Mangeta a Boholo-holo a Tiisa Tlaleho ea Bibele
BIBELE ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Seo e se buang ka batho, libaka le boemo ba bolumeli le ba lipolotiki ba mehleng ea boholo-holo se nepahetse. Ho hang bonnete ba Mangolo ha boa itšetleha ka lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale, empa lintho tse joalo tse fumanoeng li tiisa tlaleho ea Bibele ’me li etsa hore re e utloisise ka mokhoa o hlakileng.
Lintho tse ngata ka ho fetisisa tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale ke mangeta kapa maqhetso a lipitsa tsa letsopa. Libakeng tse ngata tsa Bochabela bo Hare ho akarelletsa le Egepeta le Mesopotamia, ho ne ho ngolloa holim’a mangeta hobane a ne a le theko e tlaase. Mangeta a ne a sebelisetsoa ho ngolla litumellano, liak’haonte, thepa e rekisitsoeng le tse ling, feela joalokaha kajeno ho sebelisoa maqephe a pampiri. Boitsebiso bo neng bo atisa ho ngoloa ka enke lengeteng, e ne e ka ba lentsoe le le leng, mela e mengata kapa likarolo tse ngata.
Ho na le mangeta a mangata a mehleng ea Bibele ao baepolli ba lintho tsa khale ba a fumaneng Iseraele. Lihlopha tse tharo tsa mangeta a lekholong la bosupa le la borobeli la lilemo B.C.E. a fumanoeng lia thahasellisa hobane li tiisa hore makolopetso a sa tšoaneng a histori a fumanoang ka Bibeleng ke ’nete. Ke mangeta a Samaria, a Arade le a Lakishe. A re ke re hlahlobisiseng sehlopha ka seng ho tsena.
Mangeta a Samaria
Samaria e ne e le motse-moholo oa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea ho fihlela motse oo o lihuoa ke Baassyria ka 740 B.C.E. Ha 1 Marena 16:23, 24 e bua ka hore na Samaria e bile teng joang, e re: “Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong sa Asa morena oa Juda [947 B.C.E.], Omri ea e-ba morena oa Iseraele . . . A reka thaba ea Samaria ho Shemere ka litalenta tse peli tsa silevera, ’me a qala ho haha thabeng le ho reha motse oo a neng a o hahile lebitso la . . . Samaria.” Motse oo o ne o le teng mehleng ea Baroma, ’me lebitso la oona la fetoloa hore e be Sebaste. O ile oa nyamela lekholong la botšelela la lilemo C.E.
Nakong eo ho neng ho epuoa Samaria ea boholo-holo ka 1910, moifo oa baepolli ba lintho tsa khale o ile oa fumana mangeta a mangata, ao o ileng oa re ke a lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Boitsebiso bo ngotsoeng mangeteng ao bo bua ka oli le veine e ileng ea romeloa Samaria e tsoa libakeng tse haufi le eona. Ha buka ea Ancient Inscriptions—Voices From the Biblical World e bua ka lintho tsena tse fumanoeng e re: “Ke ka nepo mangeta a 63 a fumanoeng ka 1910 . . . [a] nkoang e le tse ling tsa lingoliloeng tsa bohlokoahali tsa Iseraele ea boholo-holo tse ntseng li le teng. Ntho e etsang hore mangeta a Samaria e be a bohlokoa hase boitsebiso bo ngotsoeng ho ’ona . . . empa ke lethathamo le lelelele la mabitso a batho, a meloko le a libaka tsa Iseraele.” Mabitso aa a tiisa joang hore makolopetso a tlalehiloeng ka Bibeleng ke ’nete?
Ha Baiseraele ba hapa Naha e Tšepisitsoeng ’me ba e arolelana ho ea ka meloko, sebaka sa Samaria se ne se le naheng ea moloko oa Manase. Ho latela Joshua 17:1-6, meloko e leshome ea Manase, ka setloholo sa hae se bitsoang Gileade, e ile ea abeloa naha sebakeng sena. E ne e le Abiezere, Heleke, Asriele, Shikeme le Shemida. Oa botšelela ea bitsoang Hefere, o ne a se na litloholo tsa bashanyana empa o ne a e-na le tsa banana ba bahlano—Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza—’me ka mong oa bona o ile a abeloa naha.—Numere 27:1-7.
Mangeta a Samaria a na le mabitso ana a meloko e supileng—mabitso ’ohle a mahlano a bara ba Gileade le a mabeli a litloholo tsa Hefere tsa banana, e leng Hogla le Noe. NIV Archaeological Study Bible e re: “Mabitso ana a meloko a boletsoeng Mangeteng a Samaria ke bopaki bo tiisang se boleloang ka Bibeleng mabapi le meloko ea Manase le naha eo e neng e lula ho eona.” Kahoo, mangeta ana a tiisa hore karolo ena ea histori ea boholo-holo ea meloko ea Iseraele e hlalosoang ka Bibeleng ke ’nete.
Ho bonahala mangeta a Samaria a boetse a tiisa ho nepahala ha boemo ba bolumeli ba Baiseraele bo hlalositsoeng ka Bibeleng. Nakong ea ha ho ngoloa mangeta a Samaria, Baiseraele ba ne ba tsoakile borapeli ba Jehova le ba molimo oa Bakanana ea bitsoang Baale. Boprofeta ba Hosea, boo le bona bo ngotsoeng lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., bo boletse esale pele ka nako eo ka eona Iseraele e neng e tla bitsa Jehova “Monna oa ka” eseng “Baale oa ka,” kapa “Mong’a ka.” (Hosea 2:16, 17; mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Mabitso a mang a batho a ileng a fumanoa mangeteng a Samaria a na le moelelo oa “Baale ke ntate oa ka,” “Baale oa bina,” “Baale o matla,” “Baale oa hopola,” le a mang a kang ao. Borapeli ba Baale bo ne bo atile hoo mabitso a mangata a Baiseraele a neng a e-na le sebōpeho sa lebitso la Baale.
Mangeta a Arade
Arade e ne e le motse oa boholo-holo o sebakeng se batlang se omeletse se bitsoang Negebe, e ka boroa bo hōle ho Jerusalema. Ha ho epuoa Arade ho ile ha fumanoa liqhobosheane tse tšeletseng tsa Iseraele tsa ho tloha nakong ea borena ba Solomone (1037-998 B.C.E.) ho fihlela ha Babylona e timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. Baepolli ba neng ba epolla Arade ba ile ba fumana sehlopha se seholo ka ho fetisisa sa mangeta a mehleng ea Bibele. Se na le mangeta a fetang 200 a ngotsoeng ka Seheberu, ka Searame le ka lipuo tse ling.
Mangeta a mang a Arade a tiisa hore boitsebiso ba Bibele bo buang ka malapa a baprista ke ’nete. Ka mohlala, lengeta le leng le bua ka “bara ba Kora,” ba boletsoeng ho Exoda 6:24 le Numere 26:11. Lihloohoana tsa Pesaleme ea 42, 44-49, 84, 85, 87, le 88 li bolela ka ho toba hore lipesaleme tsena ke tsa “bara ba Kora.” Malapa a mang a baprista ao ho buuoang ka ’ona mangeteng a Arade ke la Pashkure le la Meremothe.—1 Likronike 9:12; Esdrase 8:33.
Nahana ka mohlala o mong. Lithakong tsa qhobosheane eo ho thoeng ke ea pele Bababylona ba timetsa Jerusalema, baepolli ba ile ba fumana lengeta le neng le ngoletsoe molaoli oa qhobosheane eo. Ho ea ka The Context of Scripture, karolo e itseng ea lona e re: “Moren’a ka Elyashib. E se eka Yahweh [Jehova] a ka u hlokomela. . . . Mabapi le seo u ntaetseng sona: hajoale lintho tsohle li tsamaea hantle: o lula tempeleng ea Yahweh.” Litsebi tse ngata li lumela hore tempele eo ho buuoang ka eona ke ea Jerusalema, e hahiloeng ka lekhetlo la pele mehleng ea Solomone.
Mangeta a Lakishe
Motse oa Lakishe ea boholo-holo o neng o etselitsoe qhobosheane o ne o le bohōle ba lik’hilomithara tse 43 ka boroa-bophirimela ho Jerusalema. Ha ho ne ho epuoa ka 1930, ho ile ha fumanoa sehlopha sa mangeta, ’me a 12 a ’ona ke mangolo a hlalosoang e le “a bohlokoa ka ho fetisisa . . . kaha a hlalosa boemo ba lipolotiki le moferefere o neng o le teng ha Juda e itlhomella bakeng sa ho itšireletsa ha e hlaseloa ke Nebukadnezare [Morena oa Babylona].”
Mangolo a bohlokoa ka ho fetisisa ke ao ofisiri e tlaasana e ileng ea a ngollana le Yaosh, eo mohlomong e neng e le molaoli oa sesole Lakishe. Puo e sebelisitsoeng mangolong ana e tšoana le eo moprofeta Jeremia ea phetseng mehleng eo a e sebelisitseng mangolong a hae. Nahana kamoo mangolo a mabeli ho ana a tšehetsang tlhaloso ea Bibele mabapi le nako eo ea bohlokoa.
Ho Jeremia 34:7, moprofeta enoa o hlalosa nako ea “ha mabotho a sesole a morena oa Babylona a ne a loantša Jerusalema le metse eohle ea Juda e setseng, Lakishe le Azeka; etsoe eona, metse e etselitsoeng liqhobosheane, ke eona e neng e setse har’a metse ea Juda.” Ho bonahala mongoli e mong oa Mangolo a Lakishe a ne a hlalosa liketsahalo tsona tseo. O ile a ngola tjena: “Re shebeletse lipontšo [tsa mollo] tsa Lakishe . . . , hobane ha re bone Azeqah.” Litsebi tse ngata li lumela hore sena se bolela hore Azeqah, kapa Azeka, e ne e hapuoe ke Bababylona ’me Lakishe ke eona e neng e tla latela. Taba e thahasellisang mona ke e amanang le “lipontšo tsa mollo.” Jeremia 6:1 e boetse e bua ka mokhoa o joalo o neng o sebelisoa.
Ho lumeloa hore Lengolo le leng la Lakishe le tšehetsa seo moprofeta Jeremia le moprofeta Ezekiele ba se buang ka boiteko bo ileng ba etsoa ke morena oa Juda ha a kōpa hore Egepeta e mo thuse ha a hlanohela Babylona. (Jeremia 37:5-8; 46:25, 26; Ezekiele 17:15-17) Lengolo la Lakishe le re: “Joale mohlanka oa hao o fumane boitsebiso bo latelang: Molaoli Konyahu mora oa Elnatan o theohetse ka boroa e le hore a kene Egepeta.” Litsebi tse ngata li nka hore ketso ena e ne e le boiteko ba ho kōpa thuso ea sesole sa Egepeta.
Mangeta a Lakishe a boetse a na le mabitso a mangata a hlahang bukeng ea Jeremia. La Neria, Jazania, Gemaria, Elnathane le Hoshaia. (Jeremia 32:12; 35:3; 36:10, 12; 42:1) Re ke ke ra tiisa hore na ka sebele mabitso ana ke a bona batho bao kapa che. Leha ho le joalo, kaha Jeremia o phetse mehleng eo, hoa thahasellisa hore mabitso ana aa tšoana.
Lintho Tseo a Tšoanang ka Tsona
Lihlopha tsa mangeta a Samaria, Arade le Lakishe li tiisa hore makolopetso a mangata a ngotsoeng ka Bibeleng ke ’nete. Makolopetso ana a akarelletsa mabitso a malapa, a libaka le lintlha tse amanang le boemo ba bolumeli le ba lipolotiki ba mehleng eo. Leha ho le joalo, ho na le tšobotsi ea bohlokoa eo lihlopha tsena tse tharo li tšoanang ka eona.
Mangolo a fumanoeng lihlopheng tsa Arade le tsa Lakishe a na le lipolelo tse kang e reng “E se eka Jehova a ka u fa khotso.” Melaetseng e supileng ea Lakishe, lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a 11. Ho feta moo, bongata ba mabitso a Baheberu a fumanoang lihlopheng tsena tse tharo a na le sebōpeho se khutsufalitsoeng sa lebitso la Jehova. Kahoo mangeta ana a tiisa hore Baiseraele ba mehleng eo ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo kamehla.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lengeta le tsoang lithakong tsa Arade le neng le ngoletsoe monna ea bitsoang Elyashib
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph © Israel Museum, Jerusalem; courtesy of Israel Antiquities Authority
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Lengolo la Lakishe le nang le lebitso la Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photograph taken by courtesy of the British Museum