Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/1 maq. 12-17
  • Kopanela Thabong e Tlisoang ke ho Fana!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopanela Thabong e Tlisoang ke ho Fana!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fana Hoa Thabisa
  • Ho Iketsetsa Metsoalle ea ka ho sa Feleng
  • Ho Ipolokela Matlotlo Leholimong
  • Ho Batla ba Batlang ’Nete
  • Ho Etsa Sohle Seo U ka se Khonang
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Batho ba Thabileng—Ka Lebaka Lefe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Thabang le Molimo ea Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/1 maq. 12-17

Kopanela Thabong e Tlisoang ke ho Fana!

“Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.”—LIKETSO 20:35.

1. Jehova o bonahatsa thabo e tlisoang ke ho fana joang?

THABO ea ho tseba ’nete le melemo e tlisoang ke ho tseba ’nete ke limpho tsa bohlokoa tse tsoang ho Molimo. Ba tsebang Jehova ba na le mabaka a mangata a hore ba thabe. Empa, le hoja ho amohela mpho ho thabisa, ho boetse hoa thabisa ho fana ka eona. Jehova ke Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng,” hape ke “Molimo ea thabileng.” (Jakobo 1:17; 1 Timothea 1:11) O fana ka lithuto tse matlafatsang ho bohle ba mamelang, ’me o thabisoa ke ha bao a ba rutang ba mo mamela, feela joalokaha batsoali ba thabisoa ke ha bana ba bona ba arabela taeong e lerato.—Liproverbia 27:11.

2. (a) Jesu o ile a re’ng ka ho fana? (b) Re fumana thabo efe ha re ruta ba bang ’nete ea Bibele?

2 Ka ho tšoanang, ha Jesu a le lefatšeng o ile a thabela ho bona batho ba arabela hantle thutong ea hae. Moapostola Pauluse o ile a qotsa se builoeng ke Jesu ha a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Thabo eo re e fumanang ha re ruta ba bang ’nete ea Bibele hase feela khotsofalo ea hore motho e mong o lumellana le litumelo tsa rōna tsa bolumeli. Ho e-na le hoo, re thabisoa ke ho tseba hore re fana ka ntho e nang le molemo oa sebele le oa nako e telele. Ka ho fa batho lintho tsa moea, re ka ba thusa hore ba itsoele molemo hona joale le ka ho sa feleng.—1 Timothea 4:8.

Ho Fana Hoa Thabisa

3. (a) Moapostola Pauluse le moapostola Johanne ba ile ba hlalosa thabo ea bona joang ea ho thusa ba bang moeeng? (b) Ke hobane’ng ha ho fa bana ba rōna ba sebele ’nete ea Bibele e le pontšo ea lerato?

3 E, feela joalokaha Jehova le Jesu ba thabisoa ke ho fana ka limpho tsa moea, ho joalo le ka Bakreste. Moapostola Pauluse o ile a thabisoa ke ho tseba hore o ne a thusitse ba bang ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo. O ile a ngolla phutheho ea Thesalonika: “Tšepo ea rōna kapa thabo kapa moqhaka oa thabo e khaphatsehang ke eng—na ha e le hantle hase lōna?—ka pel’a Morena oa rōna Jesu ho beng teng ha hae? Ka sebele le khanya ea rōna le thabo ea rōna.” (1 Bathesalonika 2:19, 20) Ka mokhoa o tšoanang moapostola Johanne ha a bua ka bana ba hae ba moea o ile a ngola: “Ha ho letho le nthabisang ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 4) Nahana hape ka thabo e tlisoang ke ho thusa bana ba rōna ba sebele hore e be bana ba rōna ba moea! Ho hōlisa bana “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova” ke pontšo ea lerato la batsoali. (Baefese 6:4) Ka mokhoa ona batsoali ba bontša hore ba amehile ka boiketlo ba ka ho sa feleng ba bana ba bona. Ha bana ba arabela hantle, batsoali ba thaba haholo ebile baa khotsofala.

4. Ke phihlelo efe e bontšang thabo e tlisoang ke ho fana ka lintho tsa moea?

4 Dell ke mosebeletsi oa nako e tletseng oa pula-maliboho ebile ke ’mè oa bana ba bahlano. O re: “Ke utloisisa mantsoe a moapostola Johanne hantle hobane ke leboha haholo ha e le mona bana ba ka ba bane ‘ba tsamaea ’neteng.’ Kea tseba hore Jehova o fumana tlotliso le khanya ha malapa a kopane borapeling ba ’nete, kahoo ke ikutloa ke khotsofetse ka ho tebileng ha ke bona tlhohonolofatso ea hae boitekong boo ke ileng ka bo etsa ba ho ruta bana ba ka ’nete. Tebello e babatsehang ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng le lelapa la ka e ntlatsa tšepo ’me e ntšusumelletsa hore ke mamelle ho sa tsotellehe mathata le litšitiso.” Ka masoabi, e mong oa barali ba Dell o ile a khaoloa ka phuthehong ka lebaka la ho phehella tsela eo e seng ea Bokreste. Ho sa tsotellehe sena, Dell o loanela ho lula a e-na le boikutlo bo nepahetseng. O re: “Ke na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng morali oa ka o tla khutlela ho Jehova ka boikokobetso le ka tieo. Empa ke leboha Molimo hore ebe boholo ba bana ba ka bo tsoela pele bo mo sebeletsa ka botšepehi. Thabo eo ke nang le eona e bile mohloli oa sebele oa matla ho ’na.”—Nehemia 8:10.

Ho Iketsetsa Metsoalle ea ka ho sa Feleng

5. Ha re itela mosebetsing oa ho etsa barutuoa, re khotsofatsoa ke ho tseba eng?

5 Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse barutuoa ba Bakreste ’me ba ba rute ka Jehova le ka seo a se hlokang. (Matheu 28:19, 20) Jehova le Jesu ka ho hloka boithati ba thusitse batho hore ba ithute tsela ea ’nete. Kahoo, ha re itela mosebetsing oa ho etsa barutuoa, re khotsofatsoa ke ho tseba hore re etsisa mohlala oa Jehova le oa Jesu, joaloka Bakreste ba pele. (1 Bakorinthe 11:1) Haeba re sebelisana ka tsela ena le Molimo ea Matla ’Ohle le Mora oa hae ea ratoang, bophelo ba rōna bo ba le morero oa sebele. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho baloa har’a “basebetsi-’moho” le Molimo! (1 Bakorinthe 3:9) Na ha ho thabise hore esita le mangeloi a na le karolo mosebetsing oo oa ho bolela litaba tse molemo?—Tšenolo 14:6, 7.

6. Ha re kopanela ho feng ba bang lintho tsa moea, re fetoha metsoalle ea bo-mang?

6 Ha e le hantle, ka ho kopanela mosebetsing ona oa ho fa ba bang lintho tsa moea, re ke ke ra ba basebetsi-’moho le Molimo feela—re ka ba metsoalle ea hae ea ka ho sa feleng. Abrahama o ile a bitsoa motsoalle oa Jehova ka lebaka la tumelo ea hae. (Jakobo 2:23) Ha re ntse re loanela ho etsa thato ea Molimo, le rōna re ka ba metsoalle ea Molimo. Haeba re etsa joalo, re boela re e-ba metsoalle ea Jesu. O ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke le bitsitse metsoalle, hobane lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate ke le tsebisitse tsona.” (Johanne 15:15) Ba bangata ba thabela ho nkoa e le metsoalle ea batho ba tummeng kapa ba boholong, empa re ka nkoa re le metsoalle ea batho ba babeli ba baholo ka ho fetisisa bokahohleng bohle!

7. (a) Mosali e mong o ile a etsa motsoalle oa sebele joang? (b) Na u bile le phihlelo e tšoanang?

7 Ho feta moo, ha re thusa batho hore ba tsebe Molimo, le bona ba fetoha metsoalle ea rōna, ’me sena se re thabisa ka ho khethehileng. Joan, ea lulang United States, o ile a qala ho ithuta Bibele le mosali ea bitsoang Thelma. Le hoja Thelma a ile a tobana le khanyetso ea lelapa thutong ea hae, o ile a mamella ’me a kolobetsoa selemo hamorao. Joan oa ngola: “Ho tloaelana ha rōna ha hoa ka ha fella moo; ho e-na le hoo, ho ile ha fetoha setsoalle seo hona joale se seng se nkile lilemo tse 35. Hangata re ne re e-ea tšebeletsong le likopanong hammoho. Hamorao ke ile ka fallela ntlong e ncha e bohōle ba lik’hilomithara tse 800. Empa Thelma o ntse a ’ngolla mangolo a tletseng lerato ka ho fetisisa le a thabisang, o mpolella hore o nkhopotse ka lerato ’me o nteboha ha ke bile motsoalle oa hae le ho mo behela mohlala le ha ke mo rutile linnete tsa Bibele. Ho ba le motsoalle ea haufi le ea ratehang joalo ke moputso o tsotehang oa boiteko boo ke bo entseng ba ho mo thusa hore a ithute ka Jehova.”

8. Ke boikutlo bofe bo botle bo tla re thusa tšebeletsong?

8 Ho ba le tšepo ea hore re tla fumana motho ea batlang ho ithuta ’nete ho ka re thusa hore re mamelle le haeba re kopana le batho ba bangata ba bontšang thahasello e fokolang Lentsoeng la Jehova kapa ba sa e bontšeng ho hang. Ho se thahaselle ho joalo e ka ba phephetso tumelong le mamellong ea rōna. Leha ho le joalo, boikutlo bo nepahetseng bo tla re thusa. Fausto, ea tsoang Guatemala, o ile a re: “Ha ke pakela ba bang, ke nahana kamoo ho ka thabisang kateng haeba motho eo ke buang le eena a ka fetoha mor’eso kapa morali’eso oa moea. Ke ipolella hore bonyane motho a le mong eo ke tla kopana le eena o tla qetella a amohetse ’nete ea Lentsoe la Molimo. Khopolo eo e nthusa hore ke tsoele pele ’me e ntlisetsa thabo ea sebele.”

Ho Ipolokela Matlotlo Leholimong

9. Jesu o ile a re’ng ka matlotlo leholimong, hona re ka ithuta eng ho see?

9 Ho etsa barutuoa, ebang ke bana ba rōna ba sebele kapa ke batho ba bang, hase kamehla ho leng bonolo. Ho ka ’na ha hloka nako, ho se fele pelo le mamello. Leha ho le joalo, hopola hore ba bangata ba ikemiselitse ho sebetsa ka thata ho ipolokela lintho tse ngata tse bonahalang, lintho tseo hangata li sa ba tlisetseng thabo le tse ke keng tsa e-ba teng ka ho sa feleng. Jesu o ile a bolella bamameli ba hae hore ho molemo ho sebeletsa lintho tsa moea. O ile a re: “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe. Ho e-na le hoo, le ipolokele matlotlo leholimong, moo tšoèlè kapa mafome li sa jeng, le moo masholu a sa thuheng ’me a utsoe.” (Matheu 6:19, 20) Ka ho phehella lipakane tsa moea—tse akarelletsang ho kopanela mosebetsing oa bohlokoa oa ho etsa barutuoa—re ka khotsofatsoa ke ho tseba hore re etsa thato ea Molimo le hore o tla re putsa. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.”—Baheberu 6:10.

10. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a e-na le matlotlo a moea? (b) Jesu o ile a itela joang, hona see se ile sa tsoela ba bang molemo ofe o moholo?

10 Haeba re sebetsa ka mafolofolo ho etsa barutuoa, re ipolokela “matlotlo leholimong” tumellanong le seo Jesu a se boletseng. Sena se re fa thabo e tlisoang ke ho amohela. Haeba re fana ka ho hloka boithati, qetellong ke rōna ba ruang. Ka botšepehi Jesu o ile a sebeletsa Jehova ka lilemo tse limilione tse likete. Ak’u nahane ka matlotlo ao a ileng a ipolokela ’ona leholimong! Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a ipatlela lithahasello tsa hae. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “[Jesu] o ile a inehela bakeng sa libe tsa rōna e le hore a ka re lopolla tsamaisong ea joale e khopo ea lintho ho ea ka thato ea Molimo le Ntate oa rōna.” (Bagalata 1:4) Hase feela hore ka ho hloka boithati Jesu o ile a itela tšebeletsong ea hae empa hape o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo e le hore ba bang ba ka ba le monyetla oa ho ipolokela matlotlo leholimong.

11. Ke hobane’ng ha limpho tsa lintho tsa moea li le molemo ho feta tsa lintho tse bonahalang?

11 Ka ho ruta batho ka Molimo, re ba thusa hore ba bone kamoo le bona ba ka ipolokelang matlotlo a sa senyeheng a moea. Na u ka ba fa mpho e fetang eo? Haeba u fa motsoalle oache e turu, koloi, kapa esita le ntlo, mohlomong motsoalle eo o tla leboha a be a thabe, ’me u tla ba le thabo e tlisoang ke ho fana. Empa mpho eo e tla be e le boemong bofe ka mor’a lilemo tse 20? Ka mor’a lilemo tse 200? Ka mor’a lilemo tse 2 000? Ka lehlakoreng le leng, ha u itella ho thusa motho hore a sebeletse Jehova, a ka rua molemo oa mpho eo ka ho sa feleng.

Ho Batla ba Batlang ’Nete

12. Ba bangata ba itetse joang hore ba thuse ba bang moeeng?

12 Hore ba kopanele thabong e tlisoang ke ho fana ka lintho tsa moea, batho ba Jehova ba ile lipheletsong tsa lefatše. Ba likete ba siile mahae le malapa e le hore ba kenele tšebeletso ea boromuoa linaheng tseo ho tsona ba ileng ba lokela ho tloaela lipuo tse ncha le mekhoa e mecha ea bophelo. Ba bang ba falletse libakeng tse ling hona linaheng tsa habo bona moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea bahoeletsi ba ’Muso. Ba bang hape ba ithutile puo e ncha, e leng ho ileng ha ba bulela menyetla e mecha ea ho bolela ho baahi ba bajaki ba lulang libakeng tseo. Ka mohlala, ka mor’a ho hōlisa bana ba babeli bao hona joale ba sebeletsang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova, banyalani ba bang ba New Jersey, U.S.A., ba ile ba qala ho bula maliboho ’me ba ithuta Sechaena. Ka mor’a lilemo tse tharo, ba ne ba khannetse batho ba 74 ba buang Sechaena lithuto tsa Bibele, ba neng ba kena sekolo kolecheng e haufi. Na u khona ho atolosa tšebeletso ea hao ka tsela e itseng e le hore u fumane thabo e eketsehileng mosebetsing oa ho etsa barutuoa?

13. U ka ’na ua etsa eng haeba u batla hore tšebeletso ea hao e behe litholoana haholoanyane?

13 Mohlomong u labalabela ho khanna thuto ea Bibele empa ha u e-s’o khone ho etsa joalo. Linaheng tse ling ho thata ho fumana batho ba thahasellang. Mohlomong batho bao u kopanang le bona ha ba bontše thahasello Bibeleng. Haeba ho joalo, mohlomong u ka bolela takatso ea hao khafetsa ka thapelo, u tseba hore Jehova le Jesu Kreste ba thahasella mosebetsi ona haholo ’me ba ka u tataisa hore u ee ho motho ea kang nku. Batla litlhahiso ho ba bang phuthehong ea heno ba nang le phihlelo e eketsehileng kapa bao tšebeletso ea bona e atlehang haholoanyane. Sebelisa hamolemo koetliso le litlhahiso tse fanoang libokeng tsa Bokreste. Rua molemo keletsong ea balebeli ba tsamaeang le basali ba bona. Ka holim’a tsohle, u se ke ua tela le ka mohla. Monna ea bohlale o ile a ngola: “Jala peō ea hao hoseng ’me u se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shoalane; etsoe ha u tsebe moo sena se tlang ho ba le katleho.” (Moeklesia 11:6) Ho sa le joalo, hopola banna ba tšepahalang ba kang Noe le Jeremia. Le hoja e le ba fokolang haholo ba ileng ba arabela hantle boboleling ba bona, tšebeletso ea bona e ile ea atleha. Ka holim’a tsohle, e ile ea thabisa Jehova.

Ho Etsa Sohle Seo U ka se Khonang

14. Jehova o talima ba tsofaletseng tšebeletsong ea hae joang?

14 Ho ka etsahala hore ebe maemo a hao ha a u lumelle hore u etse sohle seo u se batlang tšebeletsong. Ka mohlala, botsofali bo ka khina seo u ka se etsang tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, hopola seo monna ea bohlale a ileng a se ngola: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liproverbia 16:31) Ho Jehova, bophelo bo qetiloeng tšebeletsong ea hae boa mo thabisa. Ho phaella moo, Mangolo a re: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na [Jehova] ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle. Ka sebele ke tla nka bohato, e le hore ke nke ’me ke mamelle ’me ke pholose.” (Esaia 46:4) Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o tšepisa hore o tla matlafatsa ba hae ba tšepahalang a be a ba tšehetse.

15. Na u lumela hore Jehova o utloisisa maemo a hao? Hobane’ng?

15 Mohlomong u tlameha ho mamella bokuli, khanyetso ea molekane ea sa lumelang, boikarabelo bo boima ba lelapa kapa bothata bo bong bo boima. Jehova o lemoha mefokolo ea rōna le maemo a rōna, ’me o re ratela boiteko bo tiileng boo re bo etsang ba ho mo sebeletsa. Sena ke ’nete le haeba seo re se etsang se ka ba ka tlaase ho seo ba bang ba se etsang. (Bagalata 6:4) Jehova oa tseba hore ha rea phethahala, o talima lintho ka tsela ea sebele mabapi le seo a se lebeletseng ho rōna. (Pesaleme ea 147:11) Haeba re etsa sohle seo re ka se khonang, re ka kholiseha hore re ba bohlokoa ponong ea Molimo le hore a ke ke a lebala liketso tsa rōna tsa tumelo.—Luka 21:1-4.

16. Phutheho eohle e kopanela ka tsela efe ho etseng morutuoa?

16 Hape hopola hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa hase mosebetsi oa motho a le mong. Hase motho a le mong ea etsang morutuoa, joalokaha e se lerotholi le le leng la pula le nosetsang semela. Ke ’nete hore Paki e le ’ngoe e ka ’na ea fumana motho ea thahasellang ’me ea khanna thuto ea Bibele. Empa hang ha motho eo e mocha a tla Holong ea ’Muso, phutheho eohle e mo thusa hore a lemohe ’nete. Mofuthu o teng mokhatlong oa bara ba motho o bontša tšusumetso ea moea oa Molimo. (1 Bakorinthe 14:24, 25) Bana le bacha ba fana ka litlhaloso tse susumetsang, tse bontšang motho e mocha hore bacha ba rōna ba fapane le bacha ba lefatše. Ba kulang, ba fokolloang ke bophelo le ba tsofetseng ka phuthehong ba ruta batho ba sa tsoa kopanela hore na mamello e akarelletsa eng. Ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna kapa mefokolo ea rōna, kaofela ha rōna re phetha karolo ea bohlokoa ho thuseng ba sa tsoa kopanela ha lerato la bona la ’nete ea Bibele le ntse le teba ’me ba hatela pele ho leba kolobetsong. Hora e ’ngoe le e ’ngoe eo re e qetang tšebeletsong, leeto le leng le le leng la ho boela, moqoqo o mong le o mong oo re bang le oona le motho ea thahasellang Holong ea ’Muso, li ka bonahala e se tsa bohlokoa, empa ke karolo ea mosebetsi o moholo oo Jehova a o finyellang.

17, 18. (a) Ho phaella ho kopaneleng mosebetsing oa ho etsa barutuoa, ke joang re ka kopanelang thabong e tlisoang ke ho fana? (b) Ka ho kopanela thabong e tlisoang ke ho fana, re etsisa mang?

17 Ho hlakile hore ho phaella ho kopaneleng mosebetsing oa bohlokoa oa ho etsa barutuoa, joaloka Bakreste re boetse re kopanela thabong ea ho fa ba bang ka litsela tse ling. Re ka behella ka thōko chelete bakeng sa ho tšehetsa borapeli bo hloekileng le ho thusa ba hlokang. (Luka 16:9; 1 Bakorinthe 16:1, 2) Re ka batla menyetla ea ho bontša ba bang kamohelo e mofuthu ea boeti. (Baroma 12:13) Re ka loanela ho ‘sebetsa se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagalata 6:10) ’Me ka litsela tse bonolo empa e le tsa bohlokoa, re ka fa ba bang—lengolo, ho ba letsetsa thelefono, mpho, ho ba thusa, ho ba bolella mantsoe a ba khothatsang.

18 Ka ho fana, re bontša hore re etsisa Ntate oa rōna oa leholimo. Hape re bontša lerato la rōna la bara ba motho, e leng letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete. (Johanne 13:35) Ho hopola lintho tsena ho ka re thusa ho kopanela thabong e tlisoang ke ho fana.

Na U ka Hlalosa?

•Jehova le Jesu ba behile mohlala oa ho fana moeeng joang?

•Re ka etsa metsoalle ea ka ho sa feleng joang?

•Re ka nka mehato efe ho etsa hore tšebeletso ea rōna e atlehe haholoanyane?

•Bohle ka phuthehong ba ka kopanela joang thabong e tlisoang ke ho fana?

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Ha bana ba arabela hantle koetlisong eo ba e fuoang, batsoali ba ba le thabo e khōlō le khotsofalo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ka ho etsa barutuoa, re etsa metsoalle ea sebele

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Jehova oa re mamella ha re se re tsofetse

[Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Ka litsela tse bonolo empa e le tsa bohlokoa, re fumana thabo e tlisoang ke ho fana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela