Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/1 maq. 4-7
  • Molimo ha a Liehe Mabapi le Tšepiso ea Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ha a Liehe Mabapi le Tšepiso ea Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tekanyo ea Phoso e Lokela ho Phetheha
  • Nako ea Hore Molimo a Nke Khato e Fihlile
  • Nako ea Hore U Nke Khato
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Loantša Bakanana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Likahlolo Tsa Molimo—Na li Bontša Hore o Sehlōhō?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Tsoha!—2010
  • Letsatsi la Kahlolo—Nako ea Tšepo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/1 maq. 4-7

Molimo ha a Liehe Mabapi le Tšepiso ea Hae

“JEHOVA, ke tla hooeletsa ho le hokae, u sa nkutloe?” Ao ke mantsoe a moprofeta oa Moheberu, Habakuke, ea phetseng lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. Empa a sa na le moelelo o tšoanang, na ha ho joalo? Ke tlhaho ea motho hore re batle ho fumana lintho tseo e leng khale re li letetse hang-hang, kapa kapele kamoo ho ka khonehang kateng. ’Me ka ho khethehileng, sena ke ’nete nakong ena ea rōna ea ho batla ho khotsofala ka ho panya ha leihlo.—Habakuke 1:2.

Lekholong la pele la lilemo, ho ne ho e-na le ba bang bao ho bonahalang ba ne ba nahana hore e ne e tlameha ebe Molimo o ile a phethahatsa litšepiso tsa hae kapelenyana. Ba ne ba se ba hloka mamello hoo ba bileng ba nka hore Molimo oa lieha kapa o siiloe ke nako. Ka lebaka lena, moapostola Petrose o ile a tlameha ho ba hopotsa hore pono ea Molimo ka nako e fapane hōle le ea rōna. Petrose oa ngola: “’Nete ena e le ’ngoe a e se ke ea phonyoha tlhokomelo ea lōna, baratuoa, hore letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.”—2 Petrose 3:8.

Ho latela mokhoa ona oa ho bala nako, motho ea lilemo li 80 o phetse feela lihora tse peli, ’me histori eohle ea batho e nkile feela matsatsi a tšeletseng. Ha re sheba lintho ka pono ena, ho ba bonolo haholoanyane hore re utloisise tsela eo Molimo a sebelisanang le rōna ka eona.

Leha ho le joalo, Molimo ha a iphapanyetse nako. Ho e-na le hoo, o seli haholo ka nako. (Liketso 1:7) Ka hona, Petrose o tsoela pele ho re: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ho fapana le batho, Molimo ha a petetsoe ke nako hore a etse ntho e itseng joalokaha eka o felloa ke nako. Kaha ke “Morena oa bosafeleng,” o na le pono e akaretsang e babatsehang ’me a ka lekanyetsa hore na ke neng kemisong ea nako moo liketso tsa hae li tla tsoela bohle ba amehang molemo o moholo.—1 Timothea 1:17.

Ka mor’a hore a hlalose lebaka leo ho bonahalang eka Molimo oa lieha ka lona, Petrose o fana ka temoso ena: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.” Seo se bolela hore letsatsi la ho ikarabella le tla tla nakong eo batho ba sa le lebellang. Joale litemaneng tse latelang, Petrose o bua ka tebello e tsotehang bakeng sa ba bontšang ‘liketso tse halalelang tsa boitšoaro le liketso tsa boinehelo ba bomolimo,’ hore ba ka ’na ba pholohela ‘maholimong a macha le lefatšeng le lecha’ tseo Molimo a li tšepisitseng.—2 Petrose 3:10-13.

Sena se lokela ho etsa hore re ananele haholo hore ebe kahlolo ea Molimo ha e e-s’o fihle. Ho se fele pelo ha hae ho entse hore re tsebe morero oa hae ’me re fetole bophelo ba rōna e le hore re tle re fumane litlhohonolofatso tsa hae tseo a li tšepisitseng. Joalokaha Petrose a bolela, na ha rea lokela ho nka “ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko”? (2 Petrose 3:15) Leha ho le joalo, ho boetse ho na le ntlha e ’ngoe tabeng ea ho se fele pelo ha Molimo.

