Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 4/15 maq. 17-22
  • Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ananela Tokelo ea Hao e Khethehileng
  • “Jehova o Tla U Thusa”
  • U Lule ‘U Loketse ho Ikarabella’
  • Livideo le Li-project Tse Khethehileng
  • Joaloka Mocha, Atamela ho Jehova
  • Nka Sebetsana ka Katleho Joang le ho Songoa?
    Tsoha!—1999
  • “Tšimo e Khethehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Bacha ba Bakreste—Tieang Tumelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Nka Pakela Bao ke Kenang Sekolo le Bona Joang?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 4/15 maq. 17-22

Bacha—Jehova a ke ke a Lebala Mosebetsi oa Lōna!

“Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—BAHEBERU 6:10.

 1. Buka ea Bibele ea Baheberu le ea Malakia li bontša joang hore Jehova o ananela tšebeletso ea hao?

NA U kile ua etsetsa motsoalle oa hao mosa eaba ha a lebohe? Ho ka utloisa bohloko bo tebileng ha ho fana ha hao ho sa nkeloe hloohong kapa ho hobe le ho feta, ho lebaloa ka ho feletseng. Leha ho le joalo, boemo bo fapane hakaakang ha re etsetsa Jehova tšebeletso ea pelo eohle! Bibele e re: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.” (Baheberu 6:10) Nahana hore na sena se bolela eng. Ha e le hantle, Jehova a ka inka e le ea sa lokang—ea etsang sebe—haeba a ka lebala seo u se entseng le seo u ntseng u se etsa tšebeletsong ea hae. Ke Molimo ea ananelang hakaakang!—Malakia 3:10.

 2. Ke eng se etsang hore ho sebeletsa Jehova e be ntho e khethehileng e le kannete?

2 U na le monyetla o khethehileng oa ho rapela le ho sebeletsa Molimo enoa ea nang le teboho. Kaha ho na le barapeli-’moho le uena ba ka bang limilione tse tšeletseng feela ha ho bapisoa le batho ba ka bang limilione tse likete tse tšeletseng lefatšeng ka bophara, ka sebele u fuoe tokelo e ikhethang. Ho feta moo, hore ebe u mamela molaetsa oa litaba tse molemo ebile u nka khato ka oona ke bopaki ba hore Jehova oa u thahasella. Etsoe, Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) E, Jehova o thusa batho ka bomong hore ba rue molemo sehlabelong sa Kreste.

Ho Ananela Tokelo ea Hao e Khethehileng

 3. Bara ba Kora ba ile ba re’ng ha ba bolela kamoo ba ananelang kateng tokelo ea ho sebeletsa Jehova?

3 Joalokaha ho se ho tšohliloe sehloohong se fetileng, u na le monyetla o ikhethang oa ho thabisa pelo ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Ena hase taba eo le ka mohla u lokelang ho e nka hasesaane. Ho e ’ngoe ea lipesaleme tsa bona tse bululetsoeng, bara ba Kora ba ile ba bolela kamoo ba ananelang kateng tokelo ea ho sebeletsa Jehova. Re bala sena: “Letsatsi mabaleng a hao le molemo ho feta a sekete sebakeng se seng. Ke khethile ho ema monyako ka tlung ea Molimo oa ka ho e-na le ho solla litenteng tsa bokhopo.”—Pesaleme ea 84:10.

 4. (a) Ke eng se ka ’nang sa etsa hore ba bang ba nke hore ho rapela Jehova hoa ba khina? (b) Jehova o bontša ka tsela efe hore o labalabela ho lemoha bahlanka ba hae le ho ba putsa?

4 Na ke kamoo u ikutloang kateng ka tokelo ea hao ea ho sebeletsa Ntate oa hao oa leholimo? Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ka bonahala eka ho rapela Jehova ho khina tokoloho ea hao. Bonneteng, ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho hloka boitelo bo itseng. Leha ho le joalo, eng kapa eng eo Jehova a e batlang ho uena e molemong oa hao. (Pesaleme ea 1:1-3) Ho phaella moo, Jehova o bona boiteko ba hao ’me o bontša kananelo ea hae bakeng sa botšepehi ba hao. Ka sebele Pauluse o ile a ngola a re Jehova “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Jehova o batla menyetla ea ho u putsa. Moprofeta ea lokileng oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likronike 16:9.

 5. (a) Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa eo ka eona u ka bontšang hore pelo ea hao e feletse ho Jehova ke efe? (b) Ke hobane’ng ha ho bua le ba bang ka tumelo ea hao ho ka ’na ha bonahala ho le thata?

5 Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa eo ka eona u ka bontšang hore pelo ea hao e feletse ho Jehova, ke ka ho bua le ba bang ka eena. Na u kile ua ba le monyetla oa ho bua le ba bang bao u kenang sekolo le bona ka tumelo ea hao? Qalong, ho etsa sena ho ka ’na ha bonahala ho tšosa ’me ho nahana ka hona feela ha etsa hore u sehoe ke letsoalo. U ka ’na ua ipotsa, ua re: ‘Ho thoe’ng haeba ba ka ntšeha? Ho thoe’ng haeba ba ka nka hore bolumeli ba ka boa fofotsa?’ Jesu o ile a lumela hore hase bohle ba neng ba tla mamela molaetsa oa ’Muso. (Johanne 15:20) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore u tla lula u songoa ebile u khesoa ka linako tsohle. Ho fapana le seo, bacha ba bangata ba Lipaki ba fumane hore ho na le e mong ea mamelang ’me lithaka tsa bona li ile tsa ba hlompha ka ho eketsehileng ka lebaka la ho khomarela seo ba se lumelang.

“Jehova o Tla U Thusa”

6, 7. (a) Ngoanana e mong ea lilemo li 17 o ile a fana ka bopaki joang ho bao a leng sehlopheng se le seng le bona? (b) U ithutile’ng phihlelong ea Jennifer?

6 Empa ke eng e tla u fa sebete sa ho bua ka tumelo ea hao? Ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho tšepahala le ho toba taba ha batho ba u botsa ka bolumeli ba hao? Nahana ka phihlelo ea Jennifer ea lilemo li 17. O re: “E ne e le nakong ea lijo sekolong. Banana bao ke neng ke lutse le bona tafoleng ba ne ba bua ka bolumeli, ’me e mong oa bona a mpotsa hore na ke kena kereke efe.” Na Jennifer o ne a tšaba ho araba? O re: “E, hobane ke ne ke sa tsebe hore na ba tla nkuka joang.” Ebe Jennifer o ile a etsa joang? O tsoela pele o re: “Ke ile ka bolella banana bao hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Qalong ba ile ba makala. Ho bonahala hore ba ne ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba sa tsebisahaleng. Sena se ile sa etsa hore ba mpotse lipotso, ’me ke ile ka atleha ho tlosa maikutlo a fosahetseng ao ba neng ba e-na le ’ona. Esita le ka mor’a moo, banana ba bang ba ’nile ba tla ho ’na ka linako tse ling ho tla mpotsa lipotso.”

7 Na Jennifer o ile a ikoahlaea ka hore ebe o ile a sebelisa monyetla oa ho bua ka seo a se lumelang? Le letho! O re: “Ha nako ea lijo e fela ke ne ke thabile haholo hore ebe ke ile ka bua. Hona joale banana bao ba tseba Lipaki Tsa Jehova hamolemo.” Joale Jennifer o fana ka keletso ena e bonolo, o re: “Haeba u thatafalloa ke ho pakela bao u leng sehlopheng se le seng le bona kapa matichere, etsa thapelo e khutšoanyane. Jehova o tla u thusa. U tla thabela hore ebe u ile ua sebelisa hamolemo monyetla oa ho paka.”—1 Petrose 3:15.

 8. (a) Thapelo e ile ea thusa Nehemia joang ha a ne a tobane le boemo bo sa lebelloang? (b) Ke maemo afe sekolong ao ho ’ona ho ka ’nang ha hlokahala hore u etse thapelo e khutšoanyane ho Jehova ka pelong?

8 Hlokomela hore Jennifer o khothalletsa hore u ‘etse thapelo e khutšoanyane’ ho Jehova ha monyetla oa ho fana ka bopaki ka tumelo ea hao o hlaha. Ke sona seo Nehemia, moqhatsetsi oa Morena Artaxerxese oa Persia, a ileng a se etsa ha a tobane le boemo bo sa lebelloang. Nehemia o ne a bonahala a tšoenyehile kahobane a ne a boleletsoe ka tlokotsi ea Bajuda ’me a tsebile hore lerako le liheke tsa Jerusalema e ne e le lithako. Morena o ile a hlokomela hore Nehemia o ne a bonahala a khathatsehile, kahoo a botsa Nehemia hore na molato ke eng. Pele a araba, Nehemia o ile a rapella tataiso. Ka mor’a moo, ka sebete o ile a kōpa tumello ea ho khutlela Jerusalema ho ea thusa ho tsosolosa motse o oeleng. Artaxerxese o ile a lumella Nehemia hore a tsamaee. (Nehemia 2:1-8) Re ithuta eng ka see? Re ithuta hore haeba u ikutloa u tšohile ha ho hlaha monyetla oa ho fana ka bopaki ka tumelo ea hao, u se ke ua tsilatsila ho rapella ka pelong. Petrose o ile a ngola a re: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho [Jehova], hobane oa u tsotella.’—1 Petrose 5:7; Pesaleme ea 55:22.

U Lule ‘U Loketse ho Ikarabella’

 9. Leah ea lilemo li 13 o ile a atleha joang ho tsamaisa libuka tse 23 tsa Bacha Baa Botsa?

9 Nahana ka phihlelo e ’ngoe. Leah ea lilemo li 13 o ne a bala buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsanga nakong ea lijo sekolong. O re: “Ba bang ba ile ba mpona, ’me ka potlako ba mpokanela. Ba ile ba qala ho botsa hore na buka eo e bua ka eng.” Ha sekolo se tsoa, banana ba bane ba ile ba kōpa Leah hore a ba fe buka ea Bacha Baa Botsa. Ka potlako ba ile ba bala buka ena le ba bang, ’me le bona ba e batla. Libekeng tse ’maloa tse latelang, Leah o ile a tsamaisa libuka tse 23 tsa Bacha Baa Botsa ho bana bao a kenang sekolo le bona le metsoalle ea bona. Na Leah o ile a nolofalloa ho bua ha qalong ba bang ba ne ba botsa ka buka eo a neng a e bala? Le letho! O re: “Qalong ke ne ke tšohile. Leha ho le joalo, ke ile ka rapela, ’me ke ne ke tseba hore Jehova o na le ’na.”

10, 11. Ngoananyana oa Moiseraele o ile a atleha joang ho thusa molaoli oa lebotho la Syria ho ithuta ka Jehova, ’me ke liphetoho life tseo molaoli eo a ileng a li etsa?

10 Phihlelo ea Leah e ka ’na ea u hopotsa boemo bo tšoanang boo ngoananyana oa Moiseraele a ileng a tobana le bona ha a le botlamuoeng Syria. Naamane, molaoli oa lebotho la Syria, o ne a tšoeroe ke lepera. Ho ka etsahala hore ebe mosali oa hae o ile a qala moqoqo o ileng oa etsa hore ngoananyana enoa a bue ka tumelo ea hae. O ile a re: “Hoja moren’a ka a ne a le ka pel’a moprofeta ea leng Samaria! Tabeng eo o ne a tla mo folisa lepera la hae.”—2 Marena 5:1-3.

11 Ka lebaka la sebete sa ngoananyana enoa, Naamane o ile a tseba hore “ha ho na Molimo kae kapa kae lefatšeng haese Iseraele.” O bile a etsa qeto ea hore a ke ke a “hlola a nyehela nyehelo ea secheso kapa sehlabelo ho melimo leha e le efe e meng haese ho Jehova.” (2 Marena 5:15, 17). Ka sebele Jehova o ile a hlohonolofatsa sebete sa ngoananyana eo. Le kajeno a ka hlohonolofatsa bacha ha ba e-ba sebete, ’me ka sebele o tla etsa joalo. Leah o bone seo. Hamorao, bana ba bang bao a kenang sekolo le bona ba ile ba mo atamela ’me ba bolela hore buka ea Bacha Baa Botsa e ba thusa hore ba itšoare hantle. Leah o re: “Ke ile ka thaba hobane ke ne ke tseba hore ke thusa ba bang ho ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng ’me ke ba thusa ho fetola bophelo ba bona.”

12. U ka matlafatsoa joang hore u emele tumelo ea hao?

12 Le uena u ka ba le phihlelo e tšoanang le ea Jennifer le Leah. Latela keletso ea Petrose, ea ileng a ngola hore joaloka Mokreste, kamehla u lokela ho lula u “loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea [u] batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho [uena], empa [u] etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) U ka etsa see joang? Etsisa mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba rapela Jehova hore a ba thuse ho bolela “ka sebete sohle.” (Liketso 4:29) Joale u be sebete ho bua le ba bang ka seo u se lumelang. U ka ’na ua hlolloa ke liphello tsa sena. Ho feta moo, u tla thabisa pelo ea Jehova.

Livideo le Li-project Tse Khethehileng

13. Bacha ba bang ba sebelisitse menyetla efe ea ho paka? (Bona mabokose a leqepheng la 20 le la 21.)

13 Bacha ba bangata ba ile ba hlalosa tumelo ea bona ho bana bao ba kenang sekolo le bona kapa matichere, ba sebelisa livideo. Ka linako tse ling li-project tsa sekolo li butse monyetla oa ho rorisa Jehova. Ka mohlala, bashanyana ba babeli ba Lipaki Tsa Jehova ba lilemo li 15, ba ile ba abeloa hore ba ngole ripoto ka bo bong ba malumeli a teng lefatšeng e le karolo ea thuto ea histori ea lefatše sehlopheng sa bona. Ba ile ba ikopanya ’me ba ngola ripoto e buang ka Lipaki Tsa Jehova ba sebelisa buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.b Ba ne ba boetse ba lokela ho fana ka ripoto ea metsotso e mehlano ba bua ka pel’a sehlopha. Ka mor’a moo, tichere le liithuti-’moho le bona ba ile ba botsa lipotso tse ngata hoo bashanyana bana ba ileng ba ema ka pel’a sehlopha ka metsotso e meng e 20. Libekeng tse ’maloa tse latelang, liithuti-’moho le bona li ile tsa tsoela pele li botsa lipotso ka Lipaki Tsa Jehova!

14, 15. (a) Ke hobane’ng ha ho tšaba batho e le leraba? (b) Ke hobane’ng ha u lokela ho ba sebete ho bolella ba bang seo u se lumelang?

14 Joalokaha liphihlelo tse boletsoeng li bontša, u ka hlohonolofatsoa haholo ha u bolella ba bang seo u se lumelang joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova. U se ke ua lumella ho tšaba batho hore ho u amohe tokelo le thabo ea ho thusa ba bang ho tseba Jehova. Bibele e re: “Ho thothometsoa ke batho ho cheha leraba, empa ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.”—Liproverbia 29:25.

15 Hopola hore joaloka mocha oa Mokreste, u na le seo lithaka tsa hao li se hlokang ka tieo—e leng tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela hona joale, le tšepiso ea bophelo bo sa feleng nakong e tlang. (1 Timothea 4:8) Hoa thahasellisa hore United States—moo u neng u ka nahana hore batho ka kakaretso ha ba thahaselle bolumeli kapa ha ba bo rate—phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore bonyane halofo ea bacha e nka bolumeli ka botebo, ’me a le mong ho ba bararo o re bolumeli ke “ba bohlokoa ka ho fetisisa” bophelong ba hae. Ho ka etsahala hore ebe hoa tšoana le libakeng tse ling tsa lefatše. Kahoo, lithaka tsa hao sekolong li ka ’na tsa thabela ho utloa seo u li bolellang sona ka Bibele.

Joaloka Mocha, Atamela ho Jehova

16. Ntle le ho bua ka Jehova ho ba bang, ke eng hape se hlokahalang ho mo thabisa?

16 Ho hlakile hore ho thabisa pelo ea Jehova ho hloka ho fetang feela ho bua ka eena. Ho boetse ho hloka hore u lumellanye boitšoaro ba hao le melao ea hae. Moapostola Johanne o ile a ngola, a re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) U tla bona hore sena ke ’nete haeba u atamela ho Jehova. U ka atamela joang ho eena?

17. U ka atamela haufi le Jehova joang?

17 Iphe nako ea ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. Ha u ntse u ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng, u tla nolofalloa haholoanyane ho mo mamela le ho bua ka eena ho ba bang. Jesu o ile a re: “Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, . . . etsoe molomo oa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Kahoo, tlatsa pelo ea hao ka lintho tse molemo. Ke hobane’ng ha u sa ipehele lipakane tse tla u thusa ho etsa see? Mohlomong u ka ntlafatsa mokhoa oo u lokisetsang liboka tsa phutheho ka oona, u qale ka liboka tsa beke eona ena e tlang. Pakane e latelang e ka ba ho araba ka bokhutšoanyane empa e le karabo e tsoang pelong. Hape ke habohlokoa hore u tloaele ho etsa lintho tseo u ithutang tsona.—Bafilipi 4:9.

18. Esita le haeba u hanyetsoa, u ka kholiseha ka eng?

18 Litlhohonolofatso tse tlisoang ke ho sebeletsa Jehova lia tšoarella—ha e le hantle ke tsa ka ho sa feleng. Ke ’nete hore ka linako tse ling u ka ’na ua hanyetsoa kapa ua songoa ka lebaka la ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Empa nahana ka Moshe. Bibele e re “o ile a talima ka hloko tefong ea moputso.” (Baheberu 11:24-26) Le uena u ka kholiseha hore Jehova o tla u putsa ka lebaka la boiteko boo u bo etsang ba ho ithuta ka eena le ho bua ka eena. Ka sebele, a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheberu 6:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

Na Ua Hopola?

• Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore Jehova o ananela tšebeletso ea hao?

• Mekhoa e meng ea ho paka sekolong eo ba bang ba fumaneng e atleha ke efe?

• U ka matlafatsoa joang hore u pakele bao u leng sehlopheng se le seng le bona?

• U ka atamela haufi le Jehova joang?

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Esita le ba Banyenyane ba Rorisa Jehova!

Esita le bana ba banyenyane ba ile ba fana ka bopaki bo atlehang sekolong. Nahana ka liphihlelo tsena.

Ho ne ho baloa buka e buang ka ho hlaseloa ha Bajuda ke Manazi Ntoeng ea II ea Lefatše sehlopheng sa bohlano seo Amber ea lilemo li leshome a leng ho sona. Amber o ile a etsa qeto ea ho fa tichere ea hae video ea Purple Triangles. Tichere e ile ea makala ha e bona hore le Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlorisoa pusong ea Nazi. Tichere e ile ea bontša sehlopha sohle video ena.

Ha Alexa a le lilemo li robeli, o ile a ngolla sehlopha sa habo lengolo le hlalosang hore na ke hobane’ng ha a sa kopanele meketeng ea sona ea Keresemese. Tichere ea hae e ile ea hlolloa hoo e ileng ea re Alexa a balle sehlopha sa habo lengolo leo a be a le balle le lihlopha tse ling tse peli! Ho ella qetellong ea lengolo leo o ne a itse: “Ke rutiloe ho hlompha batho ba bang bao litumelo tsa bona li fapaneng le tsa ka, ’me ke le leboha ha le hlompha qeto ea ka ea ho se keteke Keresemese.”

Nakoana ka mor’a hore Eric a qale sehlopha sa pele, o ile a ea ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele sekolong ’me a kōpa ho e bontša bana bao a leng sehlopheng se le seng le bona. Tichere ea hae e ile ea re: “Ke nahana hore ho ka ba monate haholo ha u ka balla sehlopha pale e ’ngoe. Na u ka etsa joalo?” Eric o ile a etsa joalo. Ka mor’a moo, a re bohle ba batlang ho iphumanela buka eo ba phahamise matsoho. Ba 18—ho akarelletsa le tichere—ba ile ba phahamisa matsoho! Hona joale Eric o lumela hore o na le tšimo ea hae e khethehileng.

Whitney ea lilemo li robong o thabetse bukana ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto.c O re: “’Mè o tloaetse ho fa matichere a ka bukana ena selemo le selemo, empa selemong sena a e filoe ke ’na. Ka lebaka la bukana eo, tichere ea ka e ile ea nkhethela ho ba ‘morutoana ea ipabotseng bekeng eo.’”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Lingoliloeng tsohle tse boletsoeng mona li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Maemo ao ba Bang ba a Sebelisitseng ho Bua ka Tumelo ea Bona

Ha ba abeloa ho etsa ripoto kapa project e itseng sekolong, ba bang ba ile ba khetha sehlooho se neng se tla ba lumella ho fana ka bopaki

Bacha ba bangata ba file matichere a bona video kapa sengoliloeng se buang ka taba e tšohloang sehlopheng

Ha bacha ba bang ba bala Bibele kapa buka e thehiloeng Bibeleng nakong ea khefu, ba ’nile ba atameloa ke bacha ba bang ba ’nileng ba ba botsa lipotso

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ba nang le phihlelo ba ka koetlisa bacha hore ba sebeletse Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela