Ho Loana le “Moutloa Nameng”
“Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane.”—2 BAKORINTHE 12:9.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makatsoa ke hore re tobana le liteko le mathata? (b) Ke hobane’ng ha re ka ba sebete ho sa tsotellehe liteko?
“BOHLE ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kamanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” (2 Timothea 3:12) Hobane’ng? Hobane Satane o pheha khang ea hore motho o sebeletsa Molimo feela ka mabaka a boithati, ’me o ikemiselitse ho netefatsa taba ena. Jesu o kile a lemosa baapostola ba hae ba tšepahalang: “Satane o le batlile hore a le sefe joaloka koro.” (Luka 22:31) Jesu o ne a tseba hantle hore Molimo o lumella Satane hore a re leke ka mathata a bohloko. Ho hlakile hore sena ha se bolele hore bothata bo bong le bo bong boo re tobanang le bona bo hlahisoa ke Satane ka ho toba kapa bademona ba hae. (Moeklesia 9:11) Empa Satane o labalabela ho sebelisa sohle se matleng a hae ho senya botšepehi ba rōna.
2 Bibele e re bolella hore ha rea lokela ho makatsoa ke liteko tse re hlahelang. Eng kapa eng e ka re hlahelang, hase mohlolo kapa ntho e sa lebelloang. (1 Petrose 4:12) Ha e le hantle, “litlhokofatso tse tšoanang li ntse li etsahalla mokhatlo oohle oa barab’abo [rōna] lefatšeng.” (1 Petrose 5:9) Kajeno, Satane o beha mohlanka e mong le e mong oa Molimo tlas’a khatello e khōlō. Diabolose o thabela ho re bona re hlokofatsoa ke mathata a kang meutloa, a mangata kamoo ho ka khonehang. O finyella sena ka ho sebelisa tsamaiso ea hae ea lintho hore e eketse kapa e totise ‘meutloa leha e le efe nameng ea rōna.’ (2 Bakorinthe 12:7) Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore litlhaselo tsa Satane li senye botšepehi ba rōna. Joalokaha Jehova a ‘re bulela tsela ea ho tsoa’ e le hore re mamelle teko, o tla etsa se tšoanang ha re tobana le mathata a kang meutloa nameng ea rōna.—1 Bakorinthe 10:13.
Mokhoa oa ho Loana le Moutloa
3. Jehova o ile a re’ng ha Pauluse a mo kōpa hore a tlose moutloa nameng ea hae?
3 Moapostola Pauluse o ile a kōpa Molimo hore a tlose moutloa nameng ea hae. “Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na.” Jehova o ile a re’ng kōpong e tiileng ea Pauluse? “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakorinthe 12:8, 9) A re ke re hlahlobeng karabo ena ’me re bone kamoo e ka re thusang kateng hore re loane le mathata leha e le afe a kang meutloa a re utloisang bohloko.
4. Pauluse o ne a ruile molemo ka litsela life moseng o sa tšoanelang oa Jehova?
4 Hlokomela hore Molimo o ile a khothalletsa Pauluse hore a ananele mosa o sa tšoanelang oo a neng a se a o bontšitsoe ka Kreste. Ruri Pauluse o ne a hlohonolofalitsoe ka litsela tse ngata haholo. Ka lerato Jehova o ile a mo fa tokelo ea hore e be morutuoa, le hoja e ne e bile mohanyetsi ea chesehang ka ho feteletseng oa balateli ba Jesu. (Liketso 7:58; 8:3; 9:1-4) Ka mor’a moo ka mosa Jehova o ile a fa Pauluse likabelo le litokelo tse ngata tse thabisang. Re fumana thuto e hlakileng. Esita le linakong tse thata ka ho fetisisa, re ntse re e-na le litlhohonolofatso tse ngata tseo re lokelang ho li leboha. Le ka mohla liteko tse re hlahelang ha lia lokela ho etsa hore re lebale molemo oa Jehova o mongata.—Pesaleme ea 31:19.
5, 6. (a) Jehova o ile a ruta Pauluse joang hore matla a Molimo a “etsoa a phethahetseng bofokoling”? (b) Mohlala oa Pauluse o ile oa paka joang hore Satane o leshano?
5 Mosa oa Jehova o sa tšoanelang o re lekane ka tsela e ’ngoe. Matla a Molimo a mangata haholo ho re thusa hore re mamelle liteko tse re hlahelang. (Baefese 3:20) Jehova o ile a ruta Pauluse hore matla a Molimo a “etsoa a phethahetseng bofokoling.” Joang? Ka lerato o ile a fa Pauluse matla ’ohle ao a neng a a hloka hore a loane le teko e neng e mo hlahetse. Mamello ea Pauluse le ho tšepa ha hae Jehova ka ho feletseng le tsona li ile tsa senolela bohle hore matla a Molimo a ne a hlōla tabeng ea monna enoa ea fokolang oa moetsalibe. Joale nahana ka phello ea sena ho Diabolose, ea bolelang hore batho ba sebeletsa Molimo hafeela ba phela hantle ba se na mathata. Botšepehi ba Pauluse bo ile ba soabisa moetselletsi eo hakaakang!
6 Pauluse o ne a kile a sebelisana le Satane ho loantša Molimo, a hlorisa Bakreste ka sehlōhō, e le Mofarisi eo ntle ho pelaelo a kileng a phela bophelo bo mabothobotho hobane o ne a tsoa lelapeng la barui. Empa joale Pauluse o ne a sebeletsa Jehova le Kreste e le “e monyenyane ho baapostola.” (1 Bakorinthe 15:9) Ka lebaka la boemo ba hae, o ne a ikokobelletsa bolaoli ba sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo. O ne a mamella ka botšepehi ho sa tsotellehe moutloa nameng ea hae. Liteko tsa bophelo ha lia ka tsa fokotsa cheseho ea Pauluse, e leng se ileng sa soabisa Satane haholo. Le ka mohla Pauluse ha aa ka a lebala tšepo ea hore o tla ba le karolo ’Musong oa Kreste oa leholimo. (2 Timothea 2:12; 4:18) Ha ho moutloa, leha o ne o ka ba bohloko joang, o neng o ka fokotsa cheseho ea hae. E se eka le cheseho ea rōna e ka tsoela pele e le matla! Ka ho re tšehetsa ha re hlaheloa ke liteko, Jehova o re fa seriti sa ho ba le tokelo ea ho thusa ho paka hore Satane o leshano.—Liproverbia 27:11.
Litokisetso Tsa Jehova ke Tsa Bohlokoa
7, 8. (a) Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae ka’ng kajeno? (b) Ke hobane’ng ha ho bala le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi ho le bohlokoa hore re loane le moutloa nameng ea rōna?
7 Kajeno, Jehova o fa Bakreste ba tšepahalang matla ka moea oa hae o halalelang, ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa Bokreste. Joaloka moapostola Pauluse, re ka lahlela meroalo ea rōna ho Jehova ka thapelo. (Pesaleme ea 55:22) Le hoja ho ka etsahala hore Molimo a se ke a tlosa liteko tse re hlahelang, a ka re fa bohlale ba hore re loane le tsona, esita le liteko tseo ka ho khetheha ho leng thata ho li jara. Hape Jehova a ka re matlafatsa—a re fa “matla a fetang se tloaelehileng”—ho re thusa hore re mamelle.—2 Bakorinthe 4:7.
8 Re fumana thuso e joalo joang? Re tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka mafolofolo, kaha ho lona re tla fumana matšeliso a hae a tiileng. (Pesaleme ea 94:19) Ka Bibeleng, re bala mantsoe a amang maikutlo a bahlanka ba Molimo ha ba kōpa thuso ea Molimo. Karabelo ea Jehova, eo hangata e kopanyelletsang mantsoe a tšelisang, ke taba eo ho loketseng hore re thuise ka eona. Ho ithuta ho tla re matlafatsa e le hore “matla a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo eseng a tsoang ho rōna.” Joalokaha ho hlokahala hore re je lijo letsatsi le leng le le leng hore re ōtlehe ’me re fumane matla, ho hlokahala hore re iphepe kamehla ka mantsoe a Molimo. Na re etsa joalo? Haeba re etsa joalo, joale re tla bona hore ha re fumana “matla a fetang se tloaelehileng,” sena se re thusa hore re mamelle meutloa leha e ka ba efe ea tšoantšetso e ka re utloisang bohloko hona joale.
9. Baholo ba ka tšehetsa ba loanang le mathata joang?
9 Baholo ba tšabang Molimo ba Bakreste e ka “ba sebaka sa ho ipatela moea” oa matšoenyeho, ea e-ba ‘sebaka sa ho ipatela pula e nesang sefefo’ sa mathata. Baholo ba batlang ho tšoaneloa ke tlhaloso eo e bululetsoeng, ba kōpa Jehova ka boikokobetso le ka tieo hore a ba fe “leleme la ba rutiloeng” e le hore ka mantsoe a nepahetseng ba ka tseba ho araba ba utloang bohloko. Mantsoe a baholo a ka tšoana le pula e nang hamonate e pholisang le e tšelisang meea ea rōna linakong tse thata bophelong. Ka ho bua “ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo,” ruri baholo ba tšehetsa bara le barali babo bona ba moea bao e ka ’nang eaba baa khathala kapa baa nyahama ka lebaka la moutloa o itseng nameng ea bona.—Esaia 32:2; 50:4; 1 Bathesalonika 5:14.
10, 11. Ke joang bahlanka ba Molimo ba ka khothatsang ba bang ba hlahetsoeng ke liteko tse matla?
10 Bahlanka bohle ba Jehova ke karolo ea lelapa la hae le kopaneng la Bokreste. E, “re litho tsa tse ling,” ’me re “tlamehile ho ratana.” (Baroma 12:5; 1 Johanne 4:11) Re phethahatsa boikarabelo boo joang? Ho latela 1 Petrose 3:8, re etsa joalo ka ho “bontša ho utloelana bohloko, [ho ba] le boikutlo bo mofuthu ba bara ba motho, [le ho ba le] qenehelo e bonolo” ho bohle ba amanang le rōna tumelong. Ha e le ka ba loanang le moutloa o bohloko ka ho khethehileng nameng, ebang ba banyenyane kapa ba baholo, bohle re ka ba nahanela ka ho khethehileng. Joang?
11 Re lokela ho loanela ho nahanela mahlomola ao ba leng ho ’ona. Haeba re ithatafatsa, re sa bontše kutloelo-bohloko kapa re iphapanya, ho ka etsahala hore re mpefatse mahlomola a bona re sa hlokomele. Ho lemoha liteko tse ba hlahelang ho lokela ho re susumelletsa hore re hlokomele seo re se buang, re hlokomele kamoo re se buang kateng le kamoo re etsang lintho kateng. Ha re e-na le boikutlo bo nepahetseng re bile re ba khothatsa, re ka fokotsa bo bong ba bohloko bo hlabang ba moutloa ofe kapa ofe o ba utloisang bohloko. Ka tsela eo re ka ipaka hore re thuso e ba matlafatsang.—Bakolose 4:11.
Kamoo ba Bang ba Loanneng ka Katleho Kateng
12-14. (a) Mokreste e mong o ile a etsa’ng hore a loane le kankere? (b) Mosali eo o ile a tšehetsoa le ho khothatsoa joang ke bara le barali babo ba moea?
12 Ha re atamela bofelong ba matsatsi ana a ho qetela, “bohloko ba mahlomola” bo eketseha letsatsi le letsatsi. (Matheu 24:8) Kahoo, ho ka etsahala hore e mong le e mong lefatšeng a utloisoe bohloko ke liteko, haholo-holo bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba batlang ho etsa thato ea hae. Ka mohlala, nahana ka Mokreste ea tšebeletsong ea nako e tletseng. Ho ile ha fumanoa hore o na le kankere ’me o ile a lokela ho ntšoa litšoelesa tsa mathe le tsa lymph. Ha eena le monna oa hae ba fumana hore o tšoeroe ke lefu lena, hang-hang ba ile ba rapela Jehova halelele, ba etsa kōpo e tiileng. Hamorao o ile a bolela hore ba ile ba apareloa ke khotso e makatsang. Leha ho le joalo, o ile a mamella maemo a monate le a bohloko, haholo-holo ha a loana le liphello tse bohloko tsa phekolo ea hae.
13 E le hore a sebetsane le boemo boo a leng ho bona, morali enoa oabo rōna o ile a leka ho ithuta haholo ka kankere ka hohle kamoo a ka khonang. O ile a batla keletso ho lingaka tsa hae. Likoranteng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le ho lingoliloeng tse ling tsa Bokreste tse kang tsena, o ile a fumana lipale tsa bophelo tsa kamoo batho ba ileng ba loana le lefu lena kateng maikutlong. Hape o ile a bala litemana tsa Bibele tse amanang le boemo bona tse bontšang matla a Jehova a ho tšehetsa batho ba hae ha ba le mathateng, le boitsebiso bo bong bo molemo.
14 Sehloohong se seng se tšohlang ho loana le ho nyahama, ho ne ho qotsitsoe mantsoe ana a bohlale: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati.” (Liproverbia 18:1) Ka lebaka leo, sehloohong seo ho ile ha fanoa ka keletso ena: “Qoba ho itšehla thajana.”a Morali’abo rōna o re: “Ba bangata ba ile ba mpolella hore baa nthapella; ba bang ba ile ba ntetsetsa thelefono. Baholo ba babeli ba ne ba ntetsetsa thelefono kamehla ho ntlhola. Ke ne ke amohela lipalesa le likarete tse ngata haholo. Ba bang ba ne ba bile ba pheha. Hape, ba bangata ba ile ba ithaopela ho nkisa ngakeng.”
15-17. (a) Mokreste e mong o ile a loana joang le mathata a ileng a bakoa ke kotsi ea koloi? (b) Ba ka phuthehong ba ile ba mo tšehetsa joang?
15 Mohlanka oa Jehova oa nako e telele oa New Mexico, U.S.A., o ile a ameha likotsing tse peli tsa koloi. O ile a lemala molala le mahetla, ’me sena se ile sa totisa ramatiki eo a neng a ’nile a loana le eona ka lilemo tse fetang 25. O re: “Ke ne ke thatafalloa haholo ke ho phahamisa hlooho le ho nka ntho e boima bo fetang liponto tse hlano [lik’hilograma tse peli]. Empa ke tšehelitsoe haholo ke ho etsa thapelo e tiileng ho Jehova. Hammoho le lihlooho tseo re ithutileng tsona ho Molula-Qhooa. Sehlooho se seng se ile sa bua ka Mikea 6:8, sa bontša hore ho inyenyefatsa ha u tsamaea le Molimo ho bolela ho tseba mefokolo ea hao. Sena se ile sa nthusa hore ke hlokomele hore ho sa tsotellehe boemo boo ke leng ho bona, ha kea lokela ho nyahama le hoja ke ne ke qeta nako e fokolang ho feta eo ke neng ke e batla tšebeletsong. Ntho ea bohlokoa ke ho mo sebeletsa ka sepheo se setle.”
16 O boetse o re: “Kamehla baholo ba ne ba mpabatsa ka boiteko boo ke bo etsang ba ho ba teng libokeng le ho ea tšebeletsong ea tšimo. Ba banyenyane ba ne ba ntumelisa ka ho nkopa ka matsoho. Bo-pula-maliboho ba ne ba ’mamella haholo ’me hangata ba ne ba fetola kemiso ea bona ha ke hlōleha ho tsoa le bona. Ha boemo ba leholimo bo se botle, ka mosa ba ne ba e-ea le ’na maetong a bona a ho boela kapa ba ’meme hore ke be teng lithutong tsa bona tsa Bibele. Kaha ke ne ke sitoa ho nka mokotlana oa libuka, bahoeletsi ba bang ba ne ba tšela lingoliloeng tsa ka ka mekotleng ea bona ha re e-ea mosebetsing oa boboleli.”
17 Hlokomela kamoo baholo ba phutheho le balumeli-’moho ba ileng ba thusa barali bana babo rōna ba babeli maloetseng a bona a kang meutloa. Ba ile ba fana ka thuso e sebetsang le e mosa e reretsoeng ho finyella litlhoko tse tobileng tsa moea, tsa nama le tsa maikutlo. Na see ha se u khothalletse hore u thuse bara le barali ba bang babo rōna ba nang le mathata? Le lōna bacha le ka thusa ba bang ka phuthehong ea habo lōna ba loanang le meutloa nameng ea bona.—Liproverbia 20:29.
18. Re ka fumana khothatso efe lipaleng tsa bophelo tse hatisitsoeng limakasineng tsa Molula-Qhooa le Tsoha!?
18 Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisitse lipale tse ngata tsa bophelo le liphihlelo tsa Lipaki tse ngata tse ileng tsa loana le mathata a bophelo, le tse ntseng li loana le ’ona. Ha u lula u bala lihlooho tse joalo, u tla hlokomela hore bara le barali beno ba bangata ba moea lefatšeng ka bophara ba mameletse mathata a moruo, ho shoeloa ke eo ba mo ratang likoluoeng, le maemo a kotsi a nakong ea ntoa. Ba bang ba phela le maloetse a holofatsang. Ba bangata ba sitoa ho etsa lintho tse bonolo bophelong tseo batho ba phetseng hantle ba sa li nkeleng hloohong. Maloetse a bona ke teko e khōlō haholo ho bona, haholo-holo ha ba sitoa ho kopanela mesebetsing ea Bokreste ka hohle kamoo ba ka ratang kateng. Ba ananela haholo hakaakang thuso le tšehetso ea bara le barali babo bona, ba banyenyane le ba baholo!
Mamello e Tlisa Thabo
19. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khona ho thaba ho sa tsotellehe liteko le mefokolo ea hae e kang meutloa?
19 Pauluse o ile a thabisoa ke ha a bona kamoo Molimo a ileng a mo matlafatsa kateng. O ile a re: “Ka hona . . . ka nyakallo e khōlō ke tla ithorisa mabapi le mefokolo ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim’a ka joaloka tente. Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.” (2 Bakorinthe 12:9, 10) Ka lebaka la lintho tse mo hlahetseng, Pauluse o ne a ka bua ka kholiseho a re: “Eseng hore ke bua mabapi le ho ba ea hlokang, kaha maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilipi 4:11-13.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha re ka thaba ha re thuisa ka “lintho tse sa bonoeng”? (b) Tse ling tsa lintho “tse sa bonoeng” tseo u nang le tšepo ea ho li bona Paradeiseng ea lefatšeng ke life?
20 Kahoo, ka ho mamella moutloa leha e ka ba ofe oa tšoantšetso nameng ea rōna, re ka thaba haholo ha re bontša e mong le e mong hore matla a Jehova a etsoa a phethahetseng mefokolong ea rōna. Pauluse o ile a ngola: “Ha re tele . . . Ka sebele motho eo re leng eena ka hare o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi. Kaha le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng; ha re ntse re behile mahlo a rōna linthong tse sa bonoeng. . . . Etsoe lintho . . . tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.”—2 Bakorinthe 4:16-18.
21 Batho ba bangata ba Jehova kajeno ba na le tšepo ea ho phela Paradeiseng ea hae ea lefatšeng ’me ba thabele litlhohonolofatso tseo a li tšepisitseng. Ho ka nkoa hore litlhohonolofatso tsena ha re li ‘bone’ kajeno. Leha ho le joalo, nako eo ka eona re tla bona litlhohonolofatso tseo ka mahlo, ’me ka sebele re li thabele ka ho sa feleng, e tla ka potlako. E ’ngoe ea litlhohonolofatso tsena e tla ba tokoloho ea hore re se ke ra hlola re phela le bothata leha e le bofe bo kang moutloa! Mora oa Molimo o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose” ’me ‘a etse lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu.’—1 Johanne 3:8; Baheberu 2:14.
22. Re lokela ho ba le tšepo efe le boikemisetso bofe?
22 Ka lebaka leo, ho sa tsotellehe hore na re utloisoa bohloko ke moutloa ofe nameng ea rōna kajeno, a re ’neng re o loantše. Joaloka Pauluse, re tla ba le matla a ho etsa joalo ka lebaka la Jehova, ea re fang matla a mangata. Ha re phela Paradeiseng ea lefatšeng, re tla boka Jehova Molimo oa rōna letsatsi le leng le le leng bakeng sa liketso tsa hae tsohle tse hlollang tseo a re etselitseng tsona.—Pesaleme ea 103:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Kamoo U ka Sebetsanang ka Katleho le ho Nyahama,” tokollong ea May 8, 2000, ea Tsoha!
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng hona ke joang Diabolose a lekang ho senya botšepehi ba Bakreste ba ’nete?
• Matla a Jehova a “etsoa a phethahetseng bofokoling” joang?
• Baholo le ba bang ba ka khothatsa ba utloisoang bohloko ke mathata joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Pauluse o ile a rapela Molimo hararo hore a tlose moutloa nameng ea hae