Ho Loanela Sebaka se “Halalelang”
KA LA 15 July, 1099, Ntoa ea Pele ea Bolumeli e lumeletsoeng ke mopapa oa Roma, e ile ea finyella pakane ea eona ea ho hapa Jerusalema. Ho bile le polao e tšabehang! Baahi ba ileng ba pholoha e bile ’musisi le molebeli oa hae feela, ka mor’a hore ho lefshoe tjotjo e ngata. Bukeng ea hae ea The Crusades, moruti Antony Bridge o etsa tlaleho ena mabapi le se ileng sa etsahalla baahi bohle ba bang ba Mamosleme le ba Bajuda: “Hang ha Masole a Bolumeli a fuoa bolokolohi ba ho etsa seo a se ratang ka har’a motse, a ile a inehela takatsong e matla ea tšollo ea mali e khōlōhali le e tšabehang. . . . A ile a bolaea banna bohle, basali le bana bao a neng a ka ba fumana motseng ona . . . Ha ho se ho se motho e mong eo a ka mo bolaeang, bahlōli bana ba ile ba etsa mokoloko ho pholletsa le literata tsa motse . . . ho ea Kerekeng ea Holy Sepulchre ho ea leboha Molimo.”
Ho tloha tlhōlong ea masole a bolumeli, boteng ba Bokreste-’mōtoana Jerusalema bo ’nile ba tsebahala ka khohlano pakeng tsa Roma e K’hatholike, Maorthodox a Bochabela le malumeli a mang ao ho thoeng ke a Bokreste. Ka 1850 qabang pakeng tsa baeta-pele ba sa tšoaneng ba likereke mabapi le libaka tse halalelang tse Jerusalema le mathōko a eona e bile sesosa se ka sehloohong sa Ntoa ea Crimea. Engelane, Fora le Ottoman State li ile tsa loantša Russia ’me ha e-shoa batho ba etsang halofo ea milione.
Ntoa ena ha ea ka etsa hore Bokreste-’mōtoana bo khaotse ho tsekisana ka Jerusalema le libaka tsa eona tse halalelang. Maottoman a neng a busa naha eo ka nako eo, a ile a leka ho tlisa khotso ka ho arolela malumeli a sa tšoaneng libaka tse halalelang. Dr. Menashe Har-el oa hlalosa bukeng ea hae ea This Is Jerusalem, o re: “Molao-motheo ona o ile oa amoheloa . . . ke Machaba a Kopaneng ka Qeto ea ho Arola ea November 1947. Kahoo ke karolo ea molao oa machaba.” Ka lebaka leo, Kereke ea Holy Sepulchre e aroletsoe Maroma a K’hatholike, Maorthodox a Greece, Maarmenia, Masyria le Macopt. Qetellong Matopia a tiisa hore kereke ena ke ea ’ona ka ho etsa hore litho tse ling tsa eona li lule metlotloaneng e marulelong. Ba bangata ba talima Kereke ea Holy Sepulchre e le sebaka sa Bokreste-’mōtoana se halalelang ka ho fetisisa. Se tletse litempelana, liemahale, le litšoantšo. Sebaka se seng seo ho thoeng sea halalela, e leng Golgotha ea Gordon, Maprostanta a mang a se hlompha ka tsela ea borapeli e le sebaka seo ho hakanngoang hore Jesu o ile a bolaeloa ho sona le ho epeloa ho sona.
Khale-khale Jesu o ile a bolella mosali ea neng a lumela tabeng ea libaka tse halalelang: “Hora ea tla eo ka eona le se nang ho rapela Ntate thabeng ena leha e le Jerusalema. . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete.” (Johanne 4:21-24) Kahoo, Bakreste ba ’nete ha ba hlomphe libaka tse halalelang ka tsela ea borapeli. Ho timetsoa ha Jerusalema e sa tšepahaleng ke mabotho a ntoa a Baroma ka 70 C.E. ho sala e le temoso ho Bokreste-’mōtoana. Borapeli ba bona ba litšoantšo, likarohano le molato oa mali li latola boipolelo ba bona ba hore ke Bokreste. Ka lebaka leo, qetello ea bona e tla ba eo Molimo a e boletseng esale pele bakeng sa malumeli ’ohle ao e leng litho tsa Babylona e Moholo.—Tšenolo 18:2-8.