‘U Ntatele U sa Khaotse’
“Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.”—1 PETROSE 2:21.
1, 2. Ke hobane’ng ha mohlala o phethahetseng oa Jesu e le mosuoe o sa phahama hoo re ke keng ra o etsisa?
JESU KRESTE e ne e le Mosuoe e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng. Ho feta moo, o ne a phethahetse, ho se mohla a kileng a etsa sebe ha e ntse e le motho. (1 Petrose 2:22) Leha ho le joalo, na see se bolela hore mohlala oa Jesu e le mosuoe o phahame hoo rōna batho ba sa phethahalang re ke keng ra o etsisa? Che.
2 Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, ho ruta ha Jesu ho ne ho thehiloe leratong. Lerato ke ntho eo kaofela ha rōna re ka hlaolelang ho ba le eona. Hangata Lentsoe la Molimo le re khothatsa ka tieo hore re hōlise re be re ntlafatse lerato la rōna ho ba bang. (Bafilipi 1:9; Bakolose 3:14) Ha ho mohla Jehova a lebellang hore libōpuoa tsa hae li etse seo li ke keng tsa khona ho se etsa. Ha e le hantle, kaha “Molimo ke lerato” ’me o re entse ka setšoantšo sa hae, ho ka boleloa hore o re entse hore re khone ho bontša lerato. (1 Johanne 4:8; Genese 1:27) Kahoo, ha re bala mantsoe a moapostola Petrose a tlalehiloeng temaneng ea rōna ea sehlooho, re ka araba ka kholiseho hore re tla atleha. Re ka latela mehato ea Kreste haufi-ufi. Ha e le hantle, re ka phetha taelo ea Jesu e reng: ‘U ntatele u sa khaotse.’ (Luka 9:23) A re ke re hlahlobeng kamoo re ka etsisang lerato leo Kreste a ileng a le bontša, pele, leo a ileng a le bontša bakeng sa linnete tseo a neng a li ruta, e ntan’o ba leo a ileng a le bontša ho batho bao a neng a ba ruta.
Ho Haha Lerato Bakeng sa Linnete Tseo re Ithutang Tsona
3. Ke hobane’ng ha ba bang ba fumana ho le thata hore ba ithute, empa Liproverbia 2:1-5 e fana ka keletso efe?
3 E le hore re tle re rate linnete tseo re li rutang ba bang, rōna ka borōna re lokela ho rata ho ithuta linnete tseo. Lefatšeng la kajeno, ha ho bonolo ho ba le lerato la mofuta ona. Lintho tse kang ho se kene sekolo hantle le mekhoa e mebe eo motho a bileng le eona e sa le mocha li etsa hore ka nako e telele ba bangata ba se rate ho ithuta. Leha ho le joalo, ho bohlokoa hore re ithute ho Jehova. Liproverbia 2:1-5 e re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joaloka silevera, ’me u ntse u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”
4. Ho ‘sekamisa’ pelo ho bolela’ng, hona re tla thusoa ke ho ba le pono efe hore re ho etse?
4 Hlokomela hore temaneng ea pele ho ea ho ea bone, re khothalletsoa khafetsa hore re etse boiteko eseng feela ho “amohela” le ho ‘ipolokela’ empa hape le ho ‘’na re batla’ le ho ‘’na re batlisisa.’ Leha ho le joalo, ke eng e tla re susumetsa hore re etse see sohle? Hlokomela polelo e reng, ‘sekamisetsa pelo ea hao temohong.’ Buka e ’ngoe ea litšupiso e re keletso ena “hase boipiletso ba hore ho eloe hloko feela; ke taelo ea hore ho be le boikutlo bo itseng ba kelello: ho amohela lithuto tseo ka mafolofolo.” Ke eng e ka etsang hore re amohele seo Jehova a re rutang sona re be re ithute sona ka mafolofolo? Ke pono ea rōna. Ho hlokahala hore re nke “tsebo ea Molimo” joaloka “silevera” le “matlotlo a patiloeng.”
5, 6. (a) Ke eng e ka ’nang ea etsahala ha nako e ntse e feta, hona re ka thibela see joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ’na re eketsa matlotlo a tsebo eo re e fumaneng ka Bibele?
5 Ha ho thata ho ba le pono ena. Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe “tsebo ea Molimo” eo u seng u e-na le eona e akarelletsa ’nete ea hore Jehova o rerile hore batho ba tšepahalang ba phele ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:28, 29) Ha u ne u qala ho ithuta ’nete ena, ha ho pelaelo hore u ile ua e nka e le letlotlo la sebele, tsebo e ileng ea tlatsa kelello ea hao le pelo ea hao ka tšepo le thabo. Ho thoe’ng ka hona joale? Ha nako e ntse e feta, na kananelo bakeng sa letlotlo la hao e se e le thothofa kapa e batla ho bentšoa? Haeba ho joalo, leka ho etsa lintho tse peli. Ntho ea pele, tsosolosa kananelo ea hao, ka mantsoe a mang, nako le nako ikhopotse hore na ke hobane’ng ha u nka ’nete e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a u rutileng eona e le ea bohlokoa, esita le linnete tseo u ileng ua ithuta tsona lilemong tse ngata tse fetileng.
6 Ntho ea bobeli, u ’ne u eketse letlotlo la hao. Ha ho ka etsahala hore u epolle letlotlo la bohlokoa u sa lebella, na u ne u ka le kenya ka pokothong ua ntan’o itsamaela ka khotso? Kapa u ne u tla epa hore u bone hore na ebe ho sa na le matlotlo a mang? Lentsoe la Molimo le tletse linnete tse kang matlotlo le lintho tsa bohlokoa. Ho sa tsotellehe hore na u se u fumane tse kae, u ntse u ka fumana tse eketsehileng. (Baroma 11:33) Ha u ithuta ’nete e ncha ea bohlokoa, ipotse: ‘Ke eng e etsang hore e be ea bohlokoa? Na e mpha kutloisiso e tebileng ka botho ba Jehova kapa merero ea hae? Na e fana ka tataiso e sebetsang e ka nthusang hore ke latele mehato ea Jesu?’ Ho thuisa ka lipotso tse joalo ho tla u thusa hore u hahe lerato la hao bakeng sa linnete tseo Jehova a u rutileng tsona.
Ho Bontša Lerato Bakeng sa Linnete Tseo re li Rutang
7, 8. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona re ka bontšang ba bang hore re rata linnete tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng ke life? Etsa mohlala.
7 Ha re ntse re ruta ba bang, re ka bontša joang hore re rata linnete tseo re ithutileng tsona Lentsoeng la Molimo? E le ha re latela mohlala oa Jesu, re itšetleha haholo ka Bibele boboleling ba rōna le ha re ruta. Morao tjena, batho ba Molimo lefatšeng lohle ba khothalelitsoe hore ba sebelise Bibele haholo tšebeletsong ea bona ea phatlalatsa. Ha u ntse u sebelisa tlhahiso ena, batla litsela tsa ho tsebisa mong’a ntlo hore uena ka bouena u nka seo u mo bolellang sona Bibeleng e le sa bohlokoa.—Matheu 13:52.
8 Ka mohlala, hang ka mor’a tlhaselo ea likhukhuni New York City selemong se fetileng, morali e mong oabo rōna oa Mokreste o ne a balla batho bao a kopanang le bona ha a le tšebeletsong Pesaleme ea 46:1, 11. O ne a qala ka ho botsa batho hore na ba ntse ba e-ea joang ka mor’a koluoa eo. O ne a mamela ka hloko ha ba arabela, a leboha, ebe o re: “Na nka u balla lengolo leo ka sebele le ntšelisitseng nakong ee e boima?” Ke ba ’maloa feela ba ileng ba hana, ’me o ile a qoqa hamonate le ba bangata. Ha morali enoa oabo rōna a bua le bacha, hangata o re: “E se e le lilemo tse 50 joale ke ntse ke ruta Bibele, empa ua tseba hore na ke’ng? Ha ke e-s’o ka ke fumana bothata leha bo le bong boo buka ena e ke keng ea bo rarolla.” Ka ho sebelisa katamelo ea ’nete, e bontšang cheseho, re bontša batho hore re nka seo re ithutileng sona Lentsoeng la Molimo e le sa bohlokoa ebile rea se rata.—Pesaleme ea 119:97, 105.
9, 10. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho sebelisa Bibele ha re araba lipotso tse mabapi le litumelo tsa rōna?
9 Ha batho ba re botsa lipotso ka litumelo tsa rōna, re fumana monyetla o motle oa ho bontša hore re rata Lentsoe la Molimo. E le ha re latela mohlala oa Jesu, ha re arabe ho latela maikutlo a rōna. (Liproverbia 3:5, 6) Ho e-na le hoo, re sebelisa Bibele ha re araba. Na u tšaba hore motho o tla tloha a u botsa potso e tla u hlōla? Nahana ka mehato e ’meli e sebetsang eo u ka e nkang.
10 Lokisetsa ka hohle. Moapostola Petrose o ile a ngola: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Na u itokiselitse ho emela litumelo tsa hao? Ka mohlala, haeba motho a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha u sa kopanele meetlong e itseng kapa litloaelong tse sa lumellaneng le Mangolo, u se ke ua re feela, “Ho khahlanong le bolumeli ba ka.” Karabo e joalo e ka ’na ea etsa hore ba bang ba nahane hore u etsetsoa liqeto ’me ka lebaka lena e tlameha ebe u setho sa sehlotšoana sa bokhelohi. Ho ka ba molemo ho re, “Lentsoe la Molimo, Bibele, lea ho hanela” kapa u re, “Ha ho thabise Molimo oa ka.” U ntan’o fana ka lebaka le utloahalang la seo.—Baroma 12:1.
11. Ke buka efe ea litšupiso e ka re thusang hore re lule re loketse ho araba lipotso tse mabapi le linnete tsa Lentsoe la Molimo?
11 Haeba u ikutloa hore ha ua itokisetsa hantle, ke hobane’ng ha u sa qete nako e itseng u ithuta buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo haeba e teng ka puo ea heno?a Khetha lihlooho tse seng kae tseo ho bonahalang hore batho ba ka botsa ka tsona, ebe u tšoara lintlha tse itseng tsa Mangolo ka hlooho. Lula u nkile buka ea hao ea Ho Bea Mabaka le Bibele ea hao. U se ke ua tsoafa ho li sebelisa ka bobeli, u bolele hore u na le buka ea lipatlisiso eo u ka ratang ho e sebelisa hore u tle u fumane karabo ea Bibele lipotsong tse botsitsoeng.
12. Re ka re’ng haeba re sa tsebe karabo ea potso ea Bibele?
12 Leka hore u se ke ua tšoenyeha ho sa hlokahale. Ha ho motho ea sa phethahalang ea nang le likarabo tsa lipotso tsohle. Kahoo, ha u botsoa potso ea Bibele eo u ke keng ua e araba, ka linako tsohle u ka araba tjena: “Kea leboha ha u botsa potso e thahasellisang tjena. Bonneteng, ha ke tsebe karabo, empa ke kholisehile hore Bibele e bua ka taba ena. Ke rata ho etsa lipatlisiso ka Bibele, kahoo, ke tla ea batlisisa ka potso ea hao ebe ke khutlela ho uena ka karabo.” Ho bua ka tsela e hlakileng le e bontšang boikokobetso tjena ho ka ’na ha etsa hore ho be bonolo ho ba le puisano e tsoelang pele.—Liproverbia 11:2.
Ho Rata Batho Bao re ba Rutang
13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le boikutlo bo botle ka bao re bolelang ho bona?
13 Jesu o ile a bontša hore o rata batho bao a neng a ba ruta. Re ka mo etsisa joang tabeng ee? Le ka mohla ha rea lokela ho ba le boikutlo ba ho se tsotelle batho bao re phelang le bona. Ke ’nete hore ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle’ e ntse e atamela ka potlako, ’me ba bangata ho batho ba limilione tse likete ba tla timela. (Tšenolo 16:14; Jeremia 25:33) Leha ho le joalo, ha re tsebe hore na ke bo-mang ba tla phela le hore na ke bo-mang ba tla shoa. Ke hona kahlolo ena e tla etsahala ’me e tla phethahatsoa ke ea khethiloeng ke Jehova, e leng Jesu Kreste. Pele kahlolo e etsoa, re nka motho e mong le e mong e le ea ka ’nang a fetoha mohlanka oa Jehova.—Matheu 19:24-26; 25:31-33; Liketso 17:31.
14. (a) Re ka itlhahloba joang ho bona hore na re bontša batho kutloelo-bohloko? (b) Re ka bontša ba bang kutloelo-bohloko le thahasello ea botho joang ka litsela tse sebetsang?
14 Kahoo, joaloka Jesu, re batla ho bontša batho kutloelo-bohloko. Re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke ameha ka batho ba thetsitsoeng ke mashano a bohlale le thetso ea bolumeli, lipolotiki le khoebo ea lefatše lee? Haeba ho bonahala ba iphapanyetsa molaetsa oo re ba tlisetsang oona, na ke leka ho utloisisa lebaka leo ba etsang joalo ka lona? Na kea lumela hore ’na, kapa ba bang ba sebeletsang Jehova ka botšepehi hona joale, re kile ra ikutloa ka tsela e tšoanang? Na ke entse hore mokhoa oa ka oa ho bolela o lumellane le boemo? Kapa na ke nka hore batho baa ba ke ke ba fetoha?’ (Tšenolo 12:9) Ha batho ba lemoha hore re ba utloela bohloko ka sebele, ho ka etsahala hore ba amohele molaetsa oa rōna. (1 Petrose 3:8) Kutloelo-bohloko e ka boela ea re susumelletsa hore re be le thahasello e eketsehileng ho batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea rōna. Re ka ’na ra ela hloko lipotso tsa bona le lintho tseo ba amehileng ka tsona. Ha re khutla, re ka ba bontša hore re ne re ntse re nahana ka seo ba ileng ba se bua ketelong e fetileng. Haeba ka nako eo ba hloka se itseng ka potlako, re ka ba boemong ba ho fana ka thuso e sebetsang.
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho sheba se setle ho batho, hona re ka etsa joalo joang?
15 Joaloka Jesu, re sheba se setle ho batho. Mohlomong motsoali ea se nang molekane o etsa boiteko bo babatsehang ba ho hōlisa bana ba hae. Monna o etsa boiteko bo matla ba ho hlokomela lelapa la hae. Motho ea hōlileng o bontša thahasello litabeng tsa moea. Na re lemoha lintho tse joalo ho batho bao re kopanang le bona ebe re ba babatsa ka ho loketseng? Ka ho etsa joalo, re tiisa hore ho be le ntho eo re lumellanang ka eona ’me sena se ka ’na sa bula monyetla oa ho fana ka bopaki ka ’Muso.—Liketso 26:2, 3.
Ho Hlokahala Boikokobetso Hore re Bontše Lerato
16. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lule re le bonolo ebile re hlompha bao re bolelang ho bona?
16 Ho rata batho bao re ba rutang ho tla re susumelletsa hore re utloe temoso ea Bibele e bohlale: “Tsebo e baka boikhohomoso, empa lerato lea haha.” (1 Bakorinthe 8:1) Jesu o ne a e-na le tsebo e ngata, leha ho le joalo, ha ho mohla a neng a ikhohomosa. Kahoo, ha u bolella ba bang litumelo tsa hao, qoba likhang kapa boikhohomoso. Pakane ea rōna ke ho finyella lipelo le ho hohella batho linneteng tseo re li ratang haholo. (Bakolose 4:6) Hopola hore ha Petrose a eletsa Bakreste hore ba lokele ho ikemela, o ile a kopanyelletsa khopotso ea hore ba lokela ho etsa joalo “le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Haeba re le bonolo ebile re hlompha, ho ka etsahala hore re hulele batho ho Molimo eo re mo sebeletsang.
17, 18. (a) Re lokela ho arabela joang ha litšoaneleho tsa rōna re le basebeletsi li tšoauoa phoso? (b) Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore liithuti tsa Bibele li tsebe lipuo tsa boholo-holo tsa mehleng ea Bibele?
17 Ha ho hlokahale hore re khahle batho ka tsebo ea rōna kapa thuto. Haeba ba bang tšimong ea heno ba hana ho mamela mang kapa mang ea se nang mangolo a univesithi kapa litlotla tse itseng, u se ke ua lumella hore boikutlo ba bona bo u nyahamise. Jesu o ile a hlokomoloha khanyetso ea hore o ne a sa ea likolong tse tummeng tsa bo-rabi tsa mehleng ea hae; ebile ha aa ka a inehela leemeng ka ho leka ho khahla batho ka thuto ea hae e ngata.—Johanne 7:15.
18 Boikokobetso le lerato ke tsa bohlokoa haholo ho basebeletsi ba Bakreste ho feta thuto ea lefatše leha e ka ba ngata hakae. Tichere e Khōlō, Jehova, o re etsa ba tšoanelehelang tšebeletso. (2 Bakorinthe 3:5, 6) Ho sa tsotellehe hore na baruti ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba re’ng, ha ho hlokahale hore re ithute lipuo tsa boholo-holo tsa mehleng ea Bibele hore re tle re be mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Jehova o ile a bululela Bibele hore e ngoloe ka mantsoe a hlakileng le a tobileng hoo e mong le e mong a ka utloisisang linnete tsa eona tsa bohlokoa. Linnete tsena ha li fetohe esita leha li fetoleloa ka lipuo tse makholo-kholo. Kahoo, le hoja ka linako tse ling ho le molemo ho tseba lipuo tsa boholo-holo, ha ho hlokahale. Ho feta moo, ho ikhohomosa ka lebaka la ho tseba lipuo ho ka etsa hore motho a lahleheloe ke tšoaneleho e hlokahalang ho Bakreste ba ’nete—ho amohela ho rutoa.—1 Timothea 6:4.
19. Ke ka tsela efe tšebeletso ea rōna ea Bokreste e leng ho sebeletsa?
19 Ha ho pelaelo hore tšebeletso ea rōna ea Bokreste ke mosebetsi o hlokang boikokobetso. Hangata re ipepesetsa khanyetso, ho iphapanya esita le mahloriso. (Johanne 15:20) Leha ho le joalo, ka ho phethahatsa tšebeletso ea rōna ka botšepehi, re phetha mosebetsi oa bohlokoa. Haeba ka boikokobetso re tsoela pele ho sebeletsa ba bang mosebetsing ona, re etsisa lerato la Jesu Kreste ho batho. Nahana feela: Haeba ho ne ho hlokahala hore re bolele ho batho ba sekete ba iphapantseng kapa ba hanyetsang e le hore re fumane motho a le mong ea kang nku, na seo e ne e ke ke ea e-ba se loketseng ho sa tsotellehe se amehileng? Ka sebele ho joalo! Kahoo, ka ho phehella mosebetsing, ho se mohla re telang, ka botšepehi re sebeletsa batho ba kang linku bao e leng hona re tla fihla ho bona. Ha ho pelaelo hore Jehova le Jesu ba tla tiisa hore ba bangata haholo ba joalo ba bohlokoa ba fumanoe ’me ba thusoe pele bofelo bo tla.—Hagai 2:7.
20. Tse ling tsa litsela tseo ka tsona re ka rutang ka mohlala ke life?
20 Ho ruta ka mohlala ke tsela e ’ngoe ea ho bontša hore re ikemiselitse ho sebeletsa ba bang. Ka mohlala, re batla ho ruta batho hore ho sebeletsa Jehova, “Molimo ea thabileng,” ke tsela e molemohali, le e khotsofatsang ka ho fetisisa ea bophelo. (1 Timothea 1:11) Na ha ba bona boitšoaro ba rōna le tsela eo re sebelisanang ka eona le baahelani, bao re kenang sekolo le bona le bao re sebetsang le bona, baa bona hore re thabile ebile re khotsofetse? Ka tsela e tšoanang re ruta liithuti tsa Bibele hore phutheho ea Bokreste ke sebaka se sireletsehileng sa lerato lefatšeng le se nang kutloelo-bohloko, le mabifi. Na ho bonolo hore liithuti tsa rōna li bone hore re rata bohle ka phuthehong ’me re sebetsa ka thata ho boloka khotso le ba bang?—1 Petrose 4:8.
21, 22. (a) Ho itlhahloba mabapi le tšebeletso ea rōna ho ka etsa hore re sebelise menyetla efe? (b) Ho tla tšohloa’ng lihloohong tsa tokollo e latelang ea Molula-Qhooa?
21 Ka linako tse ling ho ikemisetsa ho etsa tšebeletso ea rōna ho ka re susumelletsa hore re itlhahlobe khafetsa. Ha ba bangata ba etsa sena ka botšepehi, ba fumana hore ba boemong ba ho atolosa tšebeletso ea bona ka ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng kapa ka ho fallela ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ba bang ba entse qeto ea ho ithuta puo esele bakeng sa ho sebeletsa bajaki ba ntseng ba eketseha hona sebakeng seo ba lulang ho sona. Haeba u bulehetsoe ke menyetla e joalo, nahanisisa u be u rapele ka eona. Bophelo ba ho sebeletsa bo tlisa thabo e khōlō, le khotso ea kelello.—Moeklesia 5:12.
22 A re tsoeleng pele re etsisa Jesu Kreste ka hohle-hohle ka ho haha lerato bakeng sa linnete tseo re li rutang le batho bao re ba rutang. Ho hlaolela lerato le ho le bontša likarolong tsena tse peli ho tla re thusa hore re rale motheo o motle oa ho ba mesuoe e tšoanang le Kreste. Leha ho le joalo, re ka haha joang holim’a motheo oo? Tokollong e latelang ea Molula-Qhooa, ho na le letoto la lihlooho tse tla tšohla mekhoa e meng e tobileng ea ho ruta eo Jesu a neng a e sebelisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Ke eng e re kholisang hore mohlala oa Jesu e le mosuoe ha oa phahama hoo re ke keng ra o etsisa?
• Re ka bontša joang hore re rata linnete tseo re ithutileng tsona Bibeleng?
• Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lula re ikokobetsa ha re ntse re hōla tsebong?
• Tse ling tsa litsela tseo ka tsona re bontšang lerato ho batho bao re lekang ho ba ruta ke life?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lokisetsa ka hohle
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Haeba u nka “tsebo ea Molimo” e le ea bohlokoa, u ka sebelisa Bibele ka katleho
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Re bontša hore re rata batho ka ho ba bolella litaba tse molemo