Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 3/1 maq. 16-21
  • Ke Nako ea ho Baleha!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Nako ea ho Baleha!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoana ho Hoholo
  • “Manaka” a Kena Tšebetsong
  • Ho Sokeloa ha “Nqalo e Halalelang” ea Bojakane!
  • ‘Ho Balehela Lithabeng’
  • Baleha ha Nako e sa le Teng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • “’Mali a a Sebelise Temoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • “Manyala” A Hlōleha ho Tlisa Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Balehela Setšabelong Pele ho “Matšoenyeho a Maholo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 3/1 maq. 16-21

Ke Nako ea ho Baleha!

1. (a) Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho etsahetse’ng lefatšeng sehalalelong sa “nqalo e halalelang”? (b) ’Me ho phahama potso efe?

JOALOKA ha re bone, “nqalo e halalelang” ea ’nete e pusong ea “Jerusalema oa leholimo,” ’muso oa Molimo oa messia. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, “bahalaleli” ba sebetsang le metsoalle ea bona, ea “bongata bo boholo,” sehalalelong sa “nqalo e halalelang” e lefatšeng ba ile ba hatakeloa ka maoto haholo-holo linaheng tsa ’muso oa lefatše o kopaneng oa Maamerika le Manyesemane. (Daniele 7:27; 8:10-12; Tšenolo 7:9, 15) Na re phetha ka hore Brithani le Amerika ke tsona “manyala a bofeliso”? Che, hobane “sebe” se entsoeng ke ’muso oa lefatše o kopaneng se ile sa kopanyeletsa taba e ’ngoe hape. Efe?

2, 3. (a) Setšoantšo sa ’muso oa Molimo se ile sa hlaha joang? (b) Se hlalosoa joang ho Tšenolo? (c) “Manyala a bofeliso” a kajeno a boleloang ho Daniele 11:31 le Mattheu 24:15 ke eng?

2 ’Muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika o sebelelitse morero o mong oa Satane ka tsela e ’ngoe. O hlahisitse setšoantšo sa bohata sa ’muso oa Molimo. Joaloka boprofeteng ba Daniele, le bukeng ea Bibele ea Tšenolo, “libatana” le “manaka” a tsona li emela mebuso ea lefatše ea bopolotiki. Tšenolo khaolo ea 13 e hlalosa ’muso oa lefatše oa bosupa oa histori ea Bibele, e leng Brithani le Amerika, joaloka sebata se nang le manaka a mabeli se neang “setšoantšo” sa mebuso ea batho e kang libatana bophelo. “Setšoantšo” sena sa sebata se bopa ‘sebata se ’mala oa sekarelata se nang le lihloho tse supileng le linaka tse leshome.’ (Tšenolo 17:3) Se hlahile ka lekhetlo la pele ka 1920 e le Selekane sa Lichaba, ’me Brithani le Amerika e le babuelli ba baholo ba sona, hammoho le Soviet Union, ’me sa tsosolosoa hape ka 1945 e le Machaba a Kopaneng. (Tšenolo 13:11, 15; 17:8) Sena hape se phethahatsa Daniele 11:31 e reng: “Bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofeliso.”a

3 Ao ke ’ona manyala a bofeliso ao Jesu a buileng ka ’ona ho Mattheu 24:15. Empa hobane’ng ‘a eme nqalong e halalelang’? Linnete li re’ng?

4. (a) Hobane’ng ha ho boleloa hore Selekane sa Lichaba ke “manyala”? (b) Ke lipolelo life tse “manyala” tseo baeta-pele ba bolumeli ba li boletseng ka Machaba a Kopaneng?

