Tsela ea Lerato ha e Fele le ka Mohla
“Le ’ne le batle ka cheseho limpho tse khōloanyane. ’Me leha ho le joalo ke le bontša tsela e fetisisang.”—1 BAKORINTHE 12:31.
1-3. (a) Ho ithuta ho bontša lerato ho batla ho tšoana le ho ithuta puo e ncha joang? (b) Ke lintlha life tse etsang hore ho ithuta ho bontša lerato e be phephetso?
NA U kile ua leka ho ithuta puo e ncha? Ha e le hantle, ke phephetso! Ke ’nete hore ngoana e monyenyane a ka ithuta puo habonolo feela ka ho ba har’a batho ba e buang. Boko ba hae bo tšoara melumo le moelelo oa mantsoe, e leng ho etsang hore ka mor’a nako e khutšoanyane ngoana e monyenyane a tsebe ho itlhalosa hantle, mohlomong a bile a li shoashoathela ruri. Ha ho joalo ka batho ba baholo. Re sheba dikishinari ea puo esele ka makhetlo-khetlo, e le hore feela re tsebe lipoleloana tse seng kae tsa motheo ka puo eo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako le ka ho ba har’a batho ba buang puo eo, re qala ho nahana ka tsela ea puo e ncha ’me ho e bua ho batla ho re nolofalla.
2 Ho ithuta ho bontša lerato ho batla ho tšoana le ho ithuta puo e ncha. Ke ’nete hore ka tlhaho batho ba na le tšoaneleho ena ea bomolimo ka tekanyo e itseng. (Genese 1:27; bapisa le 1 Johanne 4:8.) Leha ho le joalo, ho ithuta ho bontša lerato ho hloka boiteko bo fetang bo tloaelehileng—haholo-holo mehleng ena eo boikutlo bo mofuthu ba tlhaho bo hlileng bo haellang. (2 Timothea 3:1-5) Ka linako tse ling boemo bona bo ba teng ka lapeng. E, ba bangata ba hōlela tikolohong e thata eo ho eona e bang ka seoelo ho buuoang mantsoe a bontšang lerato—haeba le teng a ke a buuoe. (Baefese 4:29-31; 6:4) Joale, ke joang re ka ithutang ho bontša lerato—esita le haeba re le bontšitsoe ka seoelo?
3 Bibele e ka thusa. Ho 1 Bakorinthe 13:4-8, Pauluse ha a fane ka tlhaloso ea seo ho nahanoang hore lerato le sona, empa o fana ka tlhaloso e utloahalang ea kamoo mofuta ona o phahameng oa lerato o sebetsang kateng. Ho hlahloba litemana tsena ho tla re thusa ho utloisisa boleng ba tšoaneleho ena ea bomolimo le ho re hlomella hamolemonyana ho e bontša. A re hlahlobeng tse ling tsa litšobotsi tsa lerato joalokaha li hlalosoa ke Pauluse. Re tla li beha ka lihlopha tse tharo tse khōlō: boitšoaro ba rōna ka kakaretso; ebe ka mokhoa o tobileng haholoanyane, likamano tsa rōna le ba bang; ’me qetellong, mamello ea rōna.
Lerato le re Thusa ho Hlōla Boikhohomoso
4. Bibele e fana ka temohisiso efe mabapi le mōna?
4 Ka mor’a litlhaloso tsa hae tse simollang tse buang ka lerato, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe: “Lerato ha le boulele [kapa, ha le mōna].” (1 Bakorinthe 13:4) Mōna o ka iponahatsa ka ho honohela leruo kapa katleho eo ba bang ba e fumanang. Mōna o joalo o kotsi—’meleng, maikutlong le moeeng.—Liproverbia 14:30; Baroma 13:13; Jakobo 3:14-16.
5. Ke joang lerato le ka re thusang ho hlōla mohono ha ho bonahala eka re tlōlisoa mahlo bakeng sa tokelo e itseng ea puso ea Molimo?
5 Ka hona, ipotse, ‘Na ke ba le mohono ha ho bonahala eka ke tlōlisoa mahlo bakeng sa tokelo e itseng ea tsamaiso ea puso ea Molimo?’ Haeba karabo e le e, u se ke ua nyahama. Mongoli oa Bibele Jakobo o re hopotsa hore “tšekamelo ea ho ba mohono” e teng ho batho bohle ba sa phethahalang. (Jakobo 4:5) Ho rata mor’eno ho ka u thusa hore u boele u bontše ho leka-lekana. Ho ka u thusa hore u thabe le ba thabileng ho e-na le hore u nke hore ha e mong a fumana tlhohonolofatso kapa tlotla e itseng ke nyeliso ho uena.—Bapisa le 1 Samuele 18:7-9.
6. Ke boemo bofe bo tebileng bo ileng ba hlaha phuthehong ea Korinthe lekholong la pele la lilemo?
6 Pauluse o tsoela pele ho re lerato “ha le ithorise, ha le hohomohe.” (1 Bakorinthe 13:4) Haeba re e-na le bokhoni kapa tsebo e itseng, ha ho hlokahale hore re etse mponeng ka eona. Ka ho hlakileng, bona ke bothata boo banna ba bang ba ratang ho hlahella ba ileng ba nyenyelepela phuthehong ea Korinthe ea boholo-holo ba neng ba e-na le bona. E ka ’na eaba ba ne ba e-na le tsebo e batsi ea ho hlalosa kapa ea ho etsa lintho ka tsela e atlehang haholoanyane. Ho imemela ha bona tlhokomelo mohlomong ho ile ha tlatsetsa ho aroleng phutheho lihlopha. (1 Bakorinthe 3:3, 4; 2 Bakorinthe 12:20) Boemo bo ile ba mpefala hoo hamorao Pauluse a ileng a tlameha ho khalemela Bakorinthe ka hore ba “mamella batho ba se nang kahlolo e molemo,” bao Pauluse ka ho ba nyatsa a ileng a ba hlalosa e le ‘baapostola ba lokileng ho tlōla.’—2 Bakorinthe 11:5, 19, 20.
7, 8. Bontša ka Bibele kamoo re ka sebelisang bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona ho hōlisa bonngoe.
7 Ho ka etsahala se tšoanang le kajeno. Ka mohlala, ba bang ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho ithorisa ka katleho eo ba e finyellang tšebeletsong kapa ka litokelo tseo ba nang le tsona ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo. Esita le haeba re e-na le bokhoni kapa tsebo e ikhethang eo ba bang ka phuthehong ba se nang eona, na seo se re fa bolokolohi ba hore re ikhohomose? Ha e le hantle re lokela ho sebelisa bokhoni leha e le bofe ba tlhaho boo re nang le bona ho hōlisa bonngoe—eseng ho ikhōlisa.—Matheu 23:12; 1 Petrose 5:6.
8 Pauluse o ile a ngola hore le hoja phutheho e e-na le litho tse ngata, “Molimo o ile a kopanya ’mele.” (1 Bakorinthe 12:19-26) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “kopanya” le bolela ho tsoakanya ka tumellano, joalokaha ho tsoakoa mebala. Kahoo, ha ho le ea mong ka phuthehong ea lokelang ho ikhohomosa ka bokhoni boo a nang le bona leha e le hona ho leka ho laola ba bang. Boikhohomoso le takatso ea botumo ha li na sebaka ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo.—Liproverbia 16:19; 1 Bakorinthe 14:12; 1 Petrose 5:2, 3.
9. Bibele e fana ka mehlala efe ea temoso ho batho ba neng ba shebile lithahasello tsa bona?
9 Lerato “ha le batle lithahasello tsa lona.” (1 Bakorinthe 13:5) Motho ea lerato ha a qhekelle ba bang ho ipetlela tsela. Bibele e na le mehlala ea temoso tabeng ena. Ho tea mohlala: Re bala ka Delila, Jezebele le Athalia—basali ba ileng ba qhekella ba bang molemong oa lithahasello tsa bona tsa boithati. (Baahloli 16:16; 1 Marena 21:25; 2 Likronike 22:10-12) E mong e ne e le mora oa Morena Davida, Absalome. O ne a e-ea ho batho ba eang Jerusalema ho tla ahloleloa ’me ka bomenemene a ba bolella hore lekhotla la morena ha le hlile ha le thahaselle mathata a bona. Ebe joale o ba bolella pepenene hore seo lekhotla le hlileng le se hlokang ke monna ea lokileng joaloka eena! (2 Samuele 15:2-4) Ha e le hantle, Absalome o ne a sa thahaselle batho ba hateletsoeng, o ne a mpa a ithahasella. E le morena ea ipehileng, o ile a khelosa lipelo tsa ba bangata. Empa ka mor’a nako, Absalome o ile a hlōloa ka tlhōlo e khōlō. Lefung la hae, ha aa ka a nkoa a tšoaneloa ke ho patoa ka tsela e hlomphehang.—2 Samuele 18:6-17.
