Seo U Lokelang ho se Tseba ka Boloi
HO THATA ho hlalosa boloi ba kajeno. Lebaka ke hore baloi ba kajeno ba fapane haholo. Ha ba na taolo kapa thuto tse ka sehloohong kapa buka e halalelang e le hore ba be bonngoeng tumelong. Ba boetse baa fapana le tabeng ea lineano, tlhophiso, meetlo le maikutlo a mabapi le hore na ba lokela ho hlompha melimo efe. Mongoli e mong o re: “Lefatše la matla a phahametseng tlhaho le hlahisetsa motho ‘’maraka oo ho oona a lokolohang ho ikhethela’ likhopolo tseo a li batlang.” E mong o re: “Bahetene ba Morao-rao ba bangata ha ba lumellane hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ho ba bangata, ho hanyetsana hase bothata. Buka e ’ngoe e tataisang baloi ba lakatsang ho finyella pakane ea bona e re: “Ha u tobana le boitsebiso boo ho bonahalang bo sa lumellane, hlahloba boitsebiso bona ’me u etse qeto ea hore na u tla latela bofe. Mamela matla a hao a kutloisiso. Ka mantsoe a mang, ikutloe u lokolohile ho khetha har’a lineano tse ngotsoeng le libuka tsa lineano e le hore u ka etsa qeto ea hore na ke sefe seo u ikutloang hore se nepahetse.”
Ho ba tsebang sebōpeho sa ’nete, ho hanyetsana ho joalo ke bothata. ’Nete ke taba ea sebele, e hlileng e etsahalang. Lintho hase ’nete feela hobane motho a e-na le maikutlo a hore ke ’nete kapa a e-na le tšepo e joalo kapa a lumela seo. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe lingaka li ne li lumela hore li ka phekola pneumonia ka ho arola khoho e phelang likarolo tse peli le ho beha likarolo tsena sefubeng sa mokuli. Ha ho pelaelo hore bakuli ba bangata ba ne ba lumela ka tieo hore ba tla folisoa ke mokhoa ona oa ho phekola. Leha ho le joalo, tumelo ea bona le tšepo li ne li sa lumellane le taba ea sebele—pneumonia ha e phekoloe ka mokhoa o joalo. Batho ha ba qape ’nete; ba loanela ho e utloisisa.
Bibele e bolela hore e fupere ’nete mabapi le litaba tsa moea. Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, o ile a re ho Ntate oa hae thapelong: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Baloi ba bangata ha ba lumellane le sena. Ho e-na le hoo, ba batla pululelo le tataiso litšōmong, malumeling a boholo-holo esita le saenseng e iqapeloang. Leha ho le joalo, na hase ho utloahalang hore bonyane ba nahane ka seo Bibele e se buang? Etsoe, hoo e ka bang e mong le e mong o e nka e le buka e halalelang. Hape ke e ’ngoe ea libuka tsa bolumeli tsa khale ka ho fetisisa tse ntseng li le teng. Bibele e ngotsoe ka lilemo tse 1 600, empa e lumellana ho tloha qalong ho fihlela qetellong lithutong tsa eona. A re bapiseng lithuto tsa Bibele le lithuto tse tloaelehileng tseo hona joale li rutoang ke batho ba khothalletsang boloi.
Ke Bo-mang ba Lulang Sebakeng sa Moea?
Potso ea bohlokoa bakeng sa ho batla kutloisiso ea moea ke ena, Ke bo-mang ba lulang sebakeng sa moea? Le hoja baloi ba bangata ba kajeno ba lumela ho melimo e mengata ea tlhaho, ba bang ba rapela molimotsana e moholo, eo ho nkoang hore o phetha karolo e hararo ea moroetsana, ’mè le setsohatsana, e emelang maemo a mararo a maholo bophelong. Nyatsi ea hae ke molimo o linaka. Baloi ba bang ba rapela molimo o itseng hammoho le molimotsana. Mongoli e mong o re: “Molimotsana le Molimo ba bonoa e le pontšo ea matla a tlhaho a botšehali le botona. E mong le e mong [o na le] litšobotsi tse ikhethang tseo ha li kopanngoa li fellang ka pōpo ea bophelo e lumellanang.” Mongoli e mong oa ngola: “E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali tseo u ka khethang ho tsona tabeng ea Boloi ke melimo (Melimo kapa Melimotsana) eo u tla sebetsa le eona . . . Tsebo ena e u fa bolokolohi ba ho khetha le hore ka mor’a moo u hlomphe Melimo eo u iphumanetseng eona.”
Bibele ha e tšehetse khopolo leha e le ’ngoe ho tsena. Jesu Kreste o ile a inehela ka ho feletseng ho ruteng ba bang ka Jehova, “Molimo eo e leng eena feela oa ’nete.” (Johanne 17:3) Bibele e re: “Jehova o moholo, ’me o lokeloa ke ho rorisoa ka ho fetisisa; o tšabeha ho fetisa melimo kaofela; hobane melimo eohle ea lichaba ke litšoantšo feela.”—1 Likronike 16:25, 26.
Ho thoe’ng ka Diabolose? Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa boloi e le “ho buisana le diabolose.” Kajeno ho ka ba thata ho fumana moloi ea ka lumellanang le tlhaloso ena, hobane ba bangata ha ba lumele le hore Satane Diabolose o teng. Mosali e mong e monyenyane, eo ho builoeng ka eena ho The Irish Times ho thoe ke “motšetšele oa sehlopha se seng sa baloi ba Ireland se tsebahalang ka ho fetisisa,” o beha mabaka ka tsela ena: “Ho lumela ho Diabolose ho bolela ho amohela Bokreste . . . [Diabolose] a ke ke a lula bokahohleng bo se nang Molimo.”
Bibele e tiisa hore Diabolose o teng ’me e re ke eena ea bakang boholo ba mahlomola le moferefere tse leng lefatšeng. (Tšenolo 12:12) Jesu ha aa ka a ruta feela hore Diabolose o teng empa o ile a boela a bontša hore ho ka etsahala hore motho a etse thato ea Diabolose a sa tsebe. Ka mohlala, baeta-pele ba bolumeli ba itokafatsang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tiisa hore ka tekanyo e itseng e ne e le bara ba Molimo ’me ba lumela hore ba ne ba etsa thato ea Molimo. Jesu, ea neng a ka bona se ka lipelong tsa bona, o ne a tseba se fapaneng. O ile a ba bolella sefahla-mahlo: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntate oa lōna.” (Johanne 8:44) Ho feta moo, buka ea Bibele ea Tšenolo e bolela hore Diabolose ‘o khelosa lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona.’—Tšenolo 12:9.
Na Boselamose bo Bong bo Molemo?
Ho hlakile hore boselamose bo ’nile ba amahanngoa le matla a phahametseng tlhaho.a Batho ba bangata ba mehleng ea boholo-holo le ea kajeno ba lumela hore boselamose ba baloi bo etsoa ka morero oa ho ntša ba bang kotsi. Baloi ba boleloa ba e-na le matla a ho utloisa bohloko bo tebileng esita le ho bolaea ka boselamose. Ho latela neano, baloi ba ’nile ba qosoa ka bomalimabe bo sa lekanngoeng, ho akarelletsa le ho kula, lefu le ho senyeha ha lijalo.
Baloi ba kajeno ba latola liqoso tse joalo bosehla. Le hoja ba lumela hore nako le nako ho ba le moloi oa molotsana ea etsang bokhopo, ba bangata ba bolela hore boselamose ba bona bo sebelisetsoa ho tlisa melemo, eseng ho ntša kotsi. Batšehetsi ba Bolumeli ba Baloi ba ruta hore liphello tsa boselamose li tla khutlela ho motho ea bo sebelisang li imenne hararo ’me ba re ena ke tšitiso e ka sehloohong bakeng sa ho lakaletsa motho bomalimabe. Mehlala ea sena seo ho thoeng ke boselamose bo molemo e akarelletsa mantsoe a boloi a ho itšireletsa, ho hloekisa ntlo ea hao matleng a kotsi a siiloeng ke ba neng ba lula ho eona pele, ho etsa hore motho a lumele hore le ratane, ho tlatsetsa phekolong le bophelong bo botle, ho thibela ho felloa ke mosebetsi le ho fumana chelete. Kaha bo na le matla ao a maholo ao ho boleloang hore ke a boloi, ha ho makatse hore ebe bo atile hakana.
Leha ho le joalo, Bibele ha e bontše phapang pakeng tsa boselamose bo molemo le boselamose bo khopo. Molaong o fuoeng Moshe, Molimo o ile a hlakisa boemo ba hae hantle. O itse: “Le se ke la sebelisa boselamose.” (Levitike 19:26, NW) Re boetse rea bala: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea.”—Deuteronoma 18:10, 11, NW.
Ke hobane’ng ha Molimo a ne a rialo? Hase hobane a rera ho re hanela ka se molemo. Jehova o file batho ba hae melao ena hobane a ne a ba rata ’me a sa batle hore e be makhoba a tšabo le tumela-khoela. Ho e-na le hoo, o mema bahlanka ba hae hore ba mo atamele bakeng sa lintho tseo ba li hlokang. Ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Moapostola Johanne o ile a kholisa balumeli-’moho le eena: “Eng kapa eng eo re e kōpang re e amohela ho [Molimo], hobane re boloka litaelo tsa hae hape re etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.”—1 Johanne 3:22.
Ho Thoe’ng ka Meea e Khopo?
Baloi ba bangata ba lumellana le Bibele tabeng ena: Meea e khopo e teng. Moqoqong o mong motho ea buellang boloi oa hlokomelisa: “Liriti li ka ntle koana: Li teng, lefatšeng la lintho tse sa bonahaleng le tšoanang le la rōna, le tletseng libōpuoa tse phelang . . . Lipoleloana ‘Ledemona le Lenyenyane’, ‘Moea o Khopo’ le lentsoe ‘Ledemona’ li batla li nepahetse. E matla haholo. . . . Ke motsoako o bontšang bohlale bo fetisisang . . . e khona (haeba e mong a ka thusa ka ho e bulela lemati) ho kena lefatšeng la rōna . . . E ka kena ’meleng oa hao . . . , esita le ho tiisa hore e u laola ka tekanyo e itseng. E, sena se tšoana hantle le lipale tsa boholo-holo tsa ho laoloa ke Bademona.”
Mehleng ea Bibele, ho laoloa ke bademona ho ne ho hlorisa batho ka litsela tse sa tšoaneng. Ba bang ba ba neng ba ameha ba ne ba sa khone ho bua, ba bang ba ne ba foufetse, ba bang ba ne ba itšoara joaloka mahlanya, ’me ba bang ba ne ba e-na le matla a phahametseng a motho. (Matheu 9:32; 12:22; 17:15, 18; Mareka 5:2-5; Luka 8:29; 9:42; 11:14; Liketso 19:16) Ka linako tse ling bohloko bona bo otlang pelo bo ne bo tota ha bademona ba bangata ba laola motho ka nako e le ’ngoe. (Luka 8:2, 30) Joale, ka sebele ho na le lebaka le letle leo ka lona Jehova a lemosang batho hore ba be hōle le boloi le mekhoa e meng ea ho sebelisana le matla a phahametseng tlhaho.
Bolumeli bo Thehiloeng ’Neteng
Kajeno ba bangata ba khahloa ke boloi hobane bo bonahala e le bolumeli ba tlhaho, bo sa khopiseng, bo se nang kotsi. Metseng e meng bo amohelehile. Ha bo tšajoe. Ho e-na le hoo, hangata bo ’nile ba etsoa ntho e se nang taba. Tikolohong eo ho eona ho mamella bolumeli ho etsang hore ba bangata ba amohele esita le ntho e sa tloaelehang ho hang, boloi bo hlomphuoa haholo.
Ka sebele, lefatše la bolumeli le fetohile ’maraka oo ho oona batho ba lokolohileng ho khetha bo finyellang litlhoko tsa bona, joalokaha motho a ne a ka reka para ea lieta. Ho fapana le hoo, Jesu o buile ka lintho tse peli feela tseo ho ka khethoang ho tsona. O itse: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane e sephara ebile e batsi tsela e isang timetsong, ’me ba bangata ke ba kenang ka eona; athe heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Ha ho pelaelo hore re lokolohile ho khetha tsela eo re lokelang ho tsamaea ka eona. Empa kaha boiketlo ba rōna ba ka ho sa feleng bo kotsing, khetho eo ke ea bohlokoa haholo. Hore re finyelle tsebo ea moea, re tlameha ho phehella tsela ea ’nete—tsela e fumanoang feela ka Lentsoeng la Molimo, Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Senyesemane, ba bang ba peleta boselamose ka tsela ena, “magick,” ho bontša phapang pakeng tsa mefuta e sa tšoaneng ea matla a phahametseng tlhaho le boselamose bo etsoang sethaleng. Bona Tsoha! ea September 8, 1993, leqepheng la 12, sehloohong se reng “Na ho na le Kotsi ka ho Sebelisa Magic?”
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Kajeno ba bangata ba talima boloi e le bolumeli ba tlhaho bo se nang kotsi
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Kamehla boselamose bo ’nile ba amahanngoa le matla a phahametseng tlhaho
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Na baloi ba etsa thato ea Diabolose ba sa tsebe?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Bibele e senola tsela ea ’nete