Bontša Lerato le Tlhompho ka ho Laola Leleme la Hao
“E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”—BAEFESE 5:33.
1, 2. Batho bohle ba leng lenyalong ba lokela ho ipotsa potso efe, hona hobane’ng?
AK’U nahane u fumana mpho e phuthetsoeng e nang le molaetsa o reng: “U e Tšoare ka Hloko.” U ne u tla tšoara sephutheloana seo joang? Ka sebele u ne u tla ba hlokolosi kahohle hore u se ke ua se senya. Na u tšoara mpho ea lenyalo ka hloko?
2 Mosali oa mohlolohali oa Moiseraele ea bitsoang Naomi o ile a re ho basali ba banyenyane e leng Orpa le Ruthe: “E se eka Jehova a ka le fa mpho, ’me le fumane sebaka sa phomolo e mong le e mong ntlong ea monna oa hae.” (Ruthe 1:3-9) Bibele e bua tjena ka mosali ea molemo: “Lefa le tsoang ho bo-ntate ke ntlo le leruo, empa mosali ea masene o tsoa ho Jehova.” (Liproverbia 19:14) Haeba u le lenyalong, u lokela ho nka hore molekane oa hao ke mpho e tsoang ho Molimo. U tšoara mpho ee eo Molimo a u fileng eona joang?
3. Banna le basali ba lokela ho mamela keletso efe ea Pauluse?
3 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste lekholong la pele la lilemo, o ile a re: “E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Hlahloba kamoo banna le basali ba ka mamelang keletso ena tabeng ea seo ba se buang.
Hlokomela “Ntho e sa Laoleheng e Kotsi”
4. Leleme le ka ba le matla a se molemo kapa a se sebe joang?
4 Mongoli oa Bibele Jakobo o bolela hore leleme ke “ntho e sa laoleheng e kotsi” e ‘tletseng chefo e bolaeang.’ (Jakobo 3:8) Jakobo o ne a tseba ’nete ena ea bohlokoa: Leleme le sa laoleheng lea senya. Ha ho pelaelo hore o ne a tseba maele a Bibele a tšoantšang mantsoe a buuoang ka ho se nahane le “ho hlaba ha sabole.” Maeleng ’ona ao ho boleloa se fapaneng ha ho thoe: “Maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Ka sebele, mantsoe a ka ba le phello e matla. A ka utloisa bohloko, kapa a ka folisa. Mantsoe a hao a etsa’ng ho molekane oa hao? Ha u ne u ka botsa molekane oa hao potso ee, o ne a tla u araba joang?
5, 6. Ke mabaka afe a thatafalletsang ba bang ho thiba maleme a bona?
5 Haeba butle-butle le ntse le tloaela ho hlabana ka mantsoe lenyalong la lōna, le ka ntlafatsa boemo boo. Leha ho le joalo, ho tla hlokahala boiteko. Hobane’ng? Hobane re loantša ho se phethahale. Sebe seo re se futsitseng se etsa hore re nahane lintho tse sa lokang ebile se etsa hore re se ke ra buisana le ba bang hantle. Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae.”—Jakobo 3:2.
6 Ntle ho hore ha rea phethahala, boitšoaro ba lelapa leo motho a hōlelang ho lona bo ama tsela eo a sebelisang leleme ka eona. Batho ba bang ba hōliselitsoe malapeng ao batsoali ba neng ‘ba sa bulehela tumellano leha e le efe, . . . ba neng ba hloka boitšoaro, ba neng ba le bohale bo tšosang.’ (2 Timothea 3:1-3) Hangata, bana ba hōlelang malapeng a joalo, ba ba le botho bo joalo ha e se e le batho ba baholo. Bonneteng, ho se phethahale kapa ho hōlisoa hampe ha lia lokela ho sebelisoa e le mabaka a ho bua puo e lematsang. Leha ho le joalo, ho hlokomela mabaka ana ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho le thata hakana hore batho ba bang ba thibe maleme a bona hore a se ke a bua puo e hlabang.
‘Le Lahle ho Buana Hampe’
7. Petrose o ne a bolela’ng ha a ne a eletsa Bakreste hore ba “lahle bobe bohle le . . . mefuta eohle ea ho buana hampe”?
7 Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ho bua puo e hlabang lenyalong ho ka bontša hore motho ha a rate molekane oa hae ebile ha a mo hlomphe. Ka lebaka le utloahalang, Petrose o ile a eletsa Bakreste hore ba “lahle bobe bohle le . . . mefuta eohle ea ho buana hampe.” (1 Petrose 2:1) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho buana hampe” le bolela “puo e nyelisang.” Le na le moelelo oa ‘ho hlaba batho ka mantsoe.’ Mantsoe aa a hlalosa hantle hakaakang liphello tsa leleme le sa laoleheng!
8, 9. Ho buela motho puo e nyelisang ho ka fella ka eng, ’me ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho qoba ho etsa joalo?
8 Puo e nyelisang e ka ’na ea bonahala eka ke papali, empa nahana se etsahalang ha monna kapa mosali a bua puo e nyelisang. Ha motho a re molekane oa hae ke leoatla, o botsoa kapa ke moithati, o bolela hore botho bohle ba hae bo ka akaretsoa ka lentsoe le le leng feela—le hona e le le mo theolang seriti! Ka sebele ho bohloko ha motho a etsa joalo. Hona ho thoe’ng ka lipolelo tse feteletsang litaba tse totobatsang liphoso tsa molekane oa motho? Na ha u feteletse litaba haeba u re, “Ha ho mohla u tšoarang nako” kapa “Ha ho mohla u ’mamelang?” Ha ho pelaelo hore lipolelo tse joalo li khothalletsa hore ea li bueloang a ikemele. Lipolelo tseo, li ka tsosa khang ea tonanahali.—Jakobo 3:5.
9 Moqoqo o tletseng puo e nyelisang o senya lenyalo, ’me sena le sona se ka ba le liphello tse mpe. Liproverbia 25:24 e re: “Ho molemo ho lula sekhutlong sa marulelo ho feta ho lula le mosali ea ratang likhang, le hoja e le ka tlung e le ’ngoe.” Ha e le hantle, ho ka ’na ha boleloa joalo le ka monna ea ratang likhang. Ka mor’a nako, kamano e tla senyeha haeba e mong oa balekane a bua mantsoe a hlabang, mohlomong a etsa hore monna kapa mosali a nahane hore ha a ratoe, esita le hore ha a ratehe. Ho hlakile hore ke habohlokoa ho thiba leleme. Empa le ka thijoa joang?
‘Laola Leleme Joalokaha Eka ke ka Tōmo’
10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u laole leleme?
10 “Leleme,” kamoo Jakobo 3:8 e bolelang kateng, “ha ho le ea mong oa moloko oa batho ea ka le thapisang.” Leha ho le joalo, feela joalokaha motho ea palameng pere a e laola ka tōmo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho laola maleme a rōna. “Haeba motho leha e le ofe a ipona eka ke morapeli ea khomaretseng molao leha ho le joalo a sa laole leleme la hae joalokaha eka ke ka tōmo, empa a tsoela pele ho thetsa pelo ea hae, mofuta oa borapeli oa motho enoa ke lefeela.” (Jakobo 1:26; 3:2, 3) Mantsoe ana a bontša hore tsela eo u sebelisang leleme la hao ka eona ke taba e tebileng. Ha e ame feela kamano ea hao le molekane oa hao, empa e ama le kamano ea hao le Jehova Molimo.—1 Petrose 3:7.
11. Ho ka khoneha joang hore motho a thibele taba e nyenyane hore e se ke ea fetoha tabahali?
11 Ke bohlale hore u hlokomele hore na u bua joang le molekane oa hao. Ha ho hlaha boemo bo thata, leka ho theola maikutlo. Nahana ka boemo bo ileng ba hlaha bophelong ba Isaka le mosali oa hae, Rebeka, joalokaha bo tlalehiloe ho Genese 27:46–28:4. “Rebeka a ’na a re ho Isaka: ‘Ke nyonya bophelo ba ka ka lebaka la barali ba Hethe. Haeba le ka mohla Jakobo a ka nka mosali ho barali ba Hethe joaloka bana ba tsoang har’a barali ba naha, bophelo bo na le molemo oa eng ho ’na?’” Ha ho letho le bontšang hore Isaka o ile a araba ka bohale. Ho e-na le hoo, o ile a laela mora oa hae Jakobo hore a tsamaee a e’o batla mosali ea tšabang Molimo eo ho neng ho sa tl’o etsahala hore a tšoenye Rebeka. A re re ho hlaha ho se utloane pakeng tsa monna le mosali oa hae. Haeba ka bohlale ea buang a re “ke” a sa re “u,” taba e nyenyane e ke ke ea fetoha tabahali. Ka mohlala, ho e-na le ho re, “Ha u na nako ea ka!” ke hobane’ng ha u sa re, “Ekare re ka be re e-na le nako e ngatanyana ea ho ba hammoho”? Loantša bothata, eseng motho. Qoba ho lokolisa hore na ke mang ea nepileng le hore na ke mang ea fositseng. Baroma 14:19 e re: ‘Phehellang lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.’
Tlosang ‘Lehloeo le Nang le Lonya, Bohale le Khalefo’
12. Re lokela ho rapella eng e le hore re laole maleme, hona hobane’ng?
12 Ho laola leleme hase feela ho hlokomela hore na re bua eng. Ha e le hantle, mantsoe a rōna a senola menahano ea rōna le maikutlo a rōna. Jesu o ile a re: “Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, empa motho ea khopo o hlahisa se khopo letlotlong la hae le khopo; etsoe molomo oa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Kahoo, e le hore u laole leleme la hao, mohlomong ho ka hlokahala hore u rapele joaloka Davida ea ileng a re: “Molimo, bōpa ka ho ’na pelo e hloekileng, u kenye ka hare ho ’na moea o mocha, o tiileng.”—Pesaleme ea 51:10.
13. Lehloeo le nang le lonya, bohale le khalefo li ka fetoha puo e nyefolang joang?
13 Pauluse o ile a phehella Baefese hore ba se ke ba qoba mantsoe a hlabang feela empa ba qobe le tšusumetso ea mantsoe a hlabang. O ile a ngola a re: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle.” (Baefese 4:31) Hlokomela hore pele Pauluse a bolela ka “ho tleroha le puo e nyefolang,” o buile ka “lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo.” Khalefo e belang ka hare ho motho ke eona e ka ’nang ea ipetsa e le puo e hlabang. Kahoo ipotse: ‘Na pelo ea ka e tletse mabifi le lisuoa? Na ke “rata ho halefa”?’ (Liproverbia 29:22) Haeba u motho oa mofuta ona, rapela Molimo hore a u thuse hore u hlōle mekhoa ena le hore u itšoare e le hore u ka qoba ho phatloha ka bohale. Pesaleme ea 4:4 e re: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong, holim’a libethe tsa lōna, ’me le khutse.” Haeba u utloa eka u tlala bohale ’me u tšaba hore u tla betoa ke pelo, latela keletso e ho Liproverbia 17:14 e reng: “Pele qabang e qhoma, u itsamaele.” Khaohana le boemo boo ka nakoana ho fihlela kotsi e fetile.
14. Ho jara motho e mong ka pelo ho ka ama lenyalo joang?
14 Ha ho bonolo ho loantša khalefo le bohale, haholo-holo ha li bakoa ke seo Pauluse a ileng a re ke “lehloeo le nang le lonya.” Lentsoe la Segerike leo Pauluse a ileng a le sebelisa le ’nile la hlalosoa e le le bontšang “moea oa lehloeo oa ho se batle poelano” le ‘lonya la ho boloka tlaleho ea liphoso.’ Ka linako tse ling bora bo aparela monna le mosali joaloka moholi o teteaneng, ’me boemo bona bo ka tsoela pele ka nako e telele. Motho e mong a ka ’na a khesa e mong ha ho sa lokisoe taba e bakang ho se utloisisane. Empa ho jara motho e mong ka pelo ka lebaka la liphoso tsa nakong e fetileng ha ho thuse letho. Se etsahetseng se ke ke sa etsolloa. Ha u tšoaretse motho phoso u lokela ho e lebala. Lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe.”—1 Bakorinthe 13:4, 5.
15. Ke eng se ka thusang batho ba tloaetseng ho bua mantsoe a hlabang hore ba fetole mokhoa oo ba buang ka oona?
15 Ho thoe’ng haeba u tloaetse puo e hlabang ka lebaka la ho hōlela lelapeng le neng le bua puo e hlabang? U ka fetoha. Ho na le lintho tse ngata bophelong tseo u seng u ikemiselitse hore u ke ke ua li etsa. U tla beha moeli neng oa hore na u tla khetha seo u se buang neng? Na u tla thōla pele u bua mantsoe a nyefolang? U tla batla ho khetha mantsoe kamoo ho hlalosoang kateng ho Baefese 4:29 e reng: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna.” Sena u ka se etsa ka hore u ‘hlobole botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me u ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa ho ea ka setšoantšo sa Ea bo bōpileng.’—Bakolose 3:9, 10.
Ho Bua “Lekunutu”—Ke Tlamo
16. Ke hobane’ng ha ho se buise molekane ho senya lenyalo?
16 Ha monna kapa mosali a hana ho buisa molekane oa hae, ha ho molemo o finyelloang, ebile ho ka baka kotsi. Hase kamehla sena se etsetsoang ho utloisa molekane e mong bohloko, kaha se ka ’na sa bakoa ke ho ferekana kapa ho nyahama. Empa ho se buisane ho totisa khohlano ’me ha ho rarolle bothata bo hlahileng. Joalokaha mosali e mong a ile a bolela, “mohla re qalang ho buisana hape, ha ho mohla re tšohlang bothata boo.”
17. Bakreste ba thulanang le mathata lenyalong ba lokela ho etsa’ng?
17 Ha likhohlano tsa banyalani li sa fele, tharollo e ’ngoe feela. Liproverbia 15:22 e re: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Ho hlokahala hore u lule fatše le molekane oa hao ’me le tšohle taba eo. Mamela molekane oa hao ka pelo eohle. Ha ho bonahala ho se bonolo ho etsa joalo, ke hobane’ng ha u sa kōpe thuso ho baholo ka phuthehong ea Bokreste? Ba tseba Mangolo ’me ba na le phihlelo ea hore na melao-motheo ea Bibele e sebetsa joang. Banna bao ba “joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esaia 32:2.
U ka Khona ho Laola Leleme
18. Ho Baroma 7:18-23 ho hlalosoa ntoa efe?
18 Ho laola leleme ke ntoa. Ho tšoana le ho laola liketso tsa rōna. Ha moapostola Pauluse a hlalosa bothata boo a neng a loana le bona, o ile a ngola a re: “Kea tseba hore ho ’na, ke hore, nameng ea ka, ha ho lule letho le molemo; kaha matla a ho lakatsa a teng ho ’na, empa matla a ho hlahisa se setle ha a eo. Etsoe molemo oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa. Joale, haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lutseng ho ’na.” Ka lebaka la ‘molao oa sebe o lithong tsa rōna,’ re tloaetse ho sebelisa maleme a rōna le litho tse ling tsa ’mele’ ea rōna hampe. (Baroma 7:18-23) Leha ho le joalo, re lokela ho e hlanaka—’me Molimo a ka re thusa hore re hlōle.
19, 20. Mohlala oa Jesu o ka thusa banna le basali joang ho laola maleme a bona?
19 Lenyalong la batho ba ratanang le ba hlomphanang, ha ho na sebaka sa mantsoe a buuoang ho sa nahanoa le a hlabang. Nahana ka mohlala oo Jesu Kreste a ileng a o beha ntlheng ena. Le ka mohla Jesu ha aa ka a bua puo e nyelisang ha a bua le barutuoa ba hae. Esita le bosiung ba ho qetela boo a phetseng lefatšeng ka bona ha baapostola ba hae ba ne ba ngangisana ka hore na ke mang e moholo har’a bona, Mora oa Molimo ha aa ka a ba khahlapetsa ka mantsoe. (Luka 22:24-27) “Banna,” Bibele e le eletsa hore “le tsoele pele le rata basali ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona.”—Baefese 5:25.
20 Mosali eena ho thoe’ng ka eena? O “lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Na mosali ea hlomphang monna oa hae a ka mo tjolietsa ka mantsoe? Pauluse o ile a ngola a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Basali ba lokela ho ikokobelletsa lihlooho tsa bona joalokaha Kreste a ikokobelletsa Hlooho ea hae. (Bakolose 3:18) Le hoja batho ba sa phethahalang ba ke ke ba etsisa Jesu ka ho phethahetseng, ho loanela ho ‘latela mehatong ea hae haufi-ufi’ ho tla thusa banna le basali ho hlōla ntoa ea ho sebelisa leleme hampe.—1 Petrose 2:21.
U Ithutile Eng?
• Leleme le sa laoleheng le ka senya lenyalo joang?
• Ke hobane’ng ha ho le thata ho laola leleme?
• Ke eng e re thusang ho laola seo re se buang?
• U lokela ho etsa’ng ha u e-na le mathata a lenyalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Baholo ba fana ka thuso e thehiloeng Bibeleng