Sireletsa Lebitso la Hao
MONNA ea etsang lipolane tsa mehaho e metle o iketsetsa lebitso la ho ba setsebi sa popota sa meralo ea ho haha. Moroetsana ea sebetsang hantle lithutong tsa sekolo o tsebahala e le seithuti se ipabolang. Esita le motho ea sa etseng letho a ka iketsetsa lebitso la sekhoba. Ha e totobatsa molemo oa ho iketsetsa lebitso le letle, Bibele e re: “Lebitso le letle le rateha ho feta maruo a maholo, botumo bo botle bo rateha ho feta silivera le khauta.”—Liproverbia 22:1, An American Translation.
Lebitso le letle le fumanoa ka liketso tse nyenyane tse ngata tse etsoang ka nako e itseng. Leha ho le joalo, sohle se hlokahalang ho le senya, ke ketso e le ’ngoe feela ea booatla. Ka mohlala, ketso e le ’ngoe ea boitšoaro bo bobe, e ka senya botumo bo botle. Khaolong ea 6 ea buka ea Bibele ea Liproverbia, Morena Solomone oa Iseraeleng ea boholo-holo o fana ka temoso khahlanong le mekhoa le liketso tse ka senyang botumo ba rōna haesita le ho senya kamano ea rōna le Jehova Molimo. Har’a tsona ke tumellano eo motho a e etsang a sa nahana, botsoa, thetso le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali—lintho tseo ha e le hantle Jehova a li hloileng. Ho ela hloko keletso ena ho tla re thusa ho sireletsa lebitso la rōna le letle.
Itokolle Litumellanong Tsa Booatla
Khaolo ea 6 ea Liproverbia e qala ka mantsoe ana: “Mora oa ka, haeba u ipehile paneng bakeng sa oa heno, haeba u tšoere osele ka letsoho, haeba u tšoasitsoe ke lipolelo tsa molomo oa hao, haeba u tšoeroe ke lipolelo tsa molomo oa hao, joale u nke bohato bona, mora oa ka, ’me u itopolle, kaha u kene ka seatleng sa oa heno: E-ea u ikokobetse ’me u hlasele oa heno ka likōpo tse phehellang.”—Liproverbia 6:1-3, NW.
Maele ana a hanela ho ameha litšebelisanong tsa khoebo le ba bang, haholo-holo basele. E, Baiseraele ba ne ba lokela ho ‘fana ka lintho tsa ho phela ho mor’abo bona ea futsanehileng ’me a fokolloa ke chelete.’ (Levitike 25:35-38, NW) Empa Baiseraele ba bang ba itokiselitseng ho leka letsoho khoebong ba ile ba etsa joalo ’me ba fumana chelete ea ho e bula ka ho kholisa ba bang hore ba ‘ipehe paneng’ bakeng sa bona, kahoo ba etsa hore ba ikarabelle bakeng sa molato oo. Kajeno maemo a kang ao a ka ’na a hlaha. Ka mohlala, mekhatlo ea lichelete e ka ’na ea hloka hore ho be le motho oa bobeli ea saenang tokomane ea ho alima chelete pele e lumela ho alimana ka eona haeba maemo a ea e alimang a belaetsa. Ke bothoto bo bokaakang ho etsa boitlamo bo joalo ka potlako bakeng sa ba bang! Ka sebele, bo ka ’na ba re bakela mathata a lichelete, esita le ho re etsetsa lebitso le lebe libankeng le bathong ba bang ba alimanang ka chelete!
Ho thoe’ng haeba re iphumana re le bothateng ba hore ebe re nkile bohato boo pele bo neng bo bonahala bo le bohlale empa ha bo hlahlobisisoa bo bonahala e le booatla? Ho fanoa ka keletso ea hore re qhelele boikhohomoso ka thōko ’me re ‘hlasele oa habo rōna ka likōpo tse phehellang’—ka ho kōpa re sa khaotse. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho lokisa litaba. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e re: “Leka mekhoa eohle ho fihlela ha le lumellane ’me le lokisitse taba le eo u hanyetsanang le eena, e le hore boitlamo ba hao bo se ke ba u fetohela kapa ba fetohela lelapa la hao.” Sena se lokela ho etsoa ntle ho tieho, hobane morena enoa oa eketsa: “U se ke ua fa mahlo a hao boroko, kapa ua etsa hore mahlo a hao a khanyang a otsele. Itopolle letsohong joaloka tšephe le joaloka nonyana letsohong la ea tšoasang linonyana.” (Liproverbia 6:4, 5, NW) Ha ho khoneha, ho molemo ho ikhula boitlamong bo bothoto, ho e-na le hore e be sefi ho uena.
Khothala Joaloka Bohloa
Morena Solomone oa eletsa: “E-ea ho bohloa, uena ea botsoa; bona litsela tsa bona ’me u hlalefe.” Re ka fumana bohlale bofe litseleng tsa bohloa bo bonyenyane? Morena enoa oa araba: “Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi, bo lokisa lijo tsa bona lehlabula; bo bokeletse phepelo ea bona ea lijo ha ho kotuloa.”—Liproverbia 6:6-8, NW.
Bohloa bo hlophisehile ka tsela e makatsang ’me bo sebelisana ka tsela e ikhethang. Ka tlhaho, bo roalla le sa sele. Ha bo na “molaoli, motsamaisi kapa ’musi.” Ke ’nete hore ho na le bohloa ba mofumahali, empa ke mofumahali feela ka kutloisiso ea hore bo behela mahe le hore ke ’mè oa sehlopha seo. Ha bo fane ka litaelo. Esita leha bo se na foromane e bo khannang kapa mookameli ea hlahlobang mosebetsi oa bona, bohloa bo lula bo le mosebetsing bo sa khathale.
Joaloka bohloa, na le rōna ha rea lokela ho khothala? Ho sebetsa ka thata le ho leka ho ntlafatsa mosebetsing oa rōna ho molemong oa rōna ebang re talimiloe kapa che. E, sekolong, moo re sebetsang, le ha re kopanela mesebetsing ea moea, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang. Joalokaha bohloa bo rua molemo bokhothaling ba bona, ka tsela e tšoanang Molimo o batla hore re ‘bone se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa rōna o thata.’ (Moeklesia 3:13, 22; 5:18, NW) Letsoalo le hloekileng le khotsofalo ea rōna ke meputso ea mosebetsi o thata.—Moeklesia 5:12.
Ha a sebelisa lipotso tse peli tse sa hlokeng likarabo, Solomone o leka ho tsosa sekhoba botsoeng ba sona, ha a re: “Uena ea botsoa, u tla ’ne u robale halelele hakae? U tla tsoha neng borokong ba hao?” Ha a se etsisa ha se bua, morena enoa oa eketsa: “Ho robala hanyenyane, ho re shoa! hanyenyane, ho phutha matsoho hanyenyane hore u robale, ’me ka sebele bofutsana ba hao bo tla tla feela joaloka lesholu, le bohloki ba hao bo tle joaloka motho ea hlometseng.” (Liproverbia 6:9-11, NW) Ha ea botsoa a sa ntse a kakaletse, bofuma bo mo tsometsa ka lebelo la sekebekoa, ’me bohloki bo mo hlasela joaloka motho ea hlometseng. Masimo a sekhoba a pupetsoa ke lehola le bobatsi ka potlako. (Liproverbia 24:30, 31) Khoebo ea hae e oa kapele. Mohiri a ka mamella ea botsoa ho fihlela neng? Na seithuti se botsoa ho ithuta se ka lebella ho atleha sekolong?
Tšepahala
Ha a lokolisa mofuta o mong hape oa boitšoaro o senyang botumo ba motho sechabeng le kamano ea hae le Molimo, Solomone o tsoela pele: “Motho ea se nang molemo, motho ea kotsi, o tsamaea ka puo e khopameng, o roba leihlo, o etsa lipontšo ka leoto, o etsa litšupiso ka menoana. Ho kheloha ho ka pelong ea hae. O rera ntho e mpe ka nako eohle. O ntse a baka ho hloka kutloano.”—Liproverbia 6:12-14, NW.
Tlhaloso ena ke ea mothetsi. Hangata motho ea leshano o leka ho pata ho hloka ’nete ha hae. Joang? Eseng feela “ka puo e khopameng” empa le ka liketso. Setsebi se seng se re: “Liketso, molumo oa lentsoe, esita le tšobotsi ea sefahleho ke mekhoa e reretsoeng ho thetsa; ka mor’a sefahleho se bontšang ho hloka boikaketsi ho ipatile kelello e khopameng le moea oa ho hloka kutloano.” Motho ea se nang molemo joalo o rera bobe ’me oa qabanya ka linako tsohle. Lintho li tla mo tsamaela joang?
Morena oa Iseraele oa araba: “Ke ka lebaka leo koluoa ea hae e tlang ho tla ka tšohanyetso; hang-hang o tla robeha, ’me ho ke ke ha e-ba le pholiso.” (Liproverbia 6:15, NW) Ha a senoleha, botumo ba ea leshano bo senyeha hang-hang. Ke mang ea sa tla hlola a mo tšepa? Ka sebele qetello ea hae ke tšenyeho, hobane “bohle ba leshano” ba thathamisitsoe har’a ba tla shoella ruri. (Tšenolo 21:8) A re lekeng ka hohle ho “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.
Hloea Seo Jehova a se Hloileng
Ho hloea se sebe—seo ke thibelo e kaakang ho etseng liketso tse senyang botumo ba rōna! Na joale ha rea lokela ho hlaolela ho nyonya se sebe? Feela, ha e le hantle re lokela ho hloea eng? Solomone o re: “Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng; e, ke lintho tse supileng tse manyala moeeng oa hae: mahlo a iphahamisang, leleme la bohata, le matsoho a tšollang mali a hlokang molato, pelo e rerang merero e kotsi, maoto a potlakelang ho mathela bobeng, paki ea bohata e phatlalatsang mashano, le mang kapa mang ea bakang ho hloka kutloano har’a bara ba motho.”—Liproverbia 6:16-19, NW.
Lihlopha tsena tse supileng tseo maele a buang ka tsona ke tsa motheo ’me li akarelletsa hoo e ka bang mefuta eohle ea liphoso. “Mahlo a iphahamisang” le “pelo e rerang merero e kotsi” ke libe tse etsoang ka ho nahana. “Leleme la bohata” le “paki ea bohata e phatlalatsang mashano” ke mantsoe a boetsalibe. “Matsoho a tšollang mali a hlokang molato” le “maoto a potlakelang ho mathela bobeng” ke liketso tsa bokhopo. Seo Jehova a se hloileng ka ho khetheha ke phepheletsane har’a batho bao ntle le moo ba ka beng ba lula hammoho ka khotso. Ho eketsoa ha palo ena ho tloha ho lintho tse tšeletseng ho ea ho tse supileng ho bontša hore lethathamo lena ha lea rereloa ho fella moo, kaha liketso tsa bokhopo tseo batho ba li etsang li ntse li eketseha.
Ka sebele, ho hlokahala hore re ithute ho nyonya seo Molimo a se hloileng. Ka mohlala, re lokela ho qoba “mahlo a iphahamisang,” kapa pontšo leha e le efe e ’ngoe ea boikhohomoso. Le litšebo tse kotsi ka sebele li lokela ho qojoa, hobane ho bonolo hore li bake “ho hloka kutloano har’a bara ba motho.” Ho ka etsahala hore ebe ka ho jala litšebo tse sa nahaneleng, ho tšoaea liphoso ho se nang motheo, kapa mashano, ha re ‘tšolle mali a hlokang molato,’ empa ka sebele re ka senya motho e mong lebitso.
“U se ke Ua Lakatsa Botle ba Hae”
Solomone o qala karolo e latelang ea keletso ea hae ka ho re: “Uena mora oa ka, u boloke taelo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao. Li tlame pelong ea hao kamehla; u li fase molaleng oa hao.” Hobane’ng? “Ha u tsamaea, e tla u tataisa; ha u robala, e tla u lebela; ’me ha u tsohile, e tla ameha ka uena.”—Liproverbia 6:20-22, NW.
Na ho hōlisoa ho latela Mangolo ho ka hla ha re sireletsa lerabeng la boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali? E, ho ka ba joalo. Rea kholisoa: “Taelo ke lebone, molao ke leseli, ’me likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo, ho u lebela khahlanong le mosali e mobe, khahlanong le leleme le boreleli la mosali osele.” (Liproverbia 6:23, 24, NW) Ho hopola keletso ea Lentsoe la Molimo le ho e sebelisa e le ‘lebone la maoto a rōna le leseli tseleng ea rōna’ ho tla re thusa ho hana ha mosali kapa monna ea itšoereng hampe a re mema ka leleme le boreleli.—Pesaleme ea 119:105.
Morena enoa ea bohlale oa eletsa: “U se ke ua lakatsa botle ba hae ka pelong ea hao, ’me a se ke a u hapa ka mahlo a hae a khanyang.” Hobane’ng? “Hobane ka lebaka la mosali oa letekatse motho o salloa ke polokoe ea bohobe; empa ha e le mosali oa monna e mong, o tsoma moea oa bohlokoa.”—Liproverbia 6:25, 26, NW.
Na Solomone o bolela hore mosali ea febang ke letekatse? Mohlomong. Kapa mohlomong o bontša phapang pakeng tsa liphello tsa ho kopanela boitšoarong bo bobe le letekatse le tsa ho feba le mosali oa monna e mong. Ea tloaelaneng haufi-ufi le letekatsi a ka theohela boemong ba ho phela ka “polokoe ea bohobe”—boo ho bona a kollang ntsi hanong. A ka ba a kenoa ke mafu a bohloko le a holofatsang a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa le AIDS e bolaeang. Ka lehlakoreng le leng, ea batlang ho tloaelana haufi-ufi le molekane oa lenyalo oa motho e mong o ne a tla ba kotsing e khōloanyane e tlang ka nako le motsotso tokisetsong ea Molao. Mosali ea febang o beha “moea oa bohlokoa” oa nyatsi ea hae kotsing. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e re: ‘Maikutlo hase feela ho khutsufatsa bophelo ka bohlola. Moetsalibe o lokela ho ahloleloa lefu.’ (Levitike 20:10; Deuteronoma 22:22) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na o motle hakae, mosali ea joalo ha aa lokela ho lakatsoa.
‘U se ke Ua Bokella Mollo Sefubeng sa Hao’
Ha a totobatsa kotsi ea bofebe ho ea pele, Solomone oa botsa: “Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae leha ho le joalo liaparo tsa hae li sa che? Kapa na motho a ka tsamaea holim’a mashala ’me maoto a hae a sa tlabohe?” Ha a hlalosa moelelo oa papiso ena, o re: “Hoa tšoana le ka mang kapa mang ea bang le likamano le mosali oa oa habo, ha ho le ea mong ea mo amang ea tla lula a sa fuoe kotlo.” (Liproverbia 6:27-29, NW) Ka sebele moetsalibe ea joalo o tla otloa.
Rea hopotsoa: “Batho ha ba nyelise lesholu hobane feela le utsoa hore le khotsofatse moea oa lona ha le lapile.” Le ha ho le joalo, “ha le fumanoa, le tla buseletsa hasupa; le tla fana ka matlotlo ’ohle a ntlo ea lona.” (Liproverbia 6:30, 31, NW) Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho hlokahala hore lesholu le lefe esita le haeba e le ka sohle seo le neng le e-na le sona.a Motho ea febileng, ea se nang lebaka la ho etsa seo a se entseng, o ne a tla tšoaneloa ke kotlo e kaakang!
Solomone o re: “Mang kapa mang ea febang le mosali o na le pelo e haelloang.” Motho ea nang le pelo e haelloang ha a na kahlolo e molemo, kaha “o felisa moea oa hae.” (Liproverbia 6:32, NW) Ka ntle, a ka ’na a bonahala e le motho ea nang le botumo bo botle, empa kelellong a sa fella hantle.
Ho ameha ho eketsehileng litholoaneng tse kotuloang ke motho ea febang. “O tla fumana kotlo le ho se hlomphehe, ’me nyeliso ea hae e ke ke ea felisoa. Etsoe khalefo ea monna ea shahlileng ke poulelo, ’me a ke ke a bontša qenehelo letsatsing la phetetso. A ke ke a nahanela thekollo ea mofuta leha e le ofe, kapa a bontše ho rata, ho sa tsotellehe hore na u etsa hore mpho e be khōlō hakae.”—Liproverbia 6:33-35, NW.
Lesholu le ka busetsa seo le se utsoitseng, empa ea febang ha ho seo a ka lefang ka sona. A ka buseletsa monna ea halefileng ka eng? Ha ho na thapeli e ka etsang hore mofosi a qeneheloe. Ha ho na tsela ea hore ea febang a lokise sebe sa hae. Nyeliso le ho se hlomphehe tse bokelloang lebitsong la hae ha li fele. Ho feta moo, ha ho tsela eo a ka ithekollang ka eona kapa a reka tokoloho kotlong e mo tšoanelang.
Ke bohlale bo bokaakang ho balehela bofebe hammoho le boitšoaro le mekhoa e meng e senyang lebitso la rōna le letle le e ka tlisetsang Molimo thohako! E se eka re ka ba seli hore re se ke ra etsa litumellano tsa booatla. A re beng ba tummeng ka ho khothala le ho tšepahala. Ha re ntse re leka ka matla ho hloea seo Jehova a se hloileng, e se eka re ka iketsetsa lebitso le letle ho eena le ho batho ba bang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho latela Molao oa Moshe, ho ne ho hlokahala hore lesholu le lefe habeli, hane kapa hahlano. (Exoda 22:1-4) Lentsoe “hasupa” mohlomong le bolela kotlo e feletseng, e neng e ka feta ka makhetlo a mangata seo a se utsoitseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
E-ba seli tabeng ea ho ba motho oa bobeli ea saenang tokomane ea ho alima chelete
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
E-ba ea khothetseng joaloka bohloa
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Itebele khahlanong le ho seba ho kotsi