Tekanyo ea Phoso e Lokela ho Phetheha

Ha re ithuta ka litšebelisano tse fetileng tsa Molimo le moloko oa batho, re hlokomela hore hangata o ne a tšoara kahlolo ho fihlela ha tšepo eohle ea hore ho tla ntlafala e fela. Ka mohlala, mabapi le kahlolo ea Molimo ho Bakanana, o ile a bua ka libe tsa bona ho Abrahama nako e telele pele. Empa nako ea hore a phethise kahlolo ea hae e ne e e-s’o fihle. Hobane’ng? Bibele e re: “Hobane phoso ea Baamore [Bakanana] ha e e-s’o phethehe,” (NW) kapa joalokaha phetolelo ea Knox e beha taba: “Bokhopo ba Baamore [bo ne] bo e-s’o butsoe.”—Genese 15:16.a

Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemo tse 400 hamorao, kahlolo ea Molimo e ile ea tla, ’me litloholo tsa Abrahama, Baiseraele, li ile tsa hapa naha eo. Bakanana ba seng bakae, ba kang Rahaba le Bagibeone, ba ile ba pholoha ka lebaka la boikutlo ba bona le liketso tsa bona, empa bakeng sa batho ka kakaretso, ba ne ba fihlile boemong bo feteletseng ba ho se hloeke, joalokaha ho epolloa ha lintho tsa khale ha mehleng ea kajeno ho senola. Ba ne ba sebelisa borapeli ba litho tsa botona le botšehali, botekatse ba tempele le ho etsa mahlabelo ka bana. Halley’s Bible Handbook e re: “Baepolli ba lintho tsa khale ba epollang lithako tsa metse ea Bakanana ba makatsoa ke hore ebe Molimo ha aa ka a ba timetsa kapele ho feta kamoo a ileng a etsa kateng.” Qetellong, ‘tekanyo ea sebe [sa Bakanana] e ne e feletse’; bokhopo ba bona ‘bo ne bo butsoitse.’ Ho ne ho se motho eo ka nepo a ka qosang Molimo ka hore o hlokile toka ha a lumella naha eo hore e hloekisoe, ha ka lehlakoreng le leng a ile a boloka ba neng ba bontšitse boikutlo bo nepahetseng.

Re fumana boemo bo tšoanang mehleng ea Noe. Ho sa tsotellehe ’nete ea hore batho ba pele ho Moroallo ba ne ba le khopo, ka mosa Molimo o ile a etsa qeto ea ho eketsa nako ea bona ka lilemo tse ling tse 120. Nakong eo, Noe o ile a sebeletsa e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Ha nako e ntse e feta, ho bonahala bokhopo ba bona bo ile ba butsoa. “Molimo oa talima lefatše, ’me oa bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.” (Genese 6:3, 12) ‘Tekanyo [ea bona] ea sebe e ne e feletse’; ho feta ha nako ho ne ho entse hore tšekamelo ea bona e fosahetseng e fihle sehlohlolong. Ha Molimo a nka khato, o ne a e-na le toka e feletseng. Ke batho ba robeli feela ba ileng ba ipaka ba lokile mahlong a Molimo, ’me o ile a ba pholosa.

Mokhoa o tšoanang o bonoa le tšebelisanong ea Molimo le Iseraele. Ho sa tsotellehe ho itšoara ha bona ka tsela e sa tšepahaleng le e silafetseng, Molimo ha aa ka a ba fella pelo ka lilemo tse makholo. Tlaleho e re: “Jehova . . . a ’na a romeletsa . . . manģosa a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho ba hae . . . Empa ba ne ba . . . nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.” (2 Likronike 36:15, 16, NW) Batho ba ne ba fihlile boemong boo ho neng ho se ho ke ke ha khoneha hore ho ka ntlafala. Ke Jeremia le ba seng bakae feela ba neng ba ka pholosoa. Ho ne ho ke ke ha thoe Molimo o hloka toka ha qetellong a lihela kahlolo holim’a bao ba bang kaofela.

Nako ea Hore Molimo a Nke Khato e Fihlile

Mehlaleng ena, re ka bona hore Molimo o tšoere kahlolo ea tsamaiso ea hona joale ea lintho ho fihlela ho fihla nako e tšoanelehang. Sena se hlalositsoe taelong e filoeng ea tšoantšetsang mophethahatsi oa kahlolo ea Molimo: “‘Kenya sekele ea hao e bohale ’me u bokelle masihla a sefate sa morara oa lefatše, hobane morara oa sona o butsoitse.’ ’Me lengeloi la akhela sekele ea lona lefatšeng ’me la bokella morara oa lefatše, ’me la o lihela ka sehatelong sa veine se seholo sa bohale ba Molimo.” Hlokomela hore bokhopo ba moloko oa batho bo “butsoitse,” ke hore, bo fihlile boemong boo ho seng ho se mokhoa oa hore bo ka ntlafala. Ha Molimo a liha kahlolo, ho ke ke ha e-ba le pelaelo hore ho kenella hoo ha hae ho na le toka.—Tšenolo 14:18, 19.

Ha re nahana ka lintho tse boletsoeng ka holimo, ho hlakile hore e tlameha ebe kahlolo ea Molimo khahlanong le lefatše lena e haufi hobane lefatše le na le litšobotsi tse ileng tsa etsa hore kahlolo ea Molimo nakong e fetileng e be e tšoanetseng. Hohle moo re talimang teng, lefatše le tletse pefo, joalo feela kaha ho ne ho le joalo pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. Boikutlo ba batho bo ntse bo eketseha ho tšoana le bo hlalositsoeng ho Genese 6:5, NW: “Tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea [motho] e mpe feela ka linako tsohle.” Esita le libe tse feteletseng tse ileng tsa etsa hore Molimo a ahlole Bakanana li atile kajeno.

Ka ho khetheha, ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, moloko oa batho o ’nile oa e-ba le liphetoho tse tšosang. O bone ha lefatše le qoela maling a ba limilione. Ntoa, mehato e reretsoeng ho timetsa merabe e itseng ka ho feletseng, bokhukhuni, bonokoane hammoho le ho se ee ka molao li ’nile tsa qhoma lefatšeng ka bophara. Tlala ea boja-likata, maloetse le boitšoaro bo bobe li aparetse lefatše la rōna. Bopaki bohle bo supa hore hona joale re phela har’a moloko o khopo oo Jesu a ileng a re ka oona: “Moloko ona ho hang ha o na ho feta ho fihlela lintho tsena tsohle li etsahala.” (Matheu 24:34) Hona joale lefatše le ntse le tlatsa ‘tekanyo ea sebe sa lona.’ “Masihla a sefate sa morara oa lefatše” aa butsoa bakeng sa kotulo.

Nako ea Hore U Nke Khato

Moapostola Johanne o ile a bolelloa hore ha nako ea kahlolo e atamela, ho tla ba le mefuta e ’meli ea ho butsoa. Ka lehlakoreng le leng, “ea etsang ho sa lokang, a a ’ne a etse ho sa lokang; ’me ea litšila a a ’ne a silafatsoe.” Empa ka lehlakoreng le leng, “ea lokileng a a ’ne a etse ho lokileng, ’me ea halalelang a a ’ne a halaletsoe.” (Tšenolo 22:10, 11) Ketsahalo ena e hlalositsoeng morao ea etsahala mabapi le mosebetsi oa lefatše lohle oa ho ruta Bibele o etsoang ke Lipaki tsa Jehova. Sepheo sa mosebetsi oo ke ho ruta batho seo Molimo a se hlokang ho bona e le hore ba ka baloa ba tšoaneleha bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng. Mosebetsi ona hona joale o finyeletse linaheng tse 233 ka liphutheho tse ka bang 87 000.

Molimo ha a liehe. A sa fele pelo, o file batho nako e hlokahalang ea ho ‘apara botho bo bocha’ e le hore ba ka ba mocheng oa ho fumana litšepiso tsa hae. (Baefese 4:24) Kajeno, Molimo o sa letile, ho sa tsotellehe maemo a ntseng a e-ba mabe kamehla a lefatše lena. Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li etsa sohle seo li ka se khonang ho arolelana le baahisani ba tsona tsebo e isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3, 17) Ho thabisang ke hore selemo se seng le se seng, batho ba ka holimo ho 300 000 baa arabela ’me baa kolobetsoa.

Re lebeletse bophelo bo sa feleng, hona joale ke nako, eseng ea ho leta, empa ea ho nka khato. Etsoe e se neng, re tla bona phethahatso ea tšepiso ea Jesu: “E mong le e mong ea phelang ’me a sebelisa tumelo ho ’na ho hang ha a na ho shoa le ka mohla.”—Johanne 11:26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mongolo o botlaaseng ba leqephe temaneng ena ho The Soncino Chumash o re: “Ho tšoaneleha bakeng sa pheliso, kaha Molimo ha a otle sechaba ho fihlela ha tekanyo ea sebe sa sona e feletse.”

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Mophethahatsi oa kahlolo ea Molimo o ile a bolelloa hore a kenye sekele ha sefate sa morara oa lefatše se butsoitse

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li thusa batho hore ba be mocheng oa ho fumana litlhohonolofatso tsa Molimo tsa ka ho sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela