Ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng ea Bona
“Ke ile ka fuoa moutloa nameng, lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele.”—2 BAKORINTHE 12:7.
1. A mang a mathata a tobileng batho kajeno ke afe?
NA U tobane le teko e sa khaotseng? Haeba ho joalo, ha u mong. ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ Bakreste ba tšepahalang ba loana le khanyetso e matla, mathata a lelapa, maloetse, mathata a lichelete, ho tepella maikutlong, ho shoeloa ke baratuoa le mathata a mang. (2 Timothea 3:1-5) Linaheng tse ling, bophelo ba batho ba bangata bo sokeloa ke likhaello tsa lijo le lintoa.
2, 3. Ke boikutlo bofe bo bobe bo ka hlahisoang ke mathata a kang meutloa ao re tobanang le ’ona, ’me seo se ka ba kotsi joang?
2 Mathata a joalo a ka etsa hore motho a sithabele ka ho feletseng, haholo-holo haeba a hlaheloa ke mathata a mangata ka nako e le ’ngoe. Hlokomela se boleloang ke Liproverbia 24:10: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” E, ho nyahamisoa ke liteko tse re hlahelang ho ka re qeta matla ao re a hlokang haholo ’me ho ka fokolisa boikemisetso ba rōna ba ho mamella ho fihlela qetellong. Joang?
3 Ho nyahama ho ka ’na ha etsa hore re fifalloe ke pono. Ka mohlala, ho bonolo hore re fetelletse mathata a rōna ’me re qale ho iqenehela. Ba bang ba ka ba ba hooa ho Molimo, “Ke hobane’ng ha u lumella hore ke hlaheloe ke ntho e tjee?” Haeba boikutlo bo joalo bo bobe bo ka hōla pelong ea motho, butle-butle bo ka felisa thabo le tšepo ea hae. Mohlanka oa Molimo a ka nyahama hoo a ka bang a khaotsa ho loana “ntoa e ntle ea tumelo.”—1 Timothea 6:12.
4, 5. Maemong a mang, Satane o ameha joang mathateng a rōna, leha ho le joalo re ka kholiseha ka eng?
4 Ka sebele Jehova Molimo ha a re bakele liteko. (Jakobo 1:13) Liteko tse ling li re hlahela feela ka lebaka la hore re leka ho tšepahala ho eena. Ha e le hantle, bohle ba sebeletsang Jehova ba iketsa liphofu tsa sera sa hae se ka sehloohong, Satane Diabolose. Ka nako e khutšoanyane e mo saletseng, “molimo [enoa ea khopo] oa tsamaiso ena ea lintho” o leka ho etsa hore e mong le e mong ea ratang Jehova a khaotse ho etsa thato ea Hae. (2 Bakorinthe 4:4) Satane o bakela mokhatlo oohle oa barab’abo rōna lefatšeng ka bophara mahlomola ka hohle kamoo a ka khonang. (1 Petrose 5:9) Ke ’nete hore hase mathata ’ohle a rōna a bakoang ke Satane ka ho toba, empa a ka sebelisa mathata ao re tobanang le ’ona, a batla ho re fokolisa ka ho eketsehileng.
5 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na Satane o tšosa hakae le hore na libetsa tsa hae li tšosa hakae, re ka mo hlōla! Re ka kholiseha joang ka seo? Re ka kholiseha hobane Jehova Molimo oa re loanela. O entse bonnete ba hore bahlanka ba hae ba tsebe maqheka a Satane. (2 Bakorinthe 2:11) Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le re bolella ka liteko tse ngata tse utloisang Bakreste ba ’nete bohloko. Tabeng ea moapostola Pauluse, Bibele e ile ea sebelisa polelo e reng, “moutloa nameng.” Ka lebaka lefe? A re ke re hlahlobeng kamoo Lentsoe la Molimo le hlalosang polelo ena kateng. Joale re tla bona hore hase rōna ba pele ba hlokang thuso ea Jehova hore re hlōle liteko.
Lebaka Leo ka Lona Liteko li Tšoanang le Meutloa
6. Pauluse o ne a bolela’ng ka “moutloa nameng,” hona ho ka etsahala hore ebe moutloa oo e ne e le eng?
6 Kaha Pauluse o ne a lekiloe haholo, o ile a bululeloa ho ngola: “Ke ile ka fuoa moutloa nameng, lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele, e le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa.” (2 Bakorinthe 12:7) Moutloa oo o neng o le nameng ea Pauluse e ne e le eng? Ka sebele moutloa o keneletseng ka hare nameng o ne o tla ba bohloko. Kahoo mokhabo-puo ona o bontša hore ho na le ntho e neng e utloisa Pauluse bohloko—ebang ke nameng, maikutlong kapa ka bobeli. E ka ’na eaba Pauluse o ne a e-na le lefu la mahlo kapa mofokolo leha e le ofe o mong nameng. Kapa ho ka etsahala hore ebe moutloa ona e ne e le batho ba neng ba le khahlanong le ho tšoaneleha ha Pauluse e le moapostola ’me ba belaella mosebetsi oa hae oa boboleli le oa ho ruta. (2 Bakorinthe 10:10-12; 11:5, 6, 13) Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, moutloa ona ha oa ka oa tloha ’me o ne o ke ke oa tlosoa.
7, 8. (a) Polelo e reng “hore le ’ne le ntjabele” e bontša’ng? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re loane le meutloa leha e le efe e re utloisang bohloko hona joale?
7 Hlokomela hore moutloa ona o ne o ntse o jabela Pauluse. Ho thahasellisang ke hore leetsi la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng mona le tsoa lentsoeng le bolelang “linōkō.” Lentsoe lena le sebelisitsoe ka ho toba ho Matheu 26:67 ’me le sebelisitsoe ka tsela ea tšoantšetso ho 1 Bakorinthe 4:11. Litemaneng tsena, le fetisa khopolo ea ho otloa ka litebele. Ka lebaka la lehloeo le feteletseng la Satane ho Jehova le bahlanka ba Hae, re ka kholiseha hore Diabolose o ile a thabela hore ebe moutloa o ne o ntse o jabela Pauluse. Kajeno, Satane o thaba ka tsela e tšoanang ha le rōna re tšoenngoa ke moutloa nameng.
8 Kahoo, joaloka Pauluse, ho hlokahala hore re tsebe hore na re ka loana joang le meutloa e joalo. Bophelo ba rōna bo itšetlehile ka hore re etse joalo! Hopola hore Jehova o batla ho lelefatsa bophelo ba rōna ka ho sa feleng lefatšeng la hae le lecha, moo re ke keng ra hlola re khathatsoa ke mathata a kang meutloa. E le ho re thusa hore re hape moputso ona o babatsehang, Molimo o re file mehlala e mengata Lentsoeng la hae le halalelang, Bibele, e bontšang hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba ’nile ba loana ka katleho le meutloa nameng ea bona. E ne e le batho ba tloaelehileng, ba sa phethahalang joaloka rōna. Ho nahana ka ba bang har’a ‘leru lena le leholo la lipaki’ ho ka re thusa hore “re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.” (Baheberu 12:1) Ho thuisa ka seo ba se mameletseng ho ka re kholisa hore re ka khona ho loana le meutloa leha e le efe eo Satane a ka e sebelisang ho re hlasela ka eona.
Meutloa e Neng e Utloisa Mefiboshethe Bohloko
9, 10. (a) Ho tlile joang hore Mefiboshethe a be le moutloa nameng ea hae? (b) Morena Davida o ile a bontša Mefiboshethe mosa ofe, hona re ka etsisa Davida joang?
9 Ak’u nahane ka Mefiboshethe, mora oa motsoalle oa Davida, Jonathane. Ha Mefiboshethe a le lilemo li hlano, ho ile ha fihla molaetsa o reng ntat’ae Jonathane le ntat’ae-moholo Morena Saule, ba bolailoe. Mohlokomeli oa moshanyana enoa o ile a tšoha. O ile “a qala ho mo nka . . . , empa eare ha a ntse a matha a tšohile hore a balehe, joale mora eo a oela ’me a holofala.” (2 Samuele 4:4) Kholofalo ena e tlameha ebe e ile ea e-ba moutloa o bohloko oo Mefiboshethe a ileng a tlameha ho o mamella ha a ntse a hōla.
10 Lilemo tse itseng hamorao, ka lebaka la ho rata Jonathane haholo, Morena Davida o ile a bontša Mefiboshethe mosa o lerato. Davida o ile a mo fa thepa eohle ea Saule ’me a abela Tsiba molebeli oa Saule hore a hlokomele tšimo ena. Hape Davida o ile a re ho Mefiboshethe: ‘U tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.’ (2 Samuele 9:6-10) Ha ho pelaelo hore mosa oa Davida o lerato o ile oa tšelisa Mefiboshethe ’me oa fokotsa bohloko bo neng bo bakoa ke kholofalo ea hae. Ke thuto e ntle hakaakang! Le rōna re lokela ho bontša mosa ho ba tobaneng le moutloa nameng.
11. Tsiba o ile a re’ng ka Mefiboshethe, empa re tseba joang hore o ne a bua leshano? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
11 Hamorao, ho ile ha hlokahala hore Mefiboshethe a tobane le moutloa o mong nameng ea hae. Mohlanka oa hae, Tsiba, o ile a mo etselletsa ho Morena Davida, eo ka nako eo a neng a baleha Jerusalema ka lebaka la borabele ba mora oa Davida, Absalome. Tsiba o ile a re Mefiboshethe o setse Jerusalema ka bolotsana ka tšepo ea ho ikhapela borena.a Davida o ile a kholoa liketselletso tsa Tsiba eaba o fa raleshano eo thepa eohle ea Mefiboshethe!—2 Samuele 16:1-4.
12. Mefiboshethe o ile a itšoara joang ka se mo hlahetseng, hona ke mohlala o motle joang ho rōna?
12 Leha ho le joalo, qetellong ha Mefiboshethe a kopana le Davida, o ile a bolella morena hore na ho hlile ho etsahetse’ng. O ne a ntse a itokisetsa ho ea ho Davida ha Tsiba a mo qhekella ’me a ithaopela ho ea sebakeng sa hae, a sebelisa kholofalo ea Mefiboshethe e le lebaka. Na Davida o ile a lokisa phoso ee? Eseng ka ho feletseng. O ile a arolela banna bana ba babeli tšimo. Le ketsong ena ho ile ha hlaha ntho e ’ngoe eo e neng e ka fetoha moutloa nameng ea Mefiboshethe. Na o ile a soetseha haholo? Na o ile a ipelaetsa ka qeto ea Davida, a bolela hore e leeme? Che, ka boikokobetso o ile a lumellana le thato ea morena. O ile a lebisa tlhokomelo ho se setle, a thabela hore morena ea loketseng oa Iseraele o khutlile a sireletsehile. Ka sebele Mefiboshethe o ile a beha mohlala o motle ka ho mamella ho holofala, ho etselletsoa le ho soetsoa.—2 Samuele 19:24-30.
Nehemia o Ile a Loana le Liteko Tsa Hae
13, 14. Ho ile ha hlokahala hore Nehemia a mamelle meutloa efe ha a khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa marako a eona?
13 Nahana ka meutloa ea tšoantšetso eo Nehemia a ileng a e mamella ha a khutlela motseng o se nang marako oa Jerusalema lekholong la bohlano la lilemo B.C.E. O ile a fumana motse o sa sireletseha ka ho feletseng, ’me Bajuda ba khutlileng ba ne ba sa hlophiseha, ba nyahame ’me ba sa hloeka mahlong a Jehova. Le hoja a ne a lumeletsoe ke Morena Artaxerxerse hore a tsosolose marako a Jerusalema, kapele Nehemia o ile a fumana hore babusisi ba linaha tse haufi ba ne ba hloile thōmo ea hae. Ho ile “ha bonahala e le ntho e mpe haholo ho bona hore ebe motho o ne a tlil’o batla ho hong ho molemo bakeng sa bara ba Iseraele.”—Nehemia 2:10.
14 Bahanyetsi bana ba basele ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho thibela mosebetsi oa Nehemia. Litšokelo tsa bona, mashano, liketselletso, tšoso—ho kopanyelletsa le ho sebelisa lihloela ho mo nyahamisa—e tlameha ebe li ile tsa tšoana le meutloa e sa tloheng nameng ea hae. Na o ile a inehela maqiting a lira tseo? Che! O ile a tšepa Molimo ka ho feletseng, a sa thekesele. Kahoo, qetellong ha marako a Jerusalema a tsosolosoa, a ile a fana ka bopaki ba nako e telele ba hore Jehova o tšehelitse Nehemia ka lerato.—Nehemia 4:1-12; 6:1-19.
15. Ke mathata afe har’a Bajuda a neng a tšoenya Nehemia haholo?
15 Kaha Nehemia e ne e le ’musisi, o ne a boetse a lokela ho tobana le mathata a mangata har’a batho ba Molimo. Mathata ana a ne a tšoana le meutloa e neng e mo tšoenya ka ho tebileng hobane a ne a ama kamano ea batho le Jehova. Barui ba ne ba batla tsoala e ngata, ’me barab’abo bona ba futsanehileng ba ne ba lokela ho fana ka masimo a bona esita le ho rekisa bana ba bona bokhobeng e le hore ba lefe melato esita le lekhetho la Persia. (Nehemia 5:1-10) Bajuda ba bangata ba ne ba sa boloke Sabatha ’me ba hlōleha ho tšehetsa Balevi le tempele. Hape, ba bang ba ne ba nyetse “basali ba Baashdode, Baammone le Bamoabe.” See se ile sa utloisa Nehemia bohloko hakaakang! Empa ha ho moutloa le o mong ho ena o ileng oa etsa hore a tele. Nako le nako o ne a tobana le boemo e le motšehetsi ea chesehang oa melao e lokileng ea Molimo. Joaloka Nehemia, e se eka re ka hanela hore boitšoaro bo sa tšepahaleng ba ba bang bo re thibele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi.—Nehemia 13:10-13, 23-27.
Ba Bang ba Bangata ba Tšepahalang ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng
16-18. Ke joang Isaka le Rebeka, Anna, Davida le Hosea ba ileng ba tobana le ntoa ea ka lapeng?
16 Bibele e na le mehlala e meng e mengata ea batho ba ileng ba loana le maemo a sithabetsang a neng a tšoana le meutloa. Sesosa se tloaelehileng sa meutloa e joalo e ne e le mathata a lelapa. Basali ba babeli ba Esau ba ne “ba utloisa moea oa Isaka le Rebeka bohloko,” e leng batsoali ba Esau. Rebeka o bile a bolela hore o nyonya bophelo ba hae le basali bao. (Genese 26:34, 35; 27:46) Hape, nahana ka Anna le kamoo mohalitsong oa hae, Penina, ‘a neng a mo tšoenya haholo’ kahobane Anna e ne e le nyopa. Mohlomong Anna o ne a hobosoa tjena khafetsa sephiring ha ba le ha bona. Penina o ne a boetse a mo tšoenya har’a batho—ntle ho pelaelo ka pel’a beng ka bona le metsoalle—ha lelapa le ile moketeng Shilo. Sena se ne se tšoana le ho kenyelletsa moutloa ka hare-hare nameng ea Anna.—1 Samuele 1:4-7.
17 Nahana hore na Davida o ile a mamella hakaakang ka lebaka la mōna oa bohlanya oa mohoe oa hae, Morena Saule. E le hore a pholose bophelo ba hae, Davida o ile a lokela ho phela mahaheng lefeelleng la Ene-gedi, moo a neng a lokela ho hloa makhalo a tletseng mafika a nang le lilomo le a kotsi. Leeme le tjena e tlameha ebe le ne le mo tšoenya, hobane o ne a sa fosetsa Saule ka letho. Leha ho le joalo, ka lilemo tse ngata ho ile ha hlokahala hore Davida e be ’mutl’a lintjeng—sena sohle e le ka lebaka la mōna oa Saule.—1 Samuele 24:14, 15; Liproverbia 27:4.
18 Ak’u nahane ka ntoa ea ka lapeng eo moprofeta Hosea a ileng a tobana le eona. Mosali oa hae o ile a fetoha mofebi. E tlameha ebe boitšoaro ba hae bo bobe bo ne bo tšoana le meutloa e hlabileng pelo ea hae. E tlameha ebe o ile a utloa bohloko bo eketsehileng hakaakang ha a beleha bana ba babeli ba matšeho ka bohlola ba hae!—Hosea 1:2-9.
19. Moprofeta Mikaia o ile a hlorisoa ke eng?
19 Moutloa o mong nameng ke mahloriso. Nahana ka phihlelo ea moprofeta Mikaia. E tlameha ebe moea o lokileng oa Mikaia o ile oa hlokofatsoa ke ho bona Morena Akabe ea khopo a ipokellela baprofeta ba bohata ’me Akabe a lumela mashano a bona a totobetseng. Joale, ha Mikaia a bolella Akabe hore baprofeta bao kaofela ba ne ba bua ka “moea o thetsang,” moeta-pele oa balotsana bao o ile a etsa’ng? O ile “a otla Mikaia lerameng”! Ho hobe ka ho fetisisa e bile tsela eo Akabe a ileng a itšoara ka eona ha Jehova a mo lemosa hore letšolo la hae la ho khutlisa Ramothe-gileade le ne le ke ke la atleha. Akabe o ile a laela hore Mikaia a hlahleloe chankaneng ’me lijo tsa hae li fokotsoe. (1 Marena 22:6, 9, 15-17, 23-28) Hape, hopola Jeremia le kamoo bahlorisi ba hae ba babolai ba ileng ba mo tšoara kateng.—Jeremia 20:1-9.
20. Ho ile ha hlokahala hore Naomi a mamelle meutloa efe, hona o ile a putsoa joang?
20 Ho shoeloa ke batho bao u ba ratang ke boemo bo bong bo utloisang bohloko bo ka tšoanang le moutloa nameng. Ho ile ha hlokahala hore Naomi a mamelle bohloko ba ho shoeloa ke monna oa hae le bara ba babeli. A ntse a utloile bohloko boo bo sithabetsang, o ile a khutlela Bethlehema. O ile a bolella metsoalle ea hae hore e se ke ea mo bitsa Naomi, empa e mo bitse Mara, e leng lebitso le neng le bontša hore o ne a hlahetsoe ke lintho tse bohloko hakae. Leha ho le joalo, qetellong Jehova o ile a putsa mamello ea hae ka setloholo sa moshanyana se ileng sa kenella lelokong la Mesia.—Ruthe 1:3-5, 19-21; 4:13-17; Matheu 1:1, 5.
21, 22. Ke joang Jobo a ileng a lahleheloa haholo, empa o ile a itšoara joang?
21 Ak’u nahane kamoo e tlamehang ebe Jobo o ile a ferekana maikutlo kateng ha a utloa ka lefu la tšohanyetso le le mabifi la bana ba hae ba ratoang ba leshome, esita le ho lahleheloa ke mohlape oohle oa hae le bahlanka ba hae. Ka tšohanyetso ho ile ha bonahala eka ke phetho ka eena! Joale, eitse Jobo a sa ntsane a itlhotha litlhotse, Satane a mo hlasela ka boloetse. Ho ka etsahala hore ebe Jobo o ne a nahana hore boloetse bona bo kotsi bo tla mo bolaea. O ne a utloa bohloko hoo a neng a ikutloa hore lefu le ka mo lopolla.—Jobo 1:13-20; 2:7, 8.
22 Ho phaella ho sena, ka lebaka la ho utloa bohloko le ho tsieleha, mosali oa hae o ile a ea ho eena ’me a hooa: “Rohaka Molimo ’me u shoe!” E tlameha ebe oo e bile moutloa o mokaakang nameng ea hae e opang! Ka mor’a moo, ho e-na le hore metsoalle ea Jobo e meraro e mo tšelise, e ile ea mo hlasela ka mabaka a boikaketsi, ea mo qosa ka hore ho na le libe tseo a li etsang ka sekhukhung ’me ea bolela hore ke tsona tse mo baketseng tsietsi. E ile eaka mabaka a bona a fosahetseng a tebisetsa meutloa hare-hare nameng ea hae. Hape, u hopole hore Jobo o ne a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha lintho tseo tse bohloko li mo hlahela; ebile o ne a sa tsebe hore o ne a ke ke a shoa. Leha ho le joalo, “ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.” (Jobo 1:22; 2:9, 10; 3:3; 14:13; 30:17) Le hoja a ile a hlaseloa ke meutloa e mengata ka nako e le ’ngoe, ha aa ka a lahla tsela ea hae ea botšepehi le ka mohla. See se khothatsa hakaakang!
23. Ke hobane’ng ha ba tšepahalang bao ho builoeng ka bona ba ile ba khona ho mamella meutloa e fapa-fapaneng nameng ea bona?
23 Ka sebele ho na le mehlala e mengata ho feta ena e boletsoeng. Bibele e na le e meng e mengata. Bahlanka bana bohle ba tšepahalang ba ile ba lokela ho tobana le meutloa ea bona ea tšoantšetso. Ba ile ba tobana le mathata a fapa-fapaneng hakaakang! Leha ho le joalo, ho na le ntho eo ba neng ba tšoana ka eona. Ha ho le ea mong oa bona ea ileng a khaotsa ho sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe liteko tsohle tsa bona tse sithabetsang, ba ile ba hlōla Satane ka matla ao Jehova a ileng a ba fa ’ona. Joang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena ’me se re bontše kamoo re ka loanang le ntho efe kapa efe e tšoanang le moutloa nameng ea rōna.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Monna ea nang le kananelo le ea ikokobelitseng joaloka Mefiboshethe o ne a ke ke a loha leano le joalo la boiphahamiso. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba hantle tlaleho ea botšepehi ba ntat’ae Jonathane. Le hoja Jonathane e ne e le mora oa Morena Saule, ka boikokobetso o ile a nka hore Davida ke eena eo Jehova a mo khethileng hore e be morena oa Iseraele. (1 Samuele 20:12-17) Kaha e ne e le motsoali ea tšabang Molimo oa Mefiboshethe le motsoalle ea tšepahalang oa Davida, Jonathane o ne a ke ke a ruta mora oa hae e monyenyane hore a hahamalle borena.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha mathata ao re tobanang le ’ona a ka tšoantšoa le meutloa nameng?
• Mefiboshethe le Nehemia ba ile ba lokela ho mamella meutloa efe?
• Har’a mehlala ea Mangolo ea banna le basali ba ileng ba mamella meutloa e fapa-fapaneng nameng, ke efe eo u fumaneng e u ama maikutlo ka ho khetheha, hona hobane’ng?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mefiboshethe o ile a lokela ho tobana le ho holofala, ho etselletsoa le ho soetsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Nehemia o ile a mamella ho sa tsotellehe khanyetso