Ho Mamella Liteko ho Tlisetsa Jehova Thoriso
“Haeba, ha le etsa se molemo ’me le utloa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e lumellehang ho Molimo.”—1 PETROSE 2:20.
1. Kaha Bakreste ba ’nete ba amehile ka ho phelela boinehelo ba bona, ho tla tšohloa potso efe?
BAKRESTE ba inehetse ho Jehova ’me ba batla ho etsa thato ea hae. E le hore ba phelele boinehelo ba bona, ba ikitlaelletsa ho hata moo ’Mehi-mohlala oa bona, Jesu Kreste, a hatileng teng, le ho pakela ’nete. (Matheu 16:24; Johanne 18:37; 1 Petrose 2:21) Leha ho le joalo, Jesu le ba bang ba tšepahalang ba ile ba tela bophelo ba bona ’me ba shoela tumelo ea bona. Na see se bolela hore Bakreste bohle ba ka lebella ho shoela tumelo ea bona?
2. Bakreste ba talima liteko le mahlomola joang?
2 Re le Bakreste, re khothalletsoa ho tšepahala ho isa lefung, eseng hakaalo ho shoela tumelo ea rōna. (2 Timothea 4:7; Tšenolo 2:10) Sena se bolela hore le hoja re ikemiselitse ho utloa bohloko, ’me ha ho hlokahala re shoele tumelo, seo hase sona seo re se lakatsang. Ha re thabele mahlomola ’me ha re rate ho utloa bohloko kapa ho tlotlolloa. Leha ho le joalo, kaha re lokela ho lebella liteko le mahloriso, ho hlokahala hore re nahane ka hloko hore na re ka etsa joang ha li ka re tlela.
Ho Tšepahala Tekong
3. U ka pheta mehlala efe ea Bibele ea ho sebetsana le mahloriso? (Bona lebokose le reng, “Kamoo ba Ileng ba Sebetsana le Mahloriso Kateng,” le leqepheng le latelang.)
3 Ka Bibeleng re fumana litlaleho tse ngata tse bontšang kamoo bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng ba ileng ba itšoara kateng ha ba le maemong a sokelang bophelo. Litsela tse sa tšoaneng tseo ba ileng ba itšoara ka tsona li fana ka tataiso bakeng sa Bakreste kajeno haeba ba ka hlaheloa ke mathata a tšoanang. Hlahloba litlaleho tse lebokoseng le reng, “Kamoo ba Ileng ba Sebetsana le Mahloriso Kateng,” ’me u bone hore na u ka ithuta eng ho tsona.
4. Ho ka thoe’ng ka tsela eo Jesu le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba ileng ba itšoara ka eona ha ba le litekong?
4 Le hoja ha Jesu le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo ba ne ba hlorisoa ba ile ba itšoara ka litsela tse fapaneng tlas’a maemo a sa tšoaneng, ho hlakile hore ha baa ka ba beha bophelo ba bona kotsing ho sa hlokahale. Ha ba ne ba iphumana ba le maemong a kotsi, ba ne ba e-ba sebete empa ba le hlokolosi. (Matheu 10:16, 23) Sepheo sa bona e ne e le ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli le ho lula ba tšepahala ho Jehova. Boitšoaro ba bona maemong a sa tšoaneng ke mohlala ho Bakreste ba tobaneng le liteko le mahloriso kajeno.
5. Ho ile ha qhoma mahloriso afe Malawi ka bo-1960, ’me Lipaki tsa moo li ile tsa itšoara joang?
5 Mehleng ea kajeno, hangata batho ba Jehova ba ’nile ba iphumana ba le maqakabetsing ka lebaka la lintoa, lithibelo, kapa mahloriso a tobileng. Ka mohlala, ka bo-1960, Lipaki Tsa Jehova tsa Malawi li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō. Liholo Tsa ’Muso, matlo, lijo le likhoebo tsa tsona—hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li neng li e-na le eona—li ile tsa senngoa. Li ile tsa shapuoa le ho etsoa lintho tse ling tse tšosang. Barab’abo rōna ba ile ba itšoara joang? Ba likete ba ile ba tlameha ho baleha metseng ea habo bona. Ba bangata ba ile ba balehela hlatheng, athe ba bang ba ile ba balehela ka nakoana naheng ea boahelani ea Mozambique. Le hoja ba bangata ba tšepahalang ba ile ba shoa, ba bang ba ile ba khetha ho baleha sebakeng se kotsi, ’me ho hlakile hore bohato boo bo ne bo le molemo maemong a joalo. Ka ho etsa joalo, barab’abo rōna ba ile ba latela mohlala oa Jesu le Pauluse.
6. Ke eng seo Lipaki tsa Malawi li sa kang tsa khaotsa ho se etsa ho sa tsotellehe mahloriso a bohale?
6 Le hoja barab’abo rōna ba Malawi ba ile ba tlameha ho ea libakeng tse ling kapa ho ipata, ba ile ba batla tataiso ea Molimo le ho e latela eaba ba tsoela pele ka mesebetsi ea bona ea Bokreste ka sekhukhu hamolemo kamoo ba neng ba ka khona kateng. Phello e ile ea e-ba efe? Pele ba thibeloa ka 1967, ba ne ba fihletse tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba 18 519. Le hoja ba ne ba sa ntse ba thibetsoe ’me ba bangata ba ne ba se ba balehetse Mozambique, ka 1972 ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 23 398. Ka karolelano ba ne ba sebetsa lihora tse fetang 16 boboleling khoeli le khoeli. Ha ho pelaelo hore liketso tsa bona li ne li rorisa Jehova, ’me nakong eo e thata ka ho fetisisa Jehova o ne a tšehelitse bara bana babo rōna ba tšepahalang.a
7, 8. Esita le haeba khanyetso e baka mathata, ba bang ba khetha ho se balehe ka mabaka afe?
7 Ka lehlakoreng le leng, linaheng tseo ho tsona khanyetso e bakang mathata, bara ba bang babo rōna ba ka ’na ba etsa qeto ea ho lula, le haeba ba ne ba e-na le monyetla oa ho tsamaea. Ho tsamaea ho ka ’na ha rarolla mathata a mang, empa mohlomong ho ne ho tla baka a mang. Ka mohlala, na ba ne ba tla tsoela pele ba e-na le maqhama le mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho ’me ba se ke ba e-ba hōle le lintho tsa moea? Na ba ne ba tla khona ho tsoela pele ka kemiso ea bona ea lintho tsa moea ha ba ntse ba loanela ho itloaetsa maemo a macha, mohlomong naheng e ruileng kapa e fanang ka menyetla e eketsehileng ea ho rua?—1 Timothea 6:9.
8 Ba bang ba khetha ho lula hobane ba amehile ka boiketlo ba moea ba barab’abo bona. Ba khetha ho lula ’me ba tobane le maemo e le hore ba tsoele pele ka boboleli ha habo bona le hore ba ’ne ba khothatse barapeli-’moho le bona. (Bafilipi 1:14) Ka hore ebe ba ile ba khetha ho lula, ba bang ba bile ba e-ba le seabo ho hlōleng linyeoe naheng ea habo bona.b
9. Ke lintlha life tseo motho a lokelang ho li nahanela ha a etsa qeto ea hore na oa lula kapa oa tsamaea ka lebaka la mahloriso?
9 Ka sebele, motho ka mong ke eena ea ka iketsetsang qeto ea hore na oa lula kapa oa tsamaea. Ha e le hantle, liqeto tse joalo li lokela ho etsoa feela ka mor’a hore re rapelle tataiso ea Jehova. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re khetha ho etsa eng, re lokela ho hopola mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.” (Baroma 14:12) Joalokaha re bone pejana, seo Jehova a se batlang ke hore mohlanka e mong le e mong oa hae a lule a tšepahala maemong ’ohle. Bahlanka ba bang ba hae ba tobane le liteko le mahloriso kajeno; mohlomong ba bang ba tla tobana le tsona nakong e tlang. Bohle ba tla lekoa ka tsela e itseng, ’me ha ho ea lokelang ho nahana hore eena e tla ba mokhelo. (Johanne 15:19, 20) Kaha re bahlanka ba inehetseng ba Jehova, re ke ke ra qoba tseko ea bokahohleng e amang ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae.—Ezekiele 38:23; Matheu 6:9, 10.
‘Ho se be le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena’
10. Jesu le baapostola ba ile ba re behela mohlala ofe oa bohlokoa oa seo re ka se etsang ha re hateletsoe le ha re hanyetsoa?
10 Molao-motheo o mong oa bohlokoa oo re ka ithutang oona tseleng eo Jesu le baapostola ba ileng ba itšoara ka eona ha ba hlorisoa ke hore le ka mohla re se ke ra iphetetsa ho bahlorisi ba rōna. Bibeleng ha ho moo re fumanang maikutlo a hore Jesu kapa balateli ba hae ba ile ba ipōpa ba iketsa mokhatlo oa bohanyetsi kapa hore ba ile ba sebelisa likhoka ho loantša bahlorisi ba bona. Ho fapana le hoo, moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ka ho re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” Ho feta moo, “u se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Baroma 12:17-21; Pesaleme ea 37:1-4; Liproverbia 20:22.
11. Rahistori e mong o re’ng ka boikutlo ba Bakreste ba pele mabapi le ’Muso?
11 Bakreste ba pele ba ile ba nka keletso eo ka botebo. Bukeng ea hae e bitsoang The Early Church and the World, rahistori Cecil J. Cadoux o hlalosa kamoo Bakreste ba neng ba ikutloa kateng ka ’Muso lilemong tsa bo-30 ho ea ho 70 C.E. Oa ngola o re: “Ha re na bopaki bo tobileng ba hore Bakreste ba nakong ena ba kile ba etsa boiteko ba ho hanyetsa mahloriso ka likhoka. Ntho eo ba neng ba ka mpa ba e etsa e ne e le ho nyatsa babusi ba bona ka matla kapa ho ba ferekanya ka ho baleha. Leha ho le joalo, tlas’a maemo a tloaelehileng, ha Bakreste ba ne ba hlorisoa, ba ne ba hana ka tsela e laolehileng empa e le e tiileng ho mamela litaelo tsa ’muso tseo ba neng ba lumela hore li ne li tla ba sitisa ho mamela Kreste.”
12. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho mamella mahlomola ho e-na le ho iphetetsa?
12 Na tsela e joalo e bonahalang eka ke ho se etse letho ehlile e bohlale? Na ba batlang ho felisa bohle ba itšoarang joalo ba ne ba ke ke ba ba etsa ’mutla-lintjeng? Na e ne e sa tl’o ba bohlale ho itšireletsa? Motho a ka ’na a nahana eka ho joalo. Leha ho le joalo, kaha re bahlanka ba Jehova, re kholisehile hore ho latela tataiso ea Jehova litabeng tsohle ke hona ho molemo ka ho fetisisa. Re hopola mantsoe a Petrose a reng: “Haeba, ha le etsa se molemo ’me le utloa bohloko, le ho mamella, ena ke ntho e lumellehang ho Molimo.” (1 Petrose 2:20) Re kholisehile hore ruri Jehova o lemoha boemo ’me a ke ke a tlohella hore litaba li be tjena ka ho sa feleng. Re ka kholiseha joang ka see? Ha Jehova a bua le batho ba hae ba botlamuoeng Babylona o ile a re: “Ea le amang o ama leihlo la ka.” (Zakaria 2:8) Motho a ka lumella hore a angoe leihlo ka nako e kae? Jehova o tla tlisa topollo ka nako e loketseng. Ena ke ’nete e ke keng ea latoloa.—2 Bathesalonika 1:5-8.
13. Ke hobane’ng ha ka boikokobetso Jesu a ile a lumella sera hore se mo tšoare?
13 Ntlheng ena, re ka nka Jesu e le mohlala oa rōna. Ha a ne a lumella lira tsa hae ho mo tšoara serapeng sa Gethesemane, e ne e se hobane a ne a ke ke a itšireletsa. Ha e le hantle, o ile a re ho barutuoa ba hae: “[Le] nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi? Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho tla etsahala ka tsela ee?” (Matheu 26:53, 54) Ntho e ka sehloohong ho Jesu e ne e le hore ho phethoe thato ea Jehova, le haeba hoo ho ne ho bolela hore o lokela ho utloa bohloko. O ne a lumela ka botlalo mantsoe a boprofeta a pesaleme ea Davida a reng: “U ke ke ua tlohela moea oa ka Sheole. U ke ke ua lumella ea tšepahalang oa hao hore a bone sekoti.” (Pesaleme ea 16:10) Lilemo hamorao moapostola Pauluse o ile a re ka Jesu: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.”—Baheberu 12:2.
Thabo ea ho Halaletsa Lebitso la Jehova
14. Ke thabo efe e ileng ea matlafatsa Jesu litekong tsohle tsa hae?
14 Ke thabo efe e ileng ea matlafatsa Jesu tekong e matla ka ho fetisisa? Har’a bahlanka bohle ba Jehova, ka sebele Jesu, Mora ea ratoang oa Molimo, e ne e le eena ea ka sehloohong eo Satane a neng a batla ho mo hlasela. Kahoo, ho lula ha Jesu a tšepahala tekong e ne e tla ba karabo ea makhaola-khang nyelisong ea Satane ho Jehova. (Liproverbia 27:11) Na u ka inahanela hore na Jesu o ile a thaba le ho khotsofala hakae ha a tsosoa? E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang, ha a hlokomela hore o phethahalitse karolo ea hae e le motho ea phethahetseng ho tloseng qoso bobusing ba Jehova le ho halaletseng lebitso la Hae! Ho phaella moo, ha ho pelaelo hore ho lula ha Jesu “ka letsohong le letona la terone ea Molimo” ke tlotla e hlollang ebile ke mohloli o moholo ka ho fetisisa oa thabo ho eena.—Pesaleme ea 110:1, 2; 1 Timothea 6:15, 16.
15, 16. Lipaki tsa Sachsenhausen li ile tsa mamella mahloriso afe a sehlōhō, ’me ke eng e ileng ea li matlafatsa hore li mamelle?
15 Ka ho tšoanang, Bakreste ba thabela ho kopanela ho halaletseng lebitso la Jehova ka ho mamella liteko le mahloriso, ba latela mohlala oa Jesu. Mohlala oa seo ke phihlelo ea Lipaki tse ileng tsa hlokofatsoa kampong ea mahloriso e tummeng hampe ea Sachsenhausen ’me tsa pholoha ha li le leetong le sehlōhō le bolaeang qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Leetong lena, batšoaruoa ba likete ba ile ba bolaoa ke ho pepesetsoa maemo a mabe a leholimo, ho kula, kapa tlala kapa ho bolaoa ka sehlōhō ke balebeli ba SS tseleng. Lipaki, tseo kaofela li neng li le 230, li ile tsa pholosoa ke ho iketsa ngatana-’ngoe le ho thusana le hoja sena se ne se beha bophelo ba tsona kotsing.
16 Ke eng e ileng ea matlafatsa Lipaki tsee hore li mamelle mahloriso a sehlōhō joalo? Hang ha li fihla moo ho sireletsehileng, li ile tsa hlalosa thabo le teboho ea tsona ho Jehova ka tokomane e nang le sehlooho se reng “Qeto ea lipaki tsa Jehova tse 230 tse tsoang lichabeng tse tšeletseng, tse bokaneng morung o haufi le Schwerin, Mecklenburg.” Tokomaneng eo li ile tsa re: “Nako e thata e telele ea teko e fetile ’me ba bolokehileng, bao e kang ba hloibitsoe sebōping sa mollo, ha ba na leha e le lephoka la mollo feela. (Bona Daniele 3:27.) Ho fapana le moo, ba fumana matla le bonatla ho Jehova ’me ka cheseho ba letetse litaelo tse ncha tse tsoang ho Morena tsa ho ntšetsa pele mesebetsi ea Puso ea Molimo.”c
17. Batho ba Molimo ba tobane le liteko tsa mofuta ofe hona joale?
17 Joaloka bao ba tšepahalang ba 230, le rōna tumelo ea rōna e ka ’na ea lekoa, le hoja re e-s’o “hanyetse ho fihlela maling.” (Baheberu 12:4) Empa liteko li ka tla ka mekhoa e sa tšoaneng. E ka ’na ea e-ba ho songoa ke bao motho a kenang sekolo le bona, kapa e ka ’na ea e-ba khatello ea lithaka ea ho etsa boitšoaro bo bobe kapa lintho tse ling tse mpe. Ho phaella moo, ka linako tse ling qeto ea ho tela mali, ho nyala feela Moreneng, kapa ho hōlisa bana lelapeng le arohaneng tumelong e ka fella ka khatello e matla le liteko tse matla.—Liketso 15:29; 1 Bakorinthe 7:39; Baefese 6:4; 1 Petrose 3:1, 2.
18. Ke eng se re kholisang hore re ka mamella esita le teko e thata ka ho fetisisa?
18 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na re ka hlaheloa ke teko efe, rea tseba hore re utloa bohloko hobane re etelletsa Jehova le ’Muso oa hae pele, ’me re nka hore ka sebele ho etsa joalo ke tlotla ebile ke ho thabisang. Re khothatsoa ke mantsoe a matlafatsang a Petrose a reng: “Haeba le ntse le nyelisetsoa lebitso la Kreste, lea thaba, hobane moea oa khanya, moea oa Molimo, o lutse holim’a lōna.” (1 Petrose 4:14) Ka matla a moea oa Jehova, re khona ho mamella liteko tse thata ka ho fetisisa, e leng se mo tlotlisang le ho mo rorisa.—2 Bakorinthe 4:7; Baefese 3:16; Bafilipi 4:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Liketsahalo tsa bo-1960 e ne e le qalo feela ea mahloriso a sehlōhō le lipolao tseo Lipaki tsa Malawi li ileng tsa tlameha ho li mamella ka nako e fetang lilemo tse 30. Hore u fumane tlaleho e feletseng, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999, leqepheng la 171-212.
b Bona sehlooho se reng, “Lekhotla le Phahameng le Tšehetsa Borapeli ba ’Nete ‘Naheng ea Ararate,’” Molula-Qhooeng oa April 1, 2003, leqepheng la 11-14.
c Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka qeto ena, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1974 (ea Senyesemane) leqepheng la 208-9. Tlaleho e boletsoeng ka ho toba ke ea ileng a pholoha leetong lena e ka fumanoa tokollong ea Molula-Qhooa ea January 1, 1998, leqepheng la 25-9.
Na U ka Hlalosa?
• Bakreste ba talima mahlomola le mahloriso joang?
• Re ka ithuta eng tseleng eo Jesu le ba bang ba tšepahalang ba ileng ba itšoara ka eona ha ba lekoa?
• Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re se ke ra iphetetsa ha re hlorisoa?
• Ke thabo efe e ileng ea matlafatsa Jesu litekong tsa hae, ’me re ithuta eng ho see?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Kamoo ba Ileng ba Sebetsana le Mahloriso Kateng
• Pele masole a Heroda a fihla Bethlehema ho tla bolaea masea ’ohle a bashanyana a lilemo li peli le a ka tlaase ho moo, ka taelo ea lengeloi Josefa le Maria ba ile ba nka lesea Jesu eaba ba balehela Egepeta.—Matheu 2:13-16.
• Nakong ea tšebeletso ea Jesu, ka makhetlo a mangata lira tsa hae li ne li batla ho mo bolaela bopaki ba hae bo matla. Ka linako tsohle Jesu o ne a li phonyoha.—Matheu 21:45, 46; Luka 4:28-30; Johanne 8:57-59.
• Ha masole le balaoli ba tlile serapeng sa Gethesemane ho tla tšoara Jesu, o ile a itsebisa bona phatlalatsa, ka makhetlo a mabeli a re ho bona: “Ke ’na enoa.” O bile a hanela balateli ba hae ho loana ’me a tlohela mahoohoo hore a mo nke.—Johanne 18:3-12.
• Jerusalema, Petrose le ba bang ba ile ba tšoaroa, ba shapuoa, ’me ba laeloa hore ba khaotse ho bua ka Jesu. Empa ha ba lokolloa “ba tloha . . . [’me] letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.”—Liketso 5:40-42.
• Ha Saule, eo hamorao a ileng a fetoha moapostola Pauluse, a tseba ka ’momori oa Bajuda ba Damaseka oa ho mo bolaea, barab’abo rōna ba ile ba mo kenya ka basketeng ’me ba mo theola ka lesoba le lerakong la motse bosiu, eaba oa phonyoha.—Liketso 9:22-25.
• Lilemo hamorao, Pauluse o ile a khetha ho ipiletsa ho Sesare, le hoja ’Musisi Festase le Morena Agripa ba sa ka ba fumana “letho le tšoaneloang ke lefu kapa litlamo” ho eena.—Liketso 25:10-12, 24-27; 26:30-32.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Le hoja mahloriso a sehlōhō a ile a qobella Lipaki tse likete tse tšepahalang tsa Malawi hore li balehe, li ile tsa tsoela pele ho etsa tšebeletso ea ’Muso ka thabo
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Thabo ea ho halaletsa lebitso la Jehova e ile ea matlafatsa batho bana ba tšepahalang leetong le bolaeang le likampong tsa mahloriso tsa Manazi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Death march: KZ-Gedenkstätte Dachau, courtesy of the USHMM Photo Archives
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Liteko le likhatello li ka tla ka mekhoa e sa tšoaneng