10. Re ka bontša joang hore re beha leihlo lithahasellong tsa ba bang?
10 Sena ke temoso ho Bakreste kajeno. Ebang re batona kapa re batšehali, e ka ’na eaba ka tlhaho re batho ba nang le tšusumetso e matla ho ba bang. Mohlomong ho ka ’na ha e-ba bonolo ho ipetlela tsela, ka ho laola puisano kapa ka ho hatella ba nang le maikutlo a fapaneng le a hao. Leha ho le joalo, haeba re hlile re e-na le lerato re tla beha leihlo lithahasellong tsa ba bang. (Bafilippi 2:2-4) Ha re na ho qhekella ba bang leha e le ho hōlisa likhopolo tse belaetsang ka lebaka la phihlelo ea rōna kapa boemo ba rōna ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo, joalokaha eka maikutlo a rōna ke ’ona feela ao e leng a bohlokoa. Ho e-na le hoo, re tla hopola maele a Bibele: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.”—Liproverbia 16:18.
Lerato le Bōpa Likamano Tse Nang le Khotso
11. (a) Ke ka litsela life re ka bontšang lerato le mosa le le hlomphehang? (b) Re ka bontša joang hore ha re thabele ho se loke?
11 Pauluse o ile a boela a ngola hore lerato le “mosa” le hore “ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) E, lerato le ke ke la re lumella ho itšoara ka tsela e se nang mekhoa, e litšila, kapa e se nang tlhompho. Ho e-na le hoo, re tla nahanela maikutlo a ba bang. Ka mohlala, motho ea lerato o tla qoba ho etsa lintho tse tla tšoenya matsoalo a ba bang. (Bapisa le 1 Bakorinthe 8:13.) Lerato “ha le thabele ho se loke, empa le thaba le ’nete.” (1 Bakorinthe 13:6) Haeba re rata molao oa Jehova, re ke ke ra nyenyefatsa ho teba ha boitšoaro bo bobe kapa ra thabisoa ke lintho tseo Molimo a li hloileng. (Pesaleme ea 119:97) Lerato le tla re thusa ho thabisoa ke lintho tse hahang ho fapana le tse heletsang.—Baroma 15:2; 1 Bakorinthe 10:23, 24; 14:26.
12, 13. (a) Re lokela ho itšoara joang ha motho e mong a re khopisa? (b) Qotsa mehlala ea Bibele ho bontša hore esita le khalefo e loketseng e ka etsa hore re itšoare ka booatla.
12 Pauluse o ngola hore lerato “ha le halefe” (“ha le khopehe habonolo,” Phillips). (1 Bakorinthe 13:5) Ke ’nete hore ke boemo ba tlhaho ba rōna batho ba sa phethahalang ho ferekana kapa ho halefa ka tsela e itseng ha motho e mong a re khopisa. Leha ho le joalo, e ne e tla ba ho fosahetseng ho koetla lehloeo halelele kapa ho lula u halefile. (Pesaleme ea 4:4; Baefese 4:26) Haeba bo sa thijoe, esita le bohale bo loketseng bo ka ’na ba etsa hore re itšoare ka booatla, ’me Jehova a ka re nka re ikarabella ka seo.—Genese 34:1-31; 49:5-7; Numere 12:3; 20:10-12; Pesaleme ea 106:32, 33.
13 Ba bang ba ile ba lumella hore ho se phethahale ha ba bang ho ame boikemisetso ba bona ba ho ba teng libokeng tsa Bokreste kapa ba ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Nakong e fetileng, ba bangata ba bona ba ile ba loana ntoa e thata ea tumelo, mohlomong ba mamella khanyetso ea lelapa, litšomo tsa basebetsi-’moho le maemo a mang a joalo. Ba ile ba mamella litšitiso tse joalo hobane ba ne ba li nka hore ke teko ea botšepehi ba bona, ’me ba ne ba nepile ka ho lumela joalo. Empa ho etsahala’ng ha Mokreste-’moho le bona a bua kapa a etsa ketso e ’ngoe e sa bontšeng lerato? Na hoo le hona hase teko ea botšepehi? Ka sebele ke eona, kaha haeba re lula re halefile, re ka “lumella Diabolose sebaka.”—Baefese 4:27.
14, 15. (a) Ho ‘boloka tlaleho ea se kotsi’ ho bolela eng? (b) Re ka etsisa Jehova joang ka ho ba ba tšoarelang?
14 Ka ho loketseng, Pauluse o phaella ka hore lerato “ha le boloke tlaleho ea se kotsi.” (1 Bakorinthe 13:5) Mona o sebelisa lentsoe le sebelisoang tlalehong ea lichelete, ha e le hantle o bua ka ho ngoloa ha khopiso bukeng ea tlaleho ea mekitlane e le hore e se ke ea lebaleha. Na ke ho bontša lerato ho boloka likelellong tsa rōna tlaleho e sa hlakoleheng ea lentsoe le itseng le bohloko kapa ketso e itseng e bohloko, joalokaha eka re tla tlameha ho bua ka eona hape nakong e tlang? Ke ho thabisang hakaakang hore ebe Jehova ha a re phenya-phenye ka tsela e hlokang mohau joalo! (Pesaleme ea 130:3) E, ha re bontša pako, o hlakola liphoso tsa rōna.—Liketso 3:19.
15 Re ka etsisa Jehova ntlheng ena. Ha rea lokela ho halefa habonolo haeba ho bonahala motho e mong a re nyelisa. Haeba re khopeha lefeela, re ka ’na ra ikutloisa bohloko bo tebileng ho feta kamoo motho ea re khopisitseng a neng a ka re utloisa bohloko kateng. (Moeklesia 7:9, 22) Ho e-na le hoo, re lokela ho hopola hore lerato “le lumela lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Ka sebele, ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho lumela lintho ntle ho mabaka, empa le teng ha rea lokela ho belaella barab’abo rōna ka ho sa hlokahaleng. Haeba e le ntho e ka etsahalang, a re tšepaneng.—Bakolose 3:13.
Lerato le re Thusa ho Mamella
16. Lerato le ka re thusa ho tiisetsa maemong afe?
16 Pauluse o re bolella hore “lerato lea tiisetsa.” (1 Bakorinthe 13:4) Le re nolofalletsa ho mamella maemo a lekang, mohlomong a bang teng ka nako e teletsana. Ka mohlala, Bakreste ba bangata ba phetse malapeng a arohaneng bolumeling ka lilemo tse ’maloa. Ba bang hase masoha hobane ba ikhethetse empa ke ’ona hobane ba hlōlehile ho fumana balekane ba tšoanelehang “Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39; 2 Bakorinthe 6:14) Ho boetse ho na le ba loantšanang le ho kula ho fokolisang. (Bagalata 4:13, 14; Bafilippi 2:25-30) Ka sebele, tsamaisong ena e sa phethahalang, ha ho le ea mong ea phelang boemong bo sa mo hlokeng hore a bontše mofuta o itseng oa mamello.—Matheu 10:22; Jakobo 1:12.
17. Ke eng e tla re thusa ho mamella lintho tsohle?
17 Pauluse o re tiisetsa hore lerato “le jara lintho tsohle, . . . le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:7) Lerato ho Jehova le tla re nolofalletsa ho mamella boemo leha e le bofe molemong oa ho loka. (Matheu 16:24; 1 Bakorinthe 10:13) Ha re batle ho ba bashoela-tumelo. Ho e-na le hoo, sepheo sa rōna ke ho phela bophelo ba khotso le khutso. (Baroma 12:18; 1 Bathesalonika 4:11, 12) Leha ho le joalo, ha liteko tsa tumelo li hlaha, re li mamella ka thabo e le karolo ea litlhokahalo tsa ho ba morutuoa oa Mokreste. (Luka 14:28-33) Ha re ntse re mamella, re leka ho ba le boikutlo bo nepahetseng, re e-na le tšepo ea ho khola litholoana tse molemo ka ho fetisisa maemong ao a lekang.
18. Mamello e hlokahala joang esita le maemong a loketseng?
18 Hase matšoenyeho feela a re hlokang mamello. Ka linako tse ling, ho mamella ho mpa ho bolela ho tšoarella, ho tsoela pele tseleng e behiloeng, ebang maemo a lekang a teng kapa ha a eo. Mamello e akarelletsa ho ba le kemiso e ntle ea moea. Ka mohlala, na u kopanela tšebeletsong ka tsela e nang le morero, ho latela maemo a hao? Na u bala le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo le ho buisana le Ntate oa hao oa leholimo ka thapelo? Na u ba teng kamehla libokeng tsa phutheho, hona na u rua molemo ka ho fapanyetsana khothatso le balumeli-’moho le uena? Haeba ho joalo, u se u ntse u mamella, ebang hona joale u maemong a loketseng kapa a khathatsang. U se ke ua tela, “kaha ka nako e loketseng re tla kotula haeba re sa khathale.”—Bagalata 6:9.
Lerato—“Tsela e Fetisisang”
19. Lerato ke “tsela e fetisisang” joang?
19 Pauluse o ile a totobatsa bohlokoa ba ho bontša lerato ka ho bitsa tšoaneleho ena ea bomolimo “tsela e fetisisang.” (1 Bakorinthe 12:31) “E fetisisang” ka kutloisiso efe? Pauluse o ne a qeta ho thathamisa lineo tsa moea, tse neng li tloaelehile ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ba bang ba ne ba filoe matla a ho profeta, ba bang a ho folisa ba kulang, ba bang ba bangata ba filoe bokhoni ba ho bua maleme. Ka sebele, e ne e le lineo tse hlollang! Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Haeba ke bua maleme a batho le a mangeloi empa ke se na lerato, ke fetohile sekotoana sa brase se lumang kapa cymbala e otlanngoang. ’Me haeba ke e-na le mpho ea ho profeta ’me ke tloaelane le liphiri tsohle tse halalelang le tsebo eohle, ’me haeba ke e-na le tumelo eohle hore ke tlose lithaba ho li isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakorinthe 13:1, 2) E, esita le liketso tseo mohlomong e neng e le tse molemo li fetoha ‘mesebetsi e shoeleng’ haeba sepheo sa tsona e se lerato ho Molimo le ho moahisani.—Baheberu 6:1.
20. Ke hobane’ng ha ho hlokahala boiteko bo tsoelang pele haeba re tla hlaolela lerato?
20 Jesu o re fa lebaka le leng hape la hore na ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela tšoaneleho ea bomolimo ea lerato. O ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Lentsoe “haeba” le siela Mokreste ka mong khetho tabeng ea hore na o tla ithuta ho bontša lerato kapa che. Ho sa tsotellehe maemo, ho lula naheng esele ka bohona ho ne ho ke ke ha re qobella ho ithuta ho bua puo ea teng. Leha e le hore ho ba teng feela libokeng Holong ea ’Muso kapa ho kopana le Bakreste-’moho ho tla re ruta ho bontša lerato ka mohlolo. Ho ithuta “puo” ena ho hloka boiteko bo tsoelang pele.
21, 22. (a) Re lokela ho itšoara joang haeba re sa finyelle tekanyetso e ’ngoe ea lerato eo Pauluse a buileng ka eona? (b) Ke joang ho ka boleloang hore “lerato ha le fele le ka mohla”?
21 Ka linako tse ling, u tla hlōleha ho finyella litšobotsi tsa lerato tseo Pauluse a buileng ka tsona. Empa u se ke ua nyahama. Ikitlaetse ka tieo. Tsoela pele ho batla keletso ea Bibele le ho sebelisa melao-motheo ea eona litšebelisanong tsa hao le ba bang. Le ka mohla u se ke ua lebala mohlala oo Jehova ka boeena a re behelang oona. Pauluse o ile a eletsa Baefese: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.”—Baefese 4:32.
22 Feela joalokaha ho ithuta ho itlhalosa ka puo e ncha ho qetella ho le bonolo, ha nako e ntse e e-ea mohlomong u tla fumana hore ho bontša lerato ho ea ho ntse ho nolofala. Pauluse o re tiisetsa hore “lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) Ho fapana le lineo tsa moea tsa mohlolo, lerato le ke ke la khaotsa ho ba teng le ka mohla. Kahoo, tsoela pele ho ithuta ho bontša tšoaneleho ena ea bomolimo. Joalokaha Pauluse a e bolela, ke “tsela e fetisisang.”
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke joang lerato le ka re thusang ho hlōla boikhohomoso?
◻ Ke ka litsela life lerato le ka re thusang ho hōlisa khotso ka phuthehong?
◻ Ke joang lerato le ka re thusang ho mamella?
◻ Ke joang lerato e leng “tsela e fetisisang”?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lerato le tla re thusa ho hlokomoloha liphoso tsa balumeli-’moho le rōna
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Mamello e bolela ho ba le kemiso e tsoelang pele ea puso ea Molimo