4 Ha Brithani le Amerika li etella-pele ho hloma Selekane sa Lichaba ka 1918, likereke tsa Bojakane tsa se tšehetsa ka pelo eohle. Lekhotla le Kopaneng la Likereke Amerika le ile la se rorisa e le “boemeli ba lipolotiki ba ’muso oa Molimo lefatšeng.” Ke thohako e kaakang! Ho bolela hore ho kopana ha lichaba tsa bopolotiki tsa lefatše la Satane e ka ba ’muso oa Molimo lefatšeng! Ka sebele, ke ntho e manyala, e nyonyehang, mahlong a Jehova le mahlong a bao ba emeng “nqalong e halalelang” joaloka manqosa a lefatšeng a “Jerusalema oa leholimo” ea busang hona joale! ’Me baruti ba lefatše ba ile ba bolela eng ka molateli oa Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng? Ba a hlalositse ka litsela tse ngata e le ‘tšepo feela ea poloko’ bakeng sa batho, “tšepo feela ea tumellano le khotso” le “setsi se seholo sa khotso le toka.” Selekane sa Lichaba, ba se bea “nqalong e halalelang” ka ho bolela hore se tla tlisa seo ’muso oa Molimo e leng oona feela o nang le matla a ho se etsa.

5. Re ka bolela joang hore Machaba a Kopaneng ha a “nqalong e halalelang”?

5 Baruti ba Bojakane ba ile ba khetha ho bea Machaba a Kopaneng “nqalong e halalelang” ea “Jerusalema oa leholimo,” ’muso oa Molimo, le “bahalaleli” ba o emelang lefatšeng. Empa ha ho letho le “halalelang” ho Machaba a Kopaneng. A na le ntlo ea ’ona ea thapelo le tloloko ea ma-Buddha, ’me leboteng la mohaho oa ’ona ho ngotsoe mantsoe a Esaia 2:4: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” Empa lintho tsena ha li a etse a halalelang. Litho tsa ’ona tsa machaba li loana ka mehla, ’me boholo ba litho tsa ’ona ha li rate bolumeli. ha li batle Molimo. Leha ho le joalo, ka kutloisiso e ’ngoe, re fumana “manyala a bofeliso” . . . a eme nqalong e halalelang.”

Ho Tšoana ho Hoholo

6. (a) Ke lihlopha life tse peli tse loantšanang tse neng li le teng Jerusalema oa lekholong la pele la lilemo? (b) Baeta-pele ba bolumeli ba Sejode ba ne ba tšoana le bo-ntat’a bona moholo joang?

6 Ho fihlela selemong sa ho felisoa ha eona, Bajode ba ne ba nka Jerusalema ea boholo-holo e le motse o halalelang, nqalo e halalelang. Ho e ka bang ka 56 CE esita le moapostola Pauluse o ile a ea tempeleng Jerusalema ’me ha a fihla teng, a e-na le Bakreste ba bang ba neng ba le tlas’a kano, a itlhoekisa. (Liketso 21:23-26) Moo o ne a pota-potiloe ke mofuta oa Bajode ba neng ba hlorisa Bakreste ba ’nete, ba ba qosa ka hore ba ‘tlatsitse Jerusalema ka thuto ea bona.’ (Liketso 5:28) Bajode bana ba ne ba itšoarelletse meetlong ea borapeli ba bokoenehi, ’me ka ho etsa joalo ba ne ba tšoana le bo-ntat’a bona moholo ba mehleng ea Jeremia, ba neng ba tšepile “lipolelo tsa lefeela tse reng: ‘Tempele ea Jehova, tempele ea Jehova, tempele ea Jehova ke eona eo!’” (Jeremia 7:4) Empa tšepo eo e ne e le lefeela.

7. (a) Bojakane bo tšoana le Jerusalema ea bokoenehi joang? (b) “Nqalo e halalelang” eo Bojakane bo bolelang hore bo ho eona ke efe?

7 Maemo a tšoana le kajeno, hobane Jerusalema ea bokoenehi ea mehleng ea boholo-holo e tšoana hantle le Bojakane ba kajeno. Hlokomela hore bolumeli ba Bojakane le bona bo ipolela hore bo na le “nqalo e halalelang”—e leng litokelo tsa bona tsa bolumeli tseo bo ipolelang hore bo na le tsona hammoho le nqalo eo bo sebeletsang ho eona. Ka makholo a lilemo bo ile ba bōpa ’muso hore bo laole matšoele-tšoele a batho. Bo bolela hore eo ke tokelo ea bona ea moea. ’Muso oa ’ona o kopanyeletsa mehaho ea likereke ea theko e phahameng, lialetare tse khabisitsoeng ka mabenyane, lifenstere tse turang tsa ligalase, bo na le linaha le lichelete tse ngata-ngata libankeng. Bo bolela hore lintho tsena kaofela ke karolo ea ‘nqalo ea bona e halalelang.’ Lintho tsena lia halalela ho bona, ’me ha ho motho ea ka kenellang ho li senya! Kamoo bo nahanang.

8. (a) Bolumeli ba Bojakane le “Babylona e Moholo” li amana kae? (b) Ke joang Bojakane bo tšoanang le Jerusalema e koenehileng?

8 Leha ho le joalo, ho etsahetse joang ka Jerusalema ea boholo-holo le “nqalo e halalelang” ea bona—ha boprofeta bo phethahala ka 607 BCE le ka 70 CE? ’Me ke eng seo Morena a re bontšang sona ho Tšenolo eo a e rometseng moapostola Johanne? Khaolong ea leshome le metso e supileng, re bala ka hore kahlolo ea Molimo e tla tšolleloa “Babylona e Moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” (Tšenolo 17:5) ‘Babylona enoa e Moholo’ ke ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, oo likereke tsa Bojakane li etsang karolo e kholo ea ’ona. Bojakane, bo ipolelang bo le kamanong ea selekane le Molimo, ke “Jerusalema” oa kajeno oa bokoenehi.

9. “’M’a liotsoa” o entse eng ho “sebata” phethahalong ea kajeno?

9 Ka makholo-kholo a lilemo, “’m’a liotsoa,” bolumeli ba bohata, bo ile ba atleha ka ho feletseng ho tsamaisa litaba tsa mebuso ea bobatana ea lichaba. Joaloka ha Tšenolo 17:9 e bontša, o lutse holim’a lithaba tsa mebuso, ’me temana ea 15 e mo hlalosa a lutse holim’a “metsi” a emelang, merabe, le bongata, le lichaba, le lipuo.” Ha “Sebata se ’mala oa sekarelata” se hlaha ka 1920 e le Selekane sa Lichaba, leha se hlaha hape ka 1945 e le Machaba a Kopaneng, “Babylona e moholo” o ile a tsamaisa lintho hore a tle a khone ho palama sehlopha sena sa lefatše lohle, ho fumana molemo le ho ithuisa ka sona. O ile a hlokomoloha ’nete ea hore “manyala” a sebopeho sa bopolotiki a eme moo a sa tšoanelang, a nyelisa “nqalo e halalelang” e busoang ke “Jerusalema oa leholimo,” ’muso oa Molimo ka Messia.

“Manaka” a Kena Tšebetsong

10. Ke ho liheloa ha kahlolo efe ho emetseng bolumeli ba bohata?

10 Empa bona! Nakong eo lichaba lireng: “Ho khotso, ho iketliloe,” ke moo “manaka” a “sebata” seo se tšabehang a tlang ho hlasela ka tšohanyetso! A ke ke a hlola a mamella lehloeo la nako e telele la “seotsoa” a tla tlosa seotsoa setulong seo e leng khale se lutse ho sona hamonate mokokotlong oa “sebata.” “Manaka” ao a ntoa, le “sebata” a tla felisa “seotsoa,” a se ‘hlobolise le ho ja linama tsa sona, ’me a se chese mollong.’ (Tšenolo 17:16) Bolumeli ba bohata bo tla felisoa ka ho feletseng, ho kopanyeletsa le Bojakane, bo ipoletseng hore bo na le “nqalo e halalelang” pel’a Molimo lefatšeng. Kahoo, Bojakane bo tla felisoa ka ho feletseng, joaloka tempele ea Jerusalema ea lefatšeng eo Jesu a itseng ka eona: “Ha ho ka ke ha lesoa mona lejoe holim’a lejoe le leng le sa heletsoeng.”—1 Ba-Thessalonika 5:3; Mareka 13:2.

11. (a) Mabapi le “nqalo e halalelang” ea ’nete, ho etsahetse’ng ka 1914? (b) Ke ho itšunya-tšunya hofe ho ileng ha qaleha ka “nqalo e halalelang” eo Bojakane bo ipolelang hore bo ho eona?

11 Na bolumeli ba bohata bo kang seotsoa, ho kopanyeletsa le Bojakane, bo hlokomela se tla tloha se bo hlahela? Bo tšoanetse, haeba bo ka hlalosa seo liketsahalo tsa lefatše li se bolelang kajeno. ’Me bo tla tšoha haholo ha bo ka hlokomela linnete tsa boprofeta tse ka Bibeleng. Ka sebele e bile hang feela kamor’a hore “Jerusalema oa leholimo,” joaloka ea nang le tokelo ea ’nete ea ho lula “nqalong e halalelang,” a tsoaloe ka 1914 moo Bojakane bo ileng ba qala ho utloa khatello sebakeng seo bo se bitsang “nqalo e halalelang” ea bona—tulo eo bo e busang. Ka 1917 ho fetohela ’muso ho neng ho tlisoa ke ma-Marxist ha etsahala Russia. Ho tloha mohlang oo mebuso ea bokomonisi e hanang ho ba teng ha Molimo ea busa likarolo tse kholo tsa lefatše. E ile ea tsoela pele ka pefo e kholo kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. E ne e bua e phahamisitse mantsoe hore bolumeli ke “matekoane a tahang batho.” Ha e le Bojakane bona bo llela hore Bokomonisi bo itšunya-tšunya “nqalong e halalelang,” ea bona, e bile bo lahleheloa ke batho ba bangata.”

Ho Sokeloa ha “Nqalo e Halalelang” ea Bojakane!

12, 13. Ke joang mehloli ea litaba e ileng ea hlalosa ho sokeloa ho etsetsoang “nqalong e halalelang” ea Bojakane?

12 Se ileng sa etsahala linaheng tse busoang ke Bokomonisi se bontšoa ke tlaleho e hatisitsoeng ho Hong Kong Star ho ea bofelong ba 1981: “’Muso oa Bokomonisi oa Vietnam o kentse bo-monke ba ma-Buddha sesoleng, o kentse makholo-kholo a baruti ba Bakreste chankaneng ’me o koetse likolo tsa boruti le likereke ho ea ka babalehi, le ka baliplomate ba Bophirima le baruti ba linaha tse ling. Ba re sepheo sa ho etsa sena ke hore bolumeli bohle bo laoloe ka ho khethehileng ke ’muso. Babalehi ba bolela hore kereke ea Roma e Khatolike e ka Boroa ho Vietnam e khatellong e kholo, ’me ba busisi ba supa ho tsohelana matla naheng ea Bokhatolike ea Poland joaloka bopaki ba hore kereke ‘e khahlanong le ’muso.’”

13 Koranta ea Atlanta Journal and Constitution ea January 2, 1982, e bile le sehlooho se reng: “Boholo ba Lipale tsa Litaba tse Kholo tsa [1981] li amana le bolumeli. ’Me ea thathamisa ha ho ne ho lekoa ho bolaea mopapa John Paul II, le ka masole a ma-Moslem a ileng a bolaea Mopresidente Sadat oa Egepeta, le ho bolaoa ha matšoele-tšoele a batho Iran, le ho bolaeana ha masole pakeng tsa Maarabia le Baiseraele, le ho thunya ha libomo, lipolao le mafu a tlala Ireland. E, ka sebele bolumeli bo amahangoa le likhathatso tse ngata tse etsahalang lefatšeng. Empa litlaleho tsena tsohle tsa litaba li tla fetoha lefeela ha ‘manaka a leshome le sebata’ li kena tšebetsong haufinyane, ho felisa bolumeli ba bohata ka ho feletseng, ho kopanyeletsa le Bojakane le seo bo se bolelang e le “nqalo e halalelang.”

14. Ba leng “nqalong e halalelang” ea ’nete le bona ba tla sokeloa joang?

14 Ka hoo, ho thoe’ng ka bao ba rapelang “nqalong e halalelang” ea sebele—bao ba etsang “tšebeletso e halalaleng” mona lefatšeng ka ho tšehetsa “Jerusalema oa leholimo”? Bana le bona, ba tla hlaseloa ke makhotla a bahlabani “manaka,” ao le hona joale a etsang karolo ea litho tsa Machaba a Kopaneng. Ho ea ka Tšenolo 17:14, tsamaiso eo ea bopolotiki e tla iponahatsa hore ha e na tokelo ea ho ema “nqalong e halalelang,” hobane ‘e tla loantša konyana.’

15. (a) Ke mang ea tla ba ka sehlohong ho hlasela “bahalaleli”? (b) O tla ‘felisoa joang?’

15 Daniele 11:40-45 e bontša hore “Morena oa leboea” oa Bokomonisi o tla ba ka sehlohong ho hlaseleng “bahalaleli” empa “o tla fela ho se ea mo thusang.”b Kahoo, “manaka” ’ohle a bochaba le “sebata se ’mala oa sekarelata” li tla felisoa ke Kreste Jesu le makhotla a hae a mangeloi. “Empa Konyana e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi.” Ka Harmagedone, morena ea busang “Jerusalema oa leholimo” o tla hlōla ka ho feletseng lichaba tsohle tse ileng tsa ‘neela sebata borena le matla a tsona.’—Tšenolo 17:12-14; 16:16.

‘Ho Balehela Lithabeng’

16. Ke joang hona hokae moo batho ba Molimo ba ka fumanang tšireletseho?

16 Joale, batho ba Molimo ba itšireletsa joang? Ka ‘ho balehela lithabeng.’ (Mattheu 24:16) Kajeno, “lithaba” tsena ke sebaka seo Molimo o se lokiselitseng bakeng sa setšabelo, ke litokisetso tsa Jehova tsa ho sireletsa “bahalaleli” ba leng lefatšeng, hammoho le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ho feta “mahlomola a maholo.” Hona ho tumellanong le boprofeta ba Jesu ba hore ‘batho’ ba tla bolokeha. (Mattheu 24:22) Kaha lithaba li hlola ka ho sa feleng ’me ka Mangolong li amahangoa le litaba tsa mebuso, kahoo sebaka sa babalehi kajeno se ka fumanoa phuthehong ea hae ea puso ea leholimo. Ena e emetsoe lefatšeng ke “kereke ea Molimo o phelang, tšiea le motheo oa ’nete,” eo hona joale e leng mokhatlo oa lefatše lohle oa Lipaki tsa Jehova.—1 Timothea 3:15.

17. Ke ketso efe ea bohlokoa e hlokahalang ho ba tlang ho balehela sebakeng sa tšireletso?

17 Bohle ba balehelang phuthehong ea Jehova ba lokela ho khaotsa ho tšehetsa karolo leha e le efe ea tsamaiso ea Satane lefatšeng. Ha ba lokela ho ba “karolo ea lefatše lena” ’me ba lokela ho tsoa ho lona. Ba lokela ho nyonya bolumeli ba lona, lipolotiki tsa lona, liphutuho tsa lona tsa pefo, maruo a lona, le boitšoaro ba lona bo litšila. (Johanne 18:36) Ba lokela ho ineela ho Jehova Molimo, ba phele ho ea ka metheo ea hae e lokileng ’me ba tsebise ba bang merero ea hae e khanyang ea ’muso. Le ka mohla ha ba lokela ho otsela kapa ho khutlela menyakeng ea lefatše. Ka ho tsoetseng pele, ba lokela ho “etsa ka matla” hore ba amoheloe ke Molimo le ho kena tsamaisong ea oona e ncha.—Luka 13:24; 9:23; 2 Timothea 2:15.

18. Hobane’ng ho potlakile hore motho ka mong ea pelo e ntle a qale ho “baleha” hona joale?

18 Selemong sena sa 1983, ho sokeloa ha seo Bojakane bo se bolelang e le “nqalo e halalelang” ea bona ho ile ha fetoha ntho ea sebele. Ka sebele, ho kalama ha bolumeli ba lefatše mokokotlong oa “sebata” sa Machaba a Kopaneng ho kotsi haholo. ‘Li utloisisa sena,’ Lipaki tsa Jehova li potlakisa khoeletso: ‘Balehelang le tsoe bolumeling ba bohata, e, tsoang tsamaisong eohle ea lefatše la Satane—balehelang phuthehong ea Molimo bakeng sa tšireletso!’ Joaloka Jerusalema oa lekholong la pele la lilemo, joale Bojakane bo lebane le “tšenyo . . . le bofeliso.” Ka ho tšoanang le ’muso ’ohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Babylona e Moholo!—Daniele 9:26b, 27b; Tšenolo 18:2, 4.

19. (a) Pesaleme ea 72 e reng ka “lithaba”? (b) Re ka tšoaneleha joang hore re thabele “khotso”?

19 Ka thabo, “litaba” tsa tšireletso hape li tla fetoha “litaba” tsa hlohonolofatso, hobane Pesaleme ea 72:1-8 e-ea re bolella: “Lithaba li tla tlisetsa sechaba khotso, le oona maralla ka baka la ho loka ha hae . . . [mehleng ea Messia, Morena,] ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.” Na le batla ho balelloa har’a ba tlang ho thabela “khotso” eo? Joale “tieang matla le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse ka mehla ho sebeletsa Morena.” Ho potlakile haholo, ha nako e sa le teng, hore u ineele ho thusa batho ba pelo li lokileng ho “balehela lithabeng.” Kahoo, “u tiee teng; hobane ha u etsa joalo, u tla ipholosa, u pholose le ba u utloang.”—1 Ba-Korinthe 15:58; 1 Timothea 4:16.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa hlaloso e eketsehileng bona maqephe 336-349 a buka “Then Is Finished the Mystery of God, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society.

b Bona maqephe 297-307 a buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society.

Na U ka Araba Lipotso Tsee:

◻ “Nqalo e halalelang” ea ’nete ke eng?

◻ “Manyala a bofeliso” ke eng?

◻ Ke ka tsela efe “manyala a bofeliso” a emeng “nqalong e halalelang”?

◻ Ke eng seo Bojakane bo se bolelang e le “nqalo e halalelang”?

◻ “Nqalo e halalelang” eo Bojakane bo e bolelang e sokeloa joang kajeno?

◻ Ke ka tsela efe Bakreste ba mamelang taelo ‘le balehele lithabeng’?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 18]

October 1965: Mopapa Paul VI, ha a hlalosa Machaba a Kopaneng e le “mokhatlo o moholo oa lichaba tsohle tsa lefatše,” o boletse hape hore: “Batho ba lefatše ba retelehela ho Machaba a Kopaneng joaloka tšepo feela ea tumellano le khotso.”

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 19]

October 1979: “Mopapa John Paul II a neela puo Sebokeng sa Kakaretso sa Machaba a Kopaneng. Le hoja a sa bua letho ka Jesu Kreste kapa ’Muso, mopapa a re: “Ke tšepa hore Machaba a Kopaneng ka mehla a tla lula e ntse e le sebaka se seholo seo ho kopaneloang ho sona bakeng sa khotso le toka, bolulo ba ’nete ba tokoloho.”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

“Manaka” a loanang a sokela sebaka seo Bojakane bo se bolelang e le “nqalo e halalelang”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela