Lulang le Thabile Tšebeletsong ea Jehova
“Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!”—BAFILIPI 4:4.
1, 2. Mor’abo rōna e mong le lelapa la hae ba ile ba khona ho lula ba thabile joang ho sa tsotellehe ho senyeheloa ke sohle seo ba neng ba e-na le sona?
MOKRESTE e mong ea lilemo li 70 oa Sierra Leone ea bitsoang James, o ne a sebelitse ka thata bophelo bohle ba hae. Ak’u nahane hore na o ile a thaba hakaakang ha qetellong a ne a bolokile chelete e lekaneng hore a reke ntlo e itekanetseng ea likamore tse ’nè! Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a hore James le lelapa la hae ba fallele ntlong eo, ntoa ea lehae e ile ea qhoma naheng ea habo, ’me ntlo ea bona e ile ea cha lore! Ntlo ea bona e ile ea senyeha empa ha baa ka ba felloa ke thabo. Hobane’ng?
2 James le lelapa la hae ha baa ka ba nahana ka botebo ka se senyehileng empa ba ile ba nahana ka botebo ka se setseng. James oa hlalosa: “Esita le nakong ea matsoalo, re ne re tšoara liboka, re bala Bibele, re rapela hammoho, ’me re arolela ba bang bonyane boo re neng re e-na le bona. Re ile ra khona ho lula re thabile kahobane re ile ra nahana haholo ka kamano e babatsehang eo re nang le eona le Jehova.” Ka lebaka la ho nahana ka lintho tse molemo tse ba thabisang, tseo ho tsona e khōlō ka ho fetisisa e leng kamano ea bona e haufi le Jehova, Bakreste bana ba tšepahalang ba ile ba khona ho ‘tsoela pele ba thabile.’ (2 Bakorinthe 13:11) Ke ’nete hore ho ne ho se bonolo ho mamella maemo a bona a tepelletsang. Empa ha baa ka ba khaotsa ho ithabela ho Jehova.
3. Bakreste ba bang ba pele ba ile ba lula ba thabile joang?
3 Bakreste ba pele ba ile ba thulana le liteko tse tšoanang le tseo James le lelapa la hae ba ileng ba thulana le tsona. Empa moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Baheberu mantsoe ana: ‘Le ile la amohela ka thabo ho tlatlapuoa lintho tsa lōna.’ Joale Pauluse o ile a hlalosa mohloli oa thabo ea bona, a re: “Le tseba hore le na le letlotlo le molemo le le lulang le le teng.” (Baheberu 10:34) E, Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tšepo e matla. Ka kholiseho ba ne ba lebeletse ho fumana ntho e ke keng ea tlatlapuoa—e leng “moqhaka oa bophelo” o sa senyeheng ’Musong oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 2:10) Kajeno, tšepo ea rōna ea Bokreste—ebang ke ea ho phela leholimong kapa lefatšeng—e ka re thusa hore re lule re thabile leha re thulana le mahlomola.
“Thabang Tšepong”
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha keletso ea Pauluse ea ho ‘thaba tšepong’ e ne e le nakong bakeng sa Baroma? (b) Ke eng e ka etsang hore Mokreste a se ke a hlola a bona seo e leng tšepo ea hae hantle?
4 Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena ba Roma hore ba ‘thabe tšepong’ ea bophelo bo sa feleng. (Baroma 12:12) Keletso eo e ne e le nakong bakeng sa Baroma. Lilemo tse ka tlaase ho tse leshome ka mor’a hore Pauluse a ba ngolle, ba ile ba hlorisoa ka matla, ’me ba bang ba ile ba hlorisoa ho isa lefung ka taelo ea Moemphera Nero. Ha ho pelaelo hore mahlomoleng a bona ba ile ba matlafatsoa ke tumelo ea bona ea hore Molimo o tla ba fa moqhaka oa bophelo oo a o tšepisitseng. Rōna boemo ba rōna ke bofe kajeno?
5 Joaloka Bakreste, le rōna re lebeletse ho hlorisoa. (2 Timothea 3:12) Ho feta moo, re hlokomela hore “bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Moratuoa oa rōna a ka ’na a shoa kotsing e itseng. Motsoali kapa motsoalle oa hlooho-ea-khomo a ka ’na a bolaoa ke lefu le itseng. Haeba re sa hlokomele tšepo ea rōna ea ’Muso ka linako tsohle, re ka ’na ra ba kotsing moeeng ha re hlaheloa ke liteko tse joalo. Kahoo, ho hotle hore re ipotse, ‘Na ke “thaba tšepong”? Ke ipha nako ea ho nahanisisa ka eona hangata hakae? Na Paradeise e tlang ke ntho ea sebele ho ’na? Na ke ipona ke le ho eona? Na ke sa chesehela ho tla ha bofelo ba tsamaiso ee ea lintho joaloka nakong ea ha ke qala ho ithuta ’nete?’ Re lokela ho nahana ka botebo ka potso ena ea ho qetela. Hobane’ng? Hobane, haeba re sa kule, re ikhona, ’me re phela moo ho batlang ho se na lintoa, litlala, kapa likoluoa tsa tlhaho, mohlomong hona joale re ke ke ra hlola re bona bohlokoa ba hore lefatše le lecha la Molimo le tle.
6. (a) Ha Pauluse le Silase ba tšoenngoa, ba ile ba nahana ka botebo ka eng? (b) Mohlala oa Pauluse le Silase o ka re khothatsa joang kajeno?
6 Pauluse o ile a boela a eletsa Baroma hore ba ‘mamelle tlas’a matšoenyeho.’ (Baroma 12:12) Pauluse o ne a tloaetse matšoenyeho. Ka lekhetlo le leng o ile a bona monna e mong ponong ea ileng a mo memela hore a ‘tšelele Macedonia’ ho ea thusa batho ba moo hore ba ithute ka Jehova. (Liketso 16:9) Ntle ho tšenyo ea nako, Pauluse hammoho le Luka, Silase le Timothea ba ile ba leba Europe. Baromuoa bao ba chesehang ba ne ba emetsoe ke eng? Matšoenyeho! Ka mor’a hore Pauluse le Silase ba bolele litaba tse molemo motseng oa Macedonia oa Filipi, ba ile ba shapuoa le ho lahleloa chankaneng. Ho totobetse hore baahi ba bang ba Filipi ba ne ba sa iphapanyetse molaetsa oa ’Muso feela—ba ne ba o hanyetsa ka matla. Na ketsahalo ee e fapaneng e ile ea felisa thabo ea baromuoa baa ba chesehang? Che. Ka mor’a hore ba shapuoe le ho kenngoa chankaneng, “hoo e ka bang har’a bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.” (Liketso 16:25, 26) Ha e le hantle, Pauluse le Silase ba ne ba sa thabele bohloko ba ho shapuoa, empa baromuoa bao ba babeli ba ne ba sa nahane ka botebo ka bona. Mehopolo ea bona e ne e tsepamisitsoe ho Jehova le litsela tseo a neng a ba hlohonolofatsa ka tsona. Ka ho ‘mamella tlas’a matšoenyeho,’ Pauluse le Silase ba ile ba sebeletsa e le mehlala e metle bakeng sa barab’abo bona ba Filipi le libakeng tse ling.
7. Ke hobane’ng ha lithapelo tsa rōna li lokela ho akarelletsa liteboho?
7 Pauluse o ile a ngola, a re: “Phehellang thapelong.” (Baroma 12:12) Na ua rapela linakong tsa matšoenyeho? U rapella eng? Mohlomong u rapella bothata boo u tobaneng le bona ’me u kōpa thuso ea Jehova. Empa u ka boela ua akarelletsa liteboho bakeng sa litlhohonolofatso tseo u li thabelang. Ha ho hlaha mathata, ho ikhopotsa molemo oa Jehova litšebelisanong tsa rōna le eena ho re thusa ho ‘thaba tšepong.’ Davida, eo bophelo ba hae bo neng bo tletse likhathatso, o ile a ngola, a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.” (Pesaleme ea 40:5) Haeba joaloka Davida, kamehla re nahanisisa ka litlhohonolofatso tseo re li fumanang ho Jehova, re tla thaba e le kannete.
Lula U Hlasimolohile
8. Ke eng se thusang Mokreste hore a lule a thabile ha a hlorisoa?
8 Jesu o khothalletsa balateli ba hae hore ba lule ba hlasimolohile ha ba kopana le liteko tse fapa-fapaneng. O re: “Ho thaba lōna ha batho ba le nyelisa ’me ba le hlorisa ’me ka leshano ba bua ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka lōna ka lebaka la ka.” (Matheu 5:11) Re na le lebaka lefe la ho thaba maemong a joalo? Ha re khona ho mamella khanyetso ke bopaki ba hore moea oa Jehova o ho rōna. Moapostola Petrose o ile a bolella Bakreste-’moho le eena ba mehleng ea hae se latelang: “Haeba le ntse le nyelisetsoa lebitso la Kreste, lea thaba, hobane moea oa khanya, moea oa Molimo, o lutse holim’a lōna.” (1 Petrose 4:13, 14) Jehova o tla re thusa le ka moea oa hae hore re mamelle ’me, ka lebaka leo, re lule re thabile.
9. Ke eng se ileng sa thusa bara ba bang babo rōna ho fumana mabaka a thabo ha ba ne ba le chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona?
9 Esita leha re le maemong a tšosang ka ho fetisisa, re ka fumana mabaka a ho thaba. Mokreste e mong ea bitsoang Adolf o ile a fumana hore ho joalo. O lula naheng eo ho eona mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o thibetsoe ka lilemo tse telele. Adolf o ne a tšoeroe le metsoalle ea hae e mengata ’me ba ahloletsoe nako e itseng chankaneng kahobane ba hanne ho latola lintho tse thehiloeng Bibeleng tseo ba li lumelang. Bophelo ba chankaneng bo ne bo le boima, empa joaloka Pauluse le Silase, Adolf le metsoalle ea hae ba ile ba fumana mabaka a ho leboha Molimo. Ba bolela hore se ileng sa ba etsahalla chankaneng, se ba thusitse ho matlafatsa tumelo ea bona le ho hlaolela litšoaneleho tsa bohlokoa tsa Bokreste tse kang ho fana ka seatla se bulehileng, ho nahanela le lerato la bara ba motho. Ka mohlala, ha motšoaruoa a ne a fumana sephutheloana sa lijo tse tsoang lapeng, o ne a li arolelana le balumeli-’moho le eena, ba neng ba nka hore lijo tsena tse eketsehileng li tsoa ho Jehova, eena Mofani ea ka sehloohong oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” Liketso tse joalo tse bontšang mosa li ne li thabisa mofani le ba fuoang. Kahoo, liketso tsona tseo tse neng li reretsoe ho senya tumelo ea bona, ha e le hantle li ile tsa ba matlafatsa haholoanyane moeeng!—Jakobo 1:17; Liketso 20:35.
10, 11. Morali e mong oabo rōna o ile a sebetsa taba ea ho tloka-tlokoa ka lipotso joang e ileng ea lateloa ke nako e telele chankaneng?
10 Ella, eo le eena a lulang naheng eo ho eona mosebetsi oa ’Muso o neng o thibetsoe ka nako e telele, o ile a tšoareloa ho bua le ba bang ka tšepo ea hae ea Bokreste. Ka likhoeli tse robeli, o ile a tloka-tlokoa ka lipotso. Ha nyeoe ea hae e lula qetellong, o ile a ahloleloa lilemo tse leshome chankaneng eo ho eona ho neng ho se na barapeli ba bang ba Jehova. Ella o ne a e-na le lilemo tse 24 feela ka nako eo.
11 Ha e le hantle, Ella o ne a sa lebella ho qeta karolo e khōlō ea bocha ba hae seleng ea chankana. Empa kaha o ne a ke ke a fetola boemo ba hae, o ile a rera ho fetola maikutlo a hae. Ka lebaka leo, o ile a qala ho talima chankana e le tšimo eo a ka pakang ho eona. O re: “Mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o ne o le mongata hoo lilemo li ileng tsa feta ka potlako.” Ka mor’a lilemo tse fetang bohlano, Ella o ile a hlongoa lipotso hape. Ha ba mo hlomang lipotso ba hlokomela hore mekoallo ea chankana ha ea senya tumelo ea hae, ba ile ba re ho eena: “Re ke ke ra u lokolla; ha ua fetoha.” Ella o ile a araba a sa tsilatsile, a re: “Empa ke fetohile! Ke na le boikutlo bo botle haholoanyane hona joale ho feta ha ke ne ke kena chankaneng, ’me tumelo ea ka e matla haholo ho feta pele!” Eaba oa phaella: “Haeba ha le batle ho ntokolla, ke tla lula ho fihlela Jehova a bona hore ho loketse hore a ntokolle.” Ella o ne a sa felloa ke thabo ka lebaka la lilemo tse hlano le halofo a koaletsoe chankaneng! O ne a ithutile ho khotsofala boemong bo bong le bo bong boo a neng a iphumana a le ho bona. Na u ka ithuta ho hong mohlaleng oa hae?—Baheberu 13:5.
12. Mokreste ea maemong a thata a ka tlisetsoa khotso ea kelello ke eng?
12 U se ke ua nahana hore Ella o na le neo e khethehileng e mo lumellang ho thulana le mathata a joalo. Ha Ella a bua ka nako eo a neng a hlongoa lipotso ka eona likhoeli pele a ahloloa, o re: “Ke hopola ha meno a ka a otlana, ’me ke ikutloa eka ke tsuonyana e tšohileng phakoe.” Leha ho le joalo, Ella o na le tumelo e matla ho Jehova. O ithutile ho mo tšepa. (Liproverbia 3:5-7) Ka lebaka leo, ho eena Molimo ke oa sebele ho feta pele. Oa hlalosa: “Nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke ne ke kena ka kamoreng ea ho hlongoa lipotso, ke ne ke apareloa ke khotso. . . . Ha boemo bo ne bo tšosa haholo, ke ne ke e-ba le khotso e khōloanyane.” Jehova e ne e le mohloli oa khotso eo. Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.
13. Ke eng se re tiisetsang hore ha re tleloa ke mahloriso, re tla ba le matla a ho mamella?
13 Ella, ea seng a lokolotsoe chankaneng, o ile a lula a thabile ho sa tsotellehe mathata. Ha aa ka a etsa sena ka matla a hae, empa o se entse ka matla ao Jehova a neng a mo file ’ona. Moapostola Pauluse o ne a le boemong bo tšoanang, ’me o ile a ngola: “Ka hona . . . ka nyakallo e khōlō ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente. . . . Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”—2 Bakorinthe 12:9, 10.
14. Bontša kamoo Mokreste a ka bang le maikutlo a matle kateng ka boemo bo lekang le hore na phello e ka ’na ea e-ba efe.
14 E ka ’na eaba likhatello tseo u talimanang le tsona kajeno li batla li fapane le tseo re li hlahlobileng mona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na likhatello ke tsa mofuta ofe, ho thata ho li mamella. Ka mohlala, mohiri oa hao a ka ’na a nyatsa-nyatsa mosebetsi oa hao—a o nyatsa ho feta oa bahiruoa ba malumeli a mang. Mohlomong ha ho bonolo ho batla mosebetsi o mong. U ka lula u thabile joang? Hopola Adolf le metsoalle ea hae, bao ho koalloa ha bona chankaneng ho ileng ha ba ruta ho hlaolela litšoaneleho tsa bohlokoa. Ha u ikitlaelletsa ho khotsofatsa mohiri oa hao—esita le eo “ho leng thata ho [mo] khahlisa”—u tla hlaolela litšoaneleho tsa Bokreste tse kang mamello le ho se fele pelo. (1 Petrose 2:18) Ho feta moo, u ka ’na ua fetoha mohiruoa oa bohlokoa, e leng ho ka ’nang ha fella ka menyetla e eketsehileng ea hore ka letsatsi le leng u fumane mosebetsi o khotsofatsang haholoanyane. A re ke re bueng ka litsela tse ling tseo ka tsona re ka lulang re thabile tšebeletsong ea Jehova.
Ho Nolofatsa Bophelo ho Tsoala Thabo
15-17. Banyalani ba bang ba ile ba ithuta hore ke eng e ka theolang khatello ea kelello, le hoja mohloli oa eona o ke ke oa tlosoa ka ho feletseng?
15 Ho ka etsahala hore ebe ha u na boikhethelo bo bokaalo tabeng ea hore na u sebetsa mosebetsi oa mofuta ofe kapa hore na u sebetsa hokae, empa ho ka ba le litšobotsi tse ling tsa bophelo ba hao tseo u ka li laolang ka tsela e itseng. Nahana ka liketsahalo tse latelang.
16 Banyalani ba bang ba Bakreste ba ile ba memela moholo e mong ho ea ja lapeng ha bona. Mantsiboeeng ’ona ao, mor’abo rōna le mosali oa hae ba ile ba bolella moholo ka ho mo tšepa hore morao tjena ba ikutloa ba imetsoe ke likhatello tsa bophelo. Le hoja bobeli ba ne ba sebetsa mesebetsi e ba hlokang nako e ngata, ba ne ba se boemong ba ho batla mosebetsi o mong. Ba ne ba ipotsa hore na ba tla khona ho mamella boemo bona ho fihlela neng.
17 Ha ba kōpa keletso ho moholo enoa, o ile a arabela ka ho re, ‘Nolofatsang bophelo ba lōna.’ Joang? Letsatsi le leng le le leng monna enoa le mosali oa hae ba ne ba nka lihora tse tharo ho ea le ho khutla mosebetsing. Moholo enoa, kaha o ne a tseba banyalani bana hantle, o ile a etsa tlhahiso ea hore ba nahane ka ho fallela haufi le moo ba sebetsang teng e le hore ba ka fokotsa nako eo ba e nkang ho ea le ho khutla mosebetsing. Nako e setseng ba ne ba ka e sebelisetsa ho hlokomela litaba tse ling tsa bohlokoa—kapa feela hore ba phomole. Haeba likhatello tsa bophelo li u hlokisa thabo ka tsela e itseng, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe hore na ebe ho lokisa boemo ho ka u imolla ka tsela e itseng?
18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho nahana ka hloko pele ho etsoa liqeto?
18 Tsela e ’ngoe ea ho fokotsa khatello ke ho nahana ka hloko pele u etsa liqeto. Ka mohlala, Mokreste e mong o ile a etsa qeto ea ho haha ntlo. O ile a khetha polane e rarahaneng haholo, le hoja a ne a e-s’o hahe ntlo pele ho moo. Hona joale o hlokomela hore a ka be a ile a qoba mathata a sa hlokahaleng hoja a ne a ile a “nahana ka mehato ea hae” pele a khetha polane ea ntlo ea hae. (Liproverbia 14:15) Mokreste e mong eena o ile a lumela ho tšehetsa molumeli-’moho le eena kalimanong ea chelete. Ho latela litumellano, haeba ea alimiloeng a ne a sitoa ho lefa chelete eo, motšehetsi o ne a tla tlameha ho e lefa. Qalong, ha hoa ka ha e-ba le mathata, empa ka mor’a nako ea alimiloeng o ile a roba litumellano. Ea alimaneng o ile a kenoa ke tšabo ’me a batla hore motšehetsi a lefe chelete eo kaofela. Sena se ile sa imela enoa ea ileng a lumela ho ba motšehetsi. Na a ka be a ile a qoba see haeba a ne a ile a nahana ka hloko lintlha tsohle pele a lumela ho jara boikarabelo molatong oo?—Liproverbia 17:18.
19. Litsela tse ling tseo re ka fokotsang khatello ea kelello ka tsona bophelong ba rōna ke life?
19 Ha re khathala, le ka mohla re se nahane hore re ka fokotsa khatello ’me ra khutlisa thabo ea rōna ka ho fokotsa nako ea thuto ea boinotšing ea Bibele, ea tšebeletso ea tšimo le ea ho ba teng libokeng. Che, re ke ke ra etsa joalo hobane lintho tsena ke litsela tsa bohlokoa tseo ka tsona re ka amohelang moea o halalelang oa Jehova, oo tholoana ea oona e leng thabo. (Bagalata 5:22) Mesebetsi ea Bokreste e khatholla kamehla ’me hangata hase eona e khathatsang motho. (Matheu 11:28-30) Ho ka etsahala hore ebe re khathala haholo ka lebaka la mesebetsi e tloaelehileng kapa boithabiso, eseng ka lebaka la mesebetsi ea moea. Ho ithuta ho robala ka nako ho ka thusa hore re khatholohe. Ho eketsa nako ea phomolo hanyenyane ho ka ba molemo haholo. N. H. Knorr, ea ileng a sebeletsa e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ho fihlela a e-shoa, o ne a ee a bolelle baromuoa, a re: “Ha u nyahama, ntho ea pele eo u ka e etsang ke hore u phomole. U tla makala hore na bothata bofe kapa bofe bo bonahala bo fokotsehile hakaakang ka mor’a hore u robale hantle bosiu!”
20. (a) Akaretsa litsela tse ling tseo re ka lulang re thabile ka tsona. (b) U ka nahana ka mabaka afe a ho thaba? (Bona lebokose le leqepheng la 17.)
20 Bakreste ba na le tokelo ea ho sebeletsa “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Joalokaha re bone, re ka lula re thabile esita leha re hlasetsoe ke mathata a tebileng. A re luleng tšepo ea ’Muso e khanya kamehla ka pel’a rōna, re lokiseng maikutlo a rōna ha ho hlokahala, ’me re nolofatse bophelo ba rōna. Joale, ho sa tsotellehe hore na re iphumana re le boemong bofe, re tla nka khato ka se boleloang ke mantsoe a moapostola Pauluse ha a re: “Kamehla thabang Moreneng. Ke tla boela ke re, Le thabe!”—Bafilipi 4:4.
Nahanisisa ka Lipotso Tsena:
•Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho boloka tšepo ea ’Muso e bonahala hantle?
•Ke eng e ka re thusang hore re lule re thabile maemong a thata?
•Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho nolofatsa bophelo ba rōna?
•Ba bang ba nolofalitse bophelo ba bona linthong life?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Mabaka a Eketsehileng a ho Thaba
Re le Bakreste, re na le mabaka a mangata a ho thaba. Nahana ka a latelang:
1. Re tseba Jehova.
2. Re ithutile ’nete ea Lentsoe la Molimo.
3. Re ka tšoareloa libe ka lebaka la tumelo ea rōna sehlabelong sa Jesu.
4. ’Muso oa Molimo oa busa—lefatše le lecha le tla tloha le fihla!
5. Jehova o re tlisitse paradeiseng ea moea.
6. Re thabela botsoalle bo molemo ba Bokreste.
7. Re na le tokelo ea ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo.
8.Rea phela, ’me re na le matla a itseng.
Ke mabaka a makae hape a thabo ao u ka a bolelang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Pauluse le Silase ba ne ba thabile esita le ha ba le chankaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Na mahlo a hao a tsepame tebellong e thabisang ea lefatše le lecha la Molimo?