.E. Ka 70 C.E. makhotla a Baroma a felisa Jerusalema le boholo ba batho ba eona, a senya le eona Tempele, hammoho le litlaleho tsa meloko le lintho tse ling tse neng li amana le tsamaiso ea se-Jode ea lintho.

9. Na Jerusalema ea lefatšeng e ile ea phelela se boleloang ke lebitso la eona?

9 Na Jerusalema ea lefatšeng, e tsosolositsoeng e kile ea fumana mahlohonolo a tsoang ho Jehova ho tloha ka nako eo? Pale ea eona e sisimosang ea lilemo tse fetileng tse 1 900 e fana ka karabo. ’Me kajeno Jerusalema e ntse e le motse o arohaneng ao bolumeli. Ha ho “Khotso e Imenneng habeli,” ha ho khanya ea Jehova, e ka fumanoang moo. Jerusalema ea lefatšeng ha e sa na sebaka morerong oa Molimo.

Bokoenehi bo Boletsoe e sa le Pele

10. (a) Jerusalema ea bokoenehi e tšoantšetsa eng? (b) Mattheu 7:20 e ka sebelisoa joang ho “Jerusalema” enoa oa kajeno?

10 Jerusalema e ileng ea koeneha habeli, eo Jehova a e otlileng, pele, ka ho romela makhotla a ba-Babylona, ’me, hamorao, mabotho a Roma, e tšoantšetsa tsamaiso e ’ngoe ea bokoenehi—bolumeli bo hlophisitsoeng ba Bojakane. Joalokaha baeta-pele ba baikaketsi ba Jerusalema ba ne ba nehelana ka borapeli ba molomo Molaong oa Jehova, ka ho tšoanang baruti ba Bojakane ba ipolela hore ba buella Molimo oa Bibele. Empa Jesu Kreste o itse, “le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:20) ’Me ke “litholoana” tsa mofuta ofe tseo Bojakane ba kajeno bo li hlahisitseng? Na bo hlahisitse “Khotso e Imenneng habeli”? Che. Ho e-na le hoo, bo hlahisitse lintoa tse peli tse tšosang tsa lefatše, tseo ka bobeli li qhommeng ka har’a Bojakane ’me li loanne ka hlohonolofatso ea baruti ba bolumeli ka mahlakoreng a mabeli. Ka sebele, mantsoe a boprofeta ao Jehova a a boletseng ka Jerusalema ea bokoenehi a sebetsa ka ho toba le ho baetapele ba bolumeli ba Bojakane: “Etsoe le mosehong oa kobo ea hao ho fumanoe mali a meea ea mafutsana a se nang molato.”—Jeremia 2:34.

11. Bojakane bo phethahalitse joang mantsoe a Jesu ho Mattheu 24:11, 12 le Mareka 7:6-8?

11 Ke Bojakaneng moo re fumanang peō e nammeng ea boitšoaro bo litšila, lihlalano, malapa a qhalaneng, tšebeliso ea lithethefatsi le bonokoane ba mefuta eohle. Bolumeli ba Bojakane bo ipakile bo se na matla a ho felisa ngatafalo ea bokhopo. (Mattheu 24:11, 12) Mantsoe a Jesu a sebetsa hantle hakaakang ho baeta-pele ba bona ba bolumeli! O boletse: “Esaia o na a profete hantle bakeng sa lona, lona baikaketsi, kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Sechaba sena se ntlhonepha ka melomo, empa lipelo tsa bona li hole le ’na. Empa ba ntšebelletsa lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho. Hobane le tlohela molao oa Molimo, le tle le boloke mekhoa eo batho ba e neanang.” Ka baka leo, Bojakane, “Jerusalema” oa kajeno oa bokoenehi, hammoho le bo “antikreste” ba bang, ba emetse “mahlomola” a tsoang ho Molimo ha Morena Jesu Kreste a bonahala ho tsoa leholimong ho tla iphetetsa ho batho ba sa utloeng.—Mareka 7:6-8; 1 Johanne 2:18, 19; 2 Ba-Thessalonika 1:6-9.

Ho Tsosolosa ’Muso

12. Ke nako efe ea ho ‘hatakeloa’ e ileng ea boleloa e sa le pele ho Luka 21:24?

12 Leha ho le joalo, na Jesu o ne a sa bolela ka ho tsosolosoa ha Jerusalema oa lefatšeng ha a re: “Jerusalema o tla hatakeloa ke lichaba, ho be ho phethoe mehla ea lichaba”? (Luka 21:24) Ke ’nete, Jerusalema e ile ea hatakeloa ke ba-Babylona ka 607 B.C.E., ’me ho sa tsotellehe khanya ea ho tsosolosoa ha eona, ha ho morena oa leloko la Davida ea ileng a boela a busa hape motseng oo. ’Me, lekholong la pele la lilemo, Jerusalema e ile ea hatakeloa ke Baroma, ba neng ba nyonyeha ho ba-Jode bao likelello tsa bona li neng li tletse bopolotiki. Ho fihlela lena le holimo, ha s’o ka ho tsosolosoa puso ea leholimo ho Jerusalema oa lefatšeng. Leha e le hore hoo ho tla ke ho etsahale.

13. (a) Ke’ng seo Luka 21:7-11, 24-26 e se profetang ka ho fela ha “mehla ea lichaba”? (b) Ke’ng seo liketsahalo ho tloha ka 1914 ho ea pele li se tiisitseng?

13 Empa “mehla ea lichaba” e se e phethiloe! Boprofeta ba Jesu ho Luka 21 bo hlalosa hore hona ho tla etsoa joang. Na kajeno ha re bone lintho tseo Jesu a hlileng a bolela ka tsona e sa le pele li re pota-potile—‘sechaba se tsohela sechaba se seng matla’ ntoeng tse mahlo mafubelu, ‘litšisinyeho tsa lefatše, mafu a akaretsang, khaello ea lijo, matšabeho, ho tsieleha ha lichaba, li sa tsebe hore li tla tsoa le hokae, batho ba neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng’? E, ho fela ha “mehla ea lichaba” ho amana le liketsahalo tsena tse sisinyang lefatše tse ileng tsa qhoma lefatšeng ho tloha ka selemo sa 1914 ho ea pele! (Luka 21:7-11, 24-26) Ha hoa ka ha iketsahalla feela hore batho ba Jehova ba supe 1914 e sa le pele lilemo tse 35 pele ho selemo seo. Ba ne ba utloisisa hore “mengoaha e supileng” boprofeteng ba Daniele, khaolo 4, e ne e tla fela ka 1914, e tšoaea ho fela ha puso ea lichaba tsa balichaba holim’a lefatše, Molimo o sa kenella.

14. Ke ka baka la’ng ha Luka 21:24 e sa bolele ka Jerusalema oa lefatšeng?

14 Ka hona ka 1914 e ne e le nako ea hore lichaba li khaotse ho ‘hatakela Jerusalema.’ “Jerusalema” efe? E ke ke ea ba Jerusalema ea lefatšeng e ileng ea hapuoa ke molaoli oa masole a Brithane Allenby ka 1917 e ileng ea ba ka tlas’a taolo ea Brithane ho fihlela ka 1948, ha repapliki—e seng ’muso—oa Iseraele o tsoaloa. Ke “Jerusalema” efe, eo Jesu a neng a bua ka eona?

15. Ke ka baka la’ng ha re ka lebella hore ‘peō ea Davida’ e beoe teroneng Jerusalema ka 1914 C.E.?

15 Rea hopola hore Jehova o ile a hloma puso ea leholimo Jerusalema Davida e le morena. Ke ho Davida moo Jehova a ileng a etsa tšepiso ena: “Ke hlapantse ho hong khalalelong ea ka, ka re: Nke ke ka iketsa ea leshano ho Davida! moloko oa hae o tla ’ne o be teng ka ho sa feleng, terone ea hae e tla ’ne e be teng pel’a ka joale ka letsatsi; e tla tiea ka ho sa eeng kae joale ka khoeli. Paki e maholimong ea tšepeha.” (Pesaleme 89:35-37) Ha “mehla ea lichaba (tsa Balichaba)” e fela ka 1914 C.E., ‘peō ea Davida’ ka matla a borena e ne e lokela ho qala ho busa “Jerusalema” kapa Sione. Empa e seng Jerusalema ea lefatšeng!

16. (a) Messia o busitse a le hokae ha e sa le ho tloha ka 1914? (b) Ke bopaki bofe bo teng ba hore Kreste o qalile ho busa?

16 Ho e-na le hoo, hona joale o busa Jeruslema kapa Sione, eo Jehova a itseng ka eona, ho Pesaleme 2:6: “Ke ’na ka sebele ke tlotsitseng morena oa ka Sione.” Motse ona ke oona oo Davida a boletseng ka oona ho Pesaleme 110:1, 2, ha a profeta ka Morena Jesu Kreste: “Jehova o itse ho Morena oa ka: Lula letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao. Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.” E, Morena Messia, Jesu Kreste hona joale o beiloe teroneng Thabeng ea Sione ea leholimo, kapa Jerusalema, ho busa har’a lira tsa hae. O se a lahletse sera se seholo, Satane Diabolose, lefatšeng. A tseba hore nako ea hae ha e sa le ekae, Satane o entse hore lichaba li “luma-lume,” joalokaha mongoli oa pesaleme a hlalositse ka bokhutšoanyane.—Pesaleme 2:1; Tšenolo 12:7-12.

17. Ke ka baka la’ng ha re ka lebella hore ho “luma-luma” ha lichaba ho fele ka pele?

17 Leha ho le joalo, na Morena oa Bokahohleng Jehova o tla lumella lichaba tseo ho “luma-luma” ka ho sa feleng li ntse li hanyetsa ’Muso oa hae ka Mora oa hae? Hopola, Bakreste ba lekholong la pele ba ile ba qosoa ka hore ba ‘tlatsitse Jerusalema ka thuto ea bona’; ’me kamor’a hore phutuho eo e matla ea ho bolela phatlalatsa ka ntlo le ntlo e utloahale, Jehova a ahlola Jerusalema ea lefatšeng. (Liketso 5:28, 41, 42; 4:16) Ka ho tšoanang kajeno, Lipaki tsa Jehova li boletse letsatsi la Hae la liphetetso hohle Bojakaneng.

18. Ke ka baka la’ng ha re ka lebella ka tšepo ho hlōla ha ‘morero oa ka ho sa feleng’ oa Jehova?

18 Na Jehova joale o tla hloleha ho tlotlisa phatlalatso ena e kholo ka ho fetisisa lefatšeng paleng eohle ea batho ka ho sireletsa ba lokileng ’me a felise bakhopo ka Harmagedone? Na Jehova o tla hloleha ho “senya ba senyang lefatše”? A ke ke a hloleha! Bao litebello tsa bona li tsepamisitsoeng litšepisong tsa Molimo ba lebeletse ka tieo ho hlōla ha ‘morero oa hae oa ka ho sa feleng.’ (Tšenolo 11:18; Ba-Efese 3:10-12) Ka ’Muso oa Messia, eo ha joale a busang a le “Jerusalema” oa leholimong, “Morena oa rona e Moholo,” Jehova, joale o tla etsa hore lebitso la hae la Borena le phahamisoe. Ka ho khutlisetsa batho bophelong bo sa feleng bo phethahetseng lefatšeng la Paradeise, Jehova o tla bontša hore “ke Molimo oa rona ka mehla le ka ho sa feleng,” le hore ke “Molimo o bōpileng lefatše, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Pesaleme 48:14; Esaia 45:18, 22-24; 46:9-11; 55:11; Jeremia 25:31.

U ka hlalosa joang litabeng tse latelang:

◻ Lentsoe “Jerusalema” le bolela’ng?

◻ Na motse o ile oa phelela lebitso la oona?

◻ Ke ho tšoana hofe ho bonahalang pakeng tsa Jerusalema ea sa tšepahaleng le oa kajeno?

◻ Ke’ng seo Luka 21:24-26 e se bontšang ka bofelo ba “mehla ea lichaba”?

◻ Ke “Jerusalema” efe e ke keng ea ‘hatakeloa’